Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Tšenolo—I

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Tšenolo—I

Lentsoe la Jehova Lea Phela

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Tšenolo—I

HA A ne a kentsoe chankaneng sehlekehlekeng sa Patmose, moapostola Johanne ea hōlileng o ile a fuoa letoto la lipono tse 16. Liponong tsena o bona seo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba se finyellang letsatsing la Morena—e leng nako e tsoelang pele ho tloha ha ’Muso oa Molimo o hlongoa ka 1914 ho fihlela qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Buka ea Tšenolo e ngotsoeng ke Johanne hoo e ka bang ka selemo sa 96 C.E., ke tlaleho e thabisang ea lipono tsena.

Joale, a re tšohleng lintlha-khōlō tsa Tšenolo 1:1–12:17, tse buang ka lipono tsa pele tse supileng tseo Johanne a ileng a li bona. Re thahasella lipono tsena hobane li amana le lintho tse etsahalang lefatšeng hona joale ’me li bontša hore na haufinyane Jehova o tla nka bohato joang. Batho ba balang litlaleho tsa lipono tsena ba e-na le tumelo, ruri baa tšeliseha ebile baa khothala.—Baheb. 4:12.

“KONYANA” E BULA LITIISO TSE TŠELETSENG HO TSE SUPILENG

(Tšen. 1:1–7:17)

Ponong ea pele, Johanne o bona Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng ’me o fuoa letoto la melaetsa eo a lokelang ho e ‘ngola moqolong ’me a e romele liphuthehong tse supileng.’ (Tšen. 1:10, 11) Ka mor’a moo, ho latela pono ea terone e sebakeng sa eona leholimong. Ka letsohong le letona la Ea lutseng teroneng ho na le moqolo o tiisitsoeng ka litiiso tse supileng. Motho ea nkoang a ‘tšoaneleha ho bula moqolo’ ke “tau ea moloko oa Juda,” kapa ‘konyana e nang le linaka tse supileng le mahlo a supileng.’—Tšen. 4:2; 5:1, 2, 5, 6.

Pono ea boraro e bontša hore na ho etsahala’ng ha “Konyana” e bula litiiso tsa pele tse tšeletseng ka ho latellana. Ha ho buloa tiiso ea botšelela, ho ba le tšisinyeho e khōlō ea lefatše ’me letsatsi le leholo la khalefo lea fihla. (Tšen. 6:1, 12, 17) Empa ponong e latelang ho bontšoa ‘mangeloi a mane a tšoere ka tieo meea e mene ea lefatše’ ho fihlela ha ho tiisoa ha ba 144 000 ho phethiloe. “Bongata bo boholo” ba batho ba sa tiisoang bo bonoa “bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana.”—Tšen. 7:1, 9.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

1:4; 3:1; 4:5; 5:6—Poleloana e reng “meea e supileng” e bontša eng? Palo supa e emela phetheho mahlong a Molimo. Kahoo, molaetsa o eang ho “liphutheho tse supileng” ha e le hantle o ea ho batho ba Molimo kaofela ba bokelletsoeng hammoho liphuthehong tse fetang 100 000 lefatšeng lohle. (Tšen. 1:11, 20) Kaha Jehova o fana ka moea o halalelang ho latela hore na eena o batla ho finyella eng, poleloana e reng “meea e supileng” e bolela ho sebetsa ha oona ka botlalo ha o fana ka kutloisiso le ha o tlisa litlhohonolofatso ho ba elang boprofeta hloko. Ho bonahala buka ea Tšenolo e hlalosa lintho tse tsamaeang ka bosupa. Mona palo supa e emela phetheho, ’me ka sebele buka ena e bua ka ho ‘fihlisa qetellong,’ “sephiri se halalelang sa Molimo.”—Tšen. 10:7.

1:8, 17—Litlotla tsee “Alfa le Omega” le “oa Pele le oa ho Qetela” li bua ka mang? Tlotla “Alfa le Omega” e lebisitsoe ho Jehova, e totobatsa taba ea hore ho ne ho se na Molimo ea matla ’ohle pele ho eena le hore ho ke ke ha e-ba le e mong ka morao ho eena. Ke “qalo le qetello.” (Tšen. 21:6; 22:13) Le hoja Jehova a hlalosoa e le “oa pele le oa ho qetela” ho Tšenolo 22:13, hobane ho se e mong ea bileng teng pele ho eena kapa ka morao ho eena, taba eo ho buuoang ka eona khaolong ea pele ea Tšenolo e bontša hore tlotla e reng “oa Pele le oa ho Qetela” e sebelisitsoeng moo e lebisitsoe ho Jesu Kreste. Ke eena motho oa pele oa ho tsosetsoa bophelong ba moea ba ho se shoe ’me ke eena motho oa ho qetela eo Jehova ka seqo a ileng a mo tsosetsa bophelong ba moea ba ho se shoe.—Bakol. 1:18.

2:7—‘Paradeise ea Molimo’ ke eng? Kaha mantsoe ana a lebisitsoe ho Bakreste ba tlotsitsoeng, e tlameha ebe mona paradeise e bolela sebaka sa paradeise sa leholimong—moo Molimo ka boeena a leng teng. Batlotsuoa ba tšepahalang ba tla putsoa ka ho ja “sefate sa bophelo.” Ba tla amohela ho se shoe.—1 Bakor. 15:53.

3:7—Jesu o ile a fumana “senotlolo sa Davida” neng, hona o ’nile a se sebelisa joang? Ha a ne a kolobetsoa ka 29 C.E., Jesu e ile ea e-ba Morena ea Khethiloeng oa leloko la Davida. Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a amohela senotlolo ho fihlela ka 33 C.E. ha a ne a phahamisetsoa ka letsohong le letona la Molimo leholimong. Ke hona moo a ileng a ja lefa la litokelo tsohle tsa ’Muso oa Davida. Ho tloha ka nako eo, Jesu o ’nile a sebelisa senotlolo seo ho bula menyetla le litokelo tse amanang le ’Muso. Ka 1919, Jesu o ile a beha “senotlolo sa ntlo ea Davida” mahetleng a “lekhoba le tšepahalang le le masene” ka ho khetha sehlopha seo sa lekhoba hore se “okamele lintho tsohle tsa hae.”—Esa. 22:22; Mat. 24:45, 47.

3:12—‘Lebitso la Jesu le lecha’ ke lefe? Lebitso lena le amana le boemo bo bocha ba Jesu le litokelo tseo a bang le tsona. (Bafil. 2:9-11) Le hoja ho se motho e mong ea tsebang lebitso lena kamoo Jesu a le tsebang kateng, o le ngola ho barab’abo ba tšepahalang leholimong, ’me o etsa hore ba be le kamano e haufi le eena. (Tšen. 19:12) O bile o ba arolela litokelo tsa hae.

Seo re Ithutang Sona:

1:3. Kaha “nako e behiloeng [ea ho lihuoa ha likahlolo tsa Molimo holim’a lefatše la Satane] e haufi,” ho hlokahala ka potlako hore batho ba utloisise molaetsa oa buka ea Tšenolo le hore ba etse seo o se bolelang.

3:17, 18. E le hore re be ba ruileng moeeng, re lokela ho reka ho Jesu “khauta e hloekisitsoeng ka mollo.” Sena se bolela hore re lokela ho ikitlaelletsa hore re be ba ruileng mesebetsing e metle. (1 Tim. 6:17-19) Re boetse re lokela ho apara “liaparo tsa ka ntle tse tšoeu,” e leng tsona tse phatlalatsang hore re balateli ba Kreste, re be re sebelise “moriana o tlolang mahlo,” o kang likeletso tse fumanoang makasineng ea Molula-Qhooa, e le hore re fumane temohisiso ea moea.—Tšen. 19:8.

7:13, 14. Baholo ba 24 ba emela ba 144 000 khanyeng ea bona ea leholimo, moo ba sebeletsang e se marena feela empa ebile e le baprista. Ba ne ba tšoantšetsoa ke baprista Iseraele ea boholo-holo, bao Morena Davida a neng a ba hlophisitse ka lihlopha tse 24. E mong oa baholo o senolela Johanne hore na bongata bo boholo ke bo-mang. Kahoo, e tlameha ebe ho tsosoa bafung ha Bakreste ba tlotsitsoeng ho qalile ka nako e itseng pele ho 1935. Hobane’ng? Hobane selemong seo, bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng ba lefatšeng ba ile ba fuoa tlhaloso e nepahetseng ea hore na bongata bo boholo ke bo-mang.—Luka 22:28-30; Tšen. 4:4; 7:9.

LITEROMPETA TSE SUPILENG LI LETSOA HA HO BULOA TIISO EA BOSUPA

(Tšen. 8:1–12:17)

Konyana e bula tiiso ea bosupa. Mangeloi a supileng a fuoa literompeta tse supileng. Mangeloi a tšeletseng a letsa literompeta tsa ’ona, a phatlalatsa melaetsa ea kahlolo holim’a “karolo ea boraro” ea batho—e leng Bokreste-’mōtoana. (Tšen. 8:1, 2, 7-12; 9:15, 18) Sena ke seo Johanne a se bonang ponong ea bohlano. Johanne o ba le seabo ponong e latelang, o ja moqolo o monyenyane ebile o lekanya sehalalelo sa tempele. Ka mor’a hore terompeta ea bosupa e letsoe, mantsoe a phahameng a etsa phatlalatso ena: “’Muso oa lefatše o fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae.”—Tšen. 10:10; 11:1, 15.

Pono ea bosupa e atolosa se boletsoeng ho Tšenolo 11:15, 17. Ho bonoa pontšo e khōlō leholimong. Mosali ea leholimong o tsoala mora, ngoana e motona. Diabolose o lelekoa leholimong. Kaha o halefetse mosali eo ea leholimong, oa tloha “ho ea loantša ba setseng ba peō ea hae.”—Tšen. 12:1, 5, 9, 17.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

8:1-5—Ke hobane’ng ha ho ile ha e-ba le khutso leholimong, hona ka mor’a moo ke eng e ileng ea liheloa lefatšeng? Ho ile ha e-ba le khutso ea tšoantšetso leholimong e le hore “lithapelo tsa bahalaleli” ba lefatšeng li ne li ka utluoa. Sena se etsahetse qetellong ea ntoa ea pele ea lefatše. Bakreste ba tlotsitsoeng ha baa ka ba nyolohela leholimong qetellong ea Linako Tsa Balichaba, joalokaha ba bangata ba ne ba lebeletse. Ba ile ba thulana le mathata nakong ea ntoa. Kahoo, joale ba ile ba rapela ka tieo hore ba fuoe tataiso. Lithapelo tsa bona li ile tsa arajoa ka hore lengeloi le akhele mollo oa tšoantšetso lefatšeng ’me o ile oa etsa hore ka tsela ea tšoantšetso, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tuke malakabe moeeng. Le hoja ba ne ba fokola ka palo, ba ile ba qalisa letšolo la ho bolela lefatšeng lohle le ileng la etsa hore ’Muso oa Molimo e be taba e ka sehloohong, ka tsela eo ba etsa hore mollo o tuke Bokreste-’mōtoaneng. Litemoso tse tsoang Bibeleng tse kang lialuma li ile tsa boleloa, ’nete ea Mangolo e kang mahalima e ile ea tsebahatsoa, bolumeli ba bohata ba sisinngoa ho ea fihla metheong, feela joalokaha mehaho e sisinngoa ke tšisinyeho ea lefatše.

8:6-12; 9:1, 13; 11:15—Mangeloi a supileng a ile a itokisetsa ho letsa literompeta tsa ’ona neng, hona literompeta li ile tsa letsoa neng ’me tsa letsoa joang? Ho itokisetsa ho letsa literompeta tse supileng ho ne ho akarelletsa ho fana ka litaelo ho litho tsa sehlopha sa Johanne se lefatšeng se neng se tsosolositsoe ho tloha ka 1919 ho fihlela ka 1922. Batlotsuoa bao ba ne ba le maphathaphathe ka hore ba hlophise bocha mosebetsi oa ho bolela phatlalatsa le ho haha mehaho ea khatiso. (Tšen. 12:13, 14) Ho letsoa ha literompeta ho emela ho phatlalatsa likahlolo tsa Jehova ka sebete khahlanong le lefatše la Satane ho etsoang ke batho ba Molimo ba sebelisana le mangeloi. Ka ho khetheha, sena se ile sa qala ka kopano e neng e tšoaretsoe Cedar Point, Ohio, ka 1922 ’me se tsoela pele ho fihlela mahlomoleng a maholo.

8:13; 9:12; 11:14—Melumo e meraro e tlerolang ea literompeta ea ho qetela ke “bomalimabe” ka tsela efe? Le hoja melumo e qalang e mene e tlerolang ea literompeta e le liphatlalatso tse pepesang boemo ba ho shoa moeeng ba Bokreste-’mōtoana, e meraro ea ho qetela ke bomalimabe kaha e amana le liketsahalo tse khethehileng. Molumo oa bohlano o amana le ho lokolloa ha batho ba Molimo ka ‘mohohlong’ oa ho se sebetse ka 1919 le mosebetsi oa bona oa ho paka ba sa khathale o ileng oa tšoana le seoa se utloisang bohloko ho Bokreste-’mōtoana. (Tšen. 9:1) Oa botšelela o amana le ho hlasela ho hoholo ka ho fetisisa historing ha banna ba lipere le letšolo la ho bolela lefatšeng lohle le qalileng ka 1922. Molumo oa ho qetela o amana le ho tsoaloa ha ’Muso oa Bomesia.

Seo re Ithutang Sona:

9:10, 19. Lipolelo tse matla tse thehiloeng Bibeleng tse ka hare ho lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene” li na le molaetsa o hlabang habohloko. (Mat. 24:45) Molaetsa ona o tšoana le mehatla ea litsie e nang le “metsu joaloka liphepheng” le lebotho la lipere tseo ‘mehatla ea tsona e kang linoha.’ Hobane’ng? Hobane lingoliloeng tsena li lemosa ka “letsatsi la phetetso [la Jehova].” (Esa. 61:2) A re li abeleng batho ka sebete le ka cheseho.

9:20, 21. Batho ba bangata ba bonolo ba lulang linaheng tseo ho thoeng hase tsa Bokreste ba ’nile ba amohela molaetsa oo re o phatlalatsang. Leha ho le joalo, ha rea lebella hore batho bao e seng karolo ea Bokreste-’mōtoana bao ho thoeng ke “batho ba bang kaofela,” ba tla sokoloha ka bongata. Ho ntse ho le joalo, rea phehella mosebetsing oa ho bolela.

12:15, 16. “Lefatše”—e leng lintho tse ka hare ho tsamaiso ea Satane, kapa mebuso ea linaha tse sa tšoaneng—le ile la tšehetsa tokoloho ea borapeli. Ho tloha lilemong tsa bo-1940, mebuso eo e ile ea “metsa nōka [ea mahloriso] eo drakone e e hlatsitseng molomong oa eona.” Ka sebele, haeba Jehova a khetha ho etsa joalo, a ka susumetsa ba boholong mebusong hore ba phethahatse thato ea hae. Kahoo, ho loketse hore Liproverbia 21:1 e re: “Pelo ea morena e joaloka melapo ea metsi letsohong la Jehova. O e retelletsa hohle moo a ratang.” Sena se lokela ho matlafatsa tumelo ea rōna ho Molimo.