Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Hlokomela Bahlanka ba Hae ba Hōlileng ka Mosa

Jehova o Hlokomela Bahlanka ba Hae ba Hōlileng ka Mosa

Jehova o Hlokomela Bahlanka ba Hae ba Hōlileng ka Mosa

“Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.”—BAHEB. 6:10.

1, 2. (a) Ha u bona motho ea moriri o mosoeu seo se ka ’na sa u hopotsa eng? (b) Jehova o nka Bakreste ba hōlileng joang?

HA U bona batho ba hōlileng ka phuthehong ba nang le moriri o mosoeu, na ha u hopole tlaleho e bukeng ea Bibele ea Daniele? Ponong eo a ileng a e bontša Daniele, Jehova Molimo o ile a itlhahisa a e-na le moriri o mosoeu. Daniele o ile a ngola a re: “Ka ’na ka talima ho fihlela literone li behoa ’me Moholo-holo oa Matsatsi a lula fatše. Liaparo tsa hae li ne li le tšoeu joaloka lehloa, ’me moriri oa hlooho ea hae o ne o le joaloka boea bo hloekileng.”​—Dan. 7:9.

2 Hangata boea bo na le ’mala o mosoeu ha bo le boemong ba bona ba tlhaho. Kahoo, moriri o mosoeu le tlotla “Moholo-holo oa Matsatsi” li re hlokomelisa lilemo tsa Molimo tse ngata le bohlale ba hae bo boholo, e leng lintho tse etsang hore re mo hlomphe haholo. Kahoo, ebe Moholo-holo oa Matsatsi, Jehova, o nka banna le basali ba hōlileng ba tšepahalang joang? Lentsoe la Molimo le re “hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.” (Liprov. 16:31) Ka sebele, haeba Mokreste ea tšepahalang a e-na le moriri o moputsoa kapa o mosoeu, ponahalo eo ea hore ke motho ea butsoitseng e ntle mahlong a Molimo. Na u nka bara le barali beno ba hōlileng ka tsela eo Jehova a ba nkang ka eona?

Ke Hobane’ng ha e le ba Bohlokoa Hakaale?

3. Ke hobane’ng ha balumeli-’moho le rōna ba hōlileng e le ba bohlokoa hakaale ho rōna?

3 Bahlanka bao ba Molimo ba ratehang ba hōlileng ba akarelletsa litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, balebeli ba tsamaeang ba hona joale le ba khale, bo-pula-maliboho ba chesehang le bahoeletsi ba ’Muso ba butsoitseng​—e leng bara le baralib’abo rōna ba sebeletsang ka botšepehi liphuthehong tsa habo rōna. E ka ’na eaba u tseba ba bang ba boletseng litaba tse molemo ka cheseho ka lilemo tse ngata le bao mohlala oa bona o motle o thusitseng ho susumetsa ba bacha oa ba oa etsa hore ba fetole bophelo ba bona. Balumeli-’moho le rōna ba bang ba hōlileng ba ’nile ba jara boikarabelo bo boholo ba ba ba mamella mahloriso ka lebaka la litaba tse molemo. Jehova le “lekhoba le tšepahalang le le masene” ba leboha haholo sohle seo ba se entseng mosebetsing oa ’Muso nakong e fetileng le hona joale.​—Mat. 24:45.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha Bakreste ba hōlileng le ho ba rapella?

4 Bahlanka ba bang ba Jehova Molimo ba lokela ho ananela le ho hlompha batho bana ba hōlileng ba tšepahalang. Ha e le hantle, Molao oa Molimo o ileng oa fanoa ka Moshe, o amahanya ho nahanela le ho hlompha ba hōlileng le taba ea ho tšaba Jehova. (Lev. 19:32) Kamehla re lokela ho rapella batho bana ba tšepahalang le ho leboha Molimo ka mesebetsi ea bona eo ba e etsang ka lerato. Moapostola Pauluse o ile a rapella basebetsi-’moho le eena ba ratehang, ba banyenyane le ba baholo.​—Bala 1 Bathesalonika 1:2, 3.

5. Re ka rua molemo joang ka ho tloaelana le barapeli ba Jehova ba hōlileng?

5 Ho feta moo, bohle ka phuthehong ba ka rua molemo ka ho tloaelana le Bakreste ba hōlileng. Barapeli ba Jehova ba hōlileng ba tšepahalang ba fumane tsebo ea bohlokoa haholo ka ho ithuta, ho shebella ba bang le ka lintho tseo ba fetileng ho tsona. Ba ithutile ho mamella le ho ba le qenehelo, ’me ha ba ruta moloko o hlahlamang seo ba ithutileng sona, ba thaba haholo ebile baa khotsofala. (Pes. 71:18) Lōna bacha, hlalefang ka ho rua molemo ka ho ipokellela tsebo ena joalokaha le ne le tla rua molemo ka ho kha metsi selibeng se tebileng.​—Liprov. 20:5.

6. U ka bontša joang hore u fela u nka batho ba hōlileng e le ba bohlokoa?

6 Na u bolella ba hōlileng hore u ba rata joalokaha Jehova a ba rata? Tsela e ’ngoe eo u ka etsang sena ka eona ke ka ho ba bolella hore na u ba rata hakae ka lebaka la botšepehi ba bona le hore na u nka maikutlo a bona e le a bohlokoa hakae. Ho feta moo, ka ho mamela likeletso tsa bona le litlhahiso tsa bona, u bontša hore u ba hlompha e le kannete. Bakreste ba bangata ba hōlileng ba ka hopola keletso e bohlale eo ba ileng ba e fuoa ke batho ba hōlileng ba tšepahalang le kamoo ho e sebelisa ho ba thusitseng kateng bophelong bohle ba bona. *

Bontša Mosa ka Litsela Tse Molemo

7. Ke bo-mang ba ka sehloohong bao Molimo a ba fang boikarabelo ba ho hlokomela batho ba hōlileng?

7 Batho ba ka sehloohong bao Molimo a ba fang boikarabelo ba ho hlokomela batho ba hōlileng, ke litho tsa malapa a bona. (Bala 1 Timothea 5:4, 8.) Jehova oa thaba ha malapa a phetha boikarabelo ba ’ona ba ho hlokomela beng ka ’ona ba hōlileng ’me kahoo a bontša hore a tsotella batho ba hōlileng joalokaha le eena a ba tsotella. Molimo o thusa malapa ana ebile o hlohonolofatsa boiteko ba ’ona le boitelo bohle ba ’ona. *

8. Ke hobane’ng ha liphutheho li lokela ho bontša hore li amehile ka Bakreste ba ntseng ba tsofala?

8 Ka ho tšoanang, Jehova oa thaba ha liphutheho li thusa batho ba hōlileng ba tšepahalang ba bahloki ba se nang beng ka bona bao e leng balumeli kapa ba ikemiselitseng ho ba hlokomela. (1 Tim. 5:3, 5, 9, 10) Ha liphutheho li etsa joalo li bontša hore li na le ‘kutloelo-bohloko, boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho le qenehelo e bonolo’ ho batho ba hōlileng. (1 Pet. 3:8) Ho ameha ha tsona ka litho tsa phutheho tseo e leng batho ba hōlileng ho bontšoa hantle ke papiso ea Pauluse ha a bontša hore ha setho se seng sa ’mele oa motho se utloa bohloko, “litho tse ling tsohle li utloa bohloko le sona.” (1 Bakor. 12:26) Ho nka bohato ka tsela e molemo le e bontšang kutloelo-bohloko ho ba hōlileng ho bontša hore na ke sefe se boleloang ke keletso ea Pauluse ha a re: “Tsoelang pele ho jarelana meroalo, kahoo le phethahatse molao oa Kreste.”​—Bagal. 6:2.

9. Ke meroalo efe eo ho hōla lilemong ho ka e tlisetsang motho ea hōlileng?

9 Ke meroalo efe eo batho ba hōlileng ba e jereng? Ba bangata ba khathala kapele. Ba ka ’na ba ikutloa ba hlōleha le ho etsa lintho tse bonolo feela tse kang ho ea ngakeng, ho tlatsa liforomo le ho sebetsana le lichelete, ho hloekisa lapeng le ho pheha. Kaha hangata ha ba ntse ba hōla ba felloa ke takatso ea lijo ebile ha ba sa nyoroa, ba ka ’na ba nahana hore ha ho sa hlokahala hore ba je kapa ba noe kamoo ho hlileng ho hlokahalang kateng. Hoa tšoana le ka lijo tsa moea. Ha mahlo a ntse a fifala le litsebe li ntse li thibana, ho bala le ho mamela libokeng tsa Bokreste ho ba thata, esita le ho itokisetsa ho ea libokeng tsa Bokreste feela e ka ’na ea e-ba ntho e khathatsang haholo. Joale, ba bang ba ka etsetsa batho bao ba hōlileng eng?

Kamoo U ka Thusang Kateng

10. Baholo ba ka etsa joang ho tiisa hore batho ba hōlileng ba fumana thuso e molemo?

10 Liphuthehong tse ngata, batho ba hōlileng ba hlokomeloa ka tsela e behang mohlala. Bara le baralib’abo rōna ba nang le lerato ba ba thusa ka ho ea mabenkeleng, ho pheha le ho hloekisa. Ba thusa batho ba hōlileng ho ithuta, ho itokisetsa ho ea libokeng le hore ba ee tšimong kamehla. Lipaki tsa batho ba bacha li tsamaea le bona le ho ba thusa ka lipalangoang. Haeba batho ba hōlileng ba sa khone ho tloha malapeng, ba mamela liboka ka thelefono, kapa baa li rekoteloa. Neng le neng ha ho khoneha, baholo ba tiisa hore ho etsoa litokisetso tse molemo tsa ho thusa batho ba hōlileng ba hlokang lintho tse itseng ka phuthehong. *

11. Bolela kamoo lelapa le leng le ileng la thusa mor’abo rōna e mong ea hōlileng kateng.

11 Bakreste ka bomong le bona ba ka bontša hore ba amohela baeti ebile baa fana. Ka mor’a hore mosali oa mora e mong oabo rōna ea hōlileng a hlokahale, o ne a se a sa khone ho lefa rente ntle ho penshene ea mosali oa hae. Eena le mosali oa hae ba ne ba ile ba ithuta Bibele le lelapa le leng—la ntate, ’mè le barali ba babeli ba bacha—le neng le e-na le ntlo e khōlō. Le ile la mo fa likamore tse peli hore a lule ho tsona. Ka lilemo tse 15, ba ile ba ja hammoho, ba ba le linako tse monate ba ba ba bontšana lerato la bara ba motho. Batho bana ba bacha ba ile ba rua molemo o moholo tumelong ea hae le tsebong ea hae e ngata, ’me eena o ile a rua molemo botsoalleng bo thabisang. Mora enoa oabo rōna ea hōlileng o ile a lula le bona ho fihlela a hlokahala a le lilemo li 89. Lelapa leo le ntse le leboha Molimo ka litlhohonolofatso tse ngata tseo le ileng la li fumana ka botsoalle boo le ileng la e-ba le bona le eena. Ha lea “lahleheloa ke moputso oa [lona]” oa hore ebe le thusitse morutuoa-’moho le lona oa Jesu Kreste.​—Mat. 10:42. *

12. U ka etsa’ng ho bontša bara le baralib’abo rōna ba hōlileng mosa?

12 U ka ’na ua se ke ua ba boemong ba ho thusa mora kapa morali’abo rōna ea hōlileng ka tsela eo lelapa lena le entseng ka eona, empa u ka ’na ua thusa batho ba hōlileng ho ea libokeng le tšebeletsong ea tšimo. U ka ’na ua ba memela lelapeng la hao ua ba ua tsamaea le bona ha le il’o ikhatholla. U ka ba etela, haholo-holo ha ba kula kapa ba sa khone ho tsamaea. Ho feta moo, u ka ba tšoara joaloka batho ba baholo ba nang le kelello ’me kamehla u lokela ho ba tšoara joalo. Hafeela likelello tsa Bakreste ba hōlileng li ntse li tšoara hantle, ho lokela ho buisanoe le bona ha ho etsoa liqeto tsohle tse ba amang. Esita le bao likelello tsa bona li seng li sa tšoare hantle ba ka hlokomela haeba ba sa tšoaroe ka tlhompho.

Jehova a ke ke a Lebala Mosebetsi oa Hao

13. Ke hobane’ng ha ho nahanela maikutlo a Bakreste ba hōlileng e le habohlokoa?

13 Ho nahanela maikutlo a batho ba hōlileng ke habohlokoa. Ho tloaelehile hore batho ba hōlileng ba utloisoe bohloko ke hore ebe ha ba khone ho etsa lintho tsohle tseo ba neng ba khona ho li etsa ha ba sa le bacha ba bile ba sa phela hantle. Ka mohlala, morali e mong oabo rōna ea sebelelitseng Jehova ka mafolofolo ka lilemo tse ka bang 50 eo e neng e bile e le pula-maliboho oa kamehla, o ile a ba le boloetse bo neng bo mo fokolisa ebile bo etsa hore a thatafalloe haholo ke ho ea libokeng. Ha a ne a bapisa tšebeletso ea hae ea nakong e fetileng le bofokoli boo a nang le bona hona joale, o ile a lla. O ile a inamisa hlooho, a ntse a lla eaba o re, “Ho hang ha ke sa na thuso.”

14. Lipesaleme li ka khothatsa bahlanka ba hōlileng ba Jehova ka eng?

14 Haeba u motho ea hōlileng, na u kile ua ba le maikutlo a joalo a bohloko? Kapa na ho na le linako tseo ka tsona u utloang eka Jehova o u lahlile? Ho ka etsahala hore ebe mopesaleme le eena ha a se a tsofetse o ile a ba le maikutlo a kang ao, hobane o ile a kōpa Jehova ka tieo a re: “U se ke ua ntahla nakong ea botsofali; ha ke felloa ke matla, u se ke ua ntlohela. Esita le ho fihlela botsofaling le bohlooho-putsoeng, Molimo, u se ke ua ntlohela.” (Pes. 71:9, 18) Ha e le hantle, Jehova o ne a ke ke a lahla moqapi oa pesaleme eo, ebile A ke ke a u lahla. Pesalemeng e ’ngoe, Davida o ile a bolela hore o kholisehile hore Molimo oa mo thusa. (Bala Pesaleme ea 68:19.) Kholiseha hore haeba u Mokreste ea tšepahalang ea hōlileng, Jehova o na le uena ebile o tla ’ne a u matlafatse letsatsi le leng le le leng.

15. Ke eng e ka thusang batho ba hōlileng hore ba lule ba e-na le maikutlo a matle?

15 Le ka mohla Molimo ha a lebale sohle seo lōna Lipaki Tsa Jehova tse ntseng li tsofala le se entseng le seo le ntseng le se etsa hona joale ho mo tlotla. Bibele e re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheb. 6:10) Kahoo, loantšang ho ba le maikutlo a nyahamisang, a etsang hore ka phoso le nahane hore kaha le tsofetse, ha le sa na thuso ho Jehova. Ho e-na le ho nahana ka lintho nyahamisang le tse hlokisang tšepo, lekang ho nahana ka lintho tse ntle. Thabelang lintho tse ntle tseo le nang le tsona le tšepo eo le nang le eona ka bokamoso! Re na le “bokamoso le tšepo”​—tseo re li tšepisoang ka tieo ke ’Mōpi oa rōna—​tse molemo ka ho fetisisa. (Jer. 29:11, 12; Lik. 17:31; 1 Tim. 6:19) Nahanang ka tšepo eo le nang le eona, lekang ho lula le le bacha lipelong le likelellong, ’me le ka mohla le se ke la halala bohlokoa ba lōna ka phuthehong! *

16. Ke hobane’ng ha mor’abo rōna e mong ea hōlileng a ile a nahana hore o lokela ho tlohela ho sebeletsa e le moholo, empa sehlopha sa baholo se ile sa mo khothatsa joang?

16 Nahana ka Johan, ea lilemo li 80 eo kamehla a hlokomelang mosali oa hae Sannie ea tšepahalang, eo hona joale a seng a sa khone ho etsa letho. * Baralib’abo rōna ba fapanyetsana linako tsa ho hlokomela Sannie e le hore Johan a tsebe ho ea libokeng le tšebeletsong ea tšimo. Leha ho le joalo, haufinyane tjena Johan o ile a utloa hore kelello ea hae e imetsoe eaba o qala ho nahana hore a tlohele ho sebeletsa e le moholo oa phutheho. A tletse likhapha ka mahlong o ile a re, “Ho thusa’ng hore ke lule ke le moholo? Ha ke sa khona ho etsa letho le molemo ka phuthehong.” Baholo-’moho le eena ba ile ba mo tiisetsa hore tsebo ea hae le maikutlo a hae ke tsa bohlokoa haholo. Ba ile ba mo phehella hore a tsoele pele ho sebeletsa e le moholo, le haeba karolo eo a e phethang e le nyenyane feela. A khothetse haholo, Johan o tsoela pele ho sebeletsa e le moholo, ’me sena se tsoela phutheho molemo haholo.

Ka Sebele Jehova oa Tsotella

17. Bibele e tiisetsa Bakreste ba hōlileng eng?

17 Ho sa tsotellehe mathata a tsamaeang le botsofali, Mangolo a bolela ka ho hlaka hore batho ba hōlileng ba ka tsoela pele ho beha litholoana ha ba sebeletsa Jehova. Mopesaleme o ile a re: “Ba lenngoeng ka tlung ea Jehova, . . . ba tla ’ne ba atlehe nakong ea bohlooho-putsoa, ba tla tsoela pele ba nonne ’me ba le bacha.” (Pes. 92:13, 14) Moapostola Pauluse, eo mohlomong a neng a loana le boloetse bo itseng, ‘ha aa ka a tela le haeba motho eo a neng a le eena ka ntle a ne a ntse a senyeha.’​—Bala 2 Bakorinthe 4:16-18.

18. Ke hobane’ng ha balumeli-’moho le rōna ba hōlileng le batho ba ba hlokomelang ba hloka hore ba bang ba ba thuse?

18 Mehlala e mengata ea kajeno e bontša hore batho ba hōlileng ba ka tsoela pele ho ‘’na ba atleha.’ Empa mathata a bakoang ke ho kula le botsofali a ka ba boima le ho batho bao litho tsa malapa abo bona li tsotellang li bileng li ikemiselitseng ho ba thusa. Batho ba hlokomelang ba bang le bona ba ka khathala haholo. Phutheho e na le tlotla le boikarabelo ba ho bontša lerato ho batho ba hōlileng le ba ba hlokomelang. (Bagal. 6:10) Thuso e joalo e bontša hore, ha e le hantle, ha re bolelle batho ba joalo hore ba tsamaee, ba “futhumale ’me [ba] khore” empa re sa ba thuse ka litsela tse molemo.​—Jak. 2:15-17.

19. Ke hobane’ng ha Bakreste ba hōlileng ba tšepahalang ba ka ba le tšepo e tiileng ka bokamoso?

19 Ka tsela e itseng, botsofali bo ka ’na ba fetola lintho tseo Mokreste a li etsang, empa nako ha e fokotse lerato la Jehova ho bahlanka ba hae ba tšepahalang ba hōlileng. Ho e-na le hoo, Bakreste bana bohle ba tšepahalang ke ba bohlokoa ho eena, ’me a ke ke a ba lahla le ka mohla. (Pes. 37:28; Esa. 46:4) Jehova o tla ba matlafatsa le ho ba tataisa nakong eohle ea botsofali.​—Pes. 48:14.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Sheba sehlooho se reng “Batho ba Hōlileng—Ke Khothatso ho ba Bacha,” Molula-Qhooeng oa June 1, 2007.

^ ser. 7 Sheba Tsoha! ea February 8, 1994, leqepheng la 3-10.

^ ser. 10 Linaheng tse ling, sena se ka akarelletsa ho thusa batho ba hōlileng ho fumana thuso eo ’muso o fanang ka eona. Sheba sehlooho se reng “Molimo o Hlokomela ba Hōlileng,” Molula-Qhooeng oa June 1, 2006.

^ ser. 11 Sheba sehlooho se reng “Kamehla Jehova oa re Tsotella,” Molula-Qhooeng oa September 1, 2003.

^ ser. 15 Sheba sehlooho se reng “Bokhabane ba Moriri o Moputsoa,” Molula-Qhooeng oa March 15, 1993.

^ ser. 16 Mabitso a fetotsoe.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha u nka Bakreste ba tšepahalang ba hōlileng e le ba bohlokoa?

• Re ka bontša kutloelo-bohloko joang ho barapeli-’moho le rōna ba ntseng ba tsofala?

• Ke eng e ka thusang bahlanka ba hōlileng ba Jehova hore ba be le tšepo?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 18]

Litho tsa phutheho li nka batho ba hōlileng e le ba bohlokoa haholo