Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Lengeloi la Jehova le Hlomme Liahelo ho Pota-pota ba mo Tšabang”

“Lengeloi la Jehova le Hlomme Liahelo ho Pota-pota ba mo Tšabang”

“Lengeloi la Jehova le Hlomme Liahelo ho Pota-pota ba mo Tšabang”

Joalokaha ho boletse Christabel Connell

Re ne re phathahane ka ho araba lipotso tsa Christopher tsa Bibele hoo bobeli ba rōna re sa kang ra hlokomela hore e se e le bosiu haholo; ebile ha rea ka ra hlokomela hore nako le nako Christopher o ne a ntse a sheba ka ntle ka fensetere. Qetellong, o ile a retelehela ka ho rōna ’me a re, “Le ka tsamaea joale hobane ho ngoese.” Ka mor’a moo o ile a re felehetsa ho ea libaesekeleng tsa rōna ’me a re re tsamaee hantle. O ne a bone eng e neng e le kotsi hakaalo?

KE HLAHETSE Christabel Earl e Sheffield, Engelane, ka 1927. Ntlo eso e ile ea phatloloa ka bomo nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ka lebaka leo ke ile ka isoa ha nkhono hore ke e’o lula le eena ha ke ntse ke qetela sekolong. Sekolong se seng sa kereke e K’hatholike seo ke neng ke kena ho sona, ke ne ke lula ke botsa baitlami hore na ke hobane’ng ha ho ne ho e-na le bobe le mabifi a mangata hakana. Baitlami bana hammoho le batho ba bang ba bolumeli ba ne ba sitoa ho mpha likarabo tse khotsofatsang.

Ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e lale, ke ile ka ithutela ho ba mooki. Ke ile ka ea lula London moo ke neng ke sebetsa sepetleleng se bitsoang Paddington General Hospital, empa motseng oo, ke ile ka bona mabifi a mangata le ho feta. Hang feela ka mor’a hore khaitseli ea ka a tlohe ho ea Ntoeng ea Korea, ke ile ka bona ntoa e mahlo-mafubelu ka ntle ho sepetlele. Ha ho motho ea ileng ea thusa motho ea neng a otloa, ea ileng a ba a foufala ka lebaka la ho tetekoa hoo. Hoo e ka bang ka nako ena, ’Mè o ile a ea le ’na libokeng tsa bolumeli tsa batho ba sebelisanang le meea, empa ke ne ke ntse ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ho e-na le bokhopo bo bongata hakana.

Ke Khothalletsoa ho Ithuta Bibele

Ka letsatsi le leng abuti oa ka e moholo e leng John, eo e neng e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a nketela. O ile a mpotsa, “Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha lintho tsee tsohle tse mpe li etsahala?” Ke ile ka araba ka ho re “Che.” O ile a phetla Bibele ea hae eaba o bala Tšenolo 12:7-12. Joale ke ile ka hlokomela hore Satane le bademona ba hae ke bona ba ka sehloohong ba ikarabellang ka bobe bo teng lefatšeng. Ke ile ka mamela keletso ea John, ’me kapele ka mor’a moo ke ile ka lumela ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, nakong eo, ke ile ka lumella hore ho tšaba batho ho nthibele ho kolobetsoa.—Liprov. 29:25.

Ausi oa ka Dorothy, le eena e ne e le Paki. Ha a ne a khutla kopanong ea machaba New York (ka 1953) le mohlankana ea neng a mo lebelelitse, e leng Bill Roberts, ke ile ka ba bolella hore ke ithutile Bibele. Bill o ile a mpotsa: “Na u ile ua sheba mangolo ’ohle? Na u ile ua tšoaea likarabo bukeng?” Ha ke araba ka ho re che, o ile a re: “Ho bolela hore ha u e-s’o ithute! Buisana le morali eo oabo rōna ’me u qalise hape!” Hoo e ka bang ka nako eo bademona ba ile ba qala ho ntšoenya. Ke hopola hore ke ile ka kōpa Jehova hore a ntšireletse le hore a ntopolle tšusumetsong ea bona.

Ke Bula Maliboho Scotland le Ireland

Ke ile ka kolobetsoa ka la 16 January, 1954, ka qeta konteraka ea ka ea mosebetsi oa booki ka May, ’me ka qala ho bula maliboho ka June. Likhoeli tse robeli hamorao, ke ile ka romeloa Grangemouth, Scotland, ho ea ba pula-maliboho e khethehileng. Ha ke le moo, ke ile ka hlokomela hore mangeloi a Jehova a ne a “hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang” ha ke ntse ke sebetsa tšimong eo ea mahaeng.—Pes. 34:7.

Ka 1956, ke ile ka kōptjoa ho ea etsa mosebetsi oa boboleli Ireland. Ke ile ka romeloa motseng oa Galway le ba bang ba babeli. Letsatsing la pele feela ke ile ka buisana le moprista. Metsotso e se mekae hamorao lepolesa le ile la fihla la re tšoara ’na le mosebetsi-’moho, eaba le re isa sepoleseng. Ha re qeta ho le bolella mabitso a rōna le ho le fa liaterese tsa rōna, hang-hang le ile la tšoara thelefono. Re ile ra utloa le re, “E, Ntate, ke tseba hantle moo ba lulang.” Le ne le rometsoe ke moprista eo! Motho eo re neng re hirile ha hae o ile a qobelloa hore a re leleke, kahoo ofisi ea lekala e ile ea etsa tlhahiso ea hore re tlohe sebakeng seo. Re ile ra lieha ho fihla seteisheneng sa terene ka metsotso e leshome. Empa terene e ne e ntse e eme, ’me monna e mong o ne a eme a emetse ho bona hore rea palama. Tsena li etsahetse ka mor’a hore re be Galway libeke tse tharo feela!

Re ile ra romeloa Limerick, e leng toropo e ’ngoe eo ho eona Kereke e K’hatholike e nang le tšusumetso e khōlō. Hangata mahoohoo a ne a re tlatsetsa lerata. Batho ba bangata ba ne ba tšaba ho bula menyako ho bua le rōna. Selemo pele ho moo, mora e mong oabo rōna o ne a ile a khakhathoa torotsoaneng ea Cloonlara e haufi le moo. Kahoo re ile ra thaba ha re kopana le Christopher, eo ho builoeng ka eena qalong, ea ileng a re kōpa hore re khutle re tl’o araba lipotso tsa hae tsa Bibele. Ha re ntse re mo etetse, moprista o ile a kena eaba o laela Christopher hore a re leleke. Christopher o ile a mo tsoepela mahlo ’me a re: “Ke ile ka mema basali bana hore ba tle lapeng la ka ’me ba ile ba kokota pele ba kena. Uena ha ua mengoa, ebile ha ua kokota le ho kokota ha u kena.” Moprista o ile a tsamaea a halefile.

Re ne re sa tsebe hore moprista o ne a bitsitse sekhakhatha sa banna se neng se re emetse ka ntle ho ntlo ea Christopher. Kaha o ne a tseba hore ke batho ba mabifi, Christopher o ile a etsa se boletsoeng qalong ea sehlooho sena. O ile a etsa hore re lule ho fihlela ba tsamaea. Hamorao re ile ra utloa hore eena le lelapa la hae ba ile ba qobelloa ho tloha sebakeng seo ’me ba ile ba fallela Engelane.

Ke Memeloa ho ea Gileade

Ke ne ke se ke ntse ke rerile ho ea Kopanong ea Machaba ea “Thato ea Molimo” ea 1958 New York, ha ke fumana memo ea ho ea sehlopheng sa bo33 sa sekolo sa Gileade. Ho e-na le hore ke khutlele hae ka mor’a kopano eo, ke ile ka ea sebeletsa Collingwood, Ontario, Canada, ho fihlela ke e-ea Sekolong sa Gileade ka 1959. Kopanong ke ile ka kopana le Eric Connell. O ne a ithutile ’nete ka 1957 ’me a qala ho bula maliboho ka 1958. Ka mor’a kopano, o ile a ’ngolla letsatsi le leng le le leng ha ke ntse ke le Canada le nakong eohle ea thupelo. Ke ile ka ipotsa hore na ebe ho tla etsahala’ng ka mor’a hore ke fumane lengolo la Gileade.

Ho ea Sekolong sa Gileade e bile ketsahalo ea bohlokoa haholo bophelong ba ka. Dorothy le monna oa hae ba ne ba le sehlopheng sona seo. Kabelo ea bona ea boromuoa e ile ea e-ba Portugal. Ke ile ka makala ha ke utloa hore ke abetsoe ho ea Ireland. Ke ile ka sareloa hakaakang hore ebe ke ne ke sa tsamaee le ausi oa ka! Ke ile ka botsa e mong oa barupeli hore na ebe ho na le se phoso seo ke se entseng. O ile a araba ka ho re “Che, uena le mosebetsi-’moho le uena, Eileen Mahoney, le ile la lumela hore le tla ea kae kapa kae lefatšeng,” ’me ka sebele Ireland e ne e le se seng sa libaka tseo re neng re ka romeloa ho tsona.

Ke Khutlela Ireland

Ke ile ka khutlela Ireland ka August 1959 ’me ka romeloa Phuthehong ea Dun Laoghaire. Nakong ena, Eric o ne a khutletse Engelane ’me o ile a thaba haholo hore ebe ke ne ke le haufinyane. Le eena o ne a batla ho ba moromuoa. O ile a nahana hore kaha nakong eo Ireland e ne e le tšimo ea boromuoa, o ne a tla bula maliboho hona teng. O ile a fallela Dun Laoghaire, ’me re ile ra nyalana ka 1961.

Likhoeli tse tšeletseng hamorao, Eric o ile a hlaheloa ke kotsi e mpe ea sethuthuthu. O ile a peperana lehata, ’me lingaka li ne li se na bonnete ba hore li ka mo thusa hore a phele. Ka mor’a hore a qete libeke tse tharo a le sepetlele, ke ile ka mo okela lapeng ka likhoeli tse hlano ho fihlela a fola. Ke ile ka tsoela pele ke bolela ka hohle kamoo ke neng nka khona kateng.

Ka 1965 re ile ra romeloa phuthehong e nang le bahoeletsi ba robeli e Sligo, koung e lebōpong la leoatle le ka leboea-bophirimela. Lilemo tse tharo hamorao, re ile ra ea phuthehong e ’ngoe e nyenyane e Londonderry, holimonyana ka leboea. Ka letsatsi le leng ha re khutla tšimong, re ile ra fumana ’mila oa moo re neng re lula teng o thibiloe ka terata e hlabang. Likhathatso tsa Ireland Leboea li ne li qalile. Lihlopha tsa bacha li ne li chesa likoloi. Motse oo o ne o se o ntse o arotsoe ka libaka tsa Maprostanta le Mak’hatholike. Ho ne ho le kotsi ho tloha sebakeng se seng motseng oo ho ea ho se seng.

Ho Phela le ho Paka Har’a Likhathatso

Leha ho le joalo, mosebetsi oa rōna oa ho paka o ne o re isa hohle. Re ile ra boela ra hlokomela hore mangeloi a ne a hlomile liahelo ho re pota-pota. Haeba re ne re le libakeng tseo ho neng ho qhoma meferefere ho tsona, re ne re tsoa kapele-pele ebe re khutlela ha merusu e se e kokobetse. Ka lekhetlo le leng ha ho ne ho qhoma meferefere pel’a folete ea rōna, makumane a lintho tse neng li e-cha lebenkeleng la pente le haufi a ile a oela fensetereng ea rōna. Ha rea ka ra robala e le hore re tle re tsebe ho tsoa haeba mohaho oo re neng re lula ho oona o ne o ka cha. Ka mor’a hore re fallele Belfast ka 1970, re ile ra utloa hore bomo ea peterole e ile ea fela ea chesa lebenkele leo la pente le hore lekhetlong leo mohaho oane oo re neng re lula ho oona o ile oa cha lore!

Ka lekhetlo le leng, ’na le morali e mong oabo rōna re ne re le tšimong ha re bona phaephe e makatsang fensetereng. Re ile ra ’na ra tsamaea. Metsotso e seng mekae hamorao, e ile ea phatloha. Batho ba sebakeng seo ba ileng ba phalla ba ne ba nahana hore ke rōna ba neng ba chehile bomo ea phaephe! Ka eona nako eo morali e mong oabo rōna ea neng a lula sebakeng seo o ile a re bitsetsa ha hae. Sena se ile sa etsa hore baahelani ba hae ba hlokomele hore ha ea chehoa ke rōna.

Ka 1971 re ile ra khutlela Londonderry ho ea etela morali e mong oabo rōna. Ha re mo hlalosetsa hore na re tsamaile ka tsela efe, le lithibella tsa tsela tseo re ileng ra feta ho tsona, o ile botsa, “Na ho ne ho se na batho lithibelleng tseo?” Ha re re, “Ba ne ba le teng, empa ba ile ba re tlohella feela,” o ile a makala. Hobane’ng? Hobane matsatsing a fetileng ngaka e ’ngoe le lepolesa ba ne ba ile ba nkeloa likoloi tsa bona ka likhoka tsa ba tsa chesoa.

Ka 1972 re ile ra fallela Cork. Hamorao, re ile ra ea sebetsa Naas, ho tloha moo ra ea Arklow. Qetellong, ka 1987, re ile ra romeloa Castlebar, moo re ntseng re le hona teng le kajeno. Ha re le mona, re ile ra ba le monyetla o babatsehang oa ho haha Holo ea ’Muso. Eric o ile a kula haholo ka 1999. Leha ho le joalo, ka thuso ea Jehova le ka tšehetso e lerato ea phutheho, ke ile ka boela ka ba le matla a ho mamella boemo boo ’me ka mo hlokomela ho fihlela a hlaphoheloa.

’Na le Eric re bile Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho ka makhetlo a mabeli. O ntse a sebeletsa e le moholo. Ke tšoeroe ke lefu la masapo le manonyeletso le lebe haholo ’me ke kentsoe liqholo le mangole a maiketsetso. Le hoja ke ile ka tlameha ho tobana le khanyetso e mabifi ea bolumeli le ho phela har’a mathata a maholo a lipolotiki le a sechaba, bothata bo bong bo boholo ka ho fetisisa boo ke ileng ka thulana le bona ke ba ho tlohela ho khanna. Bothata boo e ile ea e-ba teko kaha ke ne ke sitoa ho ea moo ke neng ke batla ho ea teng neng le neng ha ke ne ke batla. Phutheho e nthusitse haholo kaha ruri e ea ntšehetsa. Hona joale ke tsamaea ka lere, ’me ha ke e-ea hojana, ke sebelisa baesekele ea mabili a mararo e tsamaeang ka beteri.

’Na le Eric re sebelelitse re le bo-pula-maliboho ba khethehileng ka lilemo tse ka holimo ho tse 100 ’me tse 98 tsa tsona re li qetile re le mona Ireland. Ha re batle ho tlohela mosebetsi ona hobane feela re se re tsofetse. Ha rea lebella mehlolo, empa re lumela hore mangeloi a Jehova a matla a “hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang” le ba mo sebeletsang ka botšepehi.