Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

• Bakreste ba bang ba thulane le mathata afe a maholo ka mor’a hore ba nyalane, hona ba lokela ho leka ho etsa’ng?

Bakreste ba bang ba ka ’na ba hlokomela hore boholo ba nako, bona le balekane ba bona ha ba shebe lintho ka ho tšoana. Kaha baa tseba hore tlhalo e sa tšehetsoeng ke mangolo hase tsela e amohelehang ea ho rarolla mathata, ba lokela ho sebetsa ka thata ho boloka lenyalo la bona.​—4/15, leqepheng la 17.

• Mokreste ea lulang lehaeng la maqheku kapa la batho ba kulang haholo a ka thulana le mathata afe?

Ho ka etsahala hore ebe ha a tsebe litho tsa phutheho eo lehae leo le leng tšimong ea eona. Mohlomong batho ba bangata lehaeng leo ba na le litumelo tse sa tšoaneng ’me ba ka ’na ba leka ho mo kenyelletsa mesebetsing ea bolumeli. Beng ka eena ba Bakreste le litho tsa phutheho ea moo, ba lokela ho hlokomela mathata ana ’me ba mo thuse le ho mo hlokomela.​—, leqepheng la 25-27.

• Ke litsela life tse ’nè tse ka thusang banyalani ho lokisa mathata?

Behang nako ea ho buisana ka mathata. (Moek. 3:1, 7) Ntša maikutlo a hao ka bolokolohi le ka tlhompho. (Baef. 4:25) Mamela maikutlo a molekane oa hao ’me u a ananele. (Mat. 7:12) Lumellanang ka tharollo ’me le sebetse ’moho hore e atlehe. (Moek. 4:9, 10)​—5/1, leqepheng la 10-12.

• Ha Jesu a ne a re khothalletsa hore re rapelle hore re tšoareloe melato ea rōna, o ne a bolela melato efe?

Ho bapisa Matheu 6:12 le Luka 11:4 hoa hlakisa hore Jesu o ne a sa bue ka melato ea chelete. O ne a nahanne ka libe. Re lokela ho etsisa Molimo ka hore re ikemisetse ho tšoarela.​—5/15, leqepheng la 9.

• Litho tsa Sehlopha se Busang li sebeletsa likomiting life?

Komiting ea Bahokahanyi; Komiting ea Basebetsi; Komiting ea Khatiso; Komiting ea Tšebeletso; Komiting ea Thuto; Komiting ea Bongoli.​—5/15, leqepheng la 29.

• Re ka kholiseha joang hore Moroallo oa Mehleng ea Noe o bile teng lefatšeng lohle?

Jesu o ne a lumela hore moroallo o bile teng le hore o bile teng lefatšeng lohle. Litemoso tsa Bibele li thehiloe tabeng ea Moroallo o ileng oa e-ba teng lefatšeng lohle.​—6/1, leqepheng la 8.

• Boitšoaro boo ho buuoang ka bona ho Baroma 1:24-32 e ne e le ba Bajuda kapa ba Balichaba?

Tlhaloso eo e ne e ka ba lokela kaofela, empa ka ho khetheha moapostola Pauluse o ne a bua ka Baiseraele ba boholo-holo bao ka lilemo tse makholo ba ileng ba hlōleha ho mamela Molao. Ba ne ba tseba melao ea Molimo e lokileng, empa ha baa ka ba phela tumellanong le eona.​—6/15, leqepheng la 29.

• Tel Arad e hokae, hona ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa?

Thaba ena e Iseraele e bontšang moo motse oa boholo-holo oa Arade o neng o le teng, e ka bophirima ho Leoatle le Shoeleng. Thabeng ena, baepolli ba lintho tsa khale ba fumane mangeta a mangata a neng a sebelisoa e le matlapa ao ho ngolloang ho ’ona. A mang a na le mabitso a fumanoang ka Bibeleng, ’me a bontša hore lebitso la Molimo le ne le sebelisoa litokomaneng tse sa amaneng le bolumeli.​—7/1, leqepheng la 23-24.

• Ke hobane’ng ha ho iketsetsa lipakane tseo u ka li finyellang ho ka eketsa thabo ea hao?

Haeba re leka ho finyella lipakane tse sa bontšeng ho ba le kahlolo e molemo ho sa tsotellehe hore na ho hlokahala eng hore re li finyelle, re ikimetsa ho sa hlokahale. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho iqenehela haholo, ebe re sebelisa seo re nahanang hore ke bofokoli ba rōna e le lebaka la hore re khoehlise tšebeletsong ea tšimo.​—7/15, leqepheng la 29.

• Ke lintho life tse ka sitisang batsoali ho buisana le bacha?

Lintho tse ka sitisang e ka ba hore mocha o lihlong, o batla ho lokoloha le ho batla ho ba mong. Batsoali ba ka leka ho khothalletsa mocha hore a bue nakong eo ho iketliloeng ’me batsoali ba leke ho utloisisa seo mocha a lekang ho ba bolella sona.​—8/1, leqepheng la 10-11.