Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Lokela ho Tsitlella Lintho Tseo U li Batlang?

Na U Lokela ho Tsitlella Lintho Tseo U li Batlang?

Na U Lokela ho Tsitlella Lintho Tseo U li Batlang?

BANA ba babeli ba ntse ba bapala hammoho. E mong o choabola ntho ea hae e bapalisoang eo a e ratang haholo ho e mong ’me oa hoeletsa o re, “Ke ea ka!” Batho ba sa phethahalang ba bontša boithati ka tsela e itseng ho tloha bonyenyaneng. (Gen. 8:21; Bar. 3:23) Ho feta moo, lefatše ka kakaretso le khothalletsa batho hore e be baithati. E le hore re qobe ho ba le moea ona, re lokela ho loantša litloaelo tsa boithati ka matla. Haeba re sa etse joalo, habonolo feela re ka khopisa ba bang ra ba ra fokolisa kamano ea rōna le Jehova.—Bar. 7:21-23.

Ha a re khothalletsa hore re nahane hore na liketso tsa rōna li ama batho ba bang joang, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Lintho tsohle li lumelloa ke molao; empa hase lintho tsohle tse molemo. Lintho tsohle li lumelloa ke molao; empa hase lintho tsohle tse hahang.” Pauluse o ile a boela a re: “Phemang ho ba lisosa tsa khopiso.” (1 Bakor. 10:23, 32) Joale, tabeng ea lintho tse batloang ke rōna, ke bohlale hore re ipotse lipotso tsena: ‘Na ke ikemiselitse ho tela litokelo tse itseng haeba khotso ea phutheho e le kotsing? Na ke ikemiselitse ho latela melao-motheo ea Bibele le haeba ho etsa joalo ho se bonolo?’

Tabeng ea ho Khetha Mosebetsi

Batho ba bangata ba nka hore taba ea hore na ba khetha mosebetsi oa mofuta ofe ke ea bona ba le bang, e ama batho ba bang hanyenyane feela kapa ha e ba ame ho hang. Empa nahana ka se ileng sa etsahala ka rakhoebo e mong oa torotsoaneng e ’ngoe ea Amerika Boroa. O ne a tsebahala ka ho becha le ka botahoa. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, o ile a tsoela pele moeeng ’me a fetola tsela eo a neng a phela ka eona. (2 Bakor. 7:1) Ha a ne a bolela hore o batla ho qala ho bolela phatlalatsa le phutheho, ka bohlale moholo e mong o ile a mo khothalletsa hore a ke a nahane ka mosebetsi oa hae oa boipheliso. E ne e se e le nako e telele monna eo e le eena motho ea ka sehloohong ea rekisetsang bahoebi ba bang joala ba ’moba, e leng joala bo sebelisetsoang lintho tse ngata, empa sebakeng seo ho ne ho tloaelehile hore bo tsoakoe le lino-mapholi ebe bo noelloa feela hore batho ba tahoe.

Monna eo o ile a hlokomela hore haeba a ne a ka bolela phatlalatsa empa a ntse a rekisa joala boo, sena se ne se ka hlahisa phutheho hampe ’me se ne se ka senya kamano ea hae le Molimo. Le hoja a ne a e-na le lelapa le leholo leo a lokelang ho le hlokomela, o ile a khaotsa ho rekisa joala. Hona joale o hlokomela lelapa la hae ka ho rekisa lintho tse entsoeng ka pampiri. Kajeno, monna enoa hammoho le mosali oa hae le bana ba bona ba babeli ho ba bahlano ba kolobelitsoe. Ka cheseho ba bolela litaba tse molemo ka bolokolohi.

Tabeng ea ho Khetha Metsoalle

Na ho ba le setsoalle le batho bao e seng Bakreste ba ’nete ke taba feela ea hore na motho eena o batla eng, kapa na melao-motheo ea Bibele ea ameha? Morali e mong oabo rōna o ne a batla ho ea phathing le mohlankana eo e seng Mokreste oa ’nete. Le hoja a ile a hlokomelisoa ka likotsi tsa seo, o ne a ikutloa hore ho etsa joalo ke tokelo ea hae ’me o ile a ea phathing eo. Nakoana ka mor’a hore a fihle phathing moo, o ile a fuoa seno se tšetsoeng moriana o matla o robatsang. O ile a tsoha ka mor’a lihora tse ’maloa ’me a fumana hore o ne a betiloe ke mohlankana eo, eo a neng a re ke motsoalle oa hae.—Bapisa le Genese 34:2.

Le hoja e se kamehla ho itsoakanya le batho bao e seng balumeli ho ka etsang hore motho a hlaheloe ke tlokotsi e kang eo, Bibele e lemosa ka ho re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liprov. 13:20) Ha ho pelaelo hore ho khetha metsoalle e mebe ho re beha kotsing! Liproverbia 22:3 e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.” Metsoalle ea rōna e ka re ama ea ba ea ama le kamano ea rōna le Molimo.—1 Bakor. 15:33; Jak. 4:4.

Tabeng ea Moaparo le Boitlhopho

Mekhoa ea ho apara le lifeshene li fetoha nako le nako. Leha ho le joalo, melao-motheo ea Bibele mabapi le moaparo le boitlhopho ha e fetohe. Pauluse o ile a khothalletsa basali ba Bakreste hore ba ‘ikhabise ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong’—e leng molao-motheo o sebetsang ka ho tšoana le ho banna. (1 Tim. 2:9) Pauluse o ne a sa khothalletse hore batho ba apare ka tsela e pala feela ebile o ne a sa re Bakreste bohle ba lokela ho rata liaparo tsa mofuta o tšoanang. Empa boitlhompho bo kena joang tabeng ee? Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa hore boitlhompho ke “ho hloka boikhantšo kapa boikakaso . . . ho apara, ho bua, kapa ho itšoara ka tsela e loketseng.”

Re lokela ho ipotsa: ‘Na kannete nka bolela hore kea itlhompha haeba ke tsitlella tokelong ea ka ea ho apara ka tsela e memang mahlo a batho ho sa hlokahale? Na tsela eo ke aparang ka eona e etsa hore batho ba ipotse hore na ke motho oa mofuta ofe kapa hore na boitšoaro ba ka ke ba mofuta ofe?’ Re ka qoba ‘ho fana ka sesosa leha e le sefe sa ho khoptjoa’ ’me sena re ka se etsa ka hore re se ke ra ‘hlokomela lithahasello tsa litaba tsa rōna feela, empa hape re hlokomele lithahasello tsa ba bang.’—2 Bakor. 6:3; Bafil. 2:4.

Litabeng Tsa Khoebo

Ha ho ne ho hlaha litaba tse khōlō ka phuthehong ea Korinthe tse mabapi le litšebelisano tse fosahetseng kapa tsa bolotsana, Pauluse o ile a ngola a re: “Ho e-na le hoo ke hobane’ng ha le sa itlohelle hore le fosetsoe? Ho e-na le hoo ke hobane’ng ha le sa itlohelle hore le etsetsoe bolotsana?” Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore ba ikemisetse ho tela ntho e itseng ho e-na le hore ba ise mor’abo bona khotla. (1 Bakor. 6:1-7) Mora e mong oabo rōna oa United States o ile a nka keletso ena ka botebo. O ne a sa lumellane ka maikutlo le mohiri oa hae oa Mokreste hore na o ne a kolotoa moputso oa chelete e kae. Bara bao babo rōna ba babeli ba ile ba latela tataiso ea Mangolo ’me ba kopana khafetsa ho rarolla qaka ena empa ha ea ka ea rarolleha. Qetellong ba ile ba isa taba ena ‘phuthehong,’ joalokaha e emeloa ke baholo ba Bakreste.—Mat. 18:15-17.

Ka masoabi, ho ile ha ’na ha e-ba thata ho rarolla qaka eo. Ka mor’a hore a rapele haholo ka taba ena, mohiruoa o ile a etsa qeto ea hore a tele boholo ba chelete eo a neng a lumela hore oa e kolotoa. Hobane’ng? Hamorao o ile a re, “Ho se lumellane hona ho ne ho nkamoha thabo ebile ho senya nako ea bohlokoa e neng e ka sebelisoa linthong tsa moea.” Ka mor’a hore a etse qeto eo, mor’abo rōna o ile a utloa ha thabo ea hae e boetse e khutla ’me o ile a hlokomela hore Jehova o hlohonolofatsa tšebeletso ea hae.

Esita le Linthong Tse Nyenyane

Ho se tsitlelle lintho tse batloang ke rōna ho boetse ho tlisa mahlohonolo le linthong tse nyenyane. Letsatsing la pele la kopano e ’ngoe ea setereke, banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho ba ile ba fihla kopanong ka nako ’me ba fumana litulo tseo ba neng ba hlile ba batla ho lula ho tsona. Ha lenaneo le qala, lelapa le leholo le nang le bana ba ’maloa le ile la fihla le potlakile lebaleng la kopano le neng le e-na le letšoele la batho. Ha ba hlokomela hore lelapa leo le ne le ntse le batla litulo tse ka le lekanang, banyalani bao ba bo-pula-maliboho ba ile ba le suthela litulong tseo ba neng ba lutse ho tsona. Sena se ile sa etsa hore lelapa leo lohle le tsebe ho lula hammoho. Matsatsi a seng makae ka mor’a kopano, bo-pula-maliboho bao ba ile ba fumana lengolo la teboho le tsoang lelapeng leo. Lengolo leo le ne le hlalosa kamoo ho fihla ha lona kopanong ka morao ho nako ho neng ho le nyahamisitse kateng. Ho nyahama hoo ho ile ha fetoha thabo le teboho ka lebaka la mosa oa banyalani bao ba bo-pula-maliboho.

E se eka re ka ikemisetsa ho tela lintho tseo re li ratang molemong oa batho ba bang, ha re e-na le monyetla oa ho etsa joalo. Ka ho bontša lerato le sa ‘batleng lithahasello tsa lona,’ re boloka khotso ka phuthehong le pakeng tsa rōna le baahelani ba rōna. (1 Bakor. 13:5) Empa habohlokoa ka ho fetisisa, re etsa hore setsoalle sa rōna le Jehova se lule se le teng.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Na u ikemiselitse ho tela lintho tse batloang ke uena ha u khetha liaparo?

[Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]

Na u ikemiselitse ho suthela barab’eno litulong?