Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U ‘Motsamaisi oa Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo’?

Na U ‘Motsamaisi oa Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo’?

Na U ‘Motsamaisi oa Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo’?

“Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.”—BAR. 12:10.

1. Lentsoe la Molimo le re tiisetsa eng?

KHAFETSA Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore Jehova o tla re thusa ha re nyahame kapa ha re robehile lipelo. Ka mohlala, hlokomela mantsoe ana a tšelisang: “Jehova o tšehetsa bohle ba oang, o phahamisa bohle ba inameng.” “O folisa ba robehileng lipelo, o tlamisa maqeba a bona a bohloko.” (Pes. 145:14; 147:3) Ho feta moo, Ntate oa rōna oa leholimo ka boeena o re: “’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’”—Esa. 41:13.

2. Jehova o thusa bahlanka ba hae joang?

2 Leha ho le joalo, Jehova, ea lulang maholimong a sa bonahaleng, o re “tšoara ka letsoho” joang? O ‘re phahamisa joang ha re iname’ ka lebaka la masisa-pelo? Jehova Molimo o fana ka thuso eo ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, o fa batho ba hae “matla a fetang se tloaelehileng” ka moea oa hae o halalelang. (2 Bakor. 4:7; Joh. 14:16, 17) Bahlanka ba Molimo ba boetse ba utloa kamoo ba matlafatsoang kateng ke molaetsa o fumanoang Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng, e leng Bibele. (Baheb. 4:12) Na ho na le tsela e ’ngoe hape eo Jehova a re matlafatsang ka eona? Re fumana karabo bukeng ea Petrose oa Pele.

“Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo o Bontšitsoeng ka Litsela Tse sa Tšoaneng”

3. (a) Moapostola Petrose o re’ng ka liteko? (b) Ho tšohloa eng karolong ea ho qetela ea lengolo la pele la Petrose?

3 Ha a bua le balumeli ba tlotsitsoeng ka moea, moapostola Petrose o ngola hore ba na le lebaka le utloahalang la ho thaba kahobane ba letetsoe ke moputso o moholo. Joale o eketsa ka ho re: “Le hoja ka nakoana hona joale, haeba ho lokela ho ba joalo, le baketsoe mesarelo ke liteko tse sa tšoaneng.” (1 Pet. 1:1-6) Hlokomela poleloana e reng “tse sa tšoaneng.” E bolela hore ho tla ba le liteko tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, Petrose ha a felle moo, a siea barab’abo ba ntse ba ipotsa hore na ebe ba tla khona ho mamella liteko tseo tse sa tšoaneng. Ho e-na le hoo, Petrose o bontša hore Bakreste ba ka kholiseha hore Jehova o tla ba thusa ho mamella teko e ’ngoe le e ’ngoe e ba hlahelang, ho sa tsotellehe hore na ke ea mofuta ofe. Sena re se tiisetsoa karolong ea ho qetela ea lengolo la Petrose, moo moapostola a tšohlang litaba tse mabapi le “bofelo ba lintho tsohle.”—1 Pet. 4:7.

4. Ke hobane’ng ha mantsoe a 1 Petrose 4:10 a re tšelisa?

4 Petrose o re: “Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho ka eona, le e sebelise ho sebeletsaneng joaloka batsamaisi ba khabane ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bontšitsoeng ka litsela tse sa tšoaneng.” (1 Pet. 4:10) Petrose o boetse o sebelisa poleloana e reng “tse sa tšoaneng.” Ha e le hantle o re, ‘Liteko ha li tšoane, ’me le litsela tseo Molimo a bontšang mosa o sa tšoanelang ka tsona, ha li tšoane.’ Ke hobane’ng ha polelo eo e tšelisa? E fana ka maikutlo a hore ho sa tsotellehe hore na teko ea rōna e ka ’na ea e-ba ea mofuta ofe, kamehla Molimo o tla bontša mosa o sa tšoanelang ka tsela e tla re thusa hore re e mamelle. Leha ho le joalo, na u hlokometse polelong ea Petrose hore na re bontšoa mosa o sa tšoanelang oa Jehova joang? Re o bontšoa ka Bakreste-’moho le rōna.

‘Ho Sebeletsana’

5. (a) Mokreste e mong le e mong o lokela ho etsa eng? (b) Ho hlaha lipotso life?

5 Ha a bua le litho tsohle tsa phutheho ea Bokreste, Petrose o re: “Ka holim’a lintho tsohle, le bontšane lerato le matla haholo.” Joale o eketsa ka ho re: “Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho ka eona, le e sebelise ho sebeletsaneng.” (1 Pet. 4:8, 10) Kahoo, e mong le e mong ka phuthehong o lokela ho kenya letsoho ho matlafatsa Bakreste-’moho le eena. Re filoe boikarabelo ba ho hlokomela ntho e ’ngoe ea bohlokoa ea Jehova, ebile re na le boikarabelo ba ho e abela ba bang. Kahoo, ke efe eona ntho eo? Petrose o bolela hore ke “mpho.” Mpho eo ke eng? Hona re e ‘sebelisa joang ho sebeletsaneng’?

6. Tse ling tsa limpho tseo Bakreste ba li filoeng ke life?

6 Lentsoe la Molimo le re: “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo.” (Jak. 1:17) Ka sebele, limpho tsohle tseo Jehova a li fang batho ba hae li bontša mosa oa hae o sa tšoanelang. Mpho e ’ngoe e ikhethang eo Jehova a re fang eona ke moea o halalelang. Mpho eo e re thusa hore re be le makhabane ao Molimo a nang le ’ona a kang lerato, molemo le bonolo. Ka lehlakoreng le leng, makhabane ao a re susumeletsa hore re rate balumeli-’moho le rōna ho tsoa botebong ba pelo re be re ikemisetse ho ba thusa. Tse ling tsa limpho tse molemo tseo re li fumanang ka thuso ea moea o halalelang ke bohlale ba ’nete le tsebo. (1 Bakor. 2:10-16; Bagal. 5:22, 23) Ha e le hantle, matla ’ohle a rōna, bokhoni ba rōna le litalenta tsa rōna li ka nkoa e le limpho tse lokelang ho sebelisetsoa ho rorisa Ntate oa rōna oa leholimo le ho mo tlotlisa. Molimo o re file boikarabelo ba ho sebelisa bokhoni ba rōna le makhabane a rōna hore re bontše balumeli-’moho le rōna mosa o sa tšoanelang oa Molimo.

“Le e Sebelise ho Sebeletsaneng”—Joang?

7. (a) Poleloana e reng “ka tekanyo” e bontša eng? (b) Re lokela ho ipotsa lipotso life, hona hobane’ng?

7 Mabapi le limpho tseo re li amohetseng, Petrose o boetse o re: “Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho ka eona, le e sebelise.” Poleloana e reng “ka tekanyo,” e bontša hore makhabane a rōna le bokhoni ba rōna li ka ’na tsa fapana ebile li ka ’na tsa se ke tsa lekana. Leha ho le joalo, e mong le e mong o khothalletsoa hore mpho leha e le efe eo a e amohetseng a “e sebelise ho sebeletsaneng.” Ho feta moo, poleloana e reng “le e sebelise . . . joaloka batsamaisi ba khabane,” ke taelo. Kahoo, re lokela ho ipotsa: ‘Na ka sebele ke sebelisa limpho tseo ke li filoeng ho matlafatsa balumeli-’moho le ’na?’ (Bapisa le 1 Timothea 5:9, 10.) ‘Kapa na ke sebelisa bokhoni boo ke bo amohetseng ho Jehova hore feela ke ithuise molemo—mohlomong hore ke fumane maruo kapa maemo sechabeng?’ (1 Bakor. 4:7) Haeba re sebelisa limpho tsa rōna “ho sebeletsaneng,” re tla be re thabisa Jehova.—Liprov. 19:17; bala Baheberu 13:16.

8, 9. (a) Tse ling tsa litsela tseo ka tsona Bakreste ba sebeletsang balumeli-’moho le bona lefatšeng ka bophara ke life? (b) Bara le barali babo rōna phuthehong ea heno ba thusana joang?

8 Lentsoe la Molimo le bolela litsela tse sa tšoaneng tseo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba sebeletsana ka tsona. (Bala Baroma 15:25, 26; 2 Timothea 1:16-18.) Le kajeno, Bakreste ba ’nete ba thabela ho mamela taelo ea hore ba sebelise limpho tsa bona molemong oa balumeli-’moho le bona. Nahana ka litsela tse ling tseo sena se etsoang ka tsona.

9 Barab’abo rōna ba bangata ba qeta lihora tse ngata khoeli le khoeli ba lokisetsa lipuo. Ha ba le libokeng, ba bua ka mashoetla a mang a moea ao ba a fumaneng ha ba ntse ba ithuta Bibele, ’me mantsoe a bona a bohlale a susumetsa bohle ka phuthehong hore ba mamelle. (1 Tim. 5:17) Bara le barali babo rōna ba bangata ba tsebahala ka ho ba mosa le ka ho qenehela balumeli-’moho le bona. (Bar. 12:15) Kamehla ba bang ba etela ba tepelletseng maikutlo ba bile ba rapela hammoho le bona. (1 Bathes. 5:14) Ba bang ba ipha nako ea ho ngolla Bakreste-’moho le bona ba ntseng ba loana le liteko mantsoe a khothatsang. Ba bang bona ka mosa ba thusa ba fokolloang ke bophelo hore ba be teng libokeng tsa phutheho. Lipaki tse likete li kenya letsoho mosebetsing oa liphallelo, li thusa balumeli-’moho le tsona ho tsosa matlo a bona a sentsoeng ke likoluoa. Kameho e lerato le thuso e molemo e fanoang ke bara le barali bao babo rōna ba lerato, kaofela ke lintho tse bontšang “mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bontšitsoeng ka litsela tse sa tšoaneng.”—Bala 1 Petrose 4:11.

Ke Sefe Seo e Leng sa Bohlokoa Haholo?

10. (a) Pauluse o ne a amehile ka likarolo life tse peli tsa tšebeletso ea hae ho Molimo? (b) Re etsisa Pauluse joang kajeno?

10 Bahlanka ba Molimo ha baa fuoa feela mpho eo ba lokelang ho e sebelisa molemong oa balumeli-’moho le bona, empa ba boetse ba filoe le molaetsa oo ba lokelang ho o bolella batho ba bang. Moapostola Pauluse o ile a hlokomela likarolo tsena tse peli tsa tšebeletso ea hae ho Jehova. O ile a ngolla phutheho ea Efese mabapi le “botsamaisi ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo” boo a neng a bo filoe molemong oa bona. (Baef. 3:2) Leha ho le joalo, o ile a boela a re: “Re pakiloe ke Molimo re le ba loketsoeng ke hore litaba tse molemo li behoe tlhokomelong ea rōna.” (1 Bathes. 2:4) Joaloka Pauluse, le rōna rea hlokomela hore re filoe mosebetsi oa ho sebeletsa re le baboleli ba ’Muso oa Molimo. Ka ho bolela ka cheseho, re loanela ho etsisa mohlala oo Pauluse a o behileng oa ho ba ’moleli ea sa khathaleng oa litaba tse molemo. (Lik. 20:20, 21; 1 Bakor. 11:1) Rea tseba hore ho bolela molaetsa oa ’Muso ho ka pholosa bophelo ba batho. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, re boetse re loanela ho etsisa Pauluse ka ho batla menyetla ea ho ‘fana ka mpho e ’ngoe ea moea’ ho balumeli-’moho le rōna.—Bala Baroma 1:11, 12; 10:13-15.

11. Re lokela ho nka mosebetsi oa rōna oa ho bolela le oa ho matlafatsa barab’abo rōna joang?

11 Mesebetsing ee e ’meli ea Bokreste, oa bohlokoa haholo ke ofe? Ho botsa potso e kang eo ho batla ho tšoana le ho botsa potso e latelang mabapi le nonyana, Mapheong a eona a mabeli ke lefe leo e leng la bohlokoa haholo? Karabo e totobetse. Nonyana e lokela ho sebelisa mapheo a eona ka bobeli e le hore e tsebe ho fofa hantle. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho kopanela likarolong ka bobeli tsa tšebeletso ea rōna ho Molimo e le hore re be Bakreste ka ho feletseng. Kahoo, ho e-na le ho nka hore mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo le oa ho matlafatsa balumeli-’moho le rōna ke mesebetsi e ’meli e sa amaneng, re e nka ka tsela eo moapostola Petrose le moapostola Pauluse ba neng ba e nka ka eona—e le boikarabelo bo le bong. Ka tsela efe?

12. Re lisebelisoa joang letsohong la Jehova?

12 Kaha re baevangeli, re sebelisa bokhoni leha e le bofe ba ho ruta boo e ka ’nang eaba re na le bona ho leka ho finyella lipelo tsa batho ba bang ka molaetsa o khothatsang oa ’Muso oa Molimo. Ka tsela eo, re na le tšepo ea hore re ka ba thusa hore e be barutuoa ba Kreste. Leha ho le joalo, re boetse re sebelisa bokhoni leha e le bofe le limpho tse ling tseo e ka ’nang eaba re na le tsona ho leka ho khothatsa balumeli-’moho le rōna ka mantsoe a matlafatsang le liketso tse molemo—e leng lintho tse bontšang mosa o sa tšoanelang oa Molimo. (Liprov. 3:27; 12:25) Ka tsela eo, re tšepa hore re tla ba thusa hore ba lule e le barutuoa ba Kreste. Mesebetsing eo ka bobeli—e leng oa ho bolella batho le oa ‘ho sebeletsana’—re na le tokelo e tsotehang ea ho ba lisebelisoa letsohong la Jehova.—Bagal. 6:10.

“Le Bontšane Lerato le Mofuthu”

13. Ho ne ho tla etsahala’ng haeba re ne re ka tlohela ‘ho sebeletsana’?

13 Pauluse o ile a khothatsa balumeli-’moho le eena a re: “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” (Bar. 12:10) Ka sebele, ho rata barab’abo rōna ho re qobella hore re sebeletse ka pelo eohle re le batsamaisi ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo. Rea hlokomela hore haeba Satane a ne a ka atleha ho re sitisa ‘ho sebeletsana,’ o ne a tla fokolisa bonngoe ba rōna. (Bakol. 3:14) Ka lehlakoreng le leng, ha bonngoe bo le sieo, seo se ne se tla etsa hore re se ke ra cheseha mosebetsing oa boboleli. Satane o tseba hantle hore feela joalokaha motho a ka sitisa nonyana ho fofa ka ho e roba lepheo le le leng feela, le rōna a ka re sitisa ho phetha mosebetsi oa rōna ka ho re notla karolong e le ’ngoe feela ea tšebeletso ea rōna.

14. Ke bo-mang ba ruang molemo ha re ‘sebeletsana’? Fana ka mohlala.

14 Ba fumanang mosa o sa tšoanelang oa Molimo hase bona feela ba ruang molemo “ho sebeletsaneng,” empa le ba o fetisetsang ho ba bang ba rua molemo. (Liprov. 11:25) Ka mohlala, nahana ka Ryan le Roni, banyalani ba Illinois, U.S.A. Ha ba utloa hore Leholiotsoana Katrina le ne le sentse matlo a makholo a Lipaki tsa habo bona, lerato la bara ba motho le ile la ba susumeletsa hore ba tlohele mesebetsi ea bona, ba tlohele folete ea bona, ba reke k’haravene ea khale, ba e lokise ’me ba tsamaee leeto la lik’hilomithara tse 1 400 ho ea Louisiana. Ba ile ba lula moo nako e fetang selemo ba ntse ba sebelisa nako ea bona, matla a bona le matlotlo a bona ho thusa barab’abo bona. Ryan, ea lilemo li 29 o re: “Ho kenya letsoho mosebetsing oa liphallelo ho ile ha etsa hore ke atamele haufi le Molimo. Ke ile ka bona kamoo Jehova a hlokomelang batho ba hae kateng.” Ryan o phaella ka ho re: “Ho sebetsa le barab’abo rōna ba hōlileng ho nthutile ho hongata mabapi le kamoo nka hlokomelang barab’abo rōna kateng. Ke boetse ke ithutile hore ho na le ho hongata hoo rōna bacha re ka ho etsang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova.” Roni, ea lilemo li 25, o re: “Ke motlotlo ka hore ebe ke ile ka kenya letsoho ho thusa batho ba bang. Ha ke e-s’o thabe ka tsela ena bophelong ba ka. Kea tseba hore lilemong tse tlang, ke tla ’ne ke rue molemo ketsahalong ena e babatsehang.”

15. Re na le mabaka afe a utloahalang a hore re tsoele pele ho sebetsa re le batsamaisi ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo?

15 Ka sebele, ho mamela taelo ea Molimo ea ho bolela litaba tse molemo le ea ho matlafatsa balumeli-’moho le rōna ho tlisetsa bohle litlhohonolofatso. Ha rōna re utloa thabo e tlohang pelong e fumanoang feela ka ho fana, batho bao re ba thusang bona ba matlafala hore ba tsoele pele ba sebeletsa Jehova. (Lik. 20:35) Phutheho eohle e ba le botsoalle ha setho se seng le se seng se bontša thahasello e lerato ho litho tse ling. Ho feta moo, lerato le mosa tseo re li bontšanang li re khetholla ka ho hlaka hore re Bakreste ba ’nete. Jesu o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Joh. 13:35) Ka holim’a tsohle, thoriso e ea ho Ntate oa rōna ea lerato Jehova, eo bahlanka ba hae ba lefatšeng ba bonahatsang takatso ea hae ea ho thusa ba hlokang. Kahoo, re na le mabaka a utloahalang hakaakang a hore re sebelise limpho tsa rōna “ho sebeletsaneng joaloka batsamaisi ba khabane ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo”! Na u tla tsoela pele u etsa joalo?—Bala Baheberu 6:10.

Na U sa Hopola?

• Jehova o matlafatsa bahlanka ba hae ka litsela life?

• Re filoe boikarabelo ba eng?

• Tse ling tsa litsela tseo re ka sebeletsang balumeli-’moho le rōna ka tsona ke life?

• Ke eng e tla re susumelletsa hore re tsoele pele re sebelisa limpho tsa rōna “ho sebeletsaneng”?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

Na u sebelisa “mpho” ea hao ho sebeletsa ba bang kapa ho ikhahlisa?

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Re bolella batho ba bang litaba tse molemo ebile re thusa Bakreste-’moho le rōna

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Basebetsi ba liphallelo ba lokela ho babatsoa ka lebaka la moea oa bona oa boitelo