Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thabela Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa

Thabela Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa

Thabela Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa

“Ka hona e-eang ’me le etse . . . barutuoa.”—MAT. 28:19.

1-3. (a) Ba bangata ba ikutloa joang ka monyetla oa ho khanna lithuto tsa Bibele? (b) Ke lipotso life tseo re tla li tšohla?

MORALI e mong oabo rōna ea sebetsang le sehlopha se buang Sehindi United States o ile a ngola a re: “Libekeng tse 11 tse fetileng, ke ne ke ntse ke ithuta le lelapa le leng le tsoang Pakistan.” O tsoela pele ka ho re, “ha ho potang hore re se re le metsoalle.” Ke seka meokho ha ke nahana hore haufinyane lelapa lena le tla khutlela Pakistan. Ha ke sekisoe meokho feela ke bohloko boo ke tla bo utloa ha ke arohana le lona empa ke boetse ke sekisoa meokho ke thabo eo ke bileng le eona ha ke ntse ke le ruta ka Jehova.”

2 Joaloka morali enoa oabo rōna, na le uena u kile ua utloa hore na ho thabisa hakaakang ho ithuta Bibele le motho e mong? Jesu le barutuoa ba hae ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba thabela mosebetsi oa ho etsa barutuoa haholo. Ha barutuoa ba 70 bao Jesu a neng a ba koetlisitse ba khutla ’me ba mo bolella lintho tse thabisang, Jesu ka boeena o ile a “nyakalla ka moea o halalelang.” (Luka 10:17-21) Ka ho tšoanang, kajeno ba bangata ba thabela mosebetsi oa ho etsa barutuoa haholo. Ha e le hantle, ka 2007, bahoeletsi ba thabileng ba sebetsang ka thata, ka karolelano ba ile ba khanna lithuto tsa Bibele tse limilione tse tšeletseng le halofo khoeli e ’ngoe le e ’ngoe!

3 Leha ho le joalo, bahoeletsi ba bang ha ba e-s’o utloe monate oa ho khanna thuto ea Bibele. Ho ka etsahala hore ebe lilemong tsa morao tjena, ba bang ha ba e-s’o ka ba khanna thuto. Re ka ’na ra thulana le mathata afe ha re ntse re etsa boiteko ba ho khanna lithuto tsa Bibele? Re ka ’na ra hlōla mathata ao joang? Hona ke melemo efe eo re e fumanang ha re etsa sohle seo re ka se khonang hore re mamele taelo ea Jesu e reng: “Ka hona e-eang ’me le etse . . . barutuoa”?—Mat. 28:19.

Mathata a ka re Amohang Thabo

4, 5. (a) Likarolong tse ling tsa lefatše, batho ba bangata ba etsa’ng ha ba utloa litaba tse molemo? (b) Libakeng tse ling bahoeletsi ba thulana le mathata afe?

4 Likarolong tse ling tsa lefatše, batho ba thabela ho nka lingoliloeng tsa rōna ebile ba laba-labela ho ithuta Bibele le rōna. Banyalani ba bang ba Australia ba neng ba sebeletsa Zambia ka nakoana ba ile ba ngola ba re: “Litaba tseo le li utloang ke ’nete. Tšimo ea Zambia ke makhulo a matala ho baboleli ba litaba tse molemo. Mosebetsi oa ho paka seterateng o monate ka tsela e makatsang! Batho ba itlisa ho rōna, ba bang ba bile ba re kōpa limakasine tse itseng ka ho khetheha.” Selemong se seng haufinyane tjena, bara le baralib’abo rōna ba Zambia ba ile ba khanna lithuto tsa Bibele tse fetang 200 000—e leng hore ka karolelano, mohoeletsi a le mong o ile a khanna lithuto tsa Bibele tse fetang e le ’ngoe.

5 Leha ho le joalo, libakeng tse ling, bahoeletsi ba ka ’na ba thatafalloa ho tsamaisa lingoliloeng le ho khanna lithuto tsa Bibele kamehla. Hobane’ng? Hangata, ha bahoeletsi ba kokota monyako ba fumana batho ba le sieo, athe bao ba ba fumanang ba le teng, e ka ’na eaba ha ba thahaselle bolumeli. Mohlomong ba hōliselitsoe malapeng ao e seng a bolumeli kapa mohlomong ba hloile boikaketsi boo ba bo bonang bolumeling ba bohata. Batho ba bangata ba sohlokehile ba bile ba qhalakane ka lebaka la balisa ba bohata. (Mat. 9:36) Hoa utloahala hore batho bao ba ka ’na ba se ke ba batla ho ikamahanya le litaba tsa Bibele.

6. Ba bang ba ka ’na ba thulana le mathata afe?

6 Bahoeletsi ba bang ba tšepahalang ba thulana le bothata bo bong bo fapaneng, bo ka ba amohang thabo. Le hoja ba kile ba cheseha haholo mosebetsing oa ho etsa barutuoa, hona joale ba sitisoa ke ho kula kapa mathata a botsofali. Hape, nahana ka mathata ao re ka ’nang ra ikimetsa ka ’ona. Ka mohlala, na u ikutloa u sa tšoanelehe hore u ka khanna thuto ea Bibele? U ka ’na ua ikutloa joaloka Moshe ha Jehova a ne a mo laela hore a e’o bua le Faro. Moshe o ile a re: “Ntšoarele, Jehova, empa ha ke motho ea buang ka mokhoa o phollatsi, leha e le ho tloha maobane kapa ho tloha pele ho moo.” (Ex. 4:10) Ho ikhalala le ho tšaba ho hlōleha ke mathe le leleme. Re ka ’na ra tšoenyeha ka hore motho e ke ke ea e-ba morutuoa hobane re se mesuoe e hloahloa. E le ho qoba seo, re ka ’na ra etsa qeto ea ho se khanne thuto. Re ka hlōla mathata a sa tsoa boleloa joang?

Lokisa Pelo ea Hao

7. Jesu o ne a susumetsoa ke eng tšebeletsong ea hae?

7 Bohato ba pele ke ho lokisa lipelo tsa rōna. Jesu o ile a re: “Molomo . . . o bua se tletseng ka pelong.” (Luka 6:45) Tšebeletsong ea hae Jesu o ne a susumetsoa ke ho tsotella batho ba bang e le kannete. Ka mohlala, ha a ne a bona kamoo Bajuda ba habo ba neng ba sohlokehile kateng moeeng, ‘o ile a ba hauhela.’ O ile a re ho barutuoa ba hae: “Kotulo e khōlō . . . Le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.”—Mat. 9:36-38.

8. (a) E ka ba hantle hore re nahane ka eng? (b) Re ka ithuta eng mantsoeng a builoeng ke seithuti se seng sa Bibele?

8 Ha re ntse re etsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa, e ka ba hantle hore re nahanisise kamoo re ruileng molemo kateng ka hore ebe motho e mong o ile a ipha nako ea ho ithuta Bibele le rōna. Hape, nahana ka batho bao re tla kopana le bona tšimong le kamoo ba tla rua molemo kateng ha ba utloa molaetsa oo re buang le bona ka oona. Mosali e mong o ile a ngolla ofisi ea lekala ea naha eo a lulang ho eona a re: “Ke rata ho le bolella kamoo ke lebohang kateng Lipaki tse ithutang Bibele le ’na lapeng ha ka. Kea tseba hore e tlameha ebe ka linako tse ling ke li opisa hlooho hobane ke na le lipotso tse ngata haholo, ebile kamehla ke etsa hore li lule nako e telele. Empa ha li mphelle pelo ebile li labalabela ho nthuta seo li ithutileng sona. Ke leboha Jehova le Jesu ka hore ebe ke ile ka tseba batho bana.”

9. Jesu o ile a shebana le eng feela, hona re ka mo etsisa joang?

9 Ho hlakile hore hase e mong le e mong ea ileng a amohela lithuto tsa Jesu. (Mat. 23:37) Ba bang ba ile ba mo latela ka nakoana empa hamorao ba e-ba khahlanong le lithuto tsa hae ’me “ba ne ba se ba sa tsamaee le eena.” (Joh. 6:66) Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a lumella hore ha batho ba bang ba sa amohele lithuto tsa hae seo se etse hore a nahane hore molaetsa oa hae e ne e se oa bohlokoa. Le hoja boholo ba peō eo a ileng a e jala e sa ka ea beha litholoana, Jesu o ile a shebana feela le lintho tse molemo tseo a neng a li etsa. O ile a bona hore masimo a soeufetse bakeng sa kotulo ’me o ne a thabisoa haholo ke ho kenya letsoho kotulong eo. (Bala Johanne 4:35, 36.) Ho e-na le ho sheba feela sebaka se sa melang letho se pakeng tsa lijalo, na le rōna re ka tsepamisa maikutlo ho seo re ka ’nang ra se kotula tšimong eo re e abetsoeng? A re ke re hlahlobeng hore na re ka lula re e-na le maikutlo a matle joalo joang.

Jala U E-na le Sepheo sa ho Kotula

10, 11. Ke sefe seo u ka se etsang e le hore u lule u thabile?

10 Sehoai se jala peō ka sepheo sa hore se tle se kotule. Ka ho tšoanang, re lokela ho bolela ka sepheo sa hore re tle re qale lithuto tsa Bibele. Ebe joale u ka etsa’ng haeba kamehla u e-ba tšebeletsong ea tšimo empa u fumana batho ba seng ba kae malapeng kapa ho bonahala u se u sa khone ho fumana lipoelo tsa hao? Sena se ka ’na sa u nyahamisa. Na u lokela ho khaotsa ho etsa tšebeletso ea ntlo le ntlo? Che! Batho ba bangata ba ntse ba fumanoa ka mokhoa ona oa ho bolela litaba tse molemo oo e leng khale o sebelisoa.

11 Leha ho le joalo, e le hore u lule u thabile, na u ka eketsa mekhoa eo u bolelang ka eona, mohlomong ka hore u akarelletse litsela tse ling tsa ho bua le batho? Ka mohlala, na u kile ua leka ho pakela batho seterateng kapa moo ba sebetsang teng? Na u ka buisana le batho ka thelefono kapa ua batla linomoro tsa thelefono tsa batho bao u seng u kile ua buisana le bona ka molaetsa oa ’Muso e le hore u ka tseba ho tsoela pele u buisana le bona? Ka ho mamella le ho fetola mekhoa ea hao ea ho bolela ha u le tšimong, u tla thabela ho fumana batho ba tla amohela molaetsa oa ’Muso.

Tsela ea ho Sebetsana le ho se Thahaselle

12. Re ka ’na ra etsa’ng haeba batho ba bangata tšimong ea rōna ba sa thahaselle molaetsa?

12 Ho ka etsoa joang haeba batho ba bangata tšimong ea heno ba sa thahaselle bolumeli? Na u ka qala moqoqo ka ho bua ka ntho e tla ba khahla? Moapostola Pauluse o ile a ngolla balumeli-’moho le eena ba Korinthe a re: “Ho Bajuda ke ile ka ba joaloka Mojuda . . . Ho ba hlokang molao ka ba joaloka ea hlokang molao, le hoja ke se ea hlokang molao mabapi le Molimo.” Sepheo sa Pauluse e ne e le sefe? O ile a re: “Ke fetohile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore ka sebele nka pholosa ba bang.” (1 Bakor. 9:20-22) Na ka tsela e tšoanang le rōna re ka fumana litaba tse ka khahlang batho ba leng tšimong ea rōna? Batho ba bangata ba sa ikamahanyeng le bolumeli ba batla ho ntlafatsa litšebelisano ka malapeng a bona. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe ba boetse ba batla ho fumana seo ba lokelang ho se phelela. Na re ka ba bolella molaetsa oa ’Muso ka tsela e tla ba khahla?

13, 14. Re ka eketsa thabo eo re e fumanang mosebetsing oa ho etsa barutuoa joang?

13 Bahoeletsi ba bangata ba ekelitse thabo eo ba e fumanang mosebetsing oa ho etsa barutuoa, esita le libakeng tseo batho ba bangata ba bonahalang ba sa thahaselle molaetsa. Ba entse seo joang? Ka ho ithuta puo esele. Banyalani ba bang ba lilemong tsa bo-60 ba ile ba hlokomela hore tšimong ea phutheho ea habo bona ho ne ho e-na le liithuti tse likete tsa Machaena le malapa a tsona. Monna o re: “Ka lebaka la sena, re ile ra susumelletseha ho ithuta Sechaena.” O tsoela pele ka ho re: “Le hoja sena se ne se hloka hore re qete nako e ngata letsatsi ka leng re ithuta puo eo, se ile sa etsa hore re be le lithuto tse ngata tsa Bibele le batho ba Machaena sebakeng sa habo rōna.”

14 Le haeba u sa khone ho ithuta puo esele, u ka sebelisa bukana ea Good News for People of All Nations hamolemo ha u kopana le batho ba buang puo e ’ngoe. Hangata u ka boela ua fumana lingoliloeng ka lipuo tsa batho bao u kopanang le bona. Ke ’nete hore ho hlokahala nako le boiteko bo eketsehileng hore u buisane le batho ba buang lipuo tse ling le ba tsoang litsong tse ling. Empa u se ke ua lebala molao-motheo o fumanoang Lentsoeng la Molimo o reng: “Ea jalang haholo o tla boela a kotule haholo.”—2 Bakor. 9:6.

Phutheho Eohle e Kenya Letsoho

15, 16. (a) Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho etsa barutuoa e le boiteko bo etsoang ke phutheho eohle? (b) Batho ba hōlileng ba phetha karolo efe?

15 Leha ho le joalo, ho etsa barutuoa ha hoa itšetleha ka boiteko bo etsoang ke motho a le mong feela. Ho e-na le hoo, ke boiteko bo etsoang ke phutheho eohle. Hobane’ng? Jesu o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Joh. 13:35) ’Nete ke hore ha liithuti tsa Bibele li tla libokeng, hangata li khahloa ke lerato leo li le bonang libokeng tsa rōna. Seithuti se seng sa Bibele se ile sa ngola sa re: “Ke thabela ho ea libokeng haholo. Batho ba moo ba nkamohela ka mofuthu!” Jesu o ile a re batho bao e bang balateli ba hae ba ka ’na ba hanyetsoa ke malapa a habo bona. (Bala Matheu 10:35-37.) Leha ho le joalo, o ile a tšepisa hore phuthehong, ba ne ba tla fumana ‘barab’abo bona le baralib’abo bona le bo-’mè le bana’ ba bangata ba moea.’—Mar. 10:30.

16 Bara le baralib’abo rōna ba hōlileng ke bona bao ka ho khetheha ba phethang karolo ea bohlokoa ho thusa liithuti tsa Bibele hore li hatele pele. Ka tsela efe? Esita le haeba batho ba bang ba hōlileng ba sa khone ho khanna lithuto tsa Bibele ka bobona, litlhaloso tse molemo tseo ba fanang ka tsona libokeng tsa phutheho li matlafatsa tumelo ea bohle ba li utloang. Tlaleho ea bona ea ho tsamaea “tseleng ea ho loka” e eketsa botle ba phutheho ebile e hohela batho ba lipelo li ntle hore ba tle mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo.—Liprov. 16:31.

Ho Loantša Tšabo

17. Re ka etsa eng hore re hlōle maikutlo a ho ikhalala?

17 U ka etsa eng haeba u loantšana le maikutlo a ho ikhalala? Hopola hore Jehova o ile a thusa Moshe ka ho mo fa moea o halalelang hammoho le mothusi, e leng moholoane oa hae, Arone. (Ex. 4:10-17) Jesu o ile a tšepisa hore moea oa Molimo o tla re thusa mosebetsing oa rōna oa ho paka. (Lik. 1:8) Ho feta moo, Jesu o ile a romela basebetsi hore ba e’o bolela ka bobeli ka bobeli. (Luka 10:1) Kahoo, haeba u thatafalloa ho khanna thuto ea Bibele, rapella moea oa Molimo hore o u fe bohlale ebe u batla motho eo u ka sebetsang le eena boboleling ea ka etsang hore u be sebete le eo boiphihlelo ba hae bo ka u thusang. Ho matlafatsa tumelo ho hopola hore Jehova o ile a khetha ho sebelisa batho feela ba tloaelehileng—e leng “lintho tse fokolang tsa lefatše”—ho etsa mosebetsi ona o babatsehang.—1 Bakor. 1:26-29.

18. Ke sefe seo re ka se etsang e le hore re se ke ra tšaba ho hlōleha?

18 Ke sefe seo re ka se etsang e le hore re se ke ra tšaba ho hlōleha? Re lokela ho hopola hore ho etsa morutuoa ha ho tšoane le ho pheha lijo tseo hore na e tla ba masutsa kapa che, ho itšetlehileng ka motho a le mong feela—e leng seapehi. Ho e-na le hoo, hore motho e be morutuoa ho hlokahala tšebelisano pakeng tsa batho ba bararo. Jehova ke eena ea phethang karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa, ea ho hulela motho ho eena. (Joh. 6:44) Rōna le ba bang ka phuthehong re etsa sohle se matleng a rōna ho sebelisa tsebo ea ho ruta ho thusa seithuti hore se hatele pele. (Bala 2 Timothea 2:15.) Seithuti sona se lokela ho sebelisa seo se ithutang sona. (Mat. 7:24-27) Haeba motho a khaotsa ho ithuta Bibele, re ka ’na ra nyahama. Re tšepa hore liithuti tsa Bibele li tla etsa qeto e nepahetseng, empa motho ka mong “o tla ikarabella ho Molimo.”—Bar. 14:12.

Melemo ke Efe?

19-21. (a) Re fumana melemo efe ha re khanna lithuto tsa Bibele? (b) Jehova o ikutloa joang ka bohle ba etsang mosebetsi oa boboleli?

19 Ho khanna lithuto tsa Bibele ho etsa hore re lule re tsepamisitse maikutlo tabeng ea ho batla ’Muso pele. Ho boetse ho etsa hore linnete tsa Lentsoe la Molimo li tebe lipelong le likelellong tsa rōna. Hobane’ng ha ho le joalo? Pula-maliboho e mong ea bitsoang Barak oa hlalosa: “Ho khanna lithuto tsa Bibele ho u qobella hore u be seithuti se hloahloa sa Lentsoe la Molimo. Ke hlokometse hore ke lokela ho ikholisa ka lintho tseo ke li lumelang pele nka li ruta motho e mong ka botlalo.”

20 Haeba u sa khanne thuto ea Bibele, na seo se bolela hore tšebeletso ea hao hase ea bohlokoa ho Molimo? Che, ha ho joalo! Jehova o ananela haholo boiteko ba rōna ba ho mo rorisa. Bohle ba etsang mosebetsi oa boboleli ke “basebetsi-’moho le Molimo.” Leha ho le joalo, ho khanna thuto ea Bibele ho etsa hore re thabe haholo ha re bona kamoo Molimo a melisang peō eo re e lemmeng. (1 Bakor. 3:6, 9) Pula-maliboho e mong ea bitsoang Amy o re: “Ha u bona seithuti sa Bibele se hatela pele, u ikutloa u leboha Jehova haholo ka hore ebe o ile a u fa monyetla oa hore a u sebelise ho fa motho eo mpho e babatsehang—e leng monyetla oa ho tseba Jehova le oa ho fumana bophelo bo sa feleng.”

21 Ha re etsa sohle se matleng a rōna ho qalisa lithuto tsa Bibele le ho li khanna, seo se tla re thusa hore re lule re tsepamisitse maikutlo tabeng ea ho sebeletsa Molimo hona joale ’me se tla matlafatsa tšepo ea rōna ea ho pholohela lefatšeng le lecha. Ka thuso ea Jehova re ka boela ra thusa ho pholosa ba re mamelang. (Bala 1 Timothea 4:16.) Seo e tla ba se thabisang hakaakang!

Na U sa Hopola?

• Ke mathata afe a ka ’nang a thibela ba bang ho khanna lithuto tsa Bibele?

• Ke sefe seo re ka ’nang ra se etsa haeba batho ba bangata tšimong ea rōna ba sa thahaselle molaetsa?

• Re fumana melemo efe ha re khanna lithuto tsa Bibele?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Na u eketsa mekhoa eo u bolelang ka eona e le hore u fumane batho ba lipelo li ntle?