Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bonang! Mohlanka eo Jehova a mo Amohetseng

Bonang! Mohlanka eo Jehova a mo Amohetseng

Bonang! Mohlanka eo Jehova a mo Amohetseng

“Bonang! Mohlanka oa ka, . . . eo moea oa ka o mo amohetseng!”—ESA. 42:1.

1. Batho ba Jehova ba khothalletsoa ho etsa’ng, haholo-holo ha Sehopotso se atamela, hona hobane’ng?

HA NAKO ea ho hopola lefu la Kreste e ntse e atamela, batho ba Molimo ba khothalletsoa ho latela keletso ea moapostola Pauluse ea hore ‘re talime ka hloko Moemeli ea ka Sehloohong le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu.’ Pauluse o ile a phaella ka ho re: “Ka sebele, le nahane ka hloko ka ea mameletseng puo e joalo e hanyetsang ea baetsalibe khahlanong le lithahasello tsa bona, e le hore le se ke la khathala eaba le felloa ke matla meeeng ea lōna.” (Baheb. 12:2, 3) Ho ela hloko botšepehi ba Jesu, bo ileng ba fella ka hore a etsoe sehlabelo, ho tla thusa Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ea linku tse ling hore ba tsoele pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi le hore ba qobe ‘ho khathala meeeng ea bona.’—Bapisa le Bagalata 6:9.

2. Re ka ithuta eng boprofeteng ba Esaia bo mabapi le Mora oa Molimo?

2 A sebelisa moprofeta Esaia, Jehova o ile a bululela letoto la boprofeta boo ka ho toba bo neng bo amana le Mora oa hae. Boprofeta bona bo tla re thusa ho ‘talima ka hloko Moemeli ea ka Sehloohong le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna,’ e leng Kreste Jesu. * Bo re bolella hore na e ne e le motho oa mofuta ofe, kamoo a ileng a hlokofatsoa kateng le kamoo a ileng a phahamisoa kateng e le Morena le Molopolli oa rōna. Bo tla eketsa kutloisiso ea rōna ka Sehopotso, seo selemong sena re tla se tšoara ka Labone la la 9 April, ka mor’a hore letsatsi le likele.

Mohlanka oa Tsebahatsoa

3, 4. (a) Bukeng ea Esaia, lentsoe “mohlanka” le sebelisitsoe joang? (b) Bibele ka boeona e bontša joang hore na Mohlanka ea boletsoeng ho Esaia khaolo ea 42, 49, 50, 52 le 53 ke mang?

3 Lentsoe lena “mohlanka” le hlaha ka makhetlo a mangata bukeng ea Esaia. Ka linako tse ling le sebelisoa ha ho buuoa ka moprofeta ka boeena. (Esa. 20:3; 44:26) Ka linako tse ling le sebelisoa ha ho buuoa ka sechaba sohle sa Iseraele kapa Jakobo. (Esa. 41:8, 9; 44:1, 2, 21) Empa ho ka thoe’ng ka boprofeta bo tsotehang bo mabapi le Mohlanka eo bo tlalehiloeng ho Esaia khaolo ea 42, 49, 50, 52, le ea 53? Mangolo a Segerike a Bakreste a re bontša ka ho hlaka hore na Mohlanka eo oa Jehova ea hlalositsoeng likhaolong tseo ke mang. Se thahasellisang ke hore, letona la Moethiopia leo ho buuoang ka lona bukeng ea Liketso, le ne le ntse le bala bo bong ba boprofeta bona ha moea o ne o laela moevangeli Filipi hore a ee ho lona. Letona leo ha le se le balile karolo ea Bibele eo hona joale re e fumanang ho Esaia 53:7, 8, le ile la botsa Filipi la re: “Kea u kōpa, Moprofeta o bua see mabapi le mang? Mabapi le eena kapa mabapi le motho e mong ea itseng?” Ntle ho tšenyo ea nako, Filipi o ile a mo hlalosetsa hore Esaia o ne a bua ka Mesia, e leng Jesu.—Lik. 8:26-35.

4 Ha Jesu e ne e sa le lesea, monna ea lokileng ea bitsoang Simeone, a susumetsoa ke matla a moea o halalelang, o ile a bolela hore “ngoana e monyenyane Jesu” e ne e tla ba “leseli bakeng sa ho tlosa lesira ho lichaba,” joalokaha ho boletsoe esale pele ho Esaia 42:6 le 49:6. (Luka 2:25-32) Ho feta moo, tsela e tlotlollang eo Jesu a ileng a tšoaroa ka eona bosiung boo nyeoe ea hae e ileng ea buuoa ka bona, e ile ea boleloa esale pele boprofeteng ba Esaia 50:6-9. (Mat. 26:67; Luka 22:63) Ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., moapostola Petrose o ile a bontša ka ho hlaka hore Jesu ke “Mohlanka” oa Jehova. (Esa. 52:13; 53:11; bala Liketso 3:13, 26.) Re ka ithuta eng boprofeteng boo bo buang ka Mesia?

Jehova o Koetlisa Mohlanka oa Hae

5. Mohlanka o ile a fumana koetliso efe?

5 Bo bong ba boprofeta ba Esaia bo buang ka Mohlanka oa Molimo bo re bolella ka kamano e haufi e neng e le teng pakeng tsa Jehova le Mora oa hae oa letsibolo pele Mora eo e e-ba motho oa nama. (Bala Esaia 50:4-9.) Mohlanka ka boeena o bolela hore Jehova o ’nile a tsoela pele ho mo koetlisa, ha a re: “O tsosa tsebe ea ka hore e utloe joaloka ba rutiloeng [“barutuoa,” NW, ftn.].” (Esa. 50:4) Ka nako eo eohle, Mohlanka oa Jehova o ile a mamela Ntate oa hae ’me a ithuta ho eena, ea e-ba morutuoa ea ikokobelitseng. Ke tlotla e kaakang ho rutoa ke ’Mōpi oa bokahohle!

6. Mohlanka o ile a bontša joang hore o ne a ikokobelletsa Ntate oa hae ka ho phethahetseng?

6 Boprofeteng bona, Mohlanka o bolela hore Ntate oa hae ke “’Musi Morena Jehova.” Sena se bontša hore Mohlanka o ne a lemohile ’nete ea bohlokoa ea hore Jehova ke eena ’musi oa bokahohle. Ha a bontša hore o ne a ikokobelelitse Ntate oa hae ka ho phethahetseng, o ile a re: “’Musi Morena Jehova o butse tsebe ea ka, ’me ha kea ba lerabele. Ha kea ka ka retelehela ka lehlakoreng le fapaneng.” (Esa. 50:5) O ‘ile a ba mabapa le [Jehova] e le mosebetsi ea hloahloa’ ha ho ne ho bōptjoa bokahohle bo bonahalang le ha ho ne ho bōptjoa motho. ‘Mosebetsi enoa ea hloahloa o ne a nyakaletse ka pel’a Jehova ka nako eohle, a ntse a nyakaletse ka lebaka la naha e behang ea lefatše la hae, ’me lintho tseo Mora oa Molimo a neng a li rata li ne li le ho bara ba batho.’—Liprov. 8:22-31.

7. Ke sefe se bontšang hore Mohlanka o ne a kholisehile hore Ntate oa hae o ne a tla mo thusa ha a lekoa?

7 Koetliso eo Mohlanka enoa, e leng Jesu, a neng a e fumane le lerato leo a neng a rata batho ka lona, li ile tsa mo lokisetsa nako eo a neng a tla tla lefatšeng ka eona le ho thulana le khanyetso e matla. O ile a thabela ho tsoela pele ho etsa thato ea Ntate oa hae, esita leha a ne a hlorisoa habohloko. (Pes. 40:8; Mat. 26:42; Joh. 6:38) Jesu o ne a kholisehile hore Ntate oa hae o ne a tla mo amohela a be a mo thuse, litekong tsohle tseo a ileng a thulana le tsona ha a le lefatšeng. Joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele boprofeteng ba Esaia, Jesu o ne a ka re: “Ea bolelang hore ke lokile o haufi. Ke mang ea ka tsekisanang le ’na? . . . Bonang! ’Musi Morena Jehova o tla nthusa.” (Esa. 50:8, 9) Ka sebele Jehova o ile a fela a thusa Mohlanka oa hae ea tšepahalang tšebeletsong eohle ea hae lefatšeng, joalokaha boprofeta bo bong ba Esaia bo bontša.

Tšebeletso e Etsoang ke Mohlanka Lefatšeng

8. Ke sefe se bontšang hore Jesu e ne e le “mokhethoa” oa Jehova joalokaha ho ile ha boleloa esale pele ho Esaia 42:1?

8 Tlaleho ea Bibele e re bolella se ileng sa etsahala ha Jesu a ne a kolobetsoa ka 29 C.E., e re: “Moea o halalelang oa theohela holim’a hae . . . ’me lentsoe la tsoa leholimong: ‘U Mora oa ka, ea ratoang; ke u amohetse.’” (Luka 3:21, 22) Kahoo, Jehova o ile a bontša ka ho hlaka hore na “mokhethoa” oa hae ea boletsoeng boprofeteng ba Esaia ke mang. (Bala Esaia 42:1-7.) Nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ile a phethahatsa boprofeta bona ka tsela e babatsehang. Tlalehong ea Kosepele ea hae, Matheu o ile a qotsa mantsoe a ho Esaia 42:1-4 eaba o a sebelisa ho Jesu.—Mat. 12:15-21.

9, 10. (a) Jesu o ile a phethahatsa Esaia 42:3 joang nakong ea tšebeletso ea hae? (b) Kreste o ile a “hlahisa toka” joang ha a ne a le lefatšeng, hona o ‘beha toka lefatšeng’ neng?

9 Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba khesa Bajuda ba bang ba boemo bo tlaase. (Joh. 7:47-49) Batho ba ne ba tšoaroa hampe ’me ba ne ba ka tšoantšoa le ‘mahlaka a tletleraneng’ kapa le ‘likhoele tsa mabone a lerootho tsa folakse’ ha li paitsa la ho qetela. Leha ho le joalo, Jesu o ile a bontša hore o ne a qenehela mafutsana le batho ba hlorisoang. (Mat. 9:35, 36) O ile a mema batho bao ka mosa ’me a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla.” (Mat. 11:28) Ho feta moo, Jesu o ile a “hlahisa toka” ka ho ruta melao ea Jehova ea se nepahetseng le se fosahetseng. (Esa. 42:3) Ho feta moo, o ile a bontša hore Melao ea Molimo e lokela ho sebelisoa ka kutloisiso le ka mohau. (Mat. 23:23) Jesu o ile a boela a bontša toka ka ho bolela a sa khethe morui ho mofutsana.—Mat. 11:5; Luka 18:18-23.

10 Boprofeta ba Esaia bo boetse bo bolela esale pele hore “mokhethoa” oa Jehova o ‘beha toka lefatšeng.’ (Esa. 42:4) O tla etsa sena haufinyane e le Morena oa ’Muso oa Bomesia ka hore a felise mebuso eohle ea lipolotiki ’me bakeng sa eona a tlise puso ea hae e lokileng. O tla tlisa lefatše le lecha, leo ‘ho loka ho tla aha ho lona.’—2 Pet. 3:13; Dan. 2:44.

“Leseli” le “Selekane”

11. Jesu e ile ea e-ba “leseli la lichaba” ka tsela efe lekholong la pele la lilemo, ’me ke lona ka tsela efe ho fihlela kajeno?

11 Phethahatsong ea Esaia 42:6, Jesu e ile ea fela ea e-ba “leseli la lichaba.” Nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, ka ho khetheha, o ile a tlisetsa Bajuda leseli la moea. (Mat. 15:24; Lik. 3:26) Empa Jesu o ile a re: “Ke ’na leseli la lefatše.” (Joh. 8:12) E ile ea e-ba leseli ho Bajuda le ho lichaba eseng feela ka ho ba tlisetsa leseli la moea, empa le ka ho nehelana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le thekollo bakeng sa batho bohle. (Mat. 20:28) Ka mor’a tsoho ea hae, o ile a laela barutuoa ba hae hore ebe lipaki tsa hae “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) Nakong ea tšebeletso ea bona, Pauluse le Barnabase ba ile ba qotsa poleloana e reng “leseli la lichaba” ’me ba e sebelisa mosebetsing oa ho bolela oo ba neng ba o etsa har’a batho bao eseng Bajuda. (Lik. 13:46-48; bapisa le Esaia 49:6.) Mosebetsi oo o sa ntse o etsoa ha barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng ba lefatšeng le metsoalle ea bona ba ntse ba phatlalatsa leseli la moea ’me ba thusa batho hore ba lumele ho Jesu, e leng “leseli la lichaba.”

12. Jehova o nehelane ka Mohlanka oa hae “joaloka selekane sa batho” joang?

12 Boprofeteng bona boo, Jehova o ile a re ho Mohlanka oa hae eo a mo khethileng: “Ke tla u sireletsa ’me ke nehelane ka uena joaloka selekane sa batho.” (Esa. 42:6) Satane o ile a phehella ho batla ho timetsa Jesu le ho mo thibela hore a qete tšebeletso ea hae lefatšeng, empa Jehova o ile a mo sireletsa ho fihlela ha nako e behiloeng ea hore a shoe e fihla. (Mat. 2:13; Joh. 7:30) Ka mor’a moo, Jehova o ile a tsosa Jesu ’me a nehelana ka eena joaloka “selekane,” kapa boitlamo ho batho ba lefatšeng. Tšepiso eo e tiileng, e ile ea fana ka tiiso ea hore Mohlanka ea tšepahalang oa Molimo o ne a tla tsoela pele e le “leseli la lichaba,” le lokollang batho lefifing la moea.—Bala Esaia 49:8, 9. *

13. Jesu o ile a lopolla “ba lutseng lefifing” ka tsela efe nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, ’me o tsoela pele ho etsa joalo joang?

13 Tumellanong le boitlamo bona, Mohlanka oa Jehova ea khethiloeng o ne a tla ‘tutubolla mahlo a foufetseng, a ntše motšoaruoa chankaneng e ka tlas’a mohaho,’ ’me a lopolle “ba lutseng lefifing.” (Esa. 42:7) Nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ile a etsa sena ka ho pepesa lineano tsa bohata tsa bolumeli le ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Mat. 15:3; Luka 8:1) Kahoo o ile a lopolla Bajuda bao e ileng ea e-ba barutuoa ba hae botlamuoeng ba moea. (Joh. 8:31, 32) Ka tsela e tšoanang, Jesu o tliselitse batho ba limilione bao e seng Bajuda topollo ea moea. O laetse balateli ba hae hore ba ‘ee ’me ba etse batho ba lichaba tsohle barutuoa,’ a tšepisa hore o tla ba le balateli ba hae “ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:19, 20) A le leholimong, Kreste Jesu o laola mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle.

Jehova o Ile a Phahamisa “Mohlanka” Enoa

14, 15. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a phahamisa Mohlanka oa hae, hona o ile a etsa see joang?

14 Boprofeteng bo bong hape bo buang ka Mohlanka oa hae oa Bomesia, Jehova o re: “Bonang! Mohlanka oa ka o tla etsa ka temohisiso. O tla ba boemong bo phahameng ’me ka sebele o tla phahamisoa ’me a hōlisoe haholo.” (Esa. 52:13) Ka lebaka la hore Mora oa hae o ile a ikokobelletsa bobusi ba Hae ka botšepehi le hore o ile a tšepahala ha a ne a thulana le teko e matla ka ho fetisisa, Jehova o ile a mo phahamisa.

15 Moapostola Petrose o ile a ngola tjena ka Jesu: “O ka letsohong le letona la Molimo, kaha o ile a ea leholimong; ’me mangeloi le balaoli le ba matla ba ile ba behoa tlas’a hae.” (1 Pet. 3:22) Ka tsela e tšoanang, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “O ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso. Ka lebaka lona lena Molimo le eena o ile a mo phahamisetsa boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle, e le hore lengole le leng le le leng la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu le ka khumama ka lebitso la Jesu, ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate.”—Bafil. 2:8-11.

16. Jesu o ile ‘a hōlisoa haholo’ joang ka 1914, ’me o finyelletse eng ho tloha ka nako eo?

16 Ka 1914, Jehova o ile a phahamisa Jesu le ho feta. O ile ‘a hōlisoa haholo’ ha Jehova a ne a mo beha teroneng e le Morena oa ’Muso oa Bomesia. (Pes. 2:6; Dan. 7:13, 14) Ho tloha ka nako eo, Kreste o ile a qala ho ‘busa har’a lira tsa hae.” (Pes. 110:2) O ile a qala ka ho hlōla Satane le bademona ba hae, a ba lihela tlaase lefatšeng. (Tšen. 12:7-12) Ka mor’a moo, Kreste o ile a nka khato e le Cyruse e Moholo eaba o lopolla masala a barab’abo ba tlotsitsoeng ba lefatšeng litleneng tsa “Babylona e Moholo.” (Tšen. 18:2; Esa. 44:28) O etelletse pele mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle o feletseng ka hore ho bokelloe “ba setseng” ba barab’abo ba moea ebe ka mor’a moo ho bokelloa “linku tse ling” tse limilione, e leng metsoalle e tšepahalang ea “mohlatsoana.”—Tšen. 12:17; Joh. 10:16; Luka 12:32.

17. Ho tla fihlela joale re ithutile’ng boprofeteng ba Esaia mabapi le “mohlanka”?

17 Ho ithuta boprofeta bona bo babatsehang bukeng ea Esaia ka sebele ho entse hore re ananele Morena le Molopolli oa rōna Kreste Jesu haholo. Ho ikokobetsa ha hae joaloka mora nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, ho ile ha bontša hore na o ne a fumane koetliso ea mofuta ofe ho Ntate oa hae pele a tla lefatšeng. O bontšitse hore ke “leseli la lichaba” ka tšebeletso ea hae le ka mosebetsi oa ho bolela oo a ’nileng a o laola ho fihlela kajeno. Joalokaha re tla bona sehloohong se latelang, boprofeta bo bong bo buang ka Mohlanka oa Bomesia bo bontša hore o ne a tla utloa bohloko ’me a nehelane ka bophelo ba hae molemong oa rōna, e leng lintlha tseo re lokelang ho ‘nahana ka tsona ka hloko’ ha Sehopotso sa lefu la hae se ntse se atamela.—Baheb. 12:2, 3.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Boprofeta bona u ka bo fumana ho Esaia 42:1-7; 49:1-12; 50:4-9; le 52:13–53:12.

^ ser. 12 Sheba buka ea Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II, leqepheng la 136-145, moo ho tšohloang boprofeta ba Esaia 49:1-12.

Tlhahlobo

• “Mohlanka” eo ho buuoang ka eena boprofeteng ba Esaia ke mang, hona re tseba joang?

• Mohlanka o ile fumana koetliso efe ho Jehova?

• Jesu ke “leseli la lichaba” joang?

• Mohlanka o ile a phahamisoa joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Filipi o ile a bontša ka ho hlaka hore “mohlanka” ea boletsoeng ho Esaia ke Jesu, e leng Mesia

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Jesu e le Mohlanka ea khethiloeng oa Jehova, o ile a bontša hore o qenehela mafutsana le batho ba hlorisoang

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Jesu o ile a phahamisoa ke Ntate oa hae a ba a behoa teroneng e le Morena oa ’Muso oa Bomesia