Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Tloo U be Molateli oa Ka’

‘Tloo U be Molateli oa Ka’

‘Tloo U be Molateli oa Ka’

“Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso letsatsi le letsatsi a ntatele.”—LUKA 9:23.

1, 2. (a) Jesu o ile a mema batho hore ba etse’ng? (b) U nkile khato efe ka memo ea Jesu?

HO ELLA qetellong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ne a paka Perea, e leng sebaka se ka mose ho Jordane, ka leboea-bochabela ho Judea. Mohlankana e mong o ile a tla ho eena ’me a mo botsa hore na o ne a lokela ho etsa eng e le hore a rue bophelo bo sa feleng. Ka mor’a hore Jesu a hlokomele hore mohlankana eo o ne a boloka Molao oa Moshe ka botšepehi, o ile a lebisa memo ena e ikhethang ho eena. O ile a re: “E-ea, u rekise lintho tseo u nang le tsona ’me u fe mafutsana, ’me u tla ba le letlotlo leholimong, u tle ’me u be molateli oa ka.” (Mar. 10:21) Ak’u nahane feela—o mengoa hore a latele Jesu, e leng Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo ea Holimo-limo!

2 Mohlankana eo o ile a hana memo eo, empa ba bang ba ile ba e amohela. Pejana, Jesu o ne a ile a re ho Filipi: “E-ba molateli oa ka.” (Joh. 1:43) Filipi o ile a amohela memo eo ’me hamorao ea e-ba moapostola. Jesu o ile a boela a mema le Matheu, ’me le eena o ile a amohela memo eo. (Mat. 9:9; 10:2-4) Ka sebele, Jesu o ne a fetisetsa memo e tšoanang ho batho bohle ba ratang ho loka ha a ne a re: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso letsatsi le letsatsi a ntatele a sa khaotse.” (Luka 9:23) Kahoo, mang kapa mang e ka ba molateli oa Jesu haeba a hlile a batla. Na u lakatsa ho etsa seo? Ba bangata ba rōna re se re amohetse memo eo ea Jesu e mosa, ’me ha re le tšebeletsong ea tšimo, re fetisetsa memo eo ho ba bang.

3. Re ka etsa joang hore re se ke ra hoholeha ebe ha re sa latela Jesu?

3 Leha ho le joalo, ka masoabi, ba bang ba bontšitseng hore ba thahasella ’nete ea Bibele, ha ba sa tsoela pele ho ithuta. Ho e-na le hoo, baa khoehlisa ’me ba qetella ba ‘hoholehile’ ebe ha ba sa latela Jesu. (Baheb. 2:1) Re ka qoba ho oela bothateng boo joang? Ho ka re thusa haeba re ka ipotsa: ‘Ha e le hantle ke hobane’ng ha ke ile ka khetha ho latela Jesu? Ho mo latela ho bolela’ng?’ Ho hopola likarabo tsa lipotso tseo tse peli, ho tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho phela ka tsela e molemo eo re e khethileng. Ho tla boela ho re thuse ho khothalletsa ba bang hore ba latele Jesu.

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Latela Jesu?

4, 5. Ke hobane’ng ha Jesu e le eena ea tšoanelehang ho etella pele?

4 Moprofeta Jeremia o ile a re: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jer. 10:23) Histori e pakile hore mantsoe ana a Jeremia ke ’nete. Ho ’nile ha totobala le ho feta hore batho ba sa phethahalang ba ke ke ba ipusa ka katleho. Re amohetse memo ea ho latela Jesu hobane re ithutile hore ke eena ea tšoanelehang ho ba Moeta-pele oa rōna ka tsela eo le ka mohla ho seng motho ea neng a ka etsa joalo ka eona. Nahana ka tse ling tsa lintho tse etsang hore Jesu e be ea tšoanelehang.

5 Taba ea pele, Jesu o ile a khethoa ke Jehova ka boeena hore ebe Mesia Moeta-pele. Ke mang ea tsebang hantle ho feta ’Mōpi oa rōna hore na a ka khetha mang hore ebe Moeta-pele oa rōna? Ea bobeli, Jesu o na le litšobotsi tse ka re khahlang le tseo re ka li etsisang. (Bala Esaia 11:2, 3.) Ke mohlala o phethahetseng. (1 Pet. 2:21) Ea boraro, Jesu o tsotella batho ba mo latelang haholo, joalokaha a ile a bontša ha a ne a ba shoela. (Bala Johanne 10:14, 15.) Ebile o bontša hore ke molisa ea tsotellang ha a ntse a re tataisetsa bophelong bo re tlisetsang thabo hona joale le bo re isang bokamosong ba ka ho sa feleng bo babatsehang. (Joh. 10:10, 11; Tšen. 7:16, 17) Ka mabaka ana le a mang, re ile ra etsa qeto e bohlale ha re ne re khetha ho mo latela. Leha ho le joalo, ho latela Jesu ho akarelletsa eng?

6. Ho latela Jesu ho akarelletsa eng?

6 Ho ba balateli ba Kreste ha ho bolele feela ho ipitsa Bakreste. Kajeno, batho ba ka bang limilione tse likete tse peli ba ipolela hore ke Bakreste, empa liketso tsa bona li bontša hore ke “ba etsang tlōlo ea molao.” (Bala Matheu 7:21-23.) Ha batho ba bontša hore ba thahasella ho amohela memo ea hore ba latele Jesu, re ba hlalosetsa hore Bakreste ba ’nete ba etsa hore bophelo bohle ba bona bo lumellane le lithuto tsa hae hammoho le mohlala oo a o behileng—’me ba etsa seo letsatsi le leng le le leng. Ho bontša hore na sena se bolela eng, nahana ka tse ling tsa lintho tseo re li tsebang ka Jesu.

Etsisa Mohlala oa Jesu oa ho ba Bohlale

7, 8. (a) Bohlale ke eng, hona ke hobane’ng ha Jesu a ne a le bohlale haholo? (b) Jesu o ile a bontša joang hore o ne a le bohlale, ’me re ka mo etsisa joang?

7 Jesu o ile a bontša litšobotsi tse ngata tse ikhethang, empa re tla tšohla tse ’nè: e leng bohlale ba hae, boikokobetso ba hae, cheseho ea hae le lerato la hae. Ea pele, nahana ka bohlale ba hae—e leng bokhoni ba hae ba ho sebelisa tsebo le kutloisiso ka tsela e molemo. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ho [Jesu] ho patiloe ka hloko matlotlo ’ohle a bohlale le a tsebo.” (Bakol. 2:3) Jesu o fumane bohlale bo joalo hokae? Eena ka boeena o ile a re: “Feela joalokaha Ntate a nthutile ke bua lintho tsena.” (Joh. 8:28) Jehova ke eena ea ileng a mo fa bohlale, kahoo ha re makatsoe ke liqeto tse ntle tseo Jesu a neng a li etsa.

8 Ka mohlala, Jesu o ile a etsa qeto e ntle ha a khetha tsela eo a tla phela ka eona. O ile a etsa qeto ea hore a se ke a ikimetsa ka lintho tse ngata bophelong, empa a shebane le ntho e le ’ngoe feela: e leng ho etsa thato ea Molimo. O ile a sebelisa nako ea hae le matla a hae ka bohlale ho ntšetsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso. Re latela mohlala oa Jesu ka hore re loanele hore ‘mahlo a rōna a lule a talimile nģa e le ’ngoe’ ’me kahoo re qobe ho ikimetsa ka lintho tse sa hlokahaleng tse re jellang nako le ho re qeta matla. (Mat. 6:22) Bakreste ba bangata ba lekile ho nolofatsa tsela eo ba phelang ka eona e le hore ba tsebe ho qeta nako e eketsehileng tšebeletsong. Ba bang ba ’nile ba khona ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Haeba u e mong oa bona, u babatsoa haholo ka seo. ‘Ho batla ’muso pele’ ho thabisa haholo ebile ho khotsofatsa haholo.—Mat. 6:33.

Ikokobetse Joaloka Jesu

9, 10. Jesu o ile a bontša joang hore o ne a ikokobelitse?

9 Taba ea bobeli e mabapi le botho ba Jesu eo re tla e tšohla ke boikokobetso ba hae. Ha batho ba sa phethahalang ba fuoa bolaoli, hangata ba qala ho ikhohomosa. Ka sebele Jesu eena o ne a se joalo! Le hoja a phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea ho phethahatsa morero oa Jehova, Jesu ha aa ka a bonahatsa boikhohomoso le bo bonyenyane feela. Kahoo, re khothaletsoa hore re mo etsise tabeng eo. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Bolokang boikutlo bona ba kelello ho lōna bo neng bo le teng le ho Kreste Jesu, eo, le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo, a sa kang a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo. Che, empa o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba ’me a tšoana le batho.” (Bafil. 2:5-7) Seo se ne se akarelletsa eng?

10 Jesu o ne a e-na le tokelo e babatsehang ea ho lula leholimong moo Ntate oa hae a leng teng, empa ka ho rata “o ile a ikhokhotha.” Bophelo ba hae bo ile ba fetisetsoa pōpelong ea moroetsana oa Mojuda, moo a ileng a qeta likhoeli tse robong ho fihlela a hlaha e le lesea le sa khoneng ho iketsetsa letho, a hlahela lelapeng la ’metli oa maemo a tlaase. Ha a ntse a le lelapeng la Josefa, butle-butle Jesu o ile a hōla ea e-ba ngoana, ea ntan’o ba moshanyana ’me ea e-ba mocha. O ne a se na sebe. Leha ho le joalo, lilemong tsohle tsa hae tsa bocha, o ile a tsoela pele ho ikokobelletsa batsoali ba hae bao e neng e le baetsalibe ba sa phethahalang. (Luka 2:51, 52) Boo e bile boikokobetso bo tsotehang ruri!

11. Re ka etsisa boikokobetso ba Jesu ka litsela life?

11 Ha re ithaopela ho etsa mesebetsi e bonahalang eka ke ea boemo bo tlaase, re etsisa boikokobetso ba Jesu. Ka mohlala, nahana ka mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. Mosebetsi oo o ka ’na oa bonahala eka ke oa boemo bo tlaase, haholo-holo ha batho ba sa thahaselle, ba soma kapa ba le mabifi. Leha ho le joalo, ha re phehella ho etsa mosebetsi oa ho bolela, re thusa ba bang hore ba amohele memo ea Jesu ea hore ba mo latele. Kahoo, re thusa ho pholosa bophelo ba batho. (Bala 2 Timothea 4:1-5.) Mohlala o mong ke oa ho hlokomela Holo ea rōna ea ’Muso. Sena se ka akarelletsa ho etsa mesebetsi e kang ho qhala meqomo ea lithōle, ho koropa fatše le ho hloekisa matloana—eo kaofela e leng mesebetsi ea boemo bo tlaase! Leha ho le joalo, rea utloisisa hore ho hlokomela Holo ea rōna ea ’Muso—e leng setsi sa borapeli bo hloekileng sebakeng sa habo rōna—ke karolo ea tšebeletso ea rōna e halalelang. Ka ho ithaopela ho etsa mesebetsi e bonahalang e le ea boemo bo tlaase, re bontša boikokobetso, ’me kahoo re latela mohlala oa Kreste.

Cheseha Joaloka Jesu

12, 13. (a) Jesu o ile a bontša joang hore o ne a cheseha ’me o ne a susumetsoa ke eng? (b) Ke eng e tla re susumelletsa hore re chesehe tšebeletsong?

12 Nahana ka tsela eo Jesu a neng a cheseha ka eona tšebeletsong. Jesu o ile a etsa lintho tse ngata ha a ne a le lefatšeng. Ho ka etsahala hore ha a ne a sa le monyenyane, o ile a sebetsa le ntate oa hae oa moholisi Josefa, e le ’metli oa mapolanka. Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a etsa mehlolo e neng e akarelletsa ho folisa ba kulang le ho tsosa bafu. Empa mosebetsi oa hae o ka sehloohong e ne e le ho bolela litaba tse molemo le ho ruta ba neng ba rata ho mamela. (Mat. 4:23) Rōna joaloka balateli ba hae, re lokela ho etsa mosebetsi o tšoanang. Re ka latela mohlala oa hae joang? Re ka etsa mosebetsi ona ka mabaka a tšoanang le ao Jesu a ileng a o etsa ka ’ona.

13 Ka holimo ho tsohle, ho rata Molimo ho ile ha susumelletsa Jesu hore a bolele a be a rute. Empa Jesu o ne a boetse a rata linnete tseo a neng a li ruta. O ne a nka linnete tseo e le letlotlo la bohlokoa haholo, ’me o ne a labalabela ho li bolella ba bang. Rōna joaloka mesuoe, kapa ‘barupeli ba sechaba’ re ikutloa ka tsela e tšoanang. Nahana feela ka linnete tse ling tsa bohlokoa tseo re ithutileng tsona Lentsoeng la Molimo! Re tseba ka tseko ea bobusi ba bokahohleng le hore na e tla rarolloa joang. Re utloisisa hantle seo Mangolo a se rutang ka boemo ba bafu le ka litlhohonolofatso tseo re tla li fumana lefatšeng le lecha la Molimo. Ho sa tsotellehe hore na re sa tsoa ithuta linnete tsena kapa ke khale re ithutile tsona, li lula e le tsa bohlokoa. Ho sa tsotellehe hore na linnete tsena li ncha kapa ke tsa khale, ha ho pelaelo hore ke letlotlo la bohlokoa haholo. (Bala Matheu 13:52.) Ka ho bolela ka cheseho e tsoang botebong ba pelo, re bontša batho ba bang hore re rata seo Jehova a re rutileng sona.

14. Re ka etsisa mokhoa oa Jesu oa ho ruta joang?

14 Hape hlokomela kamoo Jesu a neng a ruta kateng. Kamehla o ne a bolella batho bao a neng a bua le bona se ka Mangolong. Hangata ha a ne a bua taba ea bohlokoa o ne a qala ka ho re: “Ho ngoliloe.” (Mat. 4:4; 21:13) Mantsoeng a hae a tlalehiloeng, o ne a qotsa ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang ka holimo ho halofo ea libuka tsa Mangolo a Seheberu. Joaloka Jesu, re sebelisa Bibele haholo boboleling ba rōna ebile re leka ho bontša batho seo Mangolo a se buang neng le neng ha ho khoneha. Ka tsela eo, re thusa batho ba lipelo li lokileng hore ba iponele hore seo re se rutang ke likhopolo tsa Molimo, eseng tsa rōna. Re thaba hakaakang ha motho a lumela ho bala Bibele le ho tšohla se boleloang ke Lentsoe la Molimo le kamoo le leng bohlokoa kateng! ’Me ha batho bao ba amohela memo ea hore ba latele Jesu, thabo ea rōna e ba e khaphatsehang.

Ho Latela Jesu ho Bolela ho Rata Batho ba Bang

15. Ke tšobotsi efe e ikhethang eo Jesu a neng a e-na le eona, ’me ho nahana ka eona ho ka re ama joang?

15 Taba ea ho qetela e mabapi le botho ba Jesu eo re tla e tšohla ke e thabisang haholo—e leng lerato leo a ratang batho ka lona. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella.” (2 Bakor. 5:14) Ha re nahana ka lerato leo Jesu a ratang batho ka kakaretso ka lona, le leo a re ratang ka lona re le batho ka bomong, seo se re ama lipelo, ’me se etsa hore re ikutloe re tlameha ho latela mohlala oa hae.

16, 17. Jesu o ile a bontša ka litsela life hore o ne a rata batho ba bang?

16 Jesu o ile a bontša joang hore o ne a rata batho ba bang? Ho ithaopela ha hae ho nehelana ka moea oa hae molemong oa batho e bile pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea lerato la hae. (Joh. 15:13) Leha ho le joalo, ha a ntse a etsa tšebeletso ea hae, Jesu o ile a boela a bontša lerato ka litsela tse ling. Ka mohlala, o ne a qenehela ba mahlomoleng. Ha a bona Maria le bao a neng a e-na le bona ba llela Lazaro ea shoeleng, mesarelo ea bona e ile ea mo ama haholo. Le hoja Jesu a ne a tseba hore o ne a tla tloha a tsosa Lazaro, o ile a ameha hoo a ileng “a ntša meokho.”—Joh. 11:32-35.

17 Qalong ea tšebeletso ea Jesu, molepera e mong o ile a tla ho eena eaba o re: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.” Jesu o ile a etsa’ng? Tlaleho eo e re: ‘O ile a susumetsoa ke khauho.’ Eaba o etsa ho hong ho sa tloaelehang. ‘A otlolla letsoho a mo ama, a re ho eena: “Kea batla. Hloeka.” Kapele-pele lepera la nyamela ho eena, ’me a hloeka.’ Ho ea ka Molao oa Moshe, balepera ba ne ba sa hloeka, ’me ha ho pelaelo hore Jesu a ka be a ile a folisa monna eo a sa mo tšoara. Leha ho le joalo, ha Jesu a ne a phekola molepera eo, o ile a mo fa monyetla oa hore a utloe hore na ho joang ho tšoaroa ke motho e mong, mohlomong ebile e le ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse ngata. Ketso eo e ne e bontša qenehelo e kaakang!—Mar. 1:40-42.

18. Re ka bontša joang hore re “utloelana bohloko”?

18 Kaha re balateli ba Kreste, re laeloa hore re bontše lerato la rōna ka “ho utloelana bohloko.” (1 Pet. 3:8) Re ka ’na ra thatafalloa ho utloisisa tsela eo molumeli-’moho le rōna ea tšoeroeng ke boloetse bo sa foleng kapa ea tetebetseng maikutlo a ikutloang ka eona—haholo-holo haeba rōna re e-s’o ka re e-ba boemong bo joalo. Empa Jesu o ne a utloela batho ba kulang bohloko le hoja ho se mohla eena a kileng a kula. Re ka etsa joang hore re be le kutloelo-bohloko e tšoanang? Ka ho mamela re sa fele pelo ha ba mahlomoleng ba re bolella kamoo ba ikutloang kateng. Re ka ’na ra boela ra ipotsa, ‘Haeba ke ne ke le boemong ba bona, ke ne ke tla ikutloa joang?’ Haeba re itloaetsa ho nahanela maikutlo a ba bang, re tla khona hore re “bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo.” (1 Bathes. 5:14) Ha re etsa joalo, re tla be re latela Jesu.

19. Mohlala oa Jesu o re ama ka litsela life?

19 Ke ntho e thabisang hakaakang ho ithuta lipolelo tsa Jesu Kreste le liketso tsa hae! Ha re ithuta ka eena haholo, re tla batla ho tšoana le eena haholo—’me re tla batla ho thusa batho ba bang haholo hore le bona ba etse se tšoanang. Kahoo, e se eka re ka thabela ho latela Morena eo e leng Mesia, hona joale le ka ho sa feleng!

Na U ka Hlalosa?

• Re ka bontša joang hore re bohlale joaloka Jesu?

• Re ka bontša boikokobetso ka litsela life?

• Re ka etsa joang hore re chesehele boboleli?

• Re ka etsisa Jesu ka litsela life ho bontša hore re rata batho ba bang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]

BUKA E RE THUSANG HO ETSISA KRESTE

Lenaneong la kopano ea setereke ea 2007, ho ile ha lokolloa buka e maqephe a 192 e nang le sehlooho se reng ‘Tloo U be Molateli oa Ka.’ Buka ena e ngoletsoe ho thusa Bakreste ho nahanisisa ka Jesu, haholo-holo ka litšobotsi tsa hae le liketso tsa hae. Ka mor’a likhaolo tse peli tsa pele tse qalang, karolo ea pele e fana ka kakaretso ea litšobotsi tsa Jesu tse ikhethang—e leng boikokobetso ba hae, sebete sa hae, bohlale ba hae, ho mamela ha hae le mamello ea hae.

Ka mor’a moo ho latela likarolo tse buang ka mesebetsi eo Jesu a e entseng e le mosuoe le ’moleli oa litaba tse molemo le litsela tse ling tseo a ileng a bontša lerato la hae le leholo ka tsona. Buka ena kaofela, e phuthetse taba e thusang Mokreste hore a etsise Jesu.

Re kholisehile hore buka ena e tla re susumetsa kaofela hore re itlhahlobe le hore re ipotse: ‘Na ruri ke latela Jesu? Nka etsa joang hore ke mo latele haholoanyane?’ E tla boela e thuse ‘bohle ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ hore e be balateli ba Kreste.—Lik. 13:48.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Jesu o ile a lumela ho tla lefatšeng le hore a tsoaloe e le lesea. Ho ne ho hlokahala hore a be le tšobotsi efe?

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ke sefe se tla re susumelletsa hore re chesehele boboleli?