Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Lipolelo Tsa Jesu li Susumetsa Lithapelo Tsa Hao?

Na Lipolelo Tsa Jesu li Susumetsa Lithapelo Tsa Hao?

Na Lipolelo Tsa Jesu li Susumetsa Lithapelo Tsa Hao?

“Ha Jesu a qeta lipolelo tsena, phello ea e-ba hore bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.”—MAT. 7:28.

1, 2. Ke hobane’ng ha bongata bo ile ba hlolloa ke tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona?

RE LOKELA ho amohela lipolelo tsa Mor’a ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo, e leng Jesu Kreste, re be re li sebelise bophelong ba rōna. Ka sebele, ha ho motho ea neng a bua joaloka eena, hobane batho ba ile ba hlolloa ke tsela eo a ileng a ruta ka eona Thutong ea Thabeng.—Bala Matheu 7:28, 29.

2 Mora oa Jehova ha aa ka a ruta joaloka bangoli, bao lipuo tsa bona tse telele li neng li thehiloe lithutong tsa batho ba sa phethahalang. Kreste o ne a ruta “joaloka motho ea nang le matla” hobane o ne a bua se tsoang ho Molimo. (Joh. 12:50) Kahoo, a re ke re hlahlobeng kamoo lipolelo tse ling tsa Jesu Thutong ea Thabeng li ka susumetsang lithapelo tsa rōna le kamoo li lokelang ho li susumetsa kateng.

Le ka Mohla U se ke Ua Rapela Joaloka Baikaketsi

3. Pheta ka bokhutšoanyane seo Jesu a ileng a se bua ho Matheu 6:5.

3 Thapelo ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete, ’me re lokela ho rapela Jehova kamehla. Empa lithapelo tsa rōna li lokela ho susumetsoa ke lipolelo tsa Jesu tse Thutong ea Thabeng. O ile a re: “Ha le rapela, le se ke la ba joaloka baikaketsi; hobane ba rata ho rapela ba eme ka lisynagogeng le likhutlong tsa litsela tse sephara hore ba bonahale ho batho. Kannete ke re ho lōna, Ba se ba e-na le moputso oa bona ka botlalo.”Mat. 6:5.

4-6. (a) Ke hobane’ng ha Bafarisi ba ne ba rata ho rapela “ba eme ka lisynagogeng le likhutlong tsa litsela tse sephara”? (b) Baikaketsi bao ba ne “ba e-na le moputso oa bona ka botlalo” joang?

4 Ha barutuoa ba Jesu ba rapela, ba ne ba sa lokela ho etsisa “baikaketsi” ba kang Bafarisi ba neng ba qhekella ba bang ka ho iketsa eka baa halalela. (Mat. 23:13-32) Baikaketsi bao ba ne ba rata ho rapela “ba eme ka lisynagogeng le likhutlong tsa litsela tse sephara.” Hobane’ng? E le hore ba “bonahale ho batho.” Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tloaetse ho rapela e le phutheho ha ho ne ho etsoa mahlabelo tempeleng (hoo e ka bang ka hora ea borobong hoseng le ka hora ea boraro thapama). Baahi ba bangata ba Jerusalema ba ne ba rapela hammoho le letšoele la barapeli mehahong ea tempele. Ka ntle ho motse oo, Bajuda ba chesehang ba ne ba rapela habeli ka letsatsi ha ba ntse ba “eme ka lisynagogeng.”—Bapisa le Luka 18:11, 13.

5 Kaha ho ne ho sa etsahale hore batho ba bangata ba be haufi le tempele kapa synagoge bakeng sa lithapelo tse boletsoeng ka holimo, ba ne ba ka ’na ba rapela hohle moo ho neng ho ka etsahala hore ebe ba hona teng ka linako tseo. Batho ba bang ba ne ba rata hore nako ea thapelo e ba fumane ba le “likhutlong tsa litsela tse sephara.” Ba ne ba batla hore “ba bonahale ho batho” ba neng ba feta mateanong a litsela tseo. Baikaketsi bana ba neng ba etsa eka baa halalela, ‘ka boikaketsi ba ne ba etsa lithapelo tse telele’ e le hore ba khahle batho ba ba shebeletseng. (Luka 20:47) Ao hase maikutlo ao re lokelang ho ba le ’ona.

6 Jesu o ile a bolela hore baikaketsi bao ba ne ba se “ba e-na le moputso oa bona ka botlalo.” Haholo-holo ba ne ba batla ho hlokomeloa le ho rorisoa ke batho ba bang, ’me seo ke sona feela seo ba neng ba tla se fumana. Oo e ne e tla ba oona moputso oa bona o feletseng, kaha Jehova o ne a ke ke a arabela lithapelo tsa bona tsa boikaketsi. Ka lehlakoreng le leng, Molimo o ne a tla araba lithapelo tsa balateli ba ’nete ba Kreste, joalokaha seo Jesu a ileng a boela a se bua mabapi le taba ena se bontša.

7. Ho boleloa’ng ha ho thoe u rapelle “ka kamoreng ea hao”?

7 “Leha ho le joalo, uena, ha u rapela, u kene ka kamoreng ea hao ’me, ka mor’a hore u koale monyako oa hao, u rapele Ntat’ao ea sephiring; joale Ntat’ao ea talimang sephiring o tla u buseletsa.” (Mat. 6:6) Keletso ea Jesu ea hore motho a rapele a le ka kamoreng ea hae ka mor’a hore a koale monyako e ne e sa bolele hore motho a ke ke a etsetsa phutheho thapelo. Keletso ena e ne e sa khothaletse hore motho a rapele phatlalatsa ka sepheo sa ho ipatlela thoriso. Re lokela ho hopola sena haeba re filoe tokelo ea hore re etsetse batho ba Molimo thapelo phatlalatsa. A re ke re boele re mameleng keletso e ’ngoe ea Jesu e mabapi le thapelo.

8. Ho latela Matheu 6:7, re lokela ho qoba ho sebelisa thapelo hampe joang?

8 “Ha u rapela, u se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang, feela joalokaha batho ba lichaba ba etsa, kaha ba nahana hore ba tla utluoa ka lebaka la ho sebelisa mantsoe a mangata.” (Mat. 6:7) Kahoo, Jesu o ile a bua ka tsela e ’ngoe ea ho sebelisa thapelo hampe—e leng ea ho pheta-pheta ntho e le ’ngoe. O ne a sa bolele hore le ka mohla ha rea lokela ho pheta liteboho le likōpo tse tsoang botebong ba pelo ha re rapela. Ha Jesu a ne a le serapeng sa Gethesemane bosiung ba pele ho lefu la hae, o ile a pheta-pheta “lentsoe le tšoanang” thapelong.—Mar. 14:32-39.

9, 10. Ke ka tsela efe re sa lokelang ho etsa lithapelo tse pheta-phetoang?

9 E ne e tla ba phoso ho etsisa lithapelo tse pheta-phetoang tse etsoang ke “batho ba lichaba.” Ba “pheta-pheta” lipolelo tseo ba li tšoereng ka hlooho tse nang le mantsoe a mangata a sa hlokahaleng. Ha hoa ka ha thusa barapeli ba Baale ka letho hore ba kōpe molimo eo oa bohata “ho tloha hoseng ho fihlela motšehare, ba re: ‘Baale, re arabe!’” (1 Mar. 18:26) Kajeno, batho ba limilione ba etsa lithapelo tse telele tse pheta-phetoang ba nahana hore “ba tla utluoa.” Empa Jesu o re thusa hore re hlokomele hore “ho sebelisa mantsoe a mangata” lithapelong tse telele le tse pheta-phetoang ha ho na thuso ho Jehova, joalokaha re tla bona mantsoeng a latelang a Jesu.

10 “Kahoo, le se ke la tšoana le bona, etsoe Molimo Ntat’a lōna oa tseba hore na ke lintho life tseo le li hlokang le pele le mo kōpa.” (Mat. 6:8) Baeta-pele ba bolumeli ba bangata ba Bajuda ba ile ba itšoantša le Balichaba ka ho etsa lithapelo tse telele. Thapelo e tsoang botebong ba pelo e akarelletsang thoriso, liteboho le likōpo tse matla ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete. (Bafil. 4:6) Leha ho le joalo, e ne e tla ba phoso ho pheta-pheta lintho tse tšoanang re nahana hore ho etsa joalo hoa hlokahala ha re bolella Molimo lintho tseo re li hlokang. Ha re rapela, re lokela ho hopola hore re bua le Ea ‘tsebang hore na ke lintho life tseo re li hlokang le pele re mo kōpa.’

11. Ke sefe seo re lokelang ho se hopola haeba re filoe tokelo ea ho rapela phatlalatsa?

11 Lipolelo tsa Jesu tse mabapi le lithapelo tse sa amoheleheng li lokela ho re hopotsa hore Molimo ha a khahlisoe ke ho bua ka bokheleke kapa ho bua lolololo. Re boetse re lokela ho hlokomela hore ha re rapela phatlalatsa eo hase nako ea hore re leke ho khahlisa bamameli kapa ho etsa hore ba ipotse hore na thapelo e tla fela neng. Ho etsa litsebiso kapa ho eletsa bamameli thapelong le hona ha ho lumellane le moelelo oa lipolelo tsa Jesu tse Thutong ea Thabeng.

Jesu o re Ruta ho Rapela

12. U ka hlalosa bohlokoa ba kōpo e reng “lebitso la hao le ke le halaletsoe” joang?

12 Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ho rapela, le hoja a ile a lemosa hore ho se ke ha sebelisoa tokelo e ikhethang ea thapelo hampe. (Bala Matheu 6:9-13.) Thapelo ea mohlala ha ea lokela ho tšoaroa ka hlooho e le hore e ’ne e pheta-phetoe. Ho e-na le hoo, e re ruta hore na re lokela ho rapela joang. Ka mohlala, mantsoeng a hae a qalang, Jesu o bua ka Molimo o re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Mat. 6:9) Ho loketse ho bitsa Jehova “Ntat’a rōna” hobane ke ’Mōpi oa rōna, ea lulang “maholimong,” hōle le lefatše. (Deut. 32:6; 2 Likron. 6:21; Lik. 17:24, 28) Ho sebelisoa ha lentsoe le ka bongateng “rōna” ho lokela ho re hopotsa hore balumeli-’moho le rōna le bona ba na le kamano e haufi le Molimo. Ha re re “lebitso la hao le ke le halaletsoe,” re etsa kōpo e matla ea hore Jehova a nke bohato ba ho ikhalaletsa ka hore a hlatsoe lebitso la hae le ’nileng la rohakoa ka litsela tse ngata ho tloha ha ho ne ho e-ba le bofetoheli Edene. Jehova o tla araba thapelo eo ka hore a tlose bokhopo lefatšeng, e le hore a ikhalaletse.—Ezek. 36:23.

13. (a) Kōpo e reng “’muso oa hao o ke o tle” e tla phethahatsoa joang? (b) Ho etsoa ha thato ea Molimo lefatšeng ho tla akarelletsa eng?

13 “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Mat. 6:10) Thapelong eo Jesu a ileng a re fa eona e le mohlala, re lokela ho hopola hore “’muso,” ke puso ea Mesia ea leholimo e matsohong a Kreste le “bahalaleli” ba tsositsoeng ba sebetsang le eena. (Dan. 7:13, 14, 18; Esa. 9:6, 7) Ha re rapella hore “o tle” re kōpa hore ’Muso oa Molimo o tle o tl’o felisa bahanyetsi bohle ba lefatšeng ba puso ea Molimo. Seo se tla etsahala haufinyane, e le ho lokisetsa hore ho be le paradeise ea lefatše lohle ea ho loka, khotso le nala. (Pes. 72:1-15; Dan. 2:44; 2 Pet. 3:13) Thato ea Jehova ea etsoa leholimong, ’me ho kōpa hore e etsoe lefatšeng ke kōpo e tiileng ea hore Molimo a phethe merero ea hae ka lefatše la rōna, ho akarelletsa le hore a felise bahanyetsi ba hae kajeno joalokaha a ile a ba felisa mehleng ea boholo-holo.—Bala Pesaleme ea 83:1, 2, 13-18.

14. Ke hobane’ng ha ho loketse hore re kōpe ‘bohobe ba rōna ba letsatsi lee’?

14 “Re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi lena.” (Mat. 6:11; Luka 11:3) Ha re kōpa sena thapelong, re kōpa Molimo hore a re fe lijo tse hlokahalang tsa “letsatsi lena.” Sena se bontša hore re lumela hore Jehova o na le matla a ho re fa seo re se hlokang letsatsi le leng le le leng. Hase thapelo e etsoang bakeng sa ho kōpa lintho tse eketsehileng. Ha re kōpa lintho tseo re li hlokang letsatsi le letsatsi, sena se ka ’na sa re hopotsa hore Molimo o ile a laela Baiseraele hore ha ba bokella manna, “e mong le e mong a nke ho mo lekaneng letsatsi le letsatsi.”—Ex. 16:4.

15. Hlalosa hore na kōpo e reng “u re tšoarele melato ea rōna, joalokaha le rōna re tšoaretse ba nang le melato ho rōna” e bolela’ng.

15 Kōpo e latelang thapelong ea mohlala e re hlokomelisa ntho eo re lokelang ho e etsa. Jesu o ile a re: “U re tšoarele melato ea rōna, joalokaha le rōna re tšoaretse ba nang le melato ho rōna.” (Mat. 6:12) Kosepele ea Luka e bontša hore “melato” ena ke “libe.” (Luka 11:4) Ke feela ha re se “re tšoaretse” ba re sitetsoeng moo re ka lebellang hore Jehova a re tšoarele. (Bala Matheu 6:14, 15.) Re lokela ho tšoarela ba bang ka bolokolohi.—Baef. 4:32; Bakol. 3:13.

16. Re lokela ho utloisisa likōpo tse mabapi le hore re se ke ra lekoa le hore re lokolloe ho ea khopo joang?

16 “U se ke ua re kenya molekong, empa u re lopolle ho ea khopo.” (Mat. 6:13) Re lokela ho utloisisa likōpo tsee tse peli tse amanang tse thapelong ea Jesu ea mohlala joang? ’Nete ke hore: Jehova ha a re leke hore re etse sebe. (Bala Jakobo 1:13.) Satane—e leng “ea khopo”—ke eena eo e hlileng e leng “Moleki.” (Mat. 4:3) Leha ho le joalo, Bibele e re Molimo o etsa lintho empa e le hore o mpa a li lumeletse feela. (Ruthe 1:20, 21; Moek. 11:5) Kahoo, ha re re “u se ke ua re kenya molekong” re etsa kōpo e matla ho Jehova ea hore a se ke a lumella hore re inehele ha re lekoa hore re mo hlompholle. Qetellong, ha re re, “u re lopolle ho ea khopo,” re kōpa Jehova ka tieo hore a se ke a lumella hore Satane a re hlōle. Ka hona, re ka kholiseha hore ‘Molimo a ke ke a re tlohela hore re lekoe ho feta seo re ka se jarang.’—Bala 1 Bakorinthe 10:13.

‘Le ’Ne le Kōpe, le Batle, le Kokote’

17, 18. Ho bolela’ng hore ‘re ’ne re kōpe, re batle, re be re kokote’?

17 Moapostola Pauluse o ile a khothatsa balumeli-’moho le eena a re: “Phehellang thapelong.” (Bar. 12:12) Jesu o ile a bua ntho ea bohlokoa e tšoanang le eo ha a ne a re: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa. Etsoe e mong le e mong ea kōpang oa amohela, e mong le e mong ea batlang oa fumana, ’me e mong le e mong ea kokotang o tla buleloa.” (Mat. 7:7, 8) Ho loketse hore re ‘’ne re kōpe’ eng kapa eng e tumellanong le thato ea Molimo. Tumellanong le mantsoe a Jesu, moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho [Molimo], hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.”—1 Joh. 5:14.

18 Keletso ea Jesu ea hore re ‘’ne re kōpe re be re batle’ e bolela hore re lokela ho rapela ka tieo re sa tele. Ho boetse hoa hlokahala hore ‘re ’ne re kokote’ e le hore re tle re kene ’Musong ’me re thabele mahlohonolo a oona, melemo ea oona le meputso ea oona. Empa na re ka kholiseha hore Molimo o tla araba lithapelo tsa rōna? E, re ka kholiseha haeba re tšepahala ho Jehova, kaha Kreste o ile a re: “E mong le e mong ea kōpang oa amohela, e mong le e mong ea batlang oa fumana, ’me e mong le e mong ea kokotang o tla buleloa.” Lintho tse ngata tse etsahaletseng bahlanka ba Jehova li bontša hore ka sebele Molimo ke “Ea Utloang thapelo.”—Pes. 65:2.

19, 20. Ho latela mantsoe a tlalehiloeng ho Matheu 7:9-11, Jehova o tšoana le ntate ea lerato joang?

19 Jesu o ile a tšoantša Molimo le ntate ea lerato ea fang bana ba hae lintho tse ntle. Nka hore u ne u le teng ha Jesu a fana ka Thuto ea Thabeng ’me u ile ua utloa ha a re: “Ke motho ofe har’a lōna eo mora oa hae a kōpang bohobe—a ke ke a mo neha lejoe, na ha ho joalo? Kapa, mohlomong, o tla kōpa tlhapi—a ke ke a mo neha noha, na ha ho joalo? Ka hona, haeba lōna, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse molemo, Ntat’a lōna ea maholimong o tla fana ka lintho tse molemo joalo hakaakang ho ba mo kōpang!”Mat. 7:9-11.

20 Le hoja ho ka boleloa hore ntate oa motho o khopo ka lebaka la sebe seo batho ba se futsitseng, ka tlhaho o rata bana ba hae. A ke ke a thetsa ngoana oa hae empa o tla leka ka matla ho mo fa “limpho tse molemo.” Kaha o re nka joaloka bana ba hae, Ntate oa rōna ea leholimong o re fa “lintho tse molemo,” tse kang moea o halalelang. (Luka 11:13) O ka re matlafalletsa hore re etse tšebeletso e amoheloang ke Jehova, e leng Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.”—Jak. 1:17.

Tsoela Pele ho Rua Molemo Lipolelong Tsa Jesu

21, 22. Ke ntho efe ea bohlokoa eo re e hlokomelang Thutong ea Thabeng, hona u ikutloa joang ka lipolelo tsee tsa Jesu?

21 Ka sebele Thuto ea Thabeng e ne e le puo e matla ka ho fetisisa e kileng ea fanoa lefatšeng. E ipabola ka seo e re rutang sona ka Molimo le ka tsela eo e hlakileng ka eona. Joalokaha lintlha tse nkiloeng thutong eo tse hlahang letotong lena la lihlooho li bontša, re ka rua molemo haholo haeba re sebelisa keletso e thutong ena. Lipolelo tsena tsa Jesu li ka ntlafatsa bophelo ba rōna hona joale tsa ba tsa re fa tšepo ea bokamoso bo thabisang.

22 Lihloohong tsena, re tšohlile mahakoe a moea a seng makae a Thutong ea Jesu ea Thabeng. Hase feela batho ba ileng ba mamela thuto eo ea hae ba ileng “ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.” (Mat. 7:28) Ha ho pelaelo hore le rōna re tla hlolloa ka tsela e tšoanang ha re tlatsa likelello le lipelo tsa rōna ka lipolelo tsena le tse ling tsa bohlokoa tsa Mosuoe e Moholo, e leng Jesu Kreste.

U ka Araba Joang?

• Jesu o ile a re’ng ka lithapelo tsa boikaketsi?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho pheta-pheta lintho tse tšoanang ha re rapela?

• Thapelo ea Jesu ea mohlala e re re lokela ho kōpa lintho life?

• Re ka ‘’na ra batla, ra kōpa ra ba ra kokota’ joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Jesu o ile a nyatsa baikaketsi ba neng ba rapela hore feela ba bonoe ba be ba utluoe ke batho

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha ho loketse hore re rapelle bohobe ba rōna ba letsatsi le letsatsi?