Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mohlanka oa Jehova o ile a “Hlajoa ka Lebaka la Litlōlo Tsa Rōna”

Mohlanka oa Jehova o ile a “Hlajoa ka Lebaka la Litlōlo Tsa Rōna”

Mohlanka oa Jehova o ile a “Hlajoa ka Lebaka la Litlōlo Tsa Rōna”

“O ne a hlajoa ka lebaka la litlōlo tsa rōna; o ne a hatelloa ka lebaka la liphoso tsa rōna. . . . Re fumane pholiso ka lebaka la maqeba a hae.”—ESA. 53:5.

1. Re lokela ho hopola eng ha re tšoara Sehopotso, ’me ke boprofeta bofe bo tla re thusa ho etsa joalo?

RE TŠOARA Sehopotso ho hopola lefu la Kreste le sohle seo lefu la hae le tsoho ea hae li se finyelletseng. Sehopotso se re hopotsa ka ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova, ho halaletsoa ha lebitso la hae le ka ho phethahala ha morero oa hae, ho akarelletsa le ho pholosoa ha batho. Mohlomong ha ho na boprofeta bo bong ka Bibeleng bo hlalosang hantle sehlabelo sa Kreste le seo se se finyelletseng ho feta bo tlalehiloeng ho Esaia 53:3-12. Esaia o ile a bolela esale pele kamoo Mohlanka a neng a tla hlokofatsoa kateng a ba a fana ka lintlha tse tobileng tse mabapi le lefu la Kreste le litlhohonolofatso tseo lefu la hae le neng le tla li tlisetsa barab’abo ba tlotsitsoeng le “linku tse ling” tsa hae.—Joh. 10:16.

2. Boprofeta ba Esaia ke bopaki ba eng, ’me bo tla re ama joang?

2 Lilemo tse makholo a supileng pele Jesu a tsoaloa lefatšeng, Jehova o ile a bululela Esaia ho profeta hore Mohlanka oa Hae ea khethiloeng o ne a tla tšepahala esita leha a ne a lekoa haholo. Taba ena ke bopaki ba hore Jehova o ne a e-na le tšepo e feletseng ea hore Mora oa hae o ne a tla tšepahala. Ha re ntse re hlahloba boprofeta bona, bo tla etsa hore re be le kananelo ’me tumelo ea rōna e tla matlafatsoa.

“O Ile a Nyelisoa” a ba a Nkoa “e se oa Bohlokoa”

3. Ke hobane’ng ha Bajuda ba ne ba lokela hore ebe ba ile ba amohela Jesu ka mofuthu, empa ba ile ba mo tšoara joang?

3 Bala Esaia 53:3. Nahana feela hore na e tlameha ebe ho ile ha bolela’ng ho Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo hore a tele thabo ea ho sebetsa haufi le Ntate oa hae ebe o tla lefatšeng ho tla nehelana ka bophelo ba hae e le sehlabelo hore a pholose batho sebeng le lefung! (Bafil. 2:5-8) Morero oa sehlabelo sa hae e ne e le hore batho ba fumane tšoarelo ea sebele ea libe, e leng seo mahlabelo a liphoofolo a neng a etsoa tlas’a Molao oa Moshe, a neng a mpa a se tšoantšetsa. (Baheb. 10:1-4) Na bonyane Bajuda ba neng ba letetse Mesia ea tšepisitsoeng hase bona ba neng ba lokela ho mo amohela le ho mo hlompha? (Joh. 6:14) Ho e-na le hoo, Bajuda ba ile ba ‘nyelisa’ Kreste ba ba ba “mo nka e se oa bohlokoa,” joalokaha Esaia a ne a profetile. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “O ile a tla ha habo, empa batho ba habo ha baa ka ba mo amohela.” (Joh. 1:11) Moapostola Petrose o ile a re ho Bajuda: “Molimo oa baholo-holo ba rōna, o tlotlisitse Mohlanka oa hae, Jesu, eo lōna, le ileng la nehelana ka eena ’me la mo latola ka pel’a sefahleho sa Pilato, ha a ne a entse qeto ea ho mo lokolla. E, le ile la latola eo ea halalelang le ea lokileng.”—Lik. 3:13, 14.

4. Jesu o ile a tloaelana le boloetse joang?

4 Esaia o ile a boela a profeta hore Jesu o ne a reretsoe “ho tloaelana le boloetse.” Nakong ea tšebeletso ea hae, ha ho pelaelo hore ka linako tse ling Jesu o ne a khathala, empa ha ho na tlaleho e bontšang hore o ile a kula. (Joh. 4:6) Leha ho le joalo, o ile a tloaelana le maloetse a bao a neng a ba ruta. O ile a ba hauhela ’me a folisa ba bangata. (Mar. 1:32-34) Kahoo, Jesu o ile a phethahatsa boprofeta bo reng: “Kannete o ile a jara maloetse a rōna; ’me ha e le bohloko ba rōna, o ile a bo jara.”—Esa. 53:4a; Mat. 8:16, 17.

Joalokaha Eka “o Hlokofatsoa ke Molimo”

5. Bajuda ba bangata ba ile ba nka lefu la Jesu joang, hona ke hobane’ng ha see se ile sa eketsa bohloko boo a ileng a bo utloa?

5 Bala Esaia 53:4b. Batho ba bangata ba mehleng ea Jesu ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a lokela ho utloa bohloko le ho shoa. Ba ne ba lumela hore o ne a otloa ke Molimo joalokaha eka o mo hlokofatsa ka boloetse bo nyonyehang. (Mat. 27:38-44) Ba ile ba qosa Jesu ka hore oa nyefola. (Mar. 14:61-64; Joh. 10:33) ’Nete ke hore Jesu e ne e se moetsalibe ebile e se monyefoli. Empa ka lebaka la hore o ne a rata Ntate oa hae haholo, taba ea hore o ne a tla shoa a qosoa ka hore oa nyefola e tlameha ebe e ile ea eketsa bohloko boo a ileng a bo utloa joaloka Mohlanka oa Jehova. Leha ho le joalo, o ne a ikemiselitse ho ikokobelletsa thato ea Jehova.—Mat. 26:39.

6, 7. Jehova o ile a “sithabetsa” Mohlanka oa hae ea tšepahalang ka tsela efe, ’me ke hobane’ng ha see se ile sa ‘thabisa’ Molimo?

6 Ha re bala boprofeta ba Esaia bo bolelang hore batho ba ne ba tla nka hore Kreste “o hlokofatsoa ke Molimo” ha re makale, empa re ka ’na ra makala ha boprofeta bo bolela esale pele hore “Jehova o ile a thabela ho mo sithabetsa.” (Esa. 53:10) Kaha Jehova le eena o ne a ile a re: “Bonang! Mohlanka oa ka, . . . mokhethoa oa ka, eo moea oa ka o mo amohetseng,” ho ne ho ka tla joang hore a ‘thabele ho mo sithabetsa.’ (Esa. 42:1) Ke ka tsela efe ho ka thoeng sena se ile sa thabisa Jehova?

7 E le hore re utloisise karolo ena ea boprofeta, re lokela ho hopola hore ha Satane a ne a qholotsa bobusi ba Jehova, o ne a jala lipelaelo tsa hore bahlanka bohle ba Molimo leholimong le lefatšeng ba ke ke ba tšepahala. (Jobo 1:9-11; 2:3-5) Kaha Jesu o ile a lula a tšepahala ho isa lefung, o ile a fana ka karabo e phethahetseng qosong eo Satane a neng a e entse. Kahoo, le hoja Jehova a ile a lumella hore Kreste a bolaoe ke lira tsa hae, ha ho pelaelo hore Jehova o ile a utloa bohloko ha a bona Mohlanka oa hae eo a mo khethileng a bolaoa. Leha ho le joalo, Jehova o ile a thaba haholo ha a bona botšepehi ba Mora oa hae bo phethahetseng. (Liprov. 27:11) Ho feta moo, ho tseba melemo eo lefu la Mora oa hae le neng le tla e tlisetsa batho ba bakileng ho ile ha thabisa Jehova haholo.—Luka 15:7.

‘O Ile a Hlajoa ka Lebaka la Litlōlo Tsa Rōna’

8, 9. (a) Jesu o ile a “hlajoa ka lebaka la litlōlo tsa rōna” joang? (b) Petrose o ile a tiisa see joang?

8 Bala Esaia 53:6. Joaloka linku tse lahlehileng, batho ba baetsalibe ba ’nile ba lelera, ba batla ho lopolloa boloetseng le lefung tseo ba li futsitseng ho Adama. (1 Pet. 2:25) Kaha ha rea phethahala, ha ho le ea mong oa bana ba Adama ea ka rekollang seo Adama a se lahlileng. (Pes. 49:7) Leha ho le joalo, ka lerato la hae le leholo, “Jehova o entse hore phoso ea rōna e tobane le eena,” ke hore, Mora oa hae ea ratoang le Mohlanka oa hae ea khethiloeng. Ka ho lumela hore a ‘hlajoe ka lebaka la litlōlo tsa rōna’ le hore a ‘hatelloe ka lebaka la liphoso tsa rōna,’ Kreste o ile a jara libe tsa rōna thupeng a ba a re shoela.

9 Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Le bitselitsoe tsela ena, hobane esita le Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi. O ile a jara libe tsa rōna ’meleng oa hae thupeng, e le hore re ka qeta ka libe ’me ra phelela ho loka.” Ka mor’a moo, Petrose o ile a qotsa boprofeta ba Esaia eaba o phaella ka ho re: “Le ile la folisoa ka metopa ea hae.” (1 Pet. 2:21, 24; Esa. 53:5) Sena se ile sa bulela baetsalibe tsela ea ho boelana le Molimo, joalokaha Petrose a ile a tsoela pele ka ho re: “Kreste o ile a shoa hang le ka ho ke keng ha phetoa malebana le libe, motho ea lokileng bakeng sa ba sa lokang, e le hore a ka le isa ho Molimo.”—1 Pet. 3:18.

‘O Ile a Qhōjoa sa Konyana ha e Isoa Tlhabong’

10. (a) Johanne Mokolobetsi o ile a hlalosa Jesu joang? (b) Ke hobane’ng ha mantsoe a Johanne a ile a bonahala a loketse?

10 Bala Esaia 53:7, 8Ha Johanne Mokolobetsi a bona Jesu a atamela, o ile a hooa a re: “Bonang, Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše!” (Joh. 1:29) Ha Johanne a ne a re Jesu ke Konyana, e ka ’na eaba o ne a hopotse mantsoe a Esaia a reng: “[O ile] a qhōjoa sa konyana ha e isoa tlhabong.” (Esa. 53:7, Bibele—Phetolelo e Ncha) Esaia o ile a profeta a re: “O tšolotse moea oa hae lefung.” (Esa. 53:12) Se thahasellisang ke hore, bosiung boo Jesu a thehileng Sehopotso sa lefu la hae ka bona, o ile a fa baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 senoelo sa veine eaba o re: “Sena se bolela ‘mali a selekane’ a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.”—Mat. 26:28.

11, 12. (a) Taba ea hore Isaka o ile a lumela ka boithatelo hore ho nehelanoe ka eena e bontša eng ka sehlabelo sa Kreste? (b) Re lokela ho hopola eng ka Abrahama e Moholo, e leng Jehova, ha re tšoara Sehopotso?

11 Joaloka Isaka oa boholo-holo, Jesu o ne a ikemiselitse hore ho nehelanoe ka eena e le sehlabelo aletareng ea thato ea Jehova bakeng sa hae. (Gen. 22:1, 2, 9-13; Baheb. 10:5-10) Le hoja Isaka a ile a lumela ka boithatelo hore a etsoe sehlabelo, Abrahama ke eena ea ileng a leka ho etsa sehlabelo seo. (Baheb. 11:17) Ka tsela e tšoanang, Jesu o ile a amohela ka boithatelo hore o ne a tla shoa, empa Jehova ke eena Ea Qalileng tokisetso ea thekollo. Sehlabelo sa Mora oa hae e ne e le pontšo ea lerato le leholo leo Molimo a ratang batho ka lona.

12 Jesu ka boeena o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Bar. 5:8) Kahoo, le hoja re hlompha Kreste ka ho ikhopotsa lefu la hae, le ka mohla ha rea lokela ho lebala hore Abrahama e Moholo, e leng Jehova, ke eena ea entseng hore ho be le tokisetso ea sehlabelo. Re tšoara Sehopotso e le hore re mo rorise.

Mohlanka o Tlisa “Boemo bo Lokileng ho Batho ba Bangata”

13, 14. Mohlanka oa Jehova o tlisitse “boemo bo lokileng ho batho ba bangata” joang?

13 Bala Esaia 53:11, 12. Jehova o ile a bua ka Mohlanka oa hae ea khethiloeng a re: “Ea lokileng, mohlanka oa ka, o tla tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata.” Ka tsela efe? Qetellong ea temana ea 12 re thusoa ho fumana karabo. “[Mohlanka o ile] a kena lipakeng bakeng sa batlōli.” Bana bohle ba Adama ba tsoaloa e le baetsalibe, e le “batlōli,” ’me ka lebaka leo ba amohela “moputso oo sebe se o lefang,” e leng lefu. (Bar. 5:12; 6:23) Poelano pakeng tsa Jehova le batho ba baetsalibe ea hlokahala. Khaolo ea  53 ea boprofeta ba Esaia e hlalosa hantle kamoo Jesu a ileng “a kena lipakeng” kateng kapa a buella batho ba baetsalibe, ha e re: “Chapo e reretsoeng hore re be le khotso e bile holim’a hae, ’me re fumane pholiso ka lebaka la maqeba a hae.”—Esa. 53:5.

14 Ka ho itjarisa libe tsa rōna le ka ho re shoela, Kreste o ile a tlisa “boemo bo lokileng ho batho ba bangata.” Pauluse o ile a ngola a re: “Molimo o ile a bona ho le molemo hore botlalo bohle bo lule ho eena [Kreste], le hore ka eena a boelanye hape lintho tse ling tsohle le eena ka ho etsa khotso ka mali ao a ileng a a tšolla thupeng ea tlhokofatso, ho sa tsotellehe hore na ke lintho tse lefatšeng kapa lintho tse maholimong.”—Bakol. 1:19, 20.

15. (a) “Lintho tse maholimong” tseo Pauluse a buileng ka tsona ke bo-mang? (b) Ke bo-mang feela ba nang le tokelo ea ho ja le ho noa litšoantšetso tsa Sehopotso, hona hobane’ng?

15 “Lintho tse maholimong” tse boelantsoeng le Jehova ka mali a tšolotsoeng a Kreste ke Bakreste ba tlotsitsoeng, ba bitselitsoeng ho busa le Kreste maholimong. Bakreste ba “nang le kabelo pitsong ea leholimo” ba boleloa hore “ba lokile bakeng sa bophelo.” (Baheb. 3:1; Bar. 5:1, 18) Joale Jehova o ba amohela e le bara ba moea. Moea o halalelang oa ba pakela hore ke “majalefa hammoho le Kreste,” a bitselitsoeng ho ba marena le baprista ’Musong oa hae oa leholimo. (Bar. 8:15-17; Tšen. 5:9, 10) Ba fetoha karolo ea Iseraele ea moea, e leng, “Iseraele ea Molimo,” ’me ba kenngoa ‘selekaneng se secha.’ (Jer. 31:31-34; Bagal. 6:16) Kaha ke litho tsa selekane se secha, ba na le tokelo ea ho ja le ho noa litšoantšetso tsa Sehopotso, tse akarelletsang senoelo sa veine e khubelu, seo Jesu a itseng ka sona: “Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa lōna.”—Luka 22:20.

16. “Lintho tse lefatšeng” ke eng, ’me li fuoa boemo bo lokileng ka pel’a Jehova ka tsela efe?

16 “Lintho tse lefatšeng” ke linku tse ling tsa Kreste, tse nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Le bona bana Mohlanka ea khethiloeng oa Jehova o ba tlisa boemong bo lokileng ka pel’a Jehova. Kaha ba na le tumelo sehlabelong sa Kreste sa thekollo ’me kahoo “ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana,” Jehova o bolela hore ba lokile, e le metsoalle ea hae, eseng e le bara ba moea, a ba fa tšepo e babatsehang ea ho pholoha ‘matšoenyeho a maholo.’ (Tšen. 7:9, 10, 14; Jak. 2:23) Kaha ha li selekaneng se secha ’me ka lebaka leo ha li na tšepo ea ho phela leholimong, linku tsena tse ling ha li je ebile ha li noe litšoantšetso tsa Sehopotso empa li ba teng Sehopotsong e le bashebelli ba hlomphang.

Re Leboha Jehova le Mohlanka oa Hae ea Amohelehang!

17. Ho ithuta boprofeta ba Esaia bo buang ka Mohlanka ho re thusitse joang ho lokisa likelello tsa rōna bakeng sa Sehopotso?

17 Ho hlahloba boprofeta ba Esaia bo buang ka Mohlanka e bile tsela e molemo ea ho lokisa likelello tsa rōna bakeng sa Sehopotso sa lefu la Kreste. Ho re thusitse hore re ‘talime ka hloko Moemeli ea ka Sehloohong le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna.’ (Baheb. 12:2) Re ithutile hore Mora oa Molimo hase mofetoheli. Ha a tšoane le Satane, o thabela ho rutoa ke Jehova, o mo nka e le ’Musi Morena. Re bone hore nakong ea tšebeletso ea Jesu lefatšeng, o ne a qenehela batho bao a neng a ba ruta, a folisa ba bangata ba bona ’meleng le moeeng. Kahoo o ile a bontša seo a tla se etsa e le Morena oa Bomesia tsamaisong e ncha ea lintho ha ‘a beha toka lefatšeng.’ (Esa. 42:4) Cheseho eo a ileng a e bontša ha a bolela ka ’Muso, e le “leseli la lichaba,” e hopotsa balateli ba hae hore ba bolele litaba tse molemo ka cheseho lefatšeng lohle.—Esa. 42:6.

18. Ke hobane’ng ha boprofeta ba Esaia bo etsa hore re lebohe Jehova le Mohlanka oa hae ka lipelo tsohle tsa rōna?

18 Boprofeta ba Esaia bo boetse bo ntlafatsa kutloisiso ea rōna ka boitelo bo boholo boo Jehova a bo entseng ha a ne a romela Mora oa hae ea ratoang lefatšeng hore a tl’o utloa bohloko le ho shoa molemong oa rōna. Jehova ha aa ka a thabela ho bona ha Mora oa hae a utloa bohloko, empa o ile a thabela ho bona ha Jesu a tšepahala ka ho phethahetseng ho isa lefung. Re lokela ho thaba joaloka Jehova, re ele hloko sohle seo Jesu a se entseng ho shanofatsa Satane le ho halaletsa lebitso la Jehova, kahoo re bontše hore bobusi ba Hae bo lokile. Ho phaella moo, Kreste o ile a jara libe tsa rōna a ba a re shoela. Ka tsela eo, o ile a etsa hore mohlatsoana oa barab’abo ba tlotsitsoeng le linku tse ling, ba tsebe ho ba le boemo bo lokileng ka pel’a Jehova. E se eka ha re bokana ho tšoara Sehopotso, re ka bontša ka lipelo tsohle tsa rōna hore re leboha Jehova le Mohlanka oa hae ea tšepahalang.

Tlhahlobo

• Jehova o ile a ‘thaba’ ka tsela efe ha Mora oa hae a ‘sithabetsoa’?

• Jesu o ile a “hlajoa ka lebaka la litlōlo tsa rōna” joang?

• Mohlanka o ile a “tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata” joang?

• Ho ithuta boprofeta bo buang ka Mohlanka ho u thusitse joang hore u lokise kelello le pelo ea hao bakeng sa Sehopotso?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

“O ile a nyelisoa, ’me ra mo nka e se oa bohlokoa”

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

“O tšolotse moea oa hae lefung”

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

“Linku tse ling” li ba teng Sehopotsong e le bashebelli ba hlomphang