Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Baromuoa ba Khothalletsoa Hore ba Tšoane le Jeremia

Baromuoa ba Khothalletsoa Hore ba Tšoane le Jeremia

Kabo ea Mangolo ea Bo125 ea Gileade

Baromuoa ba Khothalletsoa Hore ba Tšoane le Jeremia

GEOFFREY JACKSON oa Sehlopha se Busang, o ile a bolela hore, “sehlopha sena sa Gileade ke sa bohlokoa ka ho fetisisa historing.” O ne a bua le batho ba 6 156 ba neng ba le teng ha sehlopha sa bo125 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se ne se abeloa mangolo ka la 13 September, 2008. Sekolo sa Gileade se se se rometse baromuoa ba fetang 8 000 “karolong e hōle-hōle ea lefatše,” ho akarelletsa le bana ba 56 ba neng ba abeloa mangolo.—Lik. 1:8.

Mor’abo rōna Jackson, eo e neng e le molula-setulo oa lenaneo la kabo ea mangolo, o ile a ba botsa, “Na ho bua ka mokhoa o kholisang ho tla ntlafatsa boboleli ba hao?” Ka mor’a moo o ile a thathamisa lintho tse ’nè tse etsang hore motho a khone ho bua ka mokhoa o kholisang: ho ba le maikutlo a matle, ho beha mohlala o motle, ho theha thuto ka tieo Lentsoeng la Molimo le ho shebana le taba ea ho tsebahatsa lebitso la Jehova.

David Schafer, ea sebetsang le Komiti ea Thuto, o ile a bua ka sehlooho se reng, “Na U Tla Utloisisa Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe?” O ile a tiisetsa liithuti tsa Gileade hore haeba li tsoela pele ho batla Jehova ’me ka boikokobetso li mamela “lekhoba le tšepahalang le le masene,” li ka “utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe” e hlokahalang e le hore li atlehe ho sebetsa e le baromuoa.—Liprov. 28:5; Mat. 24:45.

Ka mor’a moo, John E. Barr oa Sehlopha se Busang o ile a bua ka sehlooho se reng, “U se ke Ua Lumella Letho Hore le U Arohanye le Lerato la Molimo.” Keletso ea Mor’abo rōna Barr e kang ea ntate e ile ea kokobetsa letsoalo leo e ka ’nang eaba ba neng ba abeloa mangolo le batsoali ba bona ba ne ba ka ’na ba e-ba le lona la hore na ebe baromuoa ba bacha ba ne ba tla thulana le maemo afe likabelong tsa bona. O ile a hlalosa hore “ho ba leratong la Molimo ke ho ba sebakeng se sireletsehileng haholo le se nang le boiketlo bophelong ba rōna.” Ha ho letho le ka arohanyang baromuoa le lerato la Molimo ntle leha e le bona ba ikarohanyang le lerato la Molimo.

Sam Roberson oa Lefapha la Likolo Tsa Puso ea Molimo o ile a khothalletsa bamameli hore “ba apare seaparo sa liaparo.” Ha ba neng ba fuoa mangolo ba ithuta seo Jesu a se entseng ’me ba se sebelisa, ba ka ‘apara Morena Jesu Kreste.’ (Bar. 13:14) Ka mor’a moo, William Samuelson, molebeli oa Lefapha la Likolo Tsa Puso ea Molimo o ile a bontša ka ho hlaka hore na ke eng e etsang hore motho e be ea hlomphehang. Pono ea motho hase eona e etsang hore motho a hlomphehe empa motho o hlompheha ho latela pono ea Molimo.

E mong oa barupeli, e leng Michael Burnett, o ile a re liithuti li phete liphihlelo tseo li bileng le tsona tšimong nakong ea thupelo ea tsona. Le hoja liithuti tse ngata li ne li abetsoe masimong a sebetsoang hangata ha li le Sekolong sa Gileade se Patterson, New York, li ile tsa fumana batho ba thahasellang. Gerald Grizzle oa Ofisi ea Likopano o ile a buisana le barab’abo rōna ba bararo ba neng ba tlile Sekolong sa Litho Tsa Komiti ea Lekala. Litlhaloso tsa bona li ile tsa thusa ba neng ba abeloa mangolo Gileade hore ba itokisetse se tla etsahala linaheng tseo ba abetsoeng ho ea sebetsa ho tsona.

David Splane oa Sehlopha se Busang, eo e neng e le seithuti sa sehlopha sa bo42, o ile a fana ka puo e nang le sehlooho se reng, “Le Tšoane le Jeremia.” Le hoja Jeremia a ne a tšoenyehile ka lebaka la kabelo ea hae, Jehova o ile a mo matlafatsa. (Jer. 1:7, 8) Molimo o tla etsa se tšoanang le ho baromuoa bana ba bacha. Mor’abo rōna Splane o ile a re, “Haeba u e-na le bothata le motho e mong, lula fatše ebe u ngola lintho tse ntle tse leshome tseo u li ratang ka motho eo. Joale, haeba lintho tseo li se leshome, seo se bolela hore ha u e-s’o tsebe motho eo hantle.”

Jeremia e ne e le motho ea itelang. Ha a ne a batla ho lahla meja fatše, o ile a rapela ’me Jehova o ile a ba le eena. (Jer. 20:11) Mor’abo rōna Splane o ile a re, “ha u utloa u nyahame, buisana le Jehova ka taba eo. U tla hlolloa ke tsela eo Jehova a tla u thusa ka eona.”

Qetellong ea lenaneo la kabo ea mangolo, molula-setulo o ile a hopotsa bamameli hore ba neng ba abeloa mangolo ba ithutile litsela tse ngata tsa ho ntlafatsa bokhoni ba bona ba ho bua ka mokhoa o kholisang. Ha ba ntse ba paka libakeng tseo ba abetsoeng ho sebetsa ho tsona, ho bua ha bona ka mokhoa o kholisang ho tla matlafatsa molaetsa oo ba fanang ka oona.—Esa. 43:8-12.

[Lebokose le leqepheng la 22]

LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA

Palo ea linaha tse emetsoeng: 6

Palo ea linaha tseo li abetsoeng ho tsona: 21

Palo ea liithuti: 56

Karolelano ea lilemo: 32,9

Karolelano ea lilemo li le ’neteng: 17,4

Karolelano ea lilemo li le tšebeletsong ea nako e tletseng: 13

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Sehlopha sa Bo125 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo

Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng ka mong.

(1) Hodgson, A.; Wall, A.; Beerens, K.; Hortelano, M.; Newman, L.; De Caso, A. (2) Jenkins, J.; Jarzemski, T.; Méndez, N.; Corona, V.; Canalita, L. (3) Fryer, H.; Savage, M.; Tidwell, K.; Erickson, N.; Dyck, E.; McBeath, R. (4) Perez, L.; Puse, L.; Skidmore, A.; Young, B.; McBride, N.; Rondón, P.; Goodman, E. (5) Beerens, M.; Ferguson, J.; Pearson, N.; Chapman, L.; Wardle, J.; Canalita, M. (6) Perez, P.; De Caso, D.; Young, T.; Rondón, D.; Goodman, G.; Jenkins, M.; Dyck, G. (7) Corona, M.; Wall, R.; Puse, S.; Méndez, F.; Jarzemski, S.; Savage, T. (8) Newman, C.; Ferguson, D.; Skidmore, D.; Erickson, T.; McBride, J.; Pearson, M.; Chapman, M. (9) Hodgson, K.; Wardle, A.; McBeath, A.; Tidwell, T.; Fryer, J.; Hortelano, J.