Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo Lipolelo Tsa Jesu li Tlisang Thabo

Kamoo Lipolelo Tsa Jesu li Tlisang Thabo

Kamoo Lipolelo Tsa Jesu li Tlisang Thabo

“[Jesu] a nyolohela thabeng; ’me . . . barutuoa ba hae ba tla ho eena; eaba . . . o qala ho ba ruta.”—MAT. 5:1, 2.

1, 2. (a) Jesu o ile a fana ka Thuto ea hae ea Thabeng maemong afe? (b) Jesu o ile a qala puo ea hae joang?

KE SELEMO sa 31 C.E. Jesu o emisa leeto la hae la boboleli Galilea hanyenyane e le hore a e’o keteka Paseka Jerusalema. (Joh. 5:1) Ha a khutlela Galilea o rapela bosiu kaofela, a kōpa Molimo hore a mo tataise ha a khetha baapostola ba 12. Letsatsing le latelang letšoele lea bokana ha a ntse a folisa batho ba kulang. O lula fatše mosikong oa thaba ’me o qala ho ruta barutuoa ba hae le batho ba bang.—Mat. 4:23–5:2; Luka 6:12-19.

2 Puong ea hae ea Thuto ea Thabeng, Jesu o ile a qala ka ho bontša hore thabo e tlisoa ke ha motho a e-na le kamano e ntle le Molimo. (Bala Matheu 5:1-12.) Thabo ke boemo ba ho ba le boiketlo bo bonoang ka ho khotsofala le ho nyakalla. Lintho tse robong tse tlisang thabo tseo Jesu a buileng ka tsona li bontša hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba thabile, ’me lipolelo tsena li ntse li le molemo kajeno joalokaha li ne li le molemo hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng. Joale, a re ke re li tšohleng ka bonngoe.

“Ba Elang Hloko Tlhoko ea Bona ea Moea”

3. Ho ela hloko tlhoko ea rōna ea moea ho bolela’ng?

3 “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Mat. 5:3) “Ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea” baa hlokomela hore ke mafutsana moeeng ’me ba hloka mohau oa Molimo.

4, 5. (a) Ke hobane’ng ha batho ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea ba thabile? (b) Tlhoko ea rōna ea moea e ka khotsofatsoa joang?

4 Ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea ba thabile “kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” Ho amohela hore Jesu ke Mesia ho ile ha etsa hore barutuoa ba hae ba pele ba fumane monyetla oa ho busa le eena ’Musong oa Molimo oa leholimo. (Luka 22:28-30) Ho sa tsotellehe hore na rōna ka borōna re na le tšepo ea ho ba majalefa le Kreste leholimong kapa re lebeletse ho fumana bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng pusong ea ’Muso, re ka thaba haeba ka sebele re ela hloko tlhoko ea rōna ea moea ’me re hlokomela hore re hloka thuso ea Molimo.

5 Hase batho bohle ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ba bangata ha ba na tumelo ebile ha ba ananele lintho tse halalelang. (2 Bathes. 3:1, 2; Baheb. 12:16) Litsela tsa ho khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea li akarelletsa ho khothalla ho ithuta Bibele, ho chesehela mosebetsi oa ho etsa barutuoa le ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste.—Mat. 28:19, 20; Baheb. 10:23-25.

Batho ba Siameng ba ‘Thabileng’

6. Batho “ba siameng” ke bo-mang, hona ke hobane’ng ha ba ‘thabile’?

6 “Ho thaba ba siameng, kaha ba tla tšelisoa.” (Mat. 5:4) “Ba siameng” ke ntho e le ’ngoe le “ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” Ha baa siama ka lebaka la ho belaella tse ba hlahelang bophelong. Ba siamisitsoe ke ho utloa bohloko ka lebaka la boetsalibe ba bona le ka lebaka la maemo a teng a bakoang ke ho se phethahale ha batho. Ke hobane’ng ha batho bao ba siameng ba ‘thabile’? Ke hobane ba bontša tumelo ho Molimo le Kreste ’me ba tšelisoa ke ho ba le kamano e ntle le Jehova.—Joh. 3:36.

7. Re lokela ho ba le maikutlo afe ka lefatše la Satane?

7 Na re le batho ka bomong re siame ka lebaka la bobe bo atileng lefatšeng la Satane? Ha e le hantle re ikutloa joang ka lintho tsa lefatše lee? Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate.” (1 Joh. 2:16) Ebe joale ke sefe seo re lokelang ho se etsa haeba re hlokomela hore bomoea ba rōna bo senngoa ke “moea oa lefatše,” e leng moea o nang le tšusumetso o laolang batho ba furaletseng Molimo? Kahoo, a re rapeleng ka tieo, re ithute Lentsoe la Molimo re be re kōpe thuso ea baholo. Ha re atamela haufi le Jehova, re tla “iphumanela matšeliso,” ho sa tsotellehe hore na ke eng e re tšoenyang.—1 Bakor. 2:12; Pes. 119:52; Jak. 5:14, 15.

“Ba Maikutlo a Bonolo” ba Thabile Hakaakang!

8, 9. Ho ba le maikutlo a bonolo ho bolela’ng, ’me ke hobane’ng ha batho ba nang le maikutlo a bonolo ba thabile?

8 “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Mat. 5:5) “Maikutlo a bonolo,” kapa bonolo, ha bo bolele hore motho oa fokola kapa o bonolo ba boikaketsi. (1 Tim. 6:11) Haeba re e-na le maikutlo a bonolo, re tla bontša bonolo ka hore re etse thato ea Jehova le ka ho amohela tataiso ea hae. Re tla boela re bontše maikutlo a bonolo ka tsela eo re sebelisanang le balumeli-’moho le rōna hammoho le batho ba bang ka eona. Bonolo bo joalo bo lumellana le keletso ea moapostola Pauluse.—Bala Baroma 12:17-19.

9 Ke hobane’ng ha ba nang le maikutlo a bonolo ba thabile? Jesu ea nang le maikutlo a bonolo o itse ke hobane “ba tla rua lefatše.” Ke Mojalefa ea ka sehloohong oa lefatše. (Pes. 2:8; Mat. 11:29; Baheb. 2:8, 9) Leha ho le joalo, ba maikutlo a bonolo bao e leng “majalefa hammoho le Kreste” ba ja lefa la lefatše le eena. (Bar. 8:16, 17) Ha ’Muso oa Jesu o se o busa lefatšeng, batho ba bang ba bangata ba bonolo ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Pes. 37:10, 11.

10. Ho se be bonolo ho ka ’na ha ama litokelo tsa rōna tsa tšebeletso le kamano ea rōna le ba bang joang?

10 Re lokela ho ba le maikutlo a bonolo joaloka Jesu. Empa ho ka etsahala’ng haeba re tsejoa re le batho ba ratang ntoa? Haeba re le batho ba likhoka re bile re le mabifi joalo, batho ba tla re koekoetla. Haeba ho e-na le barab’abo rōna ba lakatsang ho ba le boikarabelo ka phuthehong, mokhoa ona o ka etsa hore ba se ke ba tšoaneleha. (1 Tim. 3:1, 3) Pauluse o ile a bolella Tite hore a ’ne a hopotse Bakreste ba Kreta hore ba ‘se ke ba rata ntoa, ba be le kahlolo e molemo, ba bontše bonolo bohle ho batho bohle.’ (Tite 3:1, 2) Bonolo bo joalo ke tlhohonolofatso e kaakang ho ba bang!

Ba Lapela “ho Loka”

11-13. (a) Ho lapa le ho nyoreloa ho loka ho bolela’ng? (b) Ba lapelang le ho nyoreloa ho loka ba tla “khorisoa” joang?

11 “Ho thaba ba lapelang le ho nyoreloa ho loka, kaha ba tla khorisoa.” (Mat. 5:6) “Ho loka” hoo Jesu a neng a nahanne ka hona ke bokhoni ba ho etsa se lumellanang le thato ea Molimo le litaelo tsa hae. Mopesaleme o ile a bolela hore o ne a “hateletsoe ke ho hloloheloa” liqeto tsa Molimo tsa boahloli tse lokileng. (Pes. 119:20) Na re nka ho loka e le habohlokoa haholo hoo re ho lapelang le ho ho nyoreloa?

12 Jesu o ile a re ba lapelang le ho nyoreloa ho loka ba ne ba tla thaba hobane ba ne ba tla “khorisoa,” kapa ba khotsofatsoe ka ho feletseng. Sena se ile sa etsahala ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., hobane ka nako eo moea o halalelang oa Jehova o ile oa qala ho “fa lefatše bopaki bo kholisang malebana le . . . ho loka.” (Joh. 16:8) Ka moea o halalelang, Molimo o ile a bululela batho hore ba ngole Mangolo a Segerike a Bakreste a molemo haholo “bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Tim. 3:16) Moea oa Molimo o boetse o re thusa hore re “apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete.” (Baef. 4:24) Na hase ho khothatsang ho tseba hore batho ba bakileng ba batlang ho tšoareloa libe tsa bona ka sehlabelo sa Jesu e ka ba ba lokileng ka pel’a Molimo?—Bala Baroma 3:23, 24.

13 Ho lapela le ho nyoreloa ho loka ha ba bangata ba rōna, ho tla kholisoa ka ho feletseng ha re se re phela ka ho sa feleng maemong a lokileng lefatšeng. Ho fihlela seo se etsahala, a re ikemisetseng ho phela tumellanong le melao ea Jehova. Jesu o ile a re: “Le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha [Molimo].” (Mat. 6:33) Ha re etsa joalo re tla ba le mosebetsi o mongata oo re o etsang borapeling ba Molimo.—1 Bakor. 15:58.

Lebaka Leo ka Lona “ba Mohau” ba Thabileng

14, 15. Re ka bontša mohau joang, hona ke hobane’ng ha “ba mohau” ba thabile?

14 “Ho thaba ba mohau, kaha ba tla bontšoa mohau.” (Mat. 5:7) “Ba mohau” ba susumetsoa ke ho qenehela batho ba bang le ho ba utloela bohloko. Ka mohlolo, Jesu o ile a thusa batho ba bangata ba mahlomoleng hobane o ne a ba utloela bohloko. (Mat. 14:14) Mohau o bontšoa ha batho ba tšoarela ba ba sitetsoeng, feela joalokaha Jehova ka mohau a tšoarela ba bakileng. (Ex. 34:6, 7; Pes. 103:10) Re ka thusa batho ba mathateng ka ho bontša mohau ka tsela e boletsoeng ka holimo, ka mantsoe a rōna a mosa le ka liketso rōna tse mosa. Tsela e molemo ea ho bontša mohau ke hore re bolelle ba bang linnete tsa Bibele. Jesu o ile a hauhela bongata eaba o “qala ho bo ruta lintho tse ngata.”—Mar. 6:34.

15 Re na le lebaka la ho lumellana le polelo ea Jesu e reng: “Ho thaba ba mohau, kaha ba tla bontšoa mohau.” Haeba re hauhela ba bang, ho ka etsahala hore le bona ba re hauhele. Ha Molimo a re ahlola, a ka ’na a khetha hore a se ke a re ahlola haboima haeba re ile ra hauhela ba bang. (Jak. 2:13) Tšoarelo ea libe le bophelo bo sa feleng li tla fumanoa feela ke batho ba mohau.—Mat. 6:15.

Lebaka Leo ka Lona “ba Lipelo li Hloekileng” ba Thabileng

16. Ho ba ea ‘pelo e hloekileng’ ho bolela’ng, hona batho ba lipelo li hloekileng ba “bona Molimo” joang?

16 “Ho thaba ba lipelo li hloekileng, kaha ba tla bona Molimo.” (Mat. 5:8) Haeba ‘lipelo tsa rōna li hloekile,’ bohloeki boo bo tla bonahala ka lintho tseo re li ratang, tseo re li lakatsang le tse re susumetsang. Re tla bontša “lerato le tsoang pelong e hloekileng.” (1 Tim. 1:5) Kaha re tla be re hloekile ka hare, re tla “bona Molimo.” Sena ha se bolele hore re tla hle re bone Jehova ka mahlo, hobane “ha ho motho ea ka [bonang Molimo] ’me leha ho le joalo a phela.” (Ex. 33:20) Leha ho le joalo, kaha Jesu o ne a bonahatsa botho ba Molimo ka ho phethahetseng, o ne a ka re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Joh. 14:7-9) Kaha re barapeli ba Jehova ba lefatšeng, re ka “bona Molimo” ka ho hlokomela ha a re thusa. (Jobo 42:5) Bakreste ba tlotsitsoeng ba fihla sehlohlolong sa ho bona Molimo ha ba tsosetsoa bophelong ba moea ’me ba hlile ba bona Ntate oa bona ea leholimong.—1 Joh. 3:2.

17. Ha lipelo tsa rōna li hloekile seo se tla re ama joang?

17 Kaha pelo e hloekileng e hloekile boitšoarong le moeeng, ha e lule e nahana ka lintho tse sa hloekang mahlong a Jehova. (1 Likron. 28:9; Esa. 52:11) Haeba lipelo tsa rōna li hloekile, seo re se buang le seo re se etsang e tla ba se hloekileng ’me ho ke ke ha eba le boikaketsi tšebeletsong eo re e etsetsang Jehova.

“Ba Nang le Khotso” e ba Bara ba Molimo

18, 19. Batho “ba nang le khotso” ba itšoara joang?

18 “Ho thaba ba nang le khotso, kaha ba tla bitsoa ‘bara ba Molimo.’” (Mat. 5:9) “Ba nang le khotso” ba tsejoa ka seo ba tla se etsa le seo ba sa tl’o se etsa. Haeba re le batho ba mofuta oo Jesu a neng a nahanne ka oona, re na le khotso ’me ha re ‘busetse bobe ka bobe ho mang kapa mang.’ Ho e-na le hoo, ‘kamehla re phehella se molemo ho ba bang.’—1 Bathes. 5:15.

19 Moelelo o ka sehloohong oa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘ho ba le khotso’ ho Matheu 5:9, ke “ba bōpang khotso.” E le hore re kenyelletsoe har’a ba nang le khotso, re lokela ho tšoareha ka ho bōpa khotso. Batho ba bōpang khotso ha ba etse letho le ‘arolang ba tloaelaneng.’ (Liprov. 16:28) Re le batho ba nang le khotso, re nka mehato e tiileng ea ho ‘phehella khotso le batho bohle.’—Baheb. 12:14.

20. Ke bo-mang bao hona joale e leng “bara ba Molimo,” ’me ke bo-mang hape bao qetellong e tla ba bana ba Molimo?

20 Ba nang le khotso ba thabile hobane “ba tla bitsoa ‘bara ba Molimo.’” Jehova o nkile Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang hore e be “bara ba Molimo.” Ba se ba ntse ba e-na le kamano e haufi-ufi le Jehova kaha ke bana ba hae ebile ba bontša tumelo ho Kreste ’me ba rapela “Molimo oa lerato le oa khotso” ka lipelo tsohle tsa bona. (2 Bakor. 13:11; Joh. 1:12) Ho tla etsahala’ng ka “linku tse ling” tsa Jesu tse nang le khotso? Jesu e tla ba ‘Ntate oa tsona oa ka ho sa Feleng’ nakong ea puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete, empa qetellong ea eona o tla ipeha ka tlaase ho Jehova ’me tsona e tla ba bana ba Molimo ka ho feletseng.—Joh. 10:16; Esa. 9:6; Bar. 8:21; 1 Bakor. 15:27, 28.

21. Re tla itšoara joang haeba re “phela ka moea”?

21 Haeba re “phela ka moea,” batho ba bang ba tla bona habonolo hore re na le khotso. Re ke ke ra ‘hlohlelletsa tlhōlisano’ kapa “ra phephetsana.” (Bagal. 5:22-26; bapisa le Bibele—Phetolelo e Ncha.) Ho e-na le hoo, re leka ka matla hore re be le “khotso le batho bohle.”—Bar. 12:18.

Ba Thabile le Hoja ba Hlorisoa!

22-24. (a) Ke mabaka afe a etsang hore batho ba hlorisoang ka lebaka la ho loka e be ba thabileng? (b) Ho tla tšohloa eng lihloohong tse peli tse ithutoang tse latelang?

22 “Ho thaba ba hlorisitsoeng ka lebaka la ho loka, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Mat. 5:10) Ha Jesu a atolosa taba ena o ile a phaella ka ho re: “Ho thaba lōna ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa ’me ka leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka lōna ka lebaka la ka. Thabang ’me le tlōle ke thabo, kaha moputso oa lōna o moholo maholimong; etsoe ba ile ba hlorisa baprofeta ka tsela eo pele ho lōna.”Mat. 5:11, 12.

23 Joaloka baprofeta ba Molimo ba boholo-holo, Bakreste ba lebeletse hore ba tla hlouoa, ba hlorisoe ba be ba etselletsoe “ka lebaka la ho loka.” Leha ho le joalo, ha re mamella liteko tseo ka botšepehi, re thabela hore ebe re khahlisa Jehova ebile rea mo hlompha. (1 Pet. 2:19-21) Bohloko boo re bo utloang bo ke ke ba fokotsa thabo eo re e fumanang ha re sebeletsa Jehova hona joale kapa nakong e tlang. Bo ke ke ba fokotsa thabo ea ho busa le Kreste ’Musong oa leholimo kapa ea hore motho a fumane bophelo bo sa feleng e le e mong oa bafo ba lefatšeng ba ’muso oo. Mahlohonolo a joalo ke bopaki ba hore Molimo o mohau, o mosa ebile oa fana.

24 Ho na le lintho tse ling tse ngata tseo re ka ithutang tsona Thutong ea Thabeng. Lihloohong tse peli tse ithutoang tse latelang ho tšohloa lintho tse ling tse sa tšoaneng tseo re ka ithutang tsona. A re ke re boneng hore na re ka ’na ra sebelisa lipolelo tseo tsa Jesu Kreste joang.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha “ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea” ba thabile?

• Ke mabaka afe a etsang hore batho ba “maikutlo a bonolo” e be ba thabileng?

• Ke hobane’ng ha Bakreste ba thabile le hoja ba hlorisoa?

• Ke ntho efe e thabisang ho tseo Jesu a buileng ka tsona e u khahlang ka ho khetheha?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lintho tse robong tse tlisang thabo tseo Jesu a buileng ka tsona li ntse li le molemo kajeno joalokaha li ne li le molemo nakong eo

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Tsela e molemo ea ho bontša mohau ke hore re bolelle ba bang linnete tsa Bibele