Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Lokela ho Rorisa Jehova re Momahane

Re Lokela ho Rorisa Jehova re Momahane

 Re Lokela ho Rorisa Jehova re Momahane

“Rorisang Jah!”—PES. 111:1.

1, 2. “Hallelujah” e bolela’ng, hona e sebelisitsoe joang Mangolong a Segerike a Bakreste?

“HALLELUJAH!” Hangata lentsoe lena le utluoa likerekeng tsa Bokreste-mōtoana. Batho ba bang ba le sebelisa ha ba hatisa seo ba se buang le batho ba bang letsatsi le leng le le leng. Leha ho le joalo, ke ba seng ba kae feela ba tsebang hore na le bolela se halalelang hakae, ’me tsela eo batho ba bangata ba le sebelisang ba phelang ka eona e hlompholla Molimo. (Tite 1:16) Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Bibele e re “Hallelujah” ke “lentsoe leo bangoli ba fapa-fapaneng ba lipesaleme ba le sebelisang ho kōpa batho bohle hore ba rorise Jehova hammoho le bona.” Ha e le hantle, litsebi tsa Bibele tse ngata li bolela hore “Hallelujah” e bolela “‘Rorisa Jah,’ [ke hore] Jehova.”

2 Hoa utloahala hore ebe Phetolelo ea Lefatše le Lecha e hlalosa lentsoe lena le hlahang ho Pesaleme 111:1 e le “Rorisang Jah!” Ka Segerike poleloana ena e hlaha ka makhetlo a mane ho Tšenolo 19:1-6, e le ha ho thabeloa ho felisoa ha bolumeli ba bohata. Ha seo se phethahala, barapeli ba ’nete ba tla ba le lebaka le ikhethang la hore “Hallelujah” ka tsela e bontšang tlhompho.

Mesebetsi ea Hae e Meholo

3. Morero o ka sehloohong oa hore re bokane kamehla ke ofe?

3 Moqapi oa Pesaleme ea 111 o fana ka mabaka a mangata a hore na ke hobane’ng ha re lokela ho rorisa Jehova re momahane. Temana ea pele e re: “Ke tla roka Jehova ka pelo ea ka eohle sehlopheng sa metsoalle e haufi-ufi sa ba lokileng le phuthehong.” Kajeno, Lipaki Tsa Jehova le tsona li na le maikutlo a tšoanang. Morero o ka sehloohong oa hore re bokane kamehla liphuthehong tsa habo rōna le likopanong tse khōlō, ke hore re rorise Jehova.

4. Batho ba ka batla mesebetsi ea Jehova joang?

4 “Mesebetsi ea Jehova e meholo, e batloa ke bohle ba e thabelang.” (Pes. 111:2) Hlokomela poleloana e reng “e batloa ke.” Ho latela buka e ’ngoe ea lipatlisiso, temana ena e ka sebetsa ho batho ba “khothalletseng ho nahana ka thata le ho ithuta” ka mesebetsi ea Molimo. Lintho tseo Jehova a li bōpileng li na le morero o moholo le o babatsehang. O behile letsatsi, lefatše le khoeli libakeng tsa tsona, kaofela ha tsona li sebetsa ’moho ka tsela e tšoanetseng, e le hore lefatše la rōna le be le mofuthu le khanya, bosiu le motšehare, linako tsa selemo le maqhubu.

5. Ha batho ba ntse ba tsoela pele ho utloisisa bokahohle, seo se senotse eng?

5 Bo-rasaense ba sibolotse lintho tse ngata ka hore na lefatše le lutse hokae setsing sa potoloho ea lipolanete hammoho le hore na khoeli e potoloha lefatše joang, e khōlō hakae le hore na e boima hakae, molemong oa lefatše. Tsela eo lihloliloeng tsena tsa maholimo li hlophisitsoeng ka eona, le eo li amanang ka eona, e etsa hore ho be le ho fetoha ho khahlisang le ho etsahalang kamehla ha linako tsa selemo. Hape, batho ba ithutile ho hongata ka tsela e tsoileng matsoho eo matla a tlhaho a bokahohleng a entsoeng ka eona. Kahoo, sehloohong se neng se re “Bokahohle bo Entsoeng ‘ka Tsela e Tsoileng Matsoho,’” moprofesa e mong oa thuto ea mechine o ile a re: “Ho bonolo haholo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha bo-rasaense ba bangata hakana ba fetotse maikutlo a bona lilemong tse fetileng tse 30, ba lumellana le ntlha ea hore ho hlokahala tumelo e matla ho kholoa hore bokahohle bo bile teng ka tsietsi. Ha re ntse re utloisisa haholo ka lefatše la rōna le bōpiloeng ka boqhetseke, re ba le bopaki bo bongata bo etsang hore re lumele hore ho na le moqapi ea bohlale.”

6. U ikutloa joang ka tsela eo Molimo a entseng motho ka eona?

6 Mosebetsi o mong o moholo oa pōpo ke tsela eo Molimo a re entseng ka eona. (Pes. 139:14) Ha a ne a bōpa batho o ile a ba fa kelello, ’mele o nang le litho tsohle tse hlokahalang, bokhoni le matla a ho sebetsa. Ka mohlala, bokhoni boo Molimo a faneng ka bona ba ho bua le ho mamela, hammoho le ba ho bala le ho ngola, ke mohlolo. Batho ba bangata ba na le bokhoni ba ho etsa lintho tseo. ’Mele oa hao o emeng tsoe! e boetse ke mosebetsi o tsoileng matsoho oa ho bōpa. Ka sebele, tsela eo ’mele oa hao o bōpiloeng ka eona le eo o emeng tsoe! ka eona, metsoako ea oona le lintho tseo o li etsang ka tlhaho, lia hlolla. Ho feta moo, tsela e tsotehang eo methapo ea kutlo e hokahanang ka eona ho thusa kelello le matla a kutlo ho sebetsa, e feta hōle ntho efe kapa efe eo bo-rasaense ba kileng ba e etsa. Ha e le hantle, batho ba khona ho etsa lintho ka lebaka la kelello le matla a kutlo ao ba a filoeng. Esita le moenjiniere oa setsebihali o ne a ke ke a etsa ntho e ntle le e ka re thusang joaloka lisebelisoa tse entsoeng ka bokhabane tsa ho nka lintho, tse kang menoana ea hao e leshome ea matsoho. Ipotse, ‘Na mesebetsi e tsotehang ea bonono le ea kaho e ne e ka etsoa ntle le ho sebelisa ka boqhetseke menoana eo Molimo a re fileng eona?’

Mesebetsi ea Molimo e Meholo le Makhabane a Hae

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka hore mesebetsi ea Molimo e meholo e akarelletsa Bibele?

7 Mesebetsi ea Jehova e meholo e akarelletsa lintho tse ling tse babatsehang tseo a li etselitseng batho, tse hlalositsoeng ka Bibeleng. Buka eo ka boeona e lumellana ka tsela e tsotehang. Ho fapana le libuka tse ling tsohle, ruri e “bululetsoe ke Molimo ’me [e] molemo bakeng sa ho ruta.” (2 Tim. 3:16) Ka mohlala, buka ea pele ea Bibele ea Genese, e hlalosa kamoo Molimo a ileng a felisa bokhopo kateng lefatšeng mehleng ea Noe. Buka ea bobeli ea Bibele ea Exoda eona e bontša kamoo Jehovah a ileng a tlosa qoso Bomolimong ba hae kateng ka ho lopolla Baiseraele bokhobeng Egepeta. Ho ka etsahala hore ebe mopesaleme o ne a nahanne ka liketsahalo tseo ha a ne a re: “Mosebetsi oa [Jehova] ke ho hlompheha le bokhabane, ho loka ha hae ho eme ka ho sa feleng. O etselitse mesebetsi ea hae e hlollang sehopotso. Jehova o mosa ’me o mohau.” (Pes. 111:3, 4) Na hase ’nete hore mesebetsi ea Jehova historing eohle, ho akarelletsa le lintho tseo a li entseng nakong ea bophelo ba hao, ke sehopotso sa “ho hlompheha le bokhabane” ba hae?

8, 9. (a) Mesebetsi ea Molimo e fapana joang le mesebetsi ea batho? (b) Ke makhabane afe a Molimo ao u a ratang?

8 Hlokomela hore mopesaleme o boetse o totobatsa makhabane a ikhethang a Jehova, a kang, ho loka, mosa le mohau. Ua tseba hore hangata liketso tsa batho ba baetsalibe ha li susumetsoe ke ho loka. Hangata li susumetsoa ke meharo, mohono le boikhohomoso. Sena se bonahatsoa ke libetsa tse kotsi tseo batho ba li etsetsang lintoa tseo ba li hlohlelletsang le ka lebaka la ho ithuisa. Li bakela batho ba limilione ba se nang molato mahlomola le tšabo. Hape, mesebetsi e mengata ea batho e ’nile ea finyelloa ka hore ho utloisoe mafutsana a hateletsoeng bohloko. Mohlala oo batho ba bangata ba ka ’nang ba fana ka oona ke oa hore ebe makhoba a ile a sebelisetsoa ho haha liphiramide, tseo haholo-holo li neng li sebelisetsoa ho ba mabitla a bo-Faro ba neng ba ikhohomosa. Ho feta moo, mesebetsi e mengata ea batho ba mehleng ea kajeno ea hatella ebile e ‘senya lefatše.’—Bala Tšenolo 11:18.

9 Mesebetsi ea Jehova eona e fapane hakaakang hobane kamehla e susumetsoa ke se nepahetseng! Mesebetsi ea hae e akarelletsa litokisetso tse bontšang mohau tsa ho pholosa batho ba baetsalibe. Molimo o ne a ‘bonahatsa ho loka ha hae,’ ha a fana ka thekollo. (Bar. 3:25, 26) Ka sebele, “ho loka ha hae ho eme ka ho sa feleng”! Ha e le mohau oa Molimo oona, o bonahalitsoe ke tsela eo a ileng a sebelisana le batho ba baetsalibe ka eona ka mamello. Ka linako tse ling, o ne a bile a re “ka kōpo” ha a ba kōpa ka tieo hore ba tlohele ho etsa lintho tse utloisang bohloko ’me ba etse se nepahetseng.—Bala Ezekiele 18:25.

Jehova o Phethahatsa Litšepiso Tsa Hae

10. Jehova o ile a beha mohlala ofe oa botšepehi mabapi le selekane sa hae le Abrahama?

10 “O file ba mo tšabang lijo. O tla hopola selekane sa hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pes. 111:5) Ho bonahala eka mona mopesaleme o ne a bua ka selekane sa Abrahama. Jehova o ile a tšepisa hore o tla hlohonolofatsa peō ea Abrahama a ba a re e ne e tla rua heke ea lira tsa eona. (Gen. 22:17, 18; Pes. 105:8, 9) Ha litšepiso tseo li qala ho phethahala, peō ea Abrahama e ile ea e-ba sechaba sa Iseraele. Ka nako e telele sechaba seo e ne e le makhoba Egepeta, empa ‘Molimo o ile a hopola selekane sa hae le Abrahama’ eaba oa se pholosa. (Ex. 2:24) Tsela eo Jehova a ileng a se tšoara ka eona, e bontša hore na o fana hakae. O ile a ba fa lijo tsa nama hore li ba ōtle le tsa moea hore li ba thuse ho latela melao ea hae. (Deut. 6:1-3; 8:4; Neh. 9:21) Lilemong tse makholo tse ileng tsa latela, hangata sechaba ha sea ka sa mamela Molimo, le hoja a ile a se romela baprofeta hore ba se khothalletse ho khutlela ho eena. Lilemo tse fetang 1 500 ka mor’a hore a lopolle Baiseraele Egepeta, Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng. Boholo ba Bajuda bo ile ba latola Jesu ba ba ba lumela hore a bolaoe. Ka mor’a moo, Jehova o ile a theha sechaba se secha sa moea, e leng “Iseraele ea Molimo.” Kreste hammoho le sechaba seo, ke peō ea tšoantšetso ea Abrahama, eo Jehova a ileng a bolela esale pele hore o ne a tla hlohonolofatsa batho ka eona.—Bagal. 3:16, 29; 6:16.

11. Jehova o lula a “hopola selekane sa hae” le Abrahama joang?

11 Jehova o lula a “hopola selekane sa hae” le mahlohonolo ao a a tšepisitseng ka sona. Kajeno, O fana ka lijo tsa moea tse ngata ka lipuo tse fetang 400. O boetse o tsoela pele ho arabela lithapelo tsa rōna ha re kōpa lintho tseo re li hlokang nameng, tumellanong le mantsoe a reng: “Re fe bohobe ba rōna bakeng sa letsatsi ho ea ka tlhokahalo ea letsatsi.”—Luka 11:3; Pes. 72:16, 17; Esa. 25:6-8.

Matla a Jehova a Hlollang

12. Baiseraele ba boholo-holo ba ile ba fuoa “lefa la lichaba” joang?

12 “O boleletse batho ba hae matla a mesebetsi ea hae, ka ho ba fa lefa la lichaba.” (Pes. 111:6) Ketsahalo e ’ngoe e hlaheletseng historing ea Baiseraele eo e ka ’nang eaba mopesaleme o ne a nahanne ka eona ke ho lopolloa ha bona ka mohlolo Egepeta. Qetellong ha Jehova a ne a lumella Baiseraele hore ba kene Naheng e Tšepisitsoeng, ba ile ba hlōla mebuso e ka bochabela le e ka bophirimela ho Nōka ea Jordane. (Bala Nehemia 9:22-25.) Ha ho pelaelo hore Jehova o ile a fa Baiseraele “lefa la lichaba.” Eo e bile pontšo e khōlō hakaakang ea matla a Molimo!

13, 14. (a) Ho ka ’na ha etsahala hore ebe mopesaleme o ne a nahanne ka ketsahalo efe eo Molimo a ileng a bontša matla a hae ho eona mabapi le Babylona? (b) Jehova o boetse o entse liketso life tse khōlō tsa ho pholosa?

13 Leha ho le joalo, rea hlokomela hore ho sa tsotellehe lintho tsohle tseo Jehova a ileng a ba etsetsa tsona, Baiseraele ha baa ka ba mo hlompha ebile ha baa ka ba hlompha le baholo-holo ba bona e leng Abrahama, Isaka le Jakobo. Ba ile ba ’na ba tsoela pele ho fetohela Molimo ho fihlela a sebelisa Bababylona hore ba ba tlose naheng ea habo bona ba ba ise botlamuoeng. (2 Likron. 36:15-17; Neh. 9:28-30) Haeba, moqapi oa Pesaleme ea 111 o ile a phela ka mor’a hore Baiseraele ba khutle botlamuoeng Babylona, joalokaha litsebi tse ling tsa Bibele li bolela, o ne boetse a e-na le lebaka la ho rorisa Jehova ka lebaka la botšepehi ba Hae le matla a Hae. Molimo o ile a bontša botšepehi le matla a hae ka ho lopolla Bajuda Babylona e leng ’muso o neng o e-na le molao oa ho se lokolle batlamuoa ba oona.—Esa. 14:4, 17.

14 Hoo e ka bang lilemo tse makholo a mahlano hamorao, Jehova o ile a sebelisa matla a hae ka tsela e matla le ho feta ka hore a lopolle batho ba bakileng, bokhobeng ba sebe le lefu. (Bar. 5:12) Se seng se ileng sa etsahala ka lebaka la sena ke hore batho ba 144 000 ba ile ba fumana monyetla oa ho ba balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng ka moea. Ka 1919, Jehova o ile a sebelisa matla a hae hore a lopolle masala a seng makae a batlotsuoa bana botlamuoeng ba bolumeli ba bohata. Lintho tseo ba li etsang nakong ena ea bofelo, ba li finyella feela ka matla a Molimo. Ha ba tšepahala ho isa lefung, bona hammoho le Jesu Kreste ba tla busa lefatše ba le leholimong, molemong oa batho ba bakileng. (Tšen. 2:26, 27; 5:9, 10) Ba tla rua lefatše ka tsela e khōlō ho feta Baiseraele ba boholo-holo.—Mat. 5:5.

Melao-motheo e sa Felloeng ke Nako le e Tšepahalang

15, 16. (a) Mesebetsi ea matsoho a Molimo e akarelletsa eng? (b) Molimo o ile a fa Baiseraele ba boholo-holo litaelo life?

15 “Mesebetsi ea matsoho a hae ke ’nete le kahlolo; litaelo tsohle tseo a fanang ka tsona lia tšepahala, li tšehelitsoe hantle ka ho sa feleng, ho isa nakong e sa lekanyetsoang, li entsoe ka ’nete le ho loka.” (Pes. 111:7, 8) “Mesebetsi ea matsoho a [Jehova]” e ne e akarelletsa matlapa a mabeli ao ho ’ona ho neng ho ngotsoe melao e leshome ea bohlokoa e neng e e-ea ho Baiseraele. (Ex. 31:18) Melao ena, hammoho le litaelo tsohle tseo e ileng ea e-ba karolo ea selekane sa Molao oa Moshe, e thehiloe melao-motheong e sa felloeng ke nako le e tšepahalang.

16 Ka mohlala, matlapeng ao, ho ne ho e-na le taelo kapa molao o neng o re: “’Na Jehova Molimo oa hao ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng.” O ne o boetse o bolela hore Jehova o bontša ‘mosa o lerato ho isa molokong oa sekete oa ba mo ratang ’me ba boloka litaelo tsa hae.’ Matlapa ao a ne a boetse a e-na le melao-motheo e sa felloeng ke nako e kang o reng, “hlompha ntat’ao le ’m’ao” le o reng “u se ke ua utsoa,” esita le molao o bontšang kutloisiso e batsi o neng o thibela ho khalla lintho tsa batho ba bang.—Ex. 20:5, 6, 12, 15, 17.

Molopolli oa Rōna ea Halalelang le ea Tšabehang

17. Baiseraele ba ne ba e-na le mabaka afe a ho halaletsa lebitso la Molimo?

17 “O rometse topollo ho batho ba hae. O laetse selekane sa hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Lebitso la hae lea halalela ’me lea tšabeha.” (Pes. 111:9) Hape, ho ka ’na ha etsahala hore ebe mopesaleme o ne a nahanne ka taba ea hore Jehova o ile a tšepahalla selekane sa hae ho Abrahama. Tumellanong le seo, Jehova ha aa ka a tlohela batho ba hae ha e ne e le makhoba Egepeta ea boholo-holo le hamorao ha e ne e le batlamuoa Babylona. Liketsahalong tsena ka bobeli, Molimo o ile a lopolla batho ba hae. Esita le ha Jehova a ne a ba etselitse lintho tseo tse peli feela, Baiseraele ba ka be ba ile ba halaletsa lebitso la Molimo.—Bala Exoda 20:7; Baroma 2:23, 24.

18. Ke hobane’ng ha u nka hore ho bitsoa ka lebitso la Molimo ke tokelo?

18 Hoa tšoana le ka Bakreste ba ’nete kajeno, ba lopolotsoeng bokhobeng ba sebe le lefu boo ba neng ba se na tšepo ea ho lokoloha ho bona. Re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho phela tumellanong le kōpo ea pele e etsoang thapelong ea mohlala e reng: “Lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Mat. 6:9) Ho nahanisisa ka lebitso leo le tlotlehang ho lokela ho etsa hore re tšabe Molimo. Mongoli oa Pesaleme ea 111 o ne a e-na le maikutlo a nepahetseng ka ho tšaba Molimo, o ile a re: “Ho tšaba Jehova ke tšimoloho ea bohlale. Bohle ba li phethang [ba bolokang litaelo tsa hae] ba na le temohisiso e molemo.”Pes. 111:10.

19. Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?

19 Ho tšaba Molimo ka tsela e loketseng ho tla re thusa hore re hloee se sebe. Ho tla boela ho re thuse hore re etsise makhabane a Molimo a hlahang Pesalemeng ea 112, eo re tla e tšohla  sehloohong se latelang. Pesaleme eo e bontša hore na ke joang re ka tšoanelehang hore re be har’a batho ba limilione ba tla thabela ho rorisa Molimo ka ho sa feleng. Ruri O lokeloa ke ho rorisoa. “Thoriso ea hae e eme ka ho sa feleng.”Pes. 111:10.

Lipotso Tsa ho Thuisa

• Ke hobane’ng ha re lokela ho rorisa Jehova re momahane?

• Mesebetsi ea Jehova e bonahatsa makhabane afe a hae?

• U nka tokelo ea ho bitsoa ka lebitso la Molimo joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Morero oa rōna o ka sehloohong oa ho bokana kamehla ke ho rorisa Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Melao eohle ea Jehova e thehiloe melao-motheong e sa felloeng ke nako le e tšepahalang