Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova a ke ke a Tlohela ba Tšepahalang ba Hae

Jehova a ke ke a Tlohela ba Tšepahalang ba Hae

Jehova a ke ke a Tlohela ba Tšepahalang ba Hae

“[Jehova] a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae. Ka sebele ba tla lebeloa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”​—PES. 37:28.

1, 2. (a) Ke lintho life tse ileng tsa etsahala lekholong la leshome la lilemo tse ileng tsa leka botšepehi ba bahlanka ba Molimo? (b) Ke maemong afe a mararo moo Jehova a ileng a lebela batho ba hae ba tšepahalang?

KE LEKHOLONG la leshome la lilemo B.C.E. ’me ke nako ea ho etsa qeto. Ho sa tsoa qojoa ntoa ea lehae ka hore meloko e ka leboea ea Iseraele e se nang botsitso, e fuoe boipuso bo itseng. Morena oa eona ea sa tsoa behoa boreneng e leng Jeroboame, o potlakela ho tiisa matla a hae ka hore a thehe bolumeli bo bocha ba Naha. O batla hore bafo ba hae ba tšepahale ho eena ka botlalo. Bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba tla etsa joang? Na ba tla tšepahala ho Molimo eo ba mo rapelang? Ba likete baa tšepahala, ’me Jehova oa ba hlokomela ha ba ntse ba lula ba tšepahala.—1 Mar. 12:1-33; 2 Likron. 11:13, 14.

2 Le mehleng ea rōna, botšepehi ba bahlanka ba Molimo bo ntse bo lekoa. Bibele ea lemosa: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” Na re ka atleha ho ‘ema khahlanong le eena, re tiile tumelong’? (1 Pet. 5:8, 9) A re ke re hlahlobeng liketsahalo tse itseng tse pota-potileng ho behoa boreneng ha Morena Jeroboame ka 997 B.C.E. ’me re bone hore na ke sefe seo re ka ithutang sona ho tsona. Linakong tseo tse mahlonoko, bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ne ba hateletsoe. Ha ba ntse ba etsa mesebetsi ea bona e thata, ba ne ba boetse ba thulana le tšusumetso ea bakoenehi. Maemong ana kaofela, Jehova ha aa ka a lahla batho ba hae ba tšepahalang nakong eo ’me a ke ke a etsa joalo le kajeno.​—Pes. 37:28.

Ha ba Hateletsoe

3. Ke hobane’ng ha puso ea Morena Davida e ne e sa hatelle?

3 A re qaleng ka ho hlahloba hore na Jeroboame e ile ea e-ba morena tlas’a maemo afe. Liproverbia 29:2 e re: “Ha mang kapa mang ea khopo a busa, batho baa feheloa.” Pusong ea Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo, batho ba ne ba sa feheloe. Davida o ne a sa phethahala, empa o ne a tšepahala ho Molimo a bile a mo tšepa. Puso ea Davida e ne e sa hatelle. Jehova o ile a etsa selekane le Davida, a re: “Ka sebele ntlo ea hao le ’muso oa hao e tla ba tse tiileng ka pel’a hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang; terone ea hao e tla tiisoa ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—2 Sam. 7:16.

4. Mahlohonolo a neng a fumanoa pusong ea Solomone a ne a itšetlehile ka eng?

4 Qalong, puso ea mora oa Davida Solomone e ne e le ea khotso le nala hoo ka tšoanelo e neng e tšoantšetsa Puso ea ka moso ea Kreste Jesu, ea Lilemo Tse Sekete. (Pes. 72:1, 17) Morao koo, ho ne ho se na lebaka la hore melokong e 12 ea Iseraele ho be le o fetohelang puso. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le se hlokahalang e le hore Solomone le bafo ba hae ba hlohonolofatsoe. Jehova o ne a ile a bolella Solomone a re: “Haeba u tla tsamaea ka litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng ’me u phethe liqeto tsa ka tsa boahloli ’me u boloke litaelo tsohle tsa ka ka ho tsamaea ho tsona, le ’na ka sebele ke tla phetha lentsoe la ka ka uena leo ke le boleletseng ntat’ao Davida; ke tla lula har’a bara ba Iseraele, ’me nke ke ka tlohela sechaba sa ka sa Iseraele.”—1 Mar. 6:11-13.

5, 6. Ho se tšepahale ha Solomone ho Molimo ho ile ha baka eng?

5 Botsofaling ba hae, Solomone ha aa ka a tšepahala ho Jehova ’me o ile a qala ho kopanela borapeling ba bohata. (1 Mar. 11:4-6) Butle-butle, Solomone o ile a khaotsa ho mamela melao ea Jehova eaba o fetoha motho ea hatellang haholo. E ne e le mohatelli hoo le ka mor’a lefu la hae batho ba ileng ba tletleba ho mohlahlami oa hae, e leng mora oa hae Roboame, ’me ba kōpa hore a ba imolle. (1 Mar. 12:4) Jehova o ile a etsa’ng ha Solomone a se a sa tšepahale?

6 Bibele ea re bolella: “Jehova a tukela Solomone ka bohale, hobane pelo ea hae e ne e sekametse hōle le . . . Molimo oa Iseraele, ea hlahileng ho eena habeli.” Jehova o ile a re ho Solomone: “Ka lebaka la hore . . . ha ua boloka selekane sa ka le litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng tseo ke u laetseng tsona, ruri ke tla hahola ’muso ho uena, ’me ka sebele ke tla o fa mohlanka oa hao.”​—1 Mar. 11:9-11.

7. Le hoja Solomone a ile a lahloa, Jehova o ile a hlokomela batho ba Hae ba tšepahalang joang?

7 Joale Jehova o ile a romela moprofeta Akija hore a e’o tlotsa molopolli. Molopolli eo e ne e le Jeroboame, monna ea neng a e-na le bokhoni ea neng a sebeletsa ’muso oa Solomone. Le hoja Jehova a ile a lula a tšepahalla selekane sa ’Muso seo a neng a se entse le Davida, o ile a lumella hore meloko e 12 e aroloe ho ba lihlopha tse peli. Meloko e leshome e ne e tla fuoa Jeroboame; e ’meli e sale lelokong la Davida, leo ka nako eo le neng le emeloa ke Morena Roboame. (1 Mar. 11:29-37; 12:16, 17, 21) Jehova o ile a re ho Jeroboame: “Haeba u mamela sohle seo ke tla u laela sona, ’me u tsamaea litseleng tsa ka ’me u etsa se nepahetseng mahlong a ka ka ho boloka litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng le litaelo tsa ka, feela joalokaha mohlanka oa ka Davida a entse, le ’na ke tla ba le uena, ke tla u hahela ntlo e tšoarellang, feela joalokaha ke e hahetse Davida, ’me ke tla u fa Iseraele.” (1 Mar. 11:38) Jehova o ile a thusa sechaba sa hae eaba o se fa tsela ea hore se imolloe khatellong eo se neng se le tlas’a eona.

8. Ke liteko life tse hatellang batho ba Molimo kajeno?

8 Kajeno khatello le ho hloka toka li atile. Moeklesia 8:9 e re: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ Khoebo e meharo le puso e bolileng li ka ’na tsa baka maemo a moruo a hlobaetsang. Hangata baeta-pele ba pusong, khoebong le bolumeling, ha ba behe mohlala o motle oa boitšoaro. Ka lebaka leo, joaloka Lota ea lokileng, batho ba tšepahalang ba Molimo kajeno ba “mahlomoleng haholo ke ho inehella boitšoaro bo hlephileng ha batho ba nyelisang molao.” (2 Pet. 2:7) Ho feta moo, le hoja re leka ho latela melao ea Molimo re sa khathatse batho ba bang, hangata babusi ba mabifi baa re hlorisa.​—2 Tim. 3:1-5, 12.

9. (a) Jehova o se a entse eng ho lopolla batho ba hae? (b) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jesu o tla tšepahala ho Molimo kamehla?

9 Leha ho le joalo, re ka kholiseha ka taba ena eo e leng ’nete ea bohlokoa: Jehova a ke ke a tlohela batho ba hae ba tšepahalang! Nahana feela ka mehato eo a seng a e nkile ea ho tlosa babusi ba lefatše ba bolileng. ’Muso oa Molimo oa Bomesia oo Kreste Jesu e leng morena oa oona o se o hlomiloe. Jesu Kreste o se a busitse leholimong ka lilemo tse ka bang lekholo. Haufinyane o tla lopolla ba tšabang lebitso la Molimo. (Bala Tšenolo 11:15-18.) Jesu o se a ipakile hore o tšepahala ho Molimo ho isa lefung. A ke ke a soabisa bafo ba hae joaloka Solomone.​—Baheb. 7:26; 1 Pet. 2:6.

10. (a) Re ka bontša joang hore re ananela ’Muso oa Molimo? (b) Ha re thulana le liteko ke eng eo re ka kholisehang ka eona?

10 ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele e tla felisa khatello eohle. Re tšepahala ho Jehova Molimo le ’Muso oa hae. Kaha re tšepile ’Muso kahohle-hohle, re hana ho phela ka tsela ea lefatše ea ho se tšabe Molimo ’me ka cheseho re loanela ho etsa mesebetsi e metle. (Tite 2:12-14) Re ikitlaelletsa hore re lule re se na letheba lefatšeng lena. (2 Pet. 3:14) Ho sa tsotellehe hore na ke liteko tsa mofuta ofe tseo re thulanang le tsona hona joale, re ka kholiseha hore Jehova o tla re sireletsa ha tumelo ea rōna e hlaseloa. (Bala Pesaleme ea 97:10.) Ho feta moo, Pesaleme ea 116:15 ea re tiisetsa: “Lefu la ba tšepahalang ba hae ke la bohlokoa mahlong a Jehova.” Bahlanka ba Jehova ke ba bohlokoa haholo ho eena hoo a ke keng a lumella hore ba timele e le sehlopha.

Ha re Thulana le Tšusumetso ea Bakoenehi

11. Ho ile ha tla joang hore Jeroboame a se ke a tšepahala?

11 Puso ea Morena Jeroboame e ka be e ile ea imolla batho ba Molimo ka tsela e itseng. Ho e-na le hoo, liketso tsa hae li ile tsa ’na tsa tsoela pele ho leka botšepehi ba bona ho Molimo. Kaha o ne a sa khotsofala ke tlhompho le tlotla tseo a neng a li filoe, Jeroboame o ile a qala ho batla litsela tsa ho matlafatsa boemo ba hae. Monahanong oa hae o ile a re: “Haeba sechaba sena se tsoela pele ho nyoloha ho ea etsa mahlabelo ka tlung ea Jehova Jerusalema, lipelo tsa batho bana le tsona li tla tlameha ho khutlela ho khosi ea bona, Roboame morena oa Juda; ka sebele ba tla mpolaea ’me ba khutlele ho Roboame morena oa Juda.” Kahoo, Jeroboame o ile a theha bolumeli bo bocha boo ho bona ho neng ho sebelisoa manamane a mabeli a khauta. “Joale a beha e ’ngoe Bethele, ’me e ’ngoe a e beha Dane. Ntho ena ea e-ba sesosa sa sebe, ’me batho ba qala ho ea ka pel’a e ’ngoe ho ea fihla Dane. A qala ho etsa ntlo ea libaka tse phahameng ’me a etsa baprista ho tsoa ho batho ka kakaretso, bao e neng e se bara ba Levi.” Jeroboame o bile a iqapela letsatsi la ho “etsetsa bara ba Iseraele mokete,” eaba o tsoela pele “ho etsa linyehelo holim’a aletare ho etsa mosi oa sehlabelo.”​—1 Mar. 12:26-33.

12. Ha Jeroboame a ne a theha borapeli ba namane Iseraele, batho ba tšepahalang ba Molimo ba ’musong o ka leboea ba ile ba etsa joang?

12 Joale batho ba Molimo ba tšepahalang ba ’musong o ka leboea ba ne ba tla etsa joang? Joaloka baholo-holo ba bona ba tšepahalang, Balevi ba neng ba phela metseng eo ba neng ba e filoe ’musong o ka leboea ba ile ba nka bohato ka potlako. (Ex. 32:26-28; Num. 35:6-8; Deut. 33:8, 9) Ba ile ba siea lefa la bona, ba fallisetsa malapa a bona ka boroa Juda, moo ba neng ba ka tsoela pele ho rapela Jehova ntle ho tšitiso. (2 Likron. 11:13, 14) Baiseraele ba bang ba neng ba lula Juda ka nakoana ba ile ba etsa qeto ea hore ba hle ba lule moo ho e-na le hore ba khutlele hae. (2 Likron. 10:17) Jehova o ile a etsa tokisetso ea hore ho ’ne ho be le tsela ea ho khutlela borapeling ba ’nete e le hore melokong e tlang, ba bang ba tsoang ’musong o ka leboea ba ka furalla borapeli ba namane ’me ba khutlele Juda.​—2 Likron. 15:9-15.

13. Mehleng ea kajeno, tšusumetso ea bakoenehi e behile batho ba Molimo tekong ka tsela efe?

13 Kajeno batho ba Molimo ba kotsing ka lebaka la bakoenehi le tšusumetso ea bona. Babusi ba bang ba lekile ho theha bolumeli ba bona ba Naha, ’me ba qobella bafo ba bona hore ba bo amohele. Baruti ba Bokreste-’mōtoana le batho ba bang ba iphahamisang ba lekile ho ipeha boemong ba hore ke bona baprista ba sebeletsang tempeleng ea moea. Leha ho le joalo, batho ba tlotsitsoeng ka moea e le kannete ba fumanoa har’a Bakreste ba ’nete feela, ’me ke bona bao e leng “baprista ba marena.”​—1 Pet. 2:9; Tšen. 14:1-5.

14. Re lokela ho sebetsana le monahano oa bakoenehi joang?

14 Joaloka Balevi ba tšepahalang morao koana lekholong la leshome la lilemo B.C.E., kajeno batho ba Molimo ba tšepahalang ha ba thetsoe ke monahano oa bakoenehi. Batlotsuoa hammoho le metsoalle ea bona ea Bakreste ba potlakela ho qoba le ho qhela monahano oa bakoenehi. (Bala Baroma 16:17.) Le hoja litabeng tseo eseng tsa bolumeli re thabela ho ikokobelletsa ba boholong pusong, ’me re lula re sa jele paate likhohlanong tsa lefatše, re tšepahalla ’Muso oa Molimo. (Joh. 18:36; Bar. 13:1-8) Re qhela lipolelo tsa bohata tsa ba ipolelang hore ba sebeletsa Molimo empa ka nako e tšoanang boitšoaro ba bona bo mo hlompholla.​—Tite 1:16.

15. Ke hobane’ng ha ho loketse hore re tšepahale ho “lekhoba le tšepahalang le le masene”?

15 Hape nahana ka taba ea hore Jehova o entse hore batho ba lipelo li ntle ba khone ho tsoa lefatšeng le khopo, le hore ka tsela ea tšoantšetso ba kene paradeiseng ea moea eo a e entseng. (2 Bakor. 12:1-4) Kaha re tletse teboho, re lula haufi le “lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng.” Kreste o behile lekhoba lena “hore le okamele lintho tsohle tsa hae.” (Mat. 24:45-47) Ka lebaka leo, le haeba rōna re le batho ka bomong re sa utloisise ka ho feletseng qeto e itseng e entsoeng ke sehlopha sa lekhoba, seo hase lebaka la ho e qhela kapa la ho khutlela lefatšeng la Satane. Ho e-na le hoo, botšepehi bo tla re susumelletsa hore re ikokobetse, re letele Jehova hore a hlakise litaba.

Ha re Etsa Mesebetsi eo re e Filoeng ke Molimo

16. Moprofeta ea tsoang Juda o ile a fuoa mosebetsi ofe?

16 Jehova o ile a ahlola Jeroboame ka lebaka la litsela tsa hae tsa bokoenehi. O ile a roma moprofeta ea tsoang Juda hore a ee ka leboea Bethele ’me a itlhahise ho Jeroboame nakong eo a neng a ntse a etsa tšebeletso aletareng ea hae. Moprofeta eo o ne a lokela ho fa Jeroboame molaetsa o tšosang oa kahlolo. Ha ho pelaelo hore oo e ne e le mosebetsi o thata.​—1 Mar. 13:1-3.

17. Jehova o ile a sireletsa lenģosa la hae joang?

17 Jeroboame o ile a loloma ke bohale ha a utloa kahlolo ea Jehova. O ile a otlolla letsoho la hae hore a tšoare moemeli oa Molimo, a hoeletsa banna ba haufi le moo, a re: “Mo tšoareng!” Empa kapele-pele, pele mang kapa mang a ka etsa letho, “letsoho la hae leo a neng a le otlolotse khahlanong le eena la omella, ’me o ne a sa khone ho le khutlisetsa ho eena. Aletare ea petsoha hoo molora o mafura o ileng oa qhalana ho tloha aletareng.” Jeroboame o ile a tlameha ho kōpa moprofeta eo hore a nolofatse sefahleho sa Jehova le hore a rapelle hore letsoho leo le omeletseng le fole. Moprofeta eo o ile a etsa joalo ’me letsoho leo le ile la fola. Ka tsela ena Jehova o ile a sireletsa lenģosa la hae hore le se ke la ntšoa kotsi.​—1 Mar. 13:4-6.

18. Jehova o re lebela joang ha re ntse re mo etsetsa tšebeletso e halalelang re sa tšabe letho?

18 Ha re ntse re etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa ka botšepehi, ka linako tse ling re kopana le batho ba sa bontšeng botsoalle kapa ba bileng ba bang mabifi. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Empa ha rea lokela ho lumella ho tšaba ho phoqoa hore ho fokolise cheseho ea rōna boboleling. Joaloka moprofeta ea sa boleloang ka lebitso oa mehleng ea Jeroboame, re ‘nehiloe tokelo ea hore ka ho se tšabe letho re etsetse Jehova tšebeletso e halalelang ka botšepehi.’ * (Luka 1:74, 75) Le hoja kajeno re sa lebella thuso ea mohlolo, Jehova o ntse a re lebela a bile a re tšehetsa ka moea oa hae o halalelang le ka mangeloi hobane re Lipaki tsa hae. (Bala Johanne 14:15-17; Tšenolo 14:6.) Ha ho mohla Molimo a tla lahla batho ba tsoelang pele ho bua ka lentsoe la hae ba sa tšabe letho.​—Bafil. 1:14, 28.

Jehova o Tla Lebela Batho ba Hae ba Tšepahalang

19, 20. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore ha ho mohla Jehova a tla re lahla? (b) Sehloohong se latelang ho tla tšohloa lipotso life?

19 Jehova ke Molimo oa rōna ea tšepahalang. (Tšen. 15:4; 16:5) “Oa tšepahala mesebetsing eohle ea hae.” (Pes. 145:17) Bibele ea re tiisetsa: “O tla lebela tsela ea ba tšepahalang ba hae.” (Liprov. 2:8) Ha batho ba Molimo ba tšepahalang ba thulana le liteko kapa monahano oa bakoenehi kapa ba etsa mosebetsi o thata, ba ka kholiseha hore Jehova o tla ba tataisa a be a ba tšehetse.

20 Hona joale, re le batho ka bomong re lokela ho nahana ka sena: Ke eng e tla nthusa hore ke lule ke tšepahala ho Jehova ho sa tsotellehe hore na ke liteko life tseo nka ’nang ka thulana le tsona? Ka mantsoe a mang, nka matlafatsa botšepehi ba ka ho Molimo joang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 18 Sehloohong se latelang ho tla tšohloa taba ea hore na moprofeta enoa o ile a tsoela pele a mamela Jehova kapa che le hore na ho ile ha etsahala eng ka eena.

U ka Araba Joang?

• Jehova o bontšitse joang hore ha a lahle batho ba hae ba tšepahalang ha ba hatelloa?

• Re lokela ho sebetsana joang le bakoenehi hammoho le monahano oa bona?

• Jehova o lebela batho ba hae ba tšepahalang joang ha ba etsa tšebeletso ea Bokreste?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 5]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

’MUSO O KA LEBOEA (Jeroboame)

Dane

Shikeme

Bethele

’MUSO O KA BOROA (Roboame)

JERUSALEMA

[Setšoantšo]

Jehova ha aa ka a lahla batho ba hae ba tšepahlang ha Jeroboame a ne a theha borapeli ba namane

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Ho ne ho e-na le se hlokahlang e le hore Solomone le bafo ba hae ba hlohonolofatsoe