Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Mamella Joang Tšebeletsong?

U ka Mamella Joang Tšebeletsong?

U ka Mamella Joang Tšebeletsong?

NA U se u kile ua ikutloa u khathetse ebile u nyahame hoo u neng u batla ho khaotsa ho etsa mosebetsi oa boboleli? Khanyetso e matla, matšoenyeho, ho kula, khatello ea lithaka, kapa ho se nke khato ha batho bao re ba bolellang litaba tse molemo, ke lintho tse ka ’nang tsa re thatafalletsa ho mamella. Leha ho le joalo, ak’u nahane ka mohlala oa Jesu. O ile a mamella teko e bohloko ka ho fetisisa “ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae.” (Baheb. 12:2) O ne a tseba hore o thabisa pelo ea Jehova ha a ne a bontša hore liqoso tseo Molimo a qosoang ka tsona ha li na lebaka ka ho feletseng.—Liprov. 27:11.

Le uena u ka thabisa pelo ea Jehova ka ho mamella tšebeletsong. Leha ho le joalo, ho ne ho tla etsahala’ng haeba litšitiso li bonahala li u qeta matla a ho tsoela pele u bolela litaba tse molemo? Mosali ea bitsoang Krystyna, ea seng a hōlile a bile a kula, o re: “Ho tloaelehile hore ke ikutloe ke khathetse ke bile ke nyahame. Ka linako tse ling hoa etsahala hore mathata a ka a ho hōla, a kang ho kula le ho tšoenyeha ka bophelo ba letsatsi le letsatsi a fokotse cheseho ea ka ka nakoana.” U ka mamella joang tšebeletsong ho sa tsotellehe litšitiso tsee?

U Etsise Baprofeta

Bahoeletsi ba tšepahalang ba ’Muso ba ka tiisetsa mosebetsing oa boboleli ka hore ba loanele hore ba be le boikutlo ba kelello bo tšoanang le ba baprofeta ba boholo-holo. Ka mohlala, nahana ka Jeremia. Ha a ne a bitsetsoa mosebetsi oa boprofeta, o ile a qala a le lekhonono. Leha ho le joalo, ka lilemo tse fatang tse 40, Jeremia o ile a mamella mosebetsing oa hae o thata hobane o ne a ithutile ho tšepa Molimo ka botlalo.—Jer. 1:6; 20:7-11.

Henryk o khothatsoa ke mohlala oa Jeremia. O re: “Lilemong tse fetang tse 70 tseo ke bileng tšebeletsong ka tsona, ka linako tse ling ke ’nile ka nyahamisoa ke liketso tsa batho—mabifi a bona kapa ho iphapanya ha bona. Linakong tse joalo, ke ikhopotsa ka mohlala oa Jeremia. Lerato leo a neng a rata Jehova ka lona le kamano ea hae e matla le Molimo li ile tsa mo matlafatsa hore a tsoele pele a profeta.” (Jer. 1:17) Rafał le eena o khothalitsoe ke mohlala oa Jeremia. O re: “Ho e-na le ho icheba boeena le ho tsepamisa kelello maikutlong a hae, Jeremia o ne a tšepile Molimo. Ho sa tsotellehe lehloeo le neng le atile, o ile a tsoela pele a sa tšabe letho. Ke leka ho ikhopotsa seo.”

Moprofeta e mong eo mohlala oa hae o thusang batho ba bangata hore ba mamelle tšebeletsong ke Esaia. Molimo o ile a mo bolella hore batho ba naha ea habo ba ne ba sa tl’o mo mamela. Jehova o ile a re: “Etsa hore lipelo tsa batho bana e be tse sa amoheleng letho, ’me u etse hore litsebe tsa bona li se ke tsa arabela.” Na Esaia o ile a hlōleha? Molimo ha aa ka a nka hore o hlōlehile. Ha a ne a rongoa e le moprofeta, o ile a re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” (Esa. 6:8-10) Esaia o ile a phetha thōmo ea hae. Na le uena u etsa joalo mabapi le taelo ea ho bolela?

Joaloka Esaia, re lokela ho qoba ho nahana haholo ka liketsahalo tsa ha batho ba hana ho amohela molaetsa oa rōna e le hore re tiisetse tšebeletsong ho sa tsotellehe batho ba sa nkeng khato. Rafał o loantša ho nyahama ka tsela ena: “Ke leka hore ke se ke ka tebisa maikutlo linthong tse bohloko tseo batho ba li buang. Batho ba tšimong ea h’eso ba na le tokelo ea ho bua ka tsela eo ba e batlang.” Anna o phaella ka ho re: “Ke leka hore ke se ke ka lula ke nahana ka eng kapa eng e sa thabiseng kapa e nyahamisang. Se nthusang hore ke etse joalo ke thapelo le ho bala temana ea letsatsi pele ke ea tšimong. Menahano efe kapa efe e mebe e tloha ka potlako.”

Moprofeta Ezekiele o ne a sebetsa Babylona har’a batlamuoa ba manganga ba Bajuda. (Ezek. 2:6) Haeba moprofeta eo a ne a sa ka a bolella batho mantsoe a Molimo ’me eba motho e mong ea khopo o shoa a sa ka a utloa temoso, Ezekiele o ne a tla ba molato. Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Mali a hae ke tla a batla letsohong la hao.”—Ezek. 3:17, 18.

Henryk o leka ho sheba litaba joaloka Ezekiele. O re: “Ke batla hore ke hloeke maling a batho bohle. Bophelo ba bohlokoa ba batho bo kotsing.” (Lik. 20:26, 27) Zbigniew o na le maikutlo a tšoanang ’me o re: “Ezekiele o ile a tlameha ho tsoela pele ho sa tsotellehe hore na ba bang ba ne ba nahana joang. Sena se nthusa hore ke shebe mosebetsi oa ho boboleli ka tsela eo ’Mōpi a o shebang ka eona.”

Ha U Mong

Ha u etsa mosebetsi oa ho bolela ha u mong. Feela joaloka moapostola Pauluse, re ka re: “Re basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Krystyna, oa lumela hore ka linako tse ling oa nyahama ’me o re: “Ke ka hona ke lulang ke kōpa Jehova hore a ’matlafatse. Ha ho mohla a keng a mphoqe.” Ka sebele, re hloka thuso ea moea oa Molimo ha re le tšebeletsong!—Zak. 4:6.

Ha re le tšimong, moea o halalelang o boetse o re thusa ho bontša makhabane ao “litholoana tsa moea” li bonahalang ka ’ona. (Bagal. 5:22, 23) Seo se boetse se re thusa hore re tiisetse mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo ho sa tsotellehe hore na batho ba etsa eng. Henryk o re: “Mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o nthusa ho ntlafatsa botho ba ka. Ke ithuta ho ba le mamello, ho nahanela le hore ke se ke ka tela habonolo.” Ho mamella tšebeletsong ho sa tsotellehe litšitiso tse fapa-fapaneng ho ka u thusa hore u be le tholoana ea moea haholoanyane.

Jehova o tsamaisa mosebetsi ona a sebelisa mangeloi a hae. (Tšen. 14:6) Bibele e bolela hore ho na le “limiriade tsa limiriade le likete tsa likete” tsa libōpuoa tseo tsa moea. (Tšen. 5:11) Jesu o tataisa mangeloi hore a tšehetse bahlanka ba Molimo lefatšeng. Na u nahana ka seo kamehla ha u le tšebeletsong?

Anna o re: “Ha ke nahana ka hore mangeloi a na le rōna ha re le tšebeletsong, seo sea nkhothatsa. Ke ananela thuso eo a fanang ka eona a tataisoa ke Jehova le Jesu.” Ke tlotla e kaakang ho sebetsa le mangeloi a tšepahalang!

Ho sebetsa le bahoeletsi ba bang ba ’Muso ho ka re thusa joang hore re mamelle? Re hlohonolofalitsoe ka hore re sebetse le letšoele le leholo la Lipaki tse tšepahalang. Ha ho pelaelo hore u bone bonnete ba maele ana a Bibele a reng: “Tšepe e leotsoa ka tšepe. Ka ho tšoanang motho e mong o leotsa sefahleho sa e mong.”—Liprov. 27:17.

Ha re sebetsa le ba bang tšebeletsong re fumana monyetla o babatsehang oa ho bona litsela tse ling tsa ho bolela tse atlehang, tseo e ka ’nang eaba li ncha ho rōna. Elżbieta o re: “Ha ke sebetsa le bahoeletsi ba fapa-fapaneng ke fumana monyetla oa ho bontša lerato ho balumeli-’moho le ’na hammoho le ho batho bao re kopanang le bona tšimong.” Leka ho sebetsa le bahoeletsi ba fapa-fapaneng tšebeletsong. Seo se tla etsa hore tšebeletso ea hao e be e thabisang.

U Itlhokomele Hantle

E le hore re lule re cheseha tšebeletsong, re lokela ho hlophisa lintho hantle, re be le kemiso e ntle ea ho ithuta re be re phomole hantle. Ka mantsoe a mang, re lokela ho itlhokomela ’meleng le moeeng.

Bibele e re: “Merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.” (Liprov. 21:5) Zygmunt, eo hona joale a leng lilemo li 88, o re: “Ha ke etsa lintho ka tlhophiso tšebeletsong, seo se nthusa hore ke fihlele sepheo sa ka. Ke hlophisa nako ea ka ka hloko e le hore ke be le nako e lekaneng ea ho paka.”

Ha re e-na le tsebo e batsi ea Mangolo e ka re matlafatsa ebile e ka re hlomellela tšebeletso. Feela joalokaha re lokela ho ja hore re ’ne re phele, re lokela ho iphepa lijo tsa moea kamehla e le hore re ’ne re etse mosebetsi oa boboleli. Ha re iphepa ka Lentsoe la Molimo letsatsi ka leng re bile re ja “lijo . . . ka nako e tšoanetseng” sena se ka re matlafalletsa tšebeletso.—Mat. 24:45-47.

Elżbieta o ile a etsa liphetoho tse khōlō tseleng eo a neng a phela ka eona e le hore a ntlafatse tšebeletso ea hae. O re: “Ke fokolitse nako ea ho shebella thelevishene haholo e le hore ke be le nako e ngata ea ho lokisetsa tšebeletso. Ha ke bala Bibele mantsiboea a mang le a mang, ke nahana ka batho bao ke kopaneng le bona tšimong. Ke sheba mangolo le lihlooho tse ka ’nang tsa ba thusa.”

Ha u phomola hantle u tla lula u e-na le matla ’me u tla kopanela ka botlalo tšebeletsong. Ka lehlakoreng le leng, boikhathollo bo feteletseng bo ka ama tsela eo u etsang mosebetsi oa hao ka eona. Andrzej e leng mohoeletsi ea chesehang, o re: “Ho se phomole ho etsa hore motho a khathale haholo ’me ka mor’a moo a ka ’na a nyahama. Ke etsa sohle se matleng a ka hore ke qobe boemo boo.”—Moek. 4:6.

Ho sa tsotellehe boiteko bo tiileng boo re bo etsang, batho ba bangata ha ba amohele litaba tse molemo. Leha ho le joalo, le ka mohla Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oa rōna. (Baheb. 6:10) Le haeba batho ba bangata ba sa batle ho bua le rōna, ba ka ’na ba bua ka ketelo ea rōna ha re se re tlohile malapeng a bona. Phello e ka ’na ea tšoana le ena eo re balang ka eona mabapi le Ezekiele: ‘ka sebele batho ba tla tseba hore moprofeta o ne a le har’a bona.’ (Ezek. 2:5) Ke ’nete hore tšebeletso eo re e etsang ha e bonolo, empa re fumana melemo ho eona ’me le batho ba re mamelang baa e fumana.

Zygmunt o re: “Ho kopanela tšebeletsong ho re thusa ho apara botho bo bocha le ho bontša hore re rata Molimo le baahelani ba rōna.” Andrzej o phaella ka ho re: “Ke tlotla ho kopanela mosebetsing ona o pholosang bophelo. Ha o sa tla hlola o etsoa ka tsela e pharaletseng hakana kapa tlas’a maemo a kang ana.” Le uena u ka fumana melemo e mengata ha u tiisetsa tšebeletsong kajeno.—2 Bakor. 4:1, 2.

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Ha re itlhokomela ’meleng le moeeng re tla tseba ho mamella tšebeletsong