Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Mangolo a bua ka ‘buka ea Jashare’ le ‘buka ea Lintoa tsa Jehova.’ (Josh. 10:13; Num. 21:14) Libuka tseo ka bobeli ha li hlahe e le karolo ea mangolo a Bibele. Na ebe libuka tsee e ne le mangolo a bululetsoeng a lahlehileng?

Ha ho na lebaka la ho fihlela qeto ea hore libuka tseo tse peli li ile tsa ngoloa ka pululelo ’me tsa lahleha hamorao. Bangoli ba Bibele ba bululetsoeng ba qotsa libukeng tse ling tse ’maloa. E ka ’na eaba tse ling tsa libuka tseo ke karolo ea Bibele ’me li ne li mpa li bitsoa ka mabitso ao babali ba mehleng ena ba sa a tsebeng. Ka mohlala, buka ea 1 Likronike 29:29 e bua ka “mantsoe a Samuele seboni,” “mantsoe a moprofeta Nathane” le “mantsoe a Gade ea bonang lipono.” Likarolo tseo tse tharo e ka ’na eaba li bua ka libuka tseo re li tsebang e le 1 Samuele le 2 Samuele, kapa mohlomong buka ea Baahloli.

Ka lehlakoreng le leng, ho ka ’na ha buuoa kapa ha qotsoa libuka tseo mabitso a tsona a tšoanang le mabitso a libuka tsa Bibele, empa ha e le hantle e se karolo ea Bibele. Re ka ’na ra etsa mohlala oa sena ka libuka tse ’nè tsa boholo-holo: ‘buka ea litaba tsa linako tsa marena a Juda,’ ‘Buka ea Marena a Juda le a Iseraele,’ ‘Buka ea Marena a Iseraele,’ le ‘Buka ea Marena a Iseraele le a Juda.’ Le hoja mabitso ao a ka ’na a utloahala a tšoana le mabitso a libuka tsa Bibele tseo re li tsebang tse kang 1 Marena le 2 Marena, libuka tseo tse ’nè li ne li sa bululeloa ebile hase karolo ea mangolo a Bibele. (1 Mar. 14:29; 2 Likron. 16:11; 20:34; 27:7) Ho ka etsahala hore ebe e ne e mpa e le litlaleho tsa histori feela tse neng li fumaneha nakong e fetileng ha moprofeta Jeremia le Esdrase ba ne ba ngola litlaleho tseo hona joale li leng teng ka Bibeleng.

Ke ’nete hore bangoli ba bang ba Bibele ba ne ba qotsa kapa ba etsa lipatlisiso ka har’a lingoliloeng kapa ka har’a litlaleho tsa histori tse neng li le teng empa li sa bululeloa. Esthere 10:2 e bua ka ‘Buka ea litaba tsa linako tsa marena a Media le Persia.’ Ka ho tšoanang, ha a lokisetsa ho ngola Kosepele ea hae, Luka o ile a ‘sala lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala.’ Ho ka etsahala hore ebe o ne a bolela hore ha a ne a ngola lethathamo la leloko la Jesu leo re ka balang ka lona Kosepeleng ea hae, o ile a etsa lipatlisiso ka har’a lingoliloeng tseo a ileng a li fumana. (Luka 1:3; 3:23-38) Le hoja litlaleho tseo Luka a ileng a etsa lipatlisiso ho tsona li ne li sa bululeloa, Kosepele eo a ileng a e ngola eona e ne e bululetsoe. Kahoo, Kosepele eo e lula e re tsoela molemo.

Libuka tse peli tseo ho buuoang ka tsona potsong e ka holimo—e leng ‘buka ea Jashare’ le ‘buka ea Lintoa tsa Jehova’—ho bonahala e ne e le litokomane tse neng li le teng empa li sa bululeloa. Ka lebaka leo, Jehova ha aa ka a boloka litokomane tsena. Taba ea hore Bibele e bua ka libuka tsena tse peli e etsa hore litsebi li fihlele qeto ea hore litokomane tseo e ne e le pokello ea lipina le lithothokiso tse neng li bua ka lintoa tsa Baiseraele le lira tsa bona. (2 Sam. 1:17-27) Encyclopedia e ’ngoe ea Bibele e bolela hore ho ka etsahala hore ebe likahare tsa libuka tseo e ne e le “pokello e tloaelehileng ea lipina le lithothokiso tse neng li bolokoa ke litsebi tsa ’mino tsa Iseraele ea boholo-holo.” Esita le batho ba bang bao ka linako tse ling Molimo a ’nileng a ba sebelisa e le baprofeta kapa e le batho ba bonang lipono, ba ’nile ba ngola litlaleho tseo Jehova a sa kang a li bululela kapa a etsa hore li akarelletsoe ka Mangolong a “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela [le] bakeng sa ho otlolla lintho” mehleng ea rōna.—2 Tim. 3:16; 2 Likron. 9:29; 12:15; 13:22.

Taba ea hore ho builoe ka libuka tse itseng ka Bibeleng le hore li ile tsa sebelisoa ha ea lokela ho etsa hore re fihlele qeto ea hore li ne li bululetsoe. Leha ho le joalo, Jehova Molimo o bolokile libuka tsohle tse nang le “lentsoe la Molimo oa rōna,” ’me li “tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Esa. 40:8) Ka sebele, seo Jehova a entseng qeto ea ho se akarelletsa ka libukeng tse 66 tsa Bibele tseo re nang le tsona ke sona seo re hlileng re se hlokang e le hore re ‘tšoanelehe ka botlalo, re hlomelloe ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’—2 Tim. 3:16, 17.