Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mapato a Bakreste aa Hlompheha, a Itekanetse a Bile a Khahlisa Molimo

Mapato a Bakreste aa Hlompheha, a Itekanetse a Bile a Khahlisa Molimo

Mapato a Bakreste aa Hlompheha, a Itekanetse a Bile a Khahlisa Molimo

HOHLE ho utloahala mesarelo. Batho ba tlileng lepatong ba apereng liaparo tse ntšo tse khethehileng baa bokolla ba bile baa ithaburanya ka lebaka la ho sareloa. Ba tantšang ba ea le morethetho oa ’mino. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba keteka ka ho ithabisa ka ho ja le ka ho tšehela holimo. Ba seng ba kae ba rapaletse fatše ba phonkhane ka lebaka la ho ipolaisa veine ea palema le joala ba mahala. Ke sefe se etsahalang moo? Libakeng tse ling, tsena ke lintho tse tloaelehileng mapatong moo batho ba makholo ba bokanang ho felehetsa mofu.

Lipaki Tsa Jehova tse ngata li lula libakeng tseo ho tsona beng ka tsona le baahelani e leng batho ba tumela-khoela le ba tšabang bafu haholo. Batho ba limilione ba lumela hore ha batho ba e-shoa ba fetoha balimo ba nang le bokhoni ba ho thusa batho ba phelang kapa ba ho ba ntša kotsi. Meetlo e mengata ea mapato e amana haholo le tumelo ena. Ke ’nete hore ho sareloa ha motho a hlokahetse ke ntho e tloaelehileng. Ka linako tse ling, Jesu le baapostola ba hae ba ile ba llela batho ba neng ba hlokahetse bao ba neng ba ba rata. (Joh. 11:33-35, 38; Lik. 8:2; 9:39) Leha ho le joalo, ha ho mohla ba kileng ba llela bafu ka tsela e feteletseng e kang e neng e tloaelehile mehleng ea bona. (Luka 23:27, 28; 1 Bathes. 4:13) Hobane’ng? Lebaka le leng e ne e le hore ba ne ba tseba ’nete ka lefu.

Ka ho hlaka Bibele e re: “Etsoe ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho . . . Lerato la bona le lehloeo la bona le poulelo ea bona li se li timetse . . . Ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole [lebitla le tloaelehileng], e leng sebaka seo u eang ho sona.” (Moek. 9:5, 6, 10) Litemana tsena tsa Bibele tse bululetsoeng lia hlakisa hore ha motho a e-shoa, ha a sa utloa letho. A ke ke a nahana, a utloa, a bua kapa a utloisisa letho. Ho utloisisa ’nete ee ea bohlokoa ea Bibele ho tla ama tsela eo Bakreste ba tsamaisang mapato a bona ka eona joang?

‘Khaotsang ho Ama Ntho e sa Hloekang’

Ho sa tsotellehe hore na ke tsa mohlobo ofe kapa setso sefe, ho hang Lipaki Tsa Jehova li qoba meetlo e amanang le tumelo ea hore bafu baa phela le hore ba ka susumetsa batho ba phelang. Meetlo e kang tebelo, mekete ea mapato, boikhopotso ba letsatsi la lefu, mekete ea balimo le meetlo e etsoang ke molekane oa mofu kaofela ke lintho tse litšila tse bileng li sa khahliseng Molimo kaha li amana le thuto ea bodemona eo e seng ea Mangolo ea hore moea ha o shoe. (Ezek. 18:4) Bakreste ba ’nete ba “ke ke [ba] ja ‘tafoleng ea Jehova’ le tafoleng ea bademona,” kahoo, ha ba kenye letsoho meetlong ena. (1 Bakor. 10:21) Ba mamela taelo e reng: “Le ikarole, . . . le khaotse ho ama ntho e sa hloekang.” (2 Bakor. 6:17) Leha ho le joalo, hase kamehla ho leng bonolo ho etsa joalo.

Afrika le libakeng tse ling, ho lumeloa hore haeba ho sa phethoe meetlo e itseng, ho tla halefisoa balimo. Ho se phethe meetlo eo ho nkoa e le phoso e khōlō e ka etsang hore motse kaofela o hlaheloe ke bomalimabe. Ka lebaka la ho hana ho kopanela meetlong ea mapato e khahlanong le Mangolo, batho ba Jehova ba bangata ba ’nile ba nyatsuoa, ba rohakoa ba ba ba tšoaroa joaloka melahloa metseng ea habo bona kapa ke ba malapa abo bona. Ba bang ba ’nile ba nyatsuoa ka hore ba iketsa mekhelo le hore ha ba hlomphe bafu. Ka linako tse ling, batho bao e seng balumeli ba ’nile ba tsamaisa mapato a Bakreste ka mahahapa. Ka lebaka leo, re ka etsa joang hore re qobe likhohlano le batho ba tsitlellang hore ho phethoe meetlo ea lepato e sa khahliseng Molimo? Habohlokoa le ho feta, re ka etsa joang hore re se ke ra kenella meetlong e litšila le liketsong tse ka senyang kamano ea rōna le Jehova?

Etsa Hore Qeto ea Hao e Totobale

Libakeng tse ling, ho tloaelehile hore ba leloko ba kenelle liqetong tse etsoang mabapi le lepato. Kahoo, Mokreste ea tšepahalang o tlameha ho hlakisa hore lepato le tla hlophisoa le ho tsamaisoa ke Lipaki Tsa Jehova ho latela melao-motheo ea Bibele. (2 Bakor. 6:14-16) Se etsoang lepatong la Bokreste ha sea lokela ho tšoenya matsoalo a balumeli ba bang kapa ho khopisa ba bang ba tsebang seo re se lumelang le seo re se rutang ka bafu.

Ha moemeli oa phutheho ea Bokreste a kōptjoa hore a tsamaise lepato, baholo ba khethiloeng ba ka fana ka litlhahiso tse molemo ba ba ba thusa ba hlokahaletsoeng hore ba utloisise melao-motheo ea Bibele e sebetsang ha ho tsamaisoa lepato, e le hore sohle se tla etsoa se lumellane le tataiso ea Mangolo. Haeba batho bao eseng Lipaki ba batla ho kenyelletsa mekhoa e sa hloekang, ke habohlokoa hore Mokreste a eme a tiile ’me ka sebete a hlalose boemo ba rōna ba Bokreste ka mosa le ka tlhompho. (1 Pet. 3:15) Empa ke sefe se lokelang ho etsoa haeba beng ka motho ba sa lumelang ba ntse ba tsitlella ho kenyelletsa meetlo e sa hloekang litokisetsong tsa lepato? Ha ho le joalo, litho tsa lelapa tseo e leng balumeli li ka ’na tsa etsa qeto ea ho ikhula lepatong leo. (1 Bakor. 10:20) Ha sena se etsahala ho ka ’na ha behoa puo e khutšoanyane Holong ea ’Muso kapa sebakeng se seng se loketseng e le hore ho ka fanoa ka “matšeliso a tsoang Mangolong” ho batho ba saretsoeng e le kannete ka lebaka la lefu la motho eo ba mo ratang. (Bar. 15:4) Le hoja setopo sa mofu se le sieo, tokisetso e joalo e tla ba e hlomphehang le e amohelehang ka hohle-hohle. (Deut. 34:5, 6, 8) Likhathatso tse bakoang ke batho ba sa lumelang li ka ’na tsa eketsa ho imeloa kelellong le masoabi a bakoang ke ketsahalo ena, empa re ka tšelisoa ke ho tseba hore Molimo o hlokomela boikemisetso ba rōna ba ho etsa se nepahetseng ’me ke eena ea ka re fang “matla a fetang se tloaelehileng.”—2 Bakor. 4:7.

Ngola Fatše Seo U Batlang Hore se Etsoe

Ha motho a ngotse litaelo tsa seo a batlang hore se tle se etsoe lepatong la hae, ho ba bonolo hore ho behelanoe mabaka le litho tsa lelapa tseo eseng Lipaki, kaha hangata li ka ’na tsa hlompha litakatso tsa mofu. Hore na lepato le lokela ho tsamaisoa joang, le tšoareloe hokae le hore na ke mang eo e leng eena feela ea nang le matla a ho etsa litlhophiso tsa lepato le ho le tsamaisa, kaofela ke lintlha tsa bohlokoa tse lokelang ho ngoloa fatše. (Gen. 50:5) Tokomane e saennoeng ke mong’a eona le ke lipaki, ke eona e molemo ka ho fetisisa. Batho ba lokisetsang bokamoso ka tsebo le ka bohlale bo thehiloeng melao-motheong ea Bibele, baa tseba hore ha baa lokela ho leta ho fihlela ha ba se ba tsofetse haholo kapa ba se ba kulela lefu pele ba nahana ka ho nka bohato bona.—Liprov. 22:3; Moek. 9:12.

Batho ba bang ba ’nile ba e-ba leqe ho ngola litaelo tseo fatše. Leha ho le joalo, ha re li ngola fatše re bontša hore re Bakreste ba hōlileng moeeng le ba tsotellang batho ba bang. (Bafil. 2:4) Ho molemo haholo ho lokisa lintho tsena ka bouena ho e-na le hore u li tlohellele ba lelapa ba tla beng ba le mahlomoleng, bao ho ka ’nang ha etsahala hore ba hatelloe ho amohela mekhoa e sa hloekang eo mofu a neng a sa lumele ho eona a bile a sa e amohele.

Etsa Hore Lepato e be le Itekanetseng

Libakeng tse ngata tsa Afrika, ho atile tumelo ea hore lepato e tlameha hore e be le leholo le le khotsoang e le hore ho se ke ha halefisoa balimo. Ba bang ba sebelisa mapato ho etsa “pontšo ea mponeng” ea boemo ba bona sechabeng le licheleteng. (1 Joh. 2:16) Ho sebelisoa nako e ngata le matla hammoho le chelete e ngata e le hore ho etsoe lepato leo batho ba nkang hore le letle. E le hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba tle lepatong, ho behoa liboto tse khōlō tse nang le setšoantšo sa mofu libakeng tse sa tšoaneng, ’me ka tsela eo ho bontšoa phatlalatsa hore ho na le lepato. Ho etsoa likipa tse nang le setšoantšo sa mofu ’me li fuoa batho e le hore ba tle ba li apare lepatong. Ho rekoa makese a majabajaba a theko e boima e le hore ho khahlisoe batho. Naheng e ’ngoe ea Afrika, batho ba bang ba bile ba etsa makese a tšoanang le likoloi, lifofane, likepe kapa lintho tse ling e le ho bontša hore ke barui ebile ke batho ba boemo bo phahameng le hore ba phela mabothobothong. Setopo se ka ’na sa ntšoa ka lekeseng eaba se behoa betheng e khabisitsoeng ka mokhoa o khethehileng e le hore batho ba se bone. Mosali a ka ’na a apesoa mose oa lechato o mosoeu eaba o khabisoa ka mabenyane a mangata le lifaha ebe o tlotsoa ka litlolo hore a be motle. Na ho hlile ho loketse hore batho ba Molimo ba kenye letsoho mekhoeng e joalo?

Bakreste ba hōlileng moeeng ba bona bohlokoa ba ho qoba ho kenella mekhoeng e joalo e feteletseng e etsoang ke batho ba sa tsebeng melao-motheo ea Molimo kapa ba sa e tsotelleng. Rea hlokomela hore mekhoa e bontšang ho iphahamisa le e khahlanong le Mangolo ‘ha e simolohe ho Molimo, empa e simoloha lefatšeng lena le fetang.’ (1 Joh. 2:15-17) Re lokela ho ba hlokolosi haholo hore re se ke ra iphumana re se re e-na le moea oa tlhōlisano oo eseng oa Bokreste oa ho batla ho hlōlisa ba bang. (Bagal. 5:26) Ho se ho bonahetse hore haeba meetlo ea batho le tsela eo ba phelang ka eona e susumetsoa ke ho tšaba bafu, hangata ho etsoa mapato a maholo ao ho leng thata ho a laola, ka lebaka leo a ka tsoa taolong habonolo. Ho hlompha mofu ka tsela eo e kang oa rapeloa ho ka susumetsa batho ba sa lumelang hore ba qetelle ba entse lintho tse sa hloekang. Mapatong a joalo, batho ba ka bokolla haholo ka tsela e tsoileng taolong, ba kopa setopo ka matsoho, ba buisana le sona joalokaha eka sea phela ba ba ba tlamella chelete le lintho tse ling ho sona. Haeba sena se ne se ka etsahala lepatong la Bokreste, se ne se ka etsa hore lebitso la Jehova le la batho ba hae le rohakoe haholo.—1 Pet. 1:14-16.

Kaha re tseba ’nete ka boemo ba bafu, ka sebele sena se lokela ho re fa sebete sa hore re tsamaise mapato a rōna ka tsela e se nang ntho leha e le efe e etsoang ke lefatše. (Baef. 4:17-19) Le hoja Jesu e ne e le motho e moholo le oa bohlokoa ka ho fetisisa ea kileng a phela, o ile a patoa ka tsela e sa hlahellang le e itekanetseng. (Joh. 19:40-42) Ho ba nang le “kelello ea Kreste,” lepato le joalo ha le hlabise lihlong. (1 Bakor. 2:16) Ka sebele, ho boloka mapato a Bokreste e le a sa rarahanang le a itekanetseng ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho qoba lintho tse khahlanong le Mangolo le ho etsa hore ho be le moea oa khutso o nang le seriti, o khahlehang le o tšoanelang batho ba ratang Molimo.

Na Batho ba Lokela ho Ithabisa?

E ka ’na eaba ho tloaelehile hore ka mor’a lepato beng ka mofu, baahelani le batho ba bang ba bokane ka bongata ebe baa keteka ba bile ba tantša ba letsitse ’mino o lerata. Hangata meketeng ena ea lepato batho ba ipolaisa joala ebile ho ba le boitšoaro bo bobe. Batho ba bang ba bolela hore ha ba ithabisa joalo seo se ba thusa hore ba tlose mesarelo e bakoang ke lefu. Ba bang ba bolela hore ke moetlo oa bona. Leha ho le joalo, ba bangata ba lumela hore mokete o lerata joalo ke moetlo o lokelang ho etsoa ho tlotla le ho rorisa mofu le ho lokolla moea oa hae e le hore a tsebe ho fetela ho baholo-holo ba hae.

Bakreste ba ’nete ba hlokomela khothatso e bohlale ea Mangolo e reng: “Matšoenyeho a molemo ho feta litšeho, etsoe ka ho hlonama ha sefahleho pelo e ba molemo.” (Moek. 7:3) Ho feta moo, ba tseba melemo ea hore motho a nahanisise ka bokhutšoanyane ba bophelo le ka tšepo ea tsoho. Ka sebele, ho batho ba nang le kamano e matla le Jehova, ‘letsatsi la ho shoa le molemo ho feta letsatsi la ho tsoaloa ha bona.’ (Moek. 7:1) Ka lebaka leo, ho tseba hore mekete ea boithabiso e etsoang mapatong e tsamaea le litumelo tse amanang le meea le boitšoaro bo bobe ho etsa hore ho hang ebe ho sa lokelang hore Bakreste ba ’nete ba hlophise mekete e joalo kapa hore ba ee ho eona. Ho ba hammoho le batho ba ratang menyaka lepatong ho ka bontša hore ha re hlomphe Molimo le matsoalo a batho ba rapelang Jehova ’moho le rōna.

A re Etseng Hore Batho ba Bang ba Bone Phapang

Re thaba hakaakang hore ebe ha re tšosoe ke bafu hoo re tlakaselang joalokaha ho tloaelehile ho batho ba leng lefifing la moea! (Joh. 8:32) Joaloka “bana ba leseli,” re bontša hore re utloile bohloko le ho sareloa ka tsela e bontšang hore re na le leseli la moea, e itekanetseng, e hlomphehang le e matlafatsoang ke tšepo e tiileng ea tsoho. (Baef. 5:8; Joh. 5:28, 29) Ho ba le tšepo e joalo, ho re thusa hore re se ke ra sareloa hoo re tšoenyehang haholo kaha hangata batho ba sareloang haholo ke “ba se nang tšepo.” (1 Bathes. 4:13) Ho tla re fa sebete e le hore re emele borapeli bo hloekileng, eseng ho inehella ho tšaba batho.—1 Pet. 3:13, 14.

Ha re sebetsa ka botšepehi tumellanong le melao-motheo ea Mangolo re tla etsa hore batho ba ‘bone phapang pakeng tsa ba sebeletsang Molimo le ba sa mo sebeletseng.’ (Mal. 3:18) Ka letsatsi le leng, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. (Tšen. 21:4) Ha re ntse re emetse ho phethahala ha tšepiso ena e khōlō, e se eka Jehova a ka re fumana re se na letheba, re se na sekoli ’me re arohile ka ho feletseng lefatšeng lena le khopo le liketsong tsa lona tse sa hlompheng Molimo.—2 Pet. 3:14.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Ke bohlale hore motho a ngole fatše litaelo tsa seo a batlang hore se tle se etsoe lepatong la hae

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Mapato a Bakreste e lokela ho ba a itekanetseng le a hlomphehang