Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lumella Lipolelo Tsa Jesu Hore li U Ame Maikutlo

Lumella Lipolelo Tsa Jesu Hore li U Ame Maikutlo

Lumella Lipolelo Tsa Jesu Hore li U Ame Maikutlo

“Eo Molimo a mo rometseng o bua lipolelo tsa Molimo.”—JOH. 3:34.

1, 2. Mantsoe a Jesu Thutong ea Thabeng a ka ’na a tšoantšoa le eng, hona ke hobane’ng ha re ka re a ne a thehiloe ‘lipolelong tsa Molimo’?

E ’NGOE ea lidaemane tse sehiloeng tse khōlō ka ho fetisisa tse tsejoang kajeno ke Star of Africa e boima ba lik’harete tse 530. Ka sebele ke lehakoe la bohlokoa! Leha ho le joalo, seo e leng sa bohlokoa haholo ke mahakoe a moea a fumanehang Thutong ea Jesu ea Thabeng. Seo ha sea lokela ho re makatsa hobane Jehova ke eena Mohloli oa lipolelo tsa Kreste! Ha e bua ka Jesu, Bibele e re: “Eo Molimo a mo rometseng o bua lipolelo tsa Molimo.”—Joh. 3:34-36.

2 Le hoja e ka ’na eaba Thuto ea Thabeng e ile ea fanoa ka nako e ka tlaase ho halofo ea hora, e ne e qotsitse ka makhetlo a 21 libukeng tse robeli tsa Mangolo a Seheberu. Kahoo, e ne e thehiloe ka tieo ‘lipolelong tsa Molimo.’ Hona joale a re ke re hlahlobeng kamoo re ka sebelisang tse ling tsa lipolelo tse ngata tsa bohlokoahali tse fumanehang thutong ena e bontšang tsebo ea Mora ea ratoang oa Molimo.

“Etsa Khotso le Mor’eno Pele”

3. Jesu o ile a fana ka keletso efe ka mor’a hore a lemose barutuoa ba hae ka liphello tsa ho halefa?

3 Kaha re Bakreste, re thabile ebile re na le khotso hobane re na le moea o halalelang oa Molimo, ’me tholoana ea oona e akarelletsa thabo le khotso. (Bagal. 5:22, 23) Jesu o ne a sa batle hore barutuoa ba hae ba hloke khotso le thabo, kahoo o ile a ba lemosa ka liphello tse bolaeang tsa ho halefa ka nako e telele. (Bala Matheu 5:21, 22.) Ka mor’a moo o ile a re: “Joale, haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.”Mat. 5:23, 24.

4, 5. (a) Ho ne ho buuoa ka “mpho” efe polelong ea Jesu e tlalehiloeng ho Matheu 5:23, 24? (b) Ho etsa khotso le mor’eno ea khopehileng ho bohlokoa hakae?

4 “Mpho” eo Jesu a buileng ka eona e ne e le nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe e neng e neheloa tempeleng Jerusalema. Ka mohlala, mahlabelo a liphoofolo e ne e le a bohlokoa hobane ka nako eo e ne e le karolo ea borapeli boo batho ba Jehova ba neng ba mo etsetsa bona. Leha ho le joalo, Jesu o ile a hatisa ntho eo e leng ea bohlokoa haholo ea hore pele motho a nyehela mpho ho Molimo, a etse khotso le mor’abo ea khopehileng.

5 Ho “etsa khotso” ho bolela ‘ho etsa hore ho be le poelano.’ Kahoo, ke thuto efe eo re e fumanang polelong ee ea Jesu? Ruri e lokela hore ebe tsela eo re sebelisanang le batho ba bang ka eona e amana ka ho toba le kamano ea rōna le Jehova. (1 Joh. 4:20) Ka sebele, mehleng ea boholo-holo, haeba motho ea neng a etsetsa Molimo linyehelo a ne a sa tšoare batho ba bang hantle, linyehelo tseo e ne e le tsa lefeela.—Bala Mikea 6:6-8.

Re Lokela ho Bontša Boikokobetso

6, 7. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikokobetsa ha re leka ho tsosa likamano tse nang le khotso le mor’abo rōna eo re mo khopisitseng?

6 Ho etsa khotso le barab’abo rōna ba khopehileng ho ka ’na ha leka boikokobetso ba rōna. Batho ba ikokobelitseng ha ba phehe khang kapa ho hlōlisana le balumeli-’moho le bona e le ha ba leka ho bontša hore ba nepile. Seo se ne se tla senya litaba, se etse hore ho be le boemo bo tšoanang le bo neng bo le teng har’a Bakreste ba Korinthe ea boholo-holo. Mabapi le boemo boo, moapostola Pauluse o ile a bua ntlha e etsang hore motho a nahane ha a ne a re: “Ho bolela ho hlōleha ka ho feletseng bakeng sa lōna hore ebe lea qosana. Ho e-na le hoo ke hobane’ng ha le sa itlohelle hore le fosetsoe? Ho e-na le hoo ke hobane’ng ha le sa itlohelle hore le etsetsoe bolotsana?”—1 Bakor. 6:7.

7 Jesu ha aa ka a re re lokela ho ea ho mor’abo rōna e le hore feela re mo kholise hore re nepile ’me eena o fositse. Sepheo sa rōna e lokela ho ba ho tsosa likamano tse nang le khotso. E le hore re etse khotso, re tlameha ho ntša maikutlo a rōna ka botšepehi. Ho boetse ho hlokahala hore re lumele hore motho e mong o utloisitsoe bohloko. Kahoo, haeba re entse phoso, ka sebele re tla batla ho kōpa tšoarelo ka boikokobetso.

‘Haeba Leihlo la Hao le Letona le Etsa Hore U Khoptjoe’

8. Pheta ka bokhutšoanyane mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 5:29, 30.

8 Thutong ea hae ea Thabeng Jesu o ile a fana ka keletso e bohlale tabeng ea boitšoaro. O ne a tseba hore litho tsa ’mele ea rōna tse sa phethahalang li ka ba le tšusumetso e kotsi ho rōna. Kahoo, o ile a re: “Joale, haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le honye ’me u le lahlele hōle le uena. Etsoe ho molemo haholo ho uena hore u lahleheloe ke se seng sa litho tsa hao ho e-na le hore ’mele oohle oa hao o lahleloe Gehena. Hape, haeba letsoho la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le khaole ’me u le lahlele hōle le uena. Etsoe ho molemo haholo ho uena hore u lahleheloe ke se seng sa litho tsa hao ho e-na le hore ’mele oohle oa hao o qetelle o le Gehena.”Mat. 5:29, 30.

9. ‘Mahlo’ a rōna kapa ‘matsoho’ a rōna a ka etsa hore re “khoptjoe” joang?

9 “Leihlo” leo Jesu a buileng ka lona le emela matla kapa bokhoni ba ho tsepamisa mohopolo nthong e itseng, ’me “letsoho” le emela seo re se etsang ka matsoho a rōna. Haeba re se hlokolosi, litho tsena tsa ’mele li ka ’na tsa etsa hore re “khoptjoe” ’me re khaotse “ho tsamaea le Molimo.” (Gen. 5:22; 6:9) Ha re lekoa hore re se ke ra mamela Jehova, re lokela ho nka khato e matla ea ho honya mahlo a rōna kapa ea ho khaola matsoho a rōna ka tsela ea tšoantšetso.

10, 11. Ke eng e ka re thusang hore re qobe boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate?

10 Re ka thibela mahlo a rōna ho sheba lintho tsa boitšoaro bo bobe joang? Jobo ea tšabang Molimo o ile a re: “Ke hlabile selekane le mahlo a ka. Kahoo nka ela moroetsana hloko joang?” (Jobo 31:1) Jobo e ne e le monna ea nyetseng ea neng a ikemiselitse hore a se ke a tlōla melao ea Molimo ea boitšoaro. Ho sa tsotellehe hore na re lenyalong kapa re masoha, re lokela ho ba le maikutlo ao. E le hore re qobe boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, re lokela ho tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo, o etsang hore ba ratang Molimo ba itšoare hantle.—Bagal. 5:22-25.

11 E le hore re qobe boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, e ka ’na ea e-ba hantle hore re ipotse: ‘Na ke lumella mahlo a ka hore a nketse hore ke lakatse ho sheba lintho tsa boitšoaro bo bobe tse fumanehang habonolo libukeng, thelevisheneng kapa Inthaneteng?’ A re boele re hopoleng mantsoe a morutuoa Jakobo a reng: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe; sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.” (Jak. 1:14, 15) Ha e le hantle, haeba motho leha e le ofe ea inehetseng ho Molimo “a tsoela pele ho sheba” e mong oa bong bosele ka sepheo sa boitšoaro bo bobe, o lokela ho etsa liphetoho tse khōlō joalokaha a ne a ka honya leihlo le ho le lahlela hōle.—Bala Matheu 5:27, 28.

12. Ke keletso efe ea Pauluse e ka re thusang ho loantša litakatso tsa boitšoaro bo bobe?

12 Kaha ho sebelisa matsoho a rōna ka tsela e sa nepahalang ho ka etsa hore re qetelle re tlōtse melao ea Jehova ea boitšoaro ka tsela e mpe haholo, re lokela ho ikemisetsa ka matla hore re lule re hloekile boitšoarong. Kahoo, re lokela ho ela hloko keletso ea Pauluse e reng: “Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.” (Bakol. 3:5) Mantsoe a reng “le bolaee,” a totobatsa bohato bo matla bo lokelang ho nkoa ba ho loantša litakatso tsa nama tsa boitšoaro bo bobe.

13, 14. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho qoba menahano le liketso tsa boitšoaro bo bobe?

13 E le hore motho a boloke bophelo ba hae, a ka ’na a lumela hore lingaka li mo khaole leoto kapa letsoho. Kahoo, e le hore re qobe menahano le liketso tsa boitšoaro bo bobe tse ka etsang hore re se ke ra amoheloa ke Jehova, ke habohlokoa hore ka tsela ea tšoantšetso, re ‘lahlele mahlo le matsoho hōle.’ Tsela e le ’ngoe feela ea hore re tle re pholohe timetso ea ka ho sa feleng e tšoantšetsoang ke Gehena, ke ea hore re lule re hloekile kelellong, boitšoarong le moeeng.

14 Ka lebaka la sebe seo re se futsitseng, le ho se phethahale, ho hlokahala hore re ikitlaelletse ho lula re hloekile boitšoarong. Pauluse o ile a re: “Ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba, e le hore, ka mor’a hore ke bolelle ba bang, ke se ke ka ba ea sa amoheleheng ka tsela e itseng.” (1 Bakor. 9:27) Ka lebaka leo, a re ikemisetseng ho sebelisa keletso ea Jesu ea boitšoaro, le ka mohla re se ke ra itumella ho etsa lintho ka litsela tse bontšang ho hloka teboho sehlabelong sa hae sa thekollo.—Mat. 20:28; Baheb. 6:4-6.

“Itloaetseng ho Fana”

15, 16. (a) Jesu o ile a beha mohlala joang tabeng ea ho fana? (b) Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Luka 6:38 a bolela’ng?

15 Lipolelo tsa Jesu le mohlala oa hae o ikhethang li etsa hore batho ba be le moea oa ho fana. O ile a bontša hore o fana haholo ka hore a tle lefatšeng molemong oa batho ba sa phethahalang. (Bala 2 Bakorinthe 8:9.) Jesu o ile a ithaopela ho tela khanya ea leholimo e le hore e ka ba motho oa nama le hore a nehelane ka bophelo ba hae bakeng sa batho ba baetsalibe, bao ba bang ba bona ba tla rua matlotlo leholimong e le majalefa-’moho le eena ’Musong. (Bar. 8:16, 17) Ha ho pelaelo hore Jesu o ile a khothalletsa ho fana ha a ne a re:

16 “Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa. Ba tla tšela likotleng tsa liaparo tsa lōna tekanyo e ntle, e hlohliloeng, e hlokohliloeng le e tšolohang. Etsoe tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona ka ho tšoanang.” (Luka 6:38) ‘Ho tšela ka kotleng’ ho hlalosa tloaelo eo barekisi ba bang ba neng ba e-na le eona ea ho tšela lintho ka momenong oa seaparo se habuhabu sa ka holimo sa moreki, se neng se tlangoa ka senyepa ebe ho etsoa mokotlana oo lintho li nkoang ka oona. Haeba re fana ka bolokolohi le rōna re ka ’na ra fuoa ka tekanyo e ntle, mohlomong nakong eo re hlokang.—Moek. 11:2.

17. Jehova o ile a beha mohlala o ikhethang oa ho fana joang, hona ke ho fana ha mofuta ofe ho ka etsang hore re thabe?

17 Jehova o rata batho ba fanang ba nyakaletse ebile oa ba putsa. Eena ka boeena o ile a beha mohlala o ikhethang ka hore a fane ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši “e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Pauluse o ile a ngola a re: “Ea jalang haholo o tla boela a kotule haholo. E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakor. 9:6, 7) Ka sebele rea thaba ebile re fumana meputso e meholo ha re sebelisa nako ea rōna, matla a rōna le matlotlo a rōna ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete.—Bala Liproverbia 19:17; Luka 16:9.

“U se ke Ua Letsa Terompeta ka Pele ho Uena”

18. Ke maemo afe a ka etsang hore ‘re se ke ra ba le moputso’ o tsoang ho Ntate oa rōna ea leholimong?

18 “Hlokomelang hore le se ke la bontša ho loka ha lōna ka pel’a batho e le hore le hlokomeloe ke bona; ho seng joalo le ke ke la ba le moputso ho Ntat’a lōna ea maholimong.” (Mat. 6:1) “Ho loka” hoo Jesu a neng a bua ka hona, ho ne ho bolela boitšoaro bo lumellanang le thato ea Molimo. O ne a sa bolele hore liketso tsa bomolimo ha lia lokela ho etsoa pontšeng, kaha o ne a ile a bolella barutuoa ba hae hore “leseli la [bona] le ke le khanye ka pel’a batho.” (Mat. 5:14-16) Empa re ‘ke ke ra ba le moputso’ o tsoang ho Ntate oa rōna ea leholimong haeba re etsa lintho ‘e le hore batho ba re hlokomele’ ba be ba re bohe joalokaha eka re batšoantšisi sethaleng sa lebala la liketsahalo. Haeba re e-na le maikutlo a joalo re ke ke ra ba le kamano e haufi le Molimo kapa ra fumana mahlohonolo a ka ho sa feleng a puso ea ’Muso.

19, 20. (a) Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re motho a se ke a “letsa terompeta” ha a etsa “limpho tsa mohau”? (b) Ke ka tsela efe re etsang hore letsoho le letšehali le se ke la tseba se etsoang ke le letona?

19 Haeba re e-na le maikutlo a nepahetseng, re tla mamela keletso ea Jesu e reng: “Kahoo ha u il’o etsa limpho tsa mohau, u se ke ua letsa terompeta ka pele ho uena, feela joalokaha baikaketsi ba etsa ka lisynagogeng le literateng, e le hore ba ka tlotlisoa ke batho. Kannete ke re ho lōna, Ba se ba e-na le moputso oa bona ka botlalo.” (Mat. 6:2) “Limpho tsa mohau” e ne e le menehelo e neng e ntšetsoa ho thusa bahloki. (Bala Esaia 58:6, 7.) Jesu le baapostola ba hae ba ne ba e-na le letlōle le neng se sebelisetsoa ho thusa mafutsana. (Joh. 12:5-8; 13:29) Kaha ho fa bahloki ho ne ho sa etelloe pele ka ho letsoa ha terompeta, ho hlakile hore Jesu o ile a sebelisa pheteletso ha a ne a re ha rea lokela ho “letsa terompeta” ka pele ho rōna ha re fana ka “limpho tsa mohau.” Ha re fana ka limpho tse joalo, ha rea lokela ho etsa mponeng joalokaha Bafarisi ba Bajuda ba ne ba etsa. Jesu o ile a re ke baikaketsi kaha ba ne ba phatlalatsa ka “lisynagogeng le literateng” menehelo eo ba neng ba e etsetsa bahloki. Baikaketsi bao ba ne “ba se ba e-na le moputso oa bona ka botlalo.” Ho rorisoa ke batho mohlomong le ho lula litulong tse ka pele haufi le bo-rabi ba neng ba nkeloa holimo lisynagogeng, ke oona feela moputso oo ba neng ba tla o fumana, hobane Jehova o ne a sa tl’o ba fa letho. (Mat. 23:6) Leha ho le joalo, ke sefe seo barutuoa ba Kreste ba neng ba lokela ho se etsa? Jesu o ile a ba bolella ebile le rōna oa re bolella o re:

20 “Empa uena, ha u etsa limpho tsa mohau, u se ke ua lumella letsoho la hao le letšehali hore le tsebe seo le letona le se etsang, e le hore limpho tsa hao tsa mohau li ka ba sephiring; joale Ntat’ao ea talimang sephiring o tla u buseletsa.” (Mat. 6:3, 4) Hangata matsoho a rōna a sebetsa ’moho. Kahoo, hore letsoho le letšehali le se ke la tseba se etsoang ke le letona ho bolela hore ha re phatlalatse lintho tseo re li etsetsang bahloki, esita le ho batho ba haufi-ufi le rōna joalokaha letsoho le letšehali le le haufi le le letona.

21. Ho buseletsoa ke Ea “talimang sephiring” ho akarelletsa eng?

21 Haeba re sa ithorise ha re fana, ‘limpho tsa rōna tsa mohau’ li tla ba ka sephiring. Joale, Ntate oa rōna “ea talimang sephiring,” o tla re buseletsa. Kaha o lula maholimong ebile batho ba ke ke ba mo bona ka mahlo, Ntate oa rōna ea leholimong o lula a le “sephiring,” ho batho. (Joh. 1:18) Ho buseletsoa ke “ea talimang sephiring” ho akarelletsa hore Jehova a etse hore re be le kamano e haufi-ufi le eena, a re tšoarele libe le hore a re fe bophelo bo sa feleng. (Liprov. 3:32; Joh. 17:3; Baef. 1:7) Hoo ho molemo haholo ho feta ho rorisoa ke batho!

Lipolelo Tsa Bohlokoa Tse Lokelang ho Ananeloa

22, 23. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka lipolelo tsa Jesu e le tsa bohlokoa?

22 Ka sebele Thuto ea Thabeng e na le mahakoe a bohlokoa a nang le lintho tse ngata tse ntle. Ha ho pelaelo hore e na le mantsoe a bohlokoahali a ka re thabisang esita le lefatšeng lena le likhathatso. Ruri re tla thaba haeba re nka lipolelo tsa Jesu e le tsa bohlokoa ’me re li lumella hore li susumetse maikutlo a rōna le tsela eo re phelang ka eona.

23 E mong le e mong ea “utloang” le ea ‘phethang’ seo Jesu a se rutileng o tla hlohonolofatsoa. (Bala Matheu 7:24, 25.) Kahoo, a re ikemisetseng ho latela keletso ea Jesu. Lipolelo tse ling tsa hae tsa Thuto ea Thabeng li tla tšohloa sehloohong sa ho qetela letotong lena la lihlooho.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa khotso le mor’abo rōna ea khopehileng?

• Re ka qoba ho khoptjoa ke ‘mahlo a rōna a matona’ joang?

• Re lokela ho ba le maikutlo afe ka ho fana?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ke ntho e ntle hakaakang ho “etsa khotso” le molumeli-’moho le uena ea khopehileng!

[Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]

Jehova o hlohonolofatsa ba fanang ba nyakaletse