Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Tšenolo—II

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Tšenolo—II

Lentsoe la Jehova Lea Phela

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Tšenolo—II

HO TLA etsahala’ng ka batho ba rapelang Jehova Molimo le ka ba sa mo rapeleng? Ho tla etsahala’ng ka Satane le bademona ba hae? Nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete ea Kreste, batho ba mamelang ba tla fumana mahlohonolo afe? Likarabo tsa lipotso tsena le lipotso tse ling tsa bohlokoa li fumanoa ho Tšenolo 13:1–22:21. * Likhaolo tsena li na le lipono tse 9 tsa ho qetela tsa lipono tse 16 tseo moapostola Johanne a ileng a li bona ho ella qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E.

Johanne oa ngola o re: “Ho thaba ea ballang holimo le ba utloang mantsoe a boprofeta bona, le ba bolokang lintho tse ngotsoeng ho bona.” (Tšen. 1:3; 22:7) Ha re bala le ha re sebelisa seo re ithutang sona bukeng ea Tšenolo seo se ka ama lipelo tsa rōna, sa matlafatsa tumelo ea rōna ho Molimo le ho Mora oa hae Jesu Kreste sa ba sa etsa hore re be le tšepo ka bokamoso. *Baheb. 4:12.

HO TŠOLLOA LIKOTLOLO TSE SUPILENG TSA BOHALE BA MOLIMO

(Tšen. 13:1–16:21)

Tšenolo 11:18 e re: “Lichaba tsa halefa, ’me khalefo [ea Molimo] ea tla, le nako e behiloeng bakeng sa . . . ho felisa ba senyang lefatše.” Ho bontša hore na ke hobane’ng ha khalefo ea Molimo e ile ea tla, pono ea borobeli e bontša mesebetsi ea “sebata . . . se [nang] le linaka tse leshome le lihlooho tse supileng.”—Tšen. 13:1.

Ponong ea borobong, Johanne o bona “Konyana e emeng Thabeng ea Sione” ’me ba emeng le eona ba le “likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene.” Ba “rekiloe har’a moloko oa batho.” (Tšen. 14:1, 4) Joale ho latela liphatlalatso tse etsoang ke mangeloi. Ponong e latelang, Johanne o bona “mangeloi a supileng a nang le likotlo tse supileng.” Ho hlakile hore Jehova ka boeena o laela mangeloi ana hore a tšollele “likotlolo [tsena] tse supileng tsa bohale ba Molimo” likarolong tse fapa-fapaneng tsa lefatše la Satane. Likotlolo tsena li tšetse liphatlalatso le litemoso tsa likahlolo tseo Molimo a tlang ho li liha. (Tšen. 15:1; 16:1) Lipono tsena tse peli li fana ka lintlha tse qaqileng tsa likahlolo tse ling tsa ’Muso tse amanang le bomalimabe ba boraro le ho letsoa ha terompeta ea bosupa.—Tšen. 11:14, 15.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

13:8—‘Moqolo oa bophelo oa Konyana’ ke eng? Ona ke moqolo oa tšoantšetso ’me ho oona ho ngotsoe feela mabitso a ba tla busa le Jesu Kreste ’Musong oa hae oa leholimo. Ho oona ho akarellelitsoe mabitso a Bakreste ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng, ba nang le tšepo ea ho fumana bophelo leholimong.

13:11-13—Sebata se nang le linaka tse peli se itšoara joaloka drakone joang ’me se etsa hore mollo o theohe leholimong joang? Taba ea hore sebata se nang le linaka tse peli—e leng ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika—se bua joaloka drakone e bontša hore se sebelisa litšoso, khatello le mabifi ho qobella batho hore ba amohele mokhoa oa sona oa ho busa. Se etsa hore mollo o theohe leholimong ka hore se iketse eka ke moprofeta oa ’nete ka ho bolela hore se hlōtse makhotla a bobe lintoeng tse peli tsa lefatše tsa lekholong la bo20 la lilemo le hore se hlōtse Bokomonisi.

16:17—‘Moea’ oo sekotlolo sa bosupa se tšolleloang ho oona ke eng? ‘Moea’ ona o tšoantšetsa monahano oa bosatane, e leng “moea [kapa maikutlo] oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele.” Moea ona o chefo o phefumolohuoa ke tsamaiso eohle ea lintho e khopo ea Satane.—Baef. 2:2.

Seo re Ithutang Sona:

13:1-4, 18. “Sebata” se tšoantšetsang mebuso ea batho se nyoloha “ka leoatleng,” ke hore matšoeleng a batho ba morusu. (Esa. 17:12, 13; Dan. 7:2-8, 17) Palo ea sebata sena se entsoeng ke Satane seo a bileng a se fileng matla, ke 666, e bontšang kamoo se sa phethahalang kateng. Ho utloisisa hore na sebata ke eng hoa re thusa e le hore re se ke ra se latela ka ho hlolloa kapa ra se rapela joalokaha batho ka kakaretso ba etsa.—Joh. 12:31; 15:19.

13:16, 17. Ho sa tsotellehe mathata ao re ka ’nang ra thulana le ’ona ha re etsa mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi, e kang “ho reka kapa ho rekisa,” ha rea lokela ho lumella sebata ho re hatella hore se laole bophelo ba rōna. Ho amohela ‘letšoao la sebata matsohong a rōna kapa liphatleng tsa rōna’ ho tla tšoana le ho lumella sebata hore se laole liketso tsa rōna kapa hore se ame menahano ea rōna.

14:6, 7. Phatlalatso ea lengeloi e re ruta hore ka potlako re lokela ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o hlomiloeng. Re lokela ho thusa liithuti tsa rōna tsa Bibele hore li tšabe Molimo li be li tlotlise Jehova.

14:14-20. Ha “lijalo tsa lefatše,” ke hore, ha ba tla pholosoa ba se ba bokeletsoe, e tla ba nako ea hore lengeloi le akhele pokello ea “morara oa lefatše” “ka sehatelong sa veine se seholo sa bohale ba Molimo.” Morara oo—e leng tsamaiso ea Satane e bolileng ea mebuso e busang batho hammoho le “masihla” a oona a litholoana tsa bobe—o tla senngoa ka ho sa feleng. Re lokela ho ikemisetsa hore re se ke ra susumetsoa ke morara oa lefatše.

16:13-16. ‘Lipolelo tse bululetsoeng tse sa hloekang’ li emela mashano a bademona ao morero oa ’ona e leng ho tiisa hore marena a lefatše ha a susumetsoe ke ho tšolloa ha likotlolo tse supileng tsa bohale ba Molimo empa ho e-na le hoo, a laoloa hore a hanyetse Jehova.—Mat. 24:42, 44.

16:21. Ha bofelo ba lefatše lena bo ntse bo atamela, ho phatlalatsoa ha likahlolo tsa Jehova khahlanong le tsamaiso ea Satane e khopo ho ka ’na ha akarelletsa lipolelo tse matla haholo tsa likahlolo tsa Molimo, tseo mohlomong li ka ’nang tsa tšoantšoa le leqhoa. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba tla ’ne ba tsoele pele ho nyefola Molimo.

MORENA EA HLŌTSENG OA BUSA

(Tšen. 17:1–22:21)

“Babylona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ke karolo e nyonyehang ea lefatše le khopo la Satane. Pono ea bo11 e mo hlahisa e le “seotsoa se seholo”—e leng mosali ea boitšoaro bo bobe—“ea palameng sebata se ’mala o sekareleta.” O tla felisoa ka ho feletseng ke “linaka tse leshome” tsa sebata sona sena se mo jereng. (Tšen. 17:1, 3, 5, 16) Pono e latelang e tšoantša seotsoa sena le “motse o moholo,” ’me e phatlalatsa ho oa ha oona, ebile e etsa boipiletso bo potlakileng ho batho ba Molimo ka ho re “tsoang ho eena.” Batho ba bangata ba llela ho oa ha motse ona o moholo. Leha ho le joalo, ho na le thabo leholimong ka lebaka la “lenyalo la Konyana.” (Tšen. 18:4, 9, 10, 15-19; 19:7) Ponong ea bo13, mopalami oa “pere e tšoeu” o loana le lichaba. O felisa lefatše le khopo la Satane.—Tšen. 19:11-16.

Ho tla etsahala’ng ka “noha ea pele,” e leng “Diabolose le Satane”? E tla “liheloa ka letšeng la mollo” neng? Sena ke se seng sa lintho tseo pono ea bo14 e buang ka tsona. (Tšen. 20:2, 10) Lipono tse peli tsa ho qetela li fana ka tlhase ea hore na bophelo bo tla ba joang Pusong ea Lilemo Tse Sekete. Ha “tšenolo” e fihla qetellong, Johanne o bona ‘nōka ea metsi a bophelo, e phallang ho theosa le bohare ba tsela e sephara,’ ’me ho etsoa memo e monate e eang ho “mang kapa mang ea nyoriloeng.”—Tšen. 1:1; 22:1, 2, 17.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

17:16; 18:9, 10—Ke hobane’ng ha “marena a lefatše” a sareloa ka lebaka la mokhatlo oo ’ona ka booona a o sentseng? Lebaka la ho sareloa ha ’ona ke la boithati feela. Ka mor’a hore Babylona e Moholo e timetsoe, ka ho hlakileng marena a lefatše a ile a qala ho hlokomela hore na e ne e a thusa hakae. E ile ea etsa hore liketso tsa ’ona tsa khatello li bonahale li amoheleha. Babylona e Moholo e ile ea boela ea a thusa ka ho thaothela bacha hore ba kene sesoleng. Ho feta moo, e ile ea phetha karolo ea bohlokoa ho etsa hore batho ba lule ba ikokobelitse.

19:12—Ho tla joang hore ebe Jesu ke eena feela ea tsebang lebitso la hae le sa tsebahaleng? Ho bonahala lebitso lena le emela boemo ba hae le litokelo tsa hae, tse kang tse boletsoeng ho Esaia 9:6, tseo Jesu a nang le tsona Letsatsing la Morena. Ha ho na motho ea tsebang lebitso lena empa ke eena feela ea le tsebang kaha litokelo tsa hae lia ikhetha, ’me ke eena feela ea ka utloisisang hore na ho bolela’ng ho ba boemong bo phahameng hakaalo. Leha ho le joalo, Jesu o kopanela tse ling tsa litokelo tsena le litho tsa sehlopha sa monyaluoa oa hae, ha e le hantle ‘o ngola lebitso lane la hae le lecha holim’a tsona.’—Tšen. 3:12.

19:14—Ke bo-mang ba tla palama le Jesu ka Armagedone? Ba bang ba tla ba har’a ‘mabotho a leholimong’ a tla ba le Jesu ntoeng ea Molimo e tla ba mangeloi hammoho le batlotsuoa ba hlōtseng ba seng ba amohetse moputso oa bona oa leholimong.—Mat. 25:31, 32; Tšen. 2:26, 27.

20:11-15—Ke mabitso a bo-mang a ngoloang ‘moqolong oa bophelo [kapa “bukeng ea bophelo”]’? Ona ke moqolo o nang le mabitso a bohle ba tla fuoa bophelo bo sa feleng—e leng Bakreste ba tlotsitsoeng, litho tsa bongata bo boholo le bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba tla fumana “tsoho ea ba lokileng.” (Lik. 24:15; Tšen. 2:10; 7:9) Mabitso a ba tla tsoha ‘tsohong ea ba sa lokang’ a tla ngoloa “bukeng ea bophelo” haeba feela ba etsa se tumellanong le “lintho tse ngotsoeng meqolong eo” ea litaelo e tla buloa Pusong ea Lilemo Tse Sekete. Leha ho le joalo, mabitso ha a ngoloe ka enke e sa hlakoheng. Mabitso a batlotsuoa e ba a ke keng a hlakoloa ka mor’a hore ba bontše hore ba tšepahala ho fihlela lefung. (Tšen. 3:5) Mabitso a ba fumanang bophelo lefatšeng e ba a ke keng a hlakoloa ha ba feta teko ea ho qetela bofelong ba lilemo tse sekete.—Tšen. 20:7, 8.

Seo re Ithutang Sona:

17:3, 5, 7, 16. “Bohlale bo tsoang holimo” bo re thusa ho utloisisa “sephiri sa mosali eo le sa sebata [se ’mala oa sekareleta] se mo jereng.” (Jak. 3:17) Sebata sena sa tšoantšetso se qalile e le Selekane sa Lichaba ’me hamorao sa tsosoa e le Machaba a Kopaneng. Ha ho pelaelo hore ho utloisisa sephiri sena ho tla re susumelletsa hore re chesehele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ho phatlalatsa letsatsi la ho ahlola ha Jehova.

21:1-6. Re ka kholiseha ka ho feletseng hore litlhohonolofatso tseo ho boletsoeng esale pele hore li tla ba teng pusong ea ’Muso li tla fela li be teng. Hobane’ng? Hobane ho boleloa sena ka tsona: “Li etsahetse!”

22:1, 17. “Nōka ea metsi a bophelo” e emela litokisetso tsa Jehova tsa ho lopolla batho ba mamelang sebeng le lefung. Karolo e itseng ea metsi ana ea fumaneha hona joale. E se eka re ke ke ra thabela feela ho amohela memo ea hore re tle ’me re “nke metsi a bophelo ntle ho tefo,” empa re boele re thabele ho mema ba bang ka cheseho!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Sheba buka e nang le sehlooho se reng Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, moo ho tšohloang buka ea Tšenolo temana ka temana.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Batho ba mamelang ba tla fumana mahlohonolo a makaakang pusong ea ’Muso!