Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Tsela ke Eona Ena. Tsamaeang ho Eona”

“Tsela ke Eona Ena. Tsamaeang ho Eona”

“Tsela ke Eona Ena. Tsamaeang ho Eona”

Pale Ea Emilia Pederson

Joalokaha ho boletse Ruth E. Pappas

’MÈ OA ka, Emilia Pederson, o hlahile ka 1878. Le hoja e ile ea e-ba tichere, o ne a hlile a batla ho thusa batho hore ba atamele ho Molimo. Bopaki ba hore ’Mè o ne a lakatsa ho etsa mosebetsi oo e ne e le teranka e khōlō e neng e le teng lapeng motsaneng oa Jasper, Minnesota, U.S.A. O ne a e reketse hore a ise thepa ea hae Chaena ka eona, e leng moo a neng a batla ho ea sebetsa teng e le moromuoa. Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la ’mè oa hae, o ile a tlameha ho tlohela morero oo oa hae eaba o lula lapeng ho hlokomela banab’abo ba banyenyane. Ka 1907 o ile a nyaloa ke Theodore Holien. Ke ile ka hlaha ka la 2 December, 1925—ke le ngoana oa ho fela baneng ba supileng.

’Mè o ne a e-na le lipotso tsa Bibele tseo a neng a labalabela ho fumana likarabo tsa tsona. Potso e ’ngoe eo a neng a e-na le eona e ne e le mabapi le thuto ea hore lihele ke sebaka seo batho ba khopo ba hlokofatsoang ho sona ka mollo. O ile a botsa mookameli oa Kereke ea Lutere ea neng a etile hore na ke hokae moo a neng a ka fumana temana ea Bibele e tšehetsang thuto ena. Mookameli eo o ile a mo bolella hore ha e le hantle, ho sa tsotellehe hore na Bibele e reng—thuto ea mollo oa lihele e lokela ho rutoa batho.

O Ile a Fumana Seo a Neng a se Batla

Nakoana ka mor’a 1900, ausi oa ’Mè e leng, Emma, o ile a ea Northfield, Minnesota, ho ea ithuta ’mino. O ne a lula ha tichere ea hae Milius Christianson, eo mosali oa hae e neng e le Seithuti sa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo. Emma o ile a bolela hore ngoan’abo o ne a chesehela ho bala Bibele. Ho e-s’o ee kae, Mofumahali Christianson o ile a ngolla ’Mè lengolo a araba lipotso tsa hae tsa Bibele.

Ka tsatsi le leng, Lora Oathout, eo e neng e le Seithuti sa Bibele o ile a fihla ka terene a tsoa Sioux Falls, South Dakota, ho tla bolela litaba tse molemo Jasper. ’Mè o ile a ithuta lingoliloeng tsa Bibele tseo a ileng a li fumana, ’me ka 1915, o ile a qala ho bolella ba bang linnete tsa Bibele, a bile a aba lingoliloeng tseo Lora a neng a mo tliselitse tsona.

Ka 1916, ’Mè o ile a utloela hore Charles Taze Russell o ne a tla be a le kopanong Sioux City, Iowa. O ne a batla ho ea. Ka nako eo, ’Mè o ne a e-na le bana ba bahlano, ’me oa ho fela, e leng Marvin, o ne a e-na le likhoeli tse hlano feela. Leha ho le joalo, ka mohoula oa bana, o ile a nka leeto la lik’hilomithara tse 160 ka terene ho ea kopanong eo e neng e le Sioux City. O ile a mamela lipuo tsa Mor’abo rōna Russell, a bona “Photo-Drama of Creation,” a ba a kolobetsoa. Ha a khutlela hae, o ile a ngola sehlooho se neng se bua ka kopano eo, se ileng sa hatisoa koranteng ea Jasper Journal.

Ka 1922, ’Mè o ne a le har’a batho ba ka bang 18 000 ba neng ba le kopanong e neng e le Cedar Point, Ohio. Ka mor’a kopano eo, ha ho mohla a ileng a khaotsa ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo. Ha e le hantle, o ne a ee a re khothalletse hore re mamele keletso ena e reng: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.”—Esa. 30:21.

Litholoana Tsa Tšebeletso ea ’Muso

Mathoasong a bo-1920, batsoali ba ka ba ile ba fallela ntlong e ’ngoe ka ntle ho Jasper. Ntate o ne a e-na le khoebo e atlehileng le lelapa le leholo leo a neng a lokela ho le hlokomela. Ha aa ka a ithuta Bibele haholo joaloka ’Mè, empa o ne a tšehetsa mosebetsi oa boboleli ka pelo ea hae eohle ebile o ne a amohela balebeli ba tsamaeang lapeng. Hangata, ha e mong oa barab’abo rōna ba tsamaeang a ne a fana ka puo lapeng, ho ne ho e-ba le batho ba ka bang lekholo kapa ho feta—ba tlala ka kamoreng ea ho phomola, ea ho jela le ea ho robala.

Ha ke ne ke e-na le lilemo tseo e ka bang tse supileng, ’mangoane Lettie o ile a letsa eaba o re moahelani oa hae, e leng, Ed Larson le mosali oa hae, ba ne ba batla ho ithuta Bibele. Ntle ho tika-tiko ba ile ba amohela linnete tsa Bibele ’me hamorao ba ile ba mema moahelani e mong oa bona Martha Van Daalen, e leng ’mè ea neng a e-na le bana ba robeli hore le eena a tl’o ithuta le bona. Martha le lelapa lohle la hae le bona e ile ea e-ba Liithuti Tsa Bibele. *

Hoo e ka bang ka nako eo, Gordon Kammerud, e leng mohlankana ea neng a lula lik’hilomithara tse seng kae ho tloha lapeng, o ile a qala ho sebetsa le Ntate. Gordon o ne a ile a fuoa temoso e reng: “U itlhokomele, barali ba mong’a hao ba na le bolumeli bo makatsang.” Leha ho le joalo, Gordon o ile a qala ho ithuta Bibele ’me kapele o ile a kholiseha hore o ne a fumane ’nete. O ile a kolobetsoa likhoeli tse tharo hamorao. Batsoali ba hae le bona e ile ea e-ba balumeli, ’me malapa abo rōna—e leng la ha Holien, la ha Kammerud le la ha Van Daalen—e ile ea e-ba metsoalle ea hlooho ea khomo.

Ho Matlafatsoa ke Likopano

’Mè o ne a ile a matlafatsoa haholo ke kopano ea Cedar Point hoo ho seng mohla a kileng a batla ho fetoa ke kopano e ’ngoe. Kahoo, ke hopola ha ke sa le ngoana ha re ne re nka maeto a malelele re e-ea likopanong tseo. Kopano e neng e tšoaretsoe Columbus, Ohio, ka 1931 e ne e le ea bohlokoa haholo hobane ke hona moo re ileng ra amohela lebitso la Lipaki Tsa Jehova. (Esa. 43:10-12) Ke boetse ke hopola hantle kopano e neng e tšoaretsoe Washington, D.C., ka 1935, moo ho ileng ha fanoa ka puo ea bohlokoa e ileng ea hlalosa hore na “letšoele le leholo,” kapa “bongata bo boholo,” boo ho buuoang ka bona ho Tšenolo ke bo-mang. (Tšen. 7:9; King James Version) Bo-ausi ba ka Lilian le Eunice ba ne ba le har’a batho ba fetang 800 ba ileng ba kolobetsoa moo.

Lelapa leso le ile la ea kopanong Columbus, Ohio, ka 1937; Seattle, Washington, ka 1938; le New York City ka 1939. Lelapa la ha Van Daalen le la ha Kammerud le batho ba bang ba ile ba tsamaea le rōna, ’me re ile ra tsamaea re robala litenteng tseo re neng re li hloma tseleng. Eunice o ile a nyaloa ke Leo Van Daalen ka 1940, ’me e ile ea e-ba bo-pula-maliboho. Selemong sona seo, Lilian o ile a nyaloa ke Gordon Kammerud, ’me le bona e ile ea e-ba bo-pula-maliboho.

Kopano e ileng ea tšoareloa St. Louis, Missouri ka 1941, e ne e le e ikhethang. Kopanong eo, bacha ba likete ba ile ba fumana buka ea Children. Kopano eo e ile ea tlisa phetoho e khōlō bophelong ba ka. Nakoana ka mor’a moo, ka la 1 September, 1941, ’na le khaitseli’aka Marvin le mosali oa hae, Joyce, re ile ra ba bo-pula-maliboho. Ke ne ke le lilemo li 15.

Mapolasing moo re neng re lula teng, ho ne ho le thata hore barab’abo rōna bohle ba ee likopanong hobane hangata li ne li tšoaroa nakong ea kotulo. Kahoo ka mor’a likopano, re ne re tšohla lintlha tsa kopano jareteng ka mor’a ntlo molemong oa ba neng ba sa khona ho ea kopanong. Ho ne ho e-ba monate lipokanong tsena.

Ho ea Gileade le Linaheng Lisele

Ka February 1943, ho ile ha buloa Sekolo sa Gileade bakeng sa ho koetlisetsa bo-pula-maliboho tšebeletso ea boromuoa. Sehlopheng sa pele ho ne ho e-na le litho tse tšeletseng tsa lelapa la ha Van Daalen—e leng bara ba motho Emil, Arthur, Homer le Leo; motsoala oa bona Donald; le mosali oa Leo, e leng ausi oa ka Eunice. Ha re arohana re ne re sa tsebe hore na re lle kapa re thabe kaha re ne re sa tsebe hore na re tla boela re ba bone neng. Ka mor’a ho fumana mangolo, botšelela ba bona ba ile ba romeloa Puerto Rico, moo ho neng ho e-na le Lipaki tse seng kae ka nako eo.

Selemo hamorao, Lilian le Gordon hammoho le Marvin le Joyce ba ile ba e-ba sehlopheng sa boraro sa Gileade. Le bona ba ile ba romeloa Puerto Rico. Joale, ka September 1944, ha ke le lilemo li 18, ke ile ka ba sehlopheng sa bone sa Gileade. Ka mor’a ho fumana lengolo ka February 1945, ke ile ka ea Puerto Rico moo banab’eso ba neng ba le teng. Ho ea moo, ho ile ha nthuta lintho tse ncha bophelong! Le hoja ho ne ho se bonolo ho ithuta Sepanishe, ka mor’a nakoana ba bang ba rōna ba ne ba khanna lithuto tsa Bibele tse fetang tse 20 motho ka mong. Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa rōna. Kajeno, ho na le Lipaki tse ka bang 25 000 Puerto Rico!

Lelapa Leso le Oeloa ke Likoluoa

Leo le Eunice ba ile ba lula Puerto Rico ka mor’a hore mora oa bona, Mark, a hlahe ka 1950. Ka 1952 ba ile ba itokisetsa ho nka phomolo e le hore ba etele beng ka bona hae. Sefofane sa bona se ile sa tloha ka la 11 April. Ka bomalimabe, nakoana ka mor’a hore sefofane se tlohe se ile sa soahlamana leoatleng. Leo le Eunice ba ile ba hlokahala. Mark, eo a neng a le lilemo li peli o ile a fumanoa a phaphametse ka holim’a metsi leoatleng. Motho e mong ea neng a pholohile o ile a mo hulela ka seketsoaneng sa pholoso eaba o thusoa hore a phefumolohe, ’me o ile a phela. *

Lilemo tse hlano hamorao, ka la 7 March, 1957, ’Mè le Ntate ba ne ba le tseleng e eang Holong ea ’Muso ha lebili la koloi eo ba neng ba tsamaea ka eona le pancha. Ha Ntate a ntse a kenya lebili le leng a le ka thōko ho tsela, o ile a thuloa ke koloi e neng e feta eaba o shoa hang-hang. Batho ba ka bang 600 ba ile ba e-ba teng puong ea lepato, ’me ho ile ha fanoa ka bopaki bo botle motseng, moo Ntate a neng a hlomphuoa haholo.

Likabelo Tse Ncha

Pelenyana ho lefu la Ntate, ke ne ke fumane kabelo ea ho ea sebetsa Argentina. Ka August 1957, ke ile ka fihla motseng oa Mendoza mosikong oa Lithaba Tsa Andes. Ka 1958, George Pappas, ea neng a fumane lengolo sehlopheng sa bo30 sa Gileade, o ile a romeloa Argentina. ’Na le George re ile ra ba metsoalle ea hlooho ea khomo, ’me re ile ra nyalana ka April 1960. Ka 1961, ’Mè o ile a hlokahala a le lilemo li 83. O ne a tsamaile ka botšepehi tseleng ea borapeli ba ’nete ’me o ne a thusitse batho ba bangata hore le bona ba etse se tšoanang.

Ka lilemo tse leshome, ’na le George re ile ra sebetsa hammoho le baromuoa ba bang mahaeng a baromuoa a sa tšoaneng. Ka mor’a moo, re ile ra qeta lilemo tse supileng mosebetsing oa potoloho. Ka 1975 re ile ra khutlela United States ho ea thusa litho tsa lelapa tse neng li kula. Ka 1980 monna oa ka o ile a kōptjoa hore a il’o etsa mosebetsi oa potoloho tšimong ea batho ba buang Sepanishe. Ka nako eo ho ne ho e-na le liphutheho tse ka bang 600 tsa Sepanishe United States. Ka lilemo tse 26, re ile ra etela tse ngata tsa liphutheho tseo ’me ra bona ha palo ea tsona e eketseha ho fihlela li feta 3 000.

Ba Tsamaile ‘Tseleng’

’Mè o ile a boela a thabela ho bona ha litho tsa lelapa labo tse nyenyane li ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka mohlala, Carol, morali oa ausi oa ka e moholo, Ester, o ile a qala ho bula maliboho ka 1953. O ile a nyaloa ke Dennis Trumbore, ’me haesale ba le tšebeletsong ea nako e tletseng ho tloha ka nako eo. Morali e mong oa Ester, e leng Lois, o ile a nyaloa ke Wendell Jensen. Ba ile ba e-ba sehlopheng sa bo41 sa Gileade ’me ba qeta lilemo tse 15 e le baromuoa Nigeria. Mark, eo batsoali ba hae ba ileng ba hlokahala ha sefofane se ne se soahlamana, o ile a hōlisoa ke moena oa Leo, e leng Ruth La Londe le monna oa hae Curtiss. Mark le mosali oa hae, Lavonne, e bile bo-pula-maliboho ka lilemo tse ngata ’me ba hōliselitse bana ba bona ba bane ‘tseleng.’—Esa. 30:21.

Orlen, e leng eena feela ngoan’eso ea ntseng a phela, a ka ba lilemo li 95. O ntse a sebeletsa Jehova ka botšepehi. ’Na le George re ntse re tsoela pele ka thabo tšebeletsong ea nako e tletseng.

Seo ’Mè a se Siileng

Hona joale ke na le e ’ngoe ea thepa ea bohlokoa haholo ea ’Mè—e leng deske ea hae. E ne e le mpho ea lenyalo eo a neng a e filoe ke Ntate. Ka laeng e ’ngoe ea eona ho na le buka ea hae ea khale, eo ho eona a manamisitseng mangolo le maqephe a lihlooho tseo a neng a li ngotse likoranteng, tse ileng tsa fana ka bopaki bo botle ba ’Muso. Tse ling tsa tsona ke tsa mathoasong a bo-1900. Deske eo e boetse e na le mangolo a bohlokoa a neng a e-tsoa ho bana ba ’Mè ba baromuoa. Ho thabisa hakaakang ho a bala nako le nako! Mangolo ao a neng a re ngolla ’ona kamehla a ne a re matlafatsa, a e-na le lintlha tse khothatsang. Takatso ea ’Mè ea ho ba moromuoa ha ea ka ea phethahala. Leha ho le joalo, o ne a chesehela tšebeletso ea boromuoa hoo a ileng a susumetsa lipelo tsa batho ba bang melokong e ileng ea tla ka mor’a hae. Ka sebele ke labalabela ho kopana hape le ’Mè le Ntate kopanong e khōlō ea lelapa lefatšeng la paradeise!—Tšen. 21:3, 4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 Sheba Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa June 15, 1983, leqepheng la 27-30, bakeng sa pale ea bophelo ea Emil H. Van Daalen e leng mora oa Martha Van Daalen.

^ ser. 24 Sheba Tsoha! (ea Senyesemane) ea June 22, 1952, leqepheng la 3-4.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Emilia Pederson

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ka 1916: ’Mè, Ntate (o nkile Marvin); ka tlaase, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: ke Orlen, Ester, Lilian, Mildred

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Leo le Eunice, pelenyana ho lefu la bona

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ka 1950: Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona, ka holimo: Ke Ester, Mildred, Lilian, Eunice, Ruth; ka tlaase: Ke Orlen, ’Mè, Ntate, le Marvin

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

George le Ruth Pappas mosebetsing oa potoloho, ka 2001