Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U se ke Ua Lebala Jehova

U se ke Ua Lebala Jehova

U se ke Ua Lebala Jehova

BAISERAELE ba bang ba ne ba se ba kile ba etsa ntho e tšoanang. Leha ho le joalo, lena e ne e le lekhetlo la pele ebile e le la ho qetela leo ba bangata ba bona ba neng ba tla tšela moo ho nang le metsi empa ba sa be metsi. Jehova o ne a sa tsoa emisa metsi a Nōka ea Jordane hore a se ke a phalla. Joale, Baiseraele ba limilione ba ile ba tšela nōka eo ba entse mokoloko ’me ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Joalokaha baholo-holo ba bona ba ne ba ile ba etsa lilemong tse 40 pele ho moo Leoatleng le Lefubelu, e tlameha ebe ba bangata ba neng ba tšela Jordane lekhetlong lena ba ile ba nahana ka tsela ena, ‘Le ka mohla nke ke ka lebala seo Jehova a se entseng mona.’—Josh. 3:13-17.

Leha ho le joalo, Jehova o ne a tseba hore Baiseraele ba bang ba ne ba tla “lebala mesebetsi ea hae kapele.” (Pes. 106:13) Kahoo, o ile a laela moeta-pele oa Baiseraele, Joshua, hore a nke majoe a 12 a tsoang ka har’a nōka ’me a a behe moo ba neng ba tla hloma liahelo teng ka lekhetlo la pele. Joshua o ile a re: “Majoe ana ke sehopotso ho bara ba Iseraele.” (Josh. 4:1-8) Sefika seo sa majoe se ne se tla hopotsa sechaba liketso tsa Jehova tse matla ’me se hatise likelellong tsa sona hore na ke hobane’ng ha se ne se lokela ho mo sebeletsa ka botšepehi kamehla.

Na tlaleho eo e molemo ho batho ba Molimo kajeno? E, e molemo. Le rōna ha rea lokela ho lebala Jehova le ka mohla; re lokela ho tsoela pele re mo sebeletsa ka botšepehi. Litemoso tse ling tse neng li tobisitsoe ho sechaba sa Iseraele li ka sebetsa ho bahlanka ba Jehova kajeno. Nahana ka mantsoe a Moshe a reng: “U itebele hore u se ke ua lebala Jehova Molimo oa hao hoo u sa bolokeng litaelo tsa hae le liqeto tsa hae tsa boahloli le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng.” (Deut. 8:11) Seo se bolela hore ho lebala Jehova ho ka fella ka ho se mamele Molimo ka boomo. Kotsi eo e sa le teng le mehleng ena ea rōna. Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Bakreste, o ile a ba lemosa ka ‘mohlala o tšoanang oa ho se mamele’ oo Baiseraele ba ileng ba o bontša lefeelleng.—Baheb. 4:8-11.

A re ke re tšohleng tse ling tsa lintho tse ileng tsa etsahalla Baiseraele tse totobatsang hore ha rea lokela ho lebala Molimo. Ho phaella moo, lintho tseo re tla ithuta tsona bophelong ba banna ba babeli ba Baiseraele ba ileng ba tšepahala, li tla re thusa ho sebeletsa Jehova ka mamello le ka teboho.

Mabaka a Etsang Hore re Hopole Jehova

Lilemong tsohle tseo Baiseraele ba neng ba le Egepeta ka tsona, Jehova ha aa ka a ba lebala le ka mohla. O ile a “hopola selekane sa hae le Abrahama, Isaka le Jakobo.” (Ex. 2:23, 24) Seo a ileng a se etsa ka mor’a moo e le hore a ba lokolle bokhobeng, e ne e le sa bohlokoa hoo ba neng ba sa lokela ho se lebala.

Jehova o ile a otla Egepeta ka likotlo tse robong. Baprista ba Faro ba sebelisang boselamose ba ne ba se na matla a ho li thibela. Ho ntse ho le joalo, Faro o ile a bontša hore ha a hlomphe Jehova ka hore a hane ho lokolla Baiseraele hore ba tsamaee. (Ex. 7:14–10:29) Leha ho le joalo, se ileng sa etsahala ka lebaka la kotlo ea leshome, se ile sa qobella ’musi eo ea ikhohomosang hore a mamele Molimo. (Ex. 11:1-10; 12:12) Sechaba sa Iseraele le sehlopha se seholo se tsoakaneng, mohlomong e le batho ba ka bang 3 000 000, se ile sa tsoa Egepeta se eteletsoe pele ke Moshe. (Ex. 12:37, 38) Pele ba e-ea hōle, Faro o ile a fetola maikutlo. O ile a laela bapalami ba hae ba likoloi tsa ntoa le ba lipere—e leng lebotho le neng le le matla ka ho fetisisa lefatšeng ka nako eo—hore ba e’o tšoara batho bao, bao e neng e le makhoba a hae. Ho sa le joalo, Jehova o ile a bolella Moshe hore a ise Baiseraele sebakeng seo ho neng ho bonahala eka ba qabeletsoe ho sona, pakeng tsa Leoatle le Lefubelu le matsoapo a Pihahirothe.—Ex. 14:1-9.

Faro o ne a lumela hore Baiseraele ba ikisitse lerabeng, ’me lebotho la hae le ne le tla tloha le ba hlasela. Empa Jehova o ile a thibela Baegepeta hore ba se ke ba fihla ho bona ka ho emisa topallo ea leru le topallo ea mollo pakeng tsa bona le Baiseraele. Ka mor’a moo, Molimo o ile a arola Leoatle le Lefubelu, a bula lekhalo la metsi a ka bang bophahamo ba limithara tse 15 ka mahlakoreng ka bobeli. Baiseraele ba ile ba tšela leoatle ba tsamaea moo ho omileng. Kapele Baegepeta ba ile ba fihla lebōpong la leoatle ’me ba shebella Baiseraele ha ba ntse ba tšelela ka mose ho leoatle.—Ex. 13:21; 14:10-22.

Moeta-pele ea bohlale a ka be a ile a khaotsa ho lelekisa Baiseraele, empa Faro ha aa ka a etsa joalo. Ka lebaka la ho itšepa ho tlola, o ile a laela hore likoloi tsa hae le banna ba hae ba palameng lipere ba latele Baiseraele ka leoatleng. Eaba Baegepeta ba ntse ba kenella hare. Empa ba ile ba thijoa le pele ba ka fihla ho Baiseraele. Likoloi tsa Baegepeta li ne li se li sitoa ho tsamaea! Jehova o ne a li chomotse mabili.—Ex. 14:23-25; 15:9.

Ha Baegepeta ba ntse ba sokolisoa ke likoloi tsa bona tsa ntoa tse robehileng, Baiseraele bohle ba ile ba fihla lebōpong le ka bochabela la leoatle. Joale, Moshe o ile a otlollela letsoho la hae holim’a Leoatle le Lefubelu. Ka nako eo, Jehova o ile a etsa hore metsi a neng a entse lekhalo a boele a kopane. Ka molumo o moholo metsi a mangata a ile a koahela Faro le bahlabani ba hae, ’me a ba khama. Ha ho le ea mong oa lira tseo ea ileng a pholoha. Baiseraele ba ne ba lokolohile!—Ex. 14:26-28; Pes. 136:13-15.

Ketsahalo ena e ile ea tšosa lichaba tsa tikoloho eo ka nako e telele. (Ex. 15:14-16) Lilemo tse 40 hamorao, Rahaba oa Jeriko o ile a re ho banna ba babeli ba Baiseraele: “Ho le tšaba ho re oetse holimo, . . . etsoe re utloile kamoo Jehova a ileng a pshesa metsi a Leoatle le Lefubelu ka pel’a lōna ha le tsoa Egepeta.” (Josh. 2:9, 10) Esita le lichaba tseo tsa bahetene li ne li sa lebala kamoo Jehova a ileng a pholosa batho ba hae kateng. Ho hlakile hore Baiseraele ba ne ba bile ba e-na le mabaka a mangata le ho feta a ho mo hopola.

‘O ba Sireletsa Joaloka Thaka ea Leihlo la Hae’

Ka mor’a hore ba tšele Leoatle le Lefubelu, Baiseraele ba ile ba fihla Lefeelleng la Sinai, e leng ‘lefeella le leholo le le tšabehang.’ Ha ba ntse ba tsamaea ‘mobung oo o nyoriloeng le o se nang metsi’—ebile ho se na lijo bakeng sa letšoele le lekaalo—Jehova o ile a ba hlokomela. Moshe o ile a hopola: ‘Jehova o fumane Baiseraele naheng ea lefeella, le lehoatateng le feela, le se nang letho. A qala ho ba pota-pota, ho ba hlokomela, ho ba sireletsa joaloka thaka ea leihlo la hae.’ (Deut. 8:15; 32:10) Molimo o ile a ba hlokomela joang?

Jehova o ile a ba fa “bohobe bo tsoang maholimong,” bo bitsoang manna, bo ileng ba hlaha ka mohlolo “holim’a lefeella.” (Ex. 16:4, 14, 15, 35) Jehova o ile a boela a etsa hore metsi a phalle “lefikeng le thata.” Molimo o ile a ba hlokomela hore liaparo tsa bona li se ke tsa tsofala le hore maoto a bona a se ke a ruruha ka lilemo tse 40 tseo ba li qetileng ba le lefeelleng. (Deut. 8:4) Jehova o ne a lebeletse hore ba etse eng ho bontša hore baa leboha? Moshe o ile a bolella Baiseraele a re: “Le mpe le itebele ’me le hlokomele meea ea lōna haholo, e le hore le se ke la lebala lintho tseo mahlo a lōna a li boneng le hore li se ke tsa tloha lipelong tsa lōna ka matsatsi ’ohle a bophelo ba lōna.” (Deut. 4:9) Haeba ka kananelo Baiseraele ba ne ba hopola liketso tsa Jehova tse pholosang, ba ne ba tla mo sebeletsa kamehla ’me ba ikitlaelletse ho mamela melao ea hae. Ebe ke sefe seo Baiseraele ba neng ba tla se etsa?

Ho Lebala ho Etsa Hore Motho a Hloke Teboho

Moshe o ile a re: “Le lebetse Lefika le le tsoetseng, ’me la qala ho ntša Molimo mehopolong ea lōna.” (Deut. 32:18) Liketso tseo Jehova a ileng a li etsa Leoatleng le Lefubelu, litokisetso tseo a ileng a li etsa ho hlokomela sechaba lefeelleng hammoho le lintho tse ling tsohle tse molemo tseo Jehova a ileng a li etsa, ba ile ba li hlokomoloha kapa ba li lebala kapele. Baiseraele e ile ea e-ba marabele.

Ho na le nako eo ka eona Baiseraele ba ileng ba nyatsa Moshe mohlomong hobane ba ne ba nahana hore ba ke ke ba fumana metsi. (Num. 20:2-5) Ba ile ba belaela ka manna ao ba neng ba phela ka ’ona ba re: “Meea ea rōna e se e nyonya bohobe bona bo eisehang.” (Num. 21:5) Ba ile ba e-ba le pelaelo ka qeto eo Molimo a e entseng ba ba ba hana ho amohela hore Moshe e be moeta-pele oa bona ’me ba ile ba re: “Hoja ra shoella naheng ea Egepeta, kapa hoja ra shoella lefeelleng lena! . . . A re beheng moeta-pele, ’me re khutleleng Egepeta!”—Num. 14:2-4.

Jehova o ile a ikutloa joang ha Baiseraele ba ne ba sa mamele? Hamorao mopesaleme o ile a nahana ka liketsahalo tseo ’me a ngola a re: “Ba ne ba mo fetohela hangata hakaakang lefeelleng, ba mo utloisa bohloko lehoatateng! Ka makhetlo-khetlo ba ne ba leka Molimo, ba utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko. Ha baa ka ba hopola letsoho la hae, letsatsi leo a ileng a ba lopolla ka lona ho mohanyetsi, kamoo a ileng a beha lipontšo tsa hae Egepeta.” (Pes. 78:40-43) Ha ho pelaelo hore ho lebala ha Baiseraele ho ile ha utloisa Jehova bohloko haholo.

Banna ba Babeli ba sa Kang ba Lebala

Leha ho le joalo, Baiseraele ba bang ha baa ka ba lebala Jehova. Ba babeli ba bona e ne e le Joshua le Kalebe. Ba ne ba ile ba e-ba har’a sehlopha sa lihloela tse 12 tse ileng tsa rongoa ho ea hloela Naha e Tšepisitsoeng ba e-tsoa Kadeshe-barnea. Ba leshome ba ile ba fana ka tlaleho e mpe, empa Joshua le Kalebe ba ile ba re ho sechaba: “Naha eo re fetileng ho eona ho ea e hloela ke naha e ntle, e ntle haholo. Haeba Jehova a khahloa ke rōna, joale ka sebele o tla re kenya naheng ena ’me a re fe eona, naha e phallang lebese le mahe a linotši. Le mpe le se ke la fetohela Jehova.” Ha batho ba utloa mantsoe ao, ba ile ba rera ho tlepetsa Joshua le Kalebe ka majoe. Empa bobeli ba bona ba ile ba ema ba tiile ba tšepile Jehova.—Num. 14:6-10.

Lilemo hamorao, Kalebe o ile a re ho Joshua: “Moshe mohlanka oa Jehova [o ile] a nthoma ho tsoa Kadeshe-barnea ho ea hloela naha, eaba ke mo khutlisetsa lentsoe feela joalokaha le ne le le ka pelong ea ka. Barab’eso ba ileng ba nyoloha le ’na ba ile ba nyahamisa lipelo tsa sechaba; empa ha e le ’na, ka latela Jehova Molimo oa ka ka ho feletseng.” (Josh. 14:6-8) Kalebe le Joshua ba ile ba mamella mathata a fapa-fapaneng kaha ba ne ba tšepile Molimo. Ba ne ba ikemiselitse ho hopola Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba bona.

Kalebe le Joshua ba ile ba boela ba bontša teboho kaha ba ne ba lemoha hore Jehova o ne a phethahalitse tšepiso ea hae ea hore o tla fa batho ba hae naha e nonneng. Ka sebele, Baiseraele ba ne ba lokela hore ebe ba ile ba leboha Jehova ea ileng a ba hlokomela. Joshua o ile a ngola a re: “Jehova a fa Baiseraele naha eohle eo a neng a hlapantse hore o tla e fa baholo-holo ba bona . . . Ha ho tšepiso e ileng ea hlōleha ho phethahala tšepisong eohle e molemo eo Jehova a neng a e entse ho ntlo ea Iseraele; e ile ea phethahala kaofela.” (Josh. 21:43, 45) Kajeno re ka bontša teboho e tšoanang le ea Kalebe le Joshua joang?

E-ba ea Lebohang

Monna e mong ea tšabang Molimo o kile a botsa a re: “Ke tla buseletsa eng ho Jehova bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na?” (Pes. 116:12) Re kolota Molimo haholo ka lebaka lintho tse bonahalang tseo a re hlohonolofalitseng ka tsona, ka lebaka la tataiso ea hae ea moea le ka lebaka la sohle seo a se entseng bakeng sa ho re pholosa nakong e tlang, hoo re ke keng ra khona ho mo lefa. Ha e le hantle, le ka mohla re ke ke ra lefa Jehova. Empa kaofela ha rōna re ka mo leboha.

Na keletso ea Jehova e u thusitse ho qoba mathata? Na ’nete ea hore Molimo oa tšoarela e u thusitse hore u boele u be le letsoalo le hloekileng? Melemo ea liketso tseo tsa Molimo e lula e le teng ka nako e telele, kahoo le uena u lokela ho mo leboha ka nako e telele joalo. Ngoananyana ea lilemo li 14 ea bitsoang Sandra, o ile a tobana le mathata a maholo empa Jehova o ile a mo thusa ho a hlola. O re: “Ke ile ka rapela Jehova ho kōpa thuso ’me tsela eo a ileng a nthusa ka eona e ile ea nkhahla haholo. Joale kea tseba hore na ke hobane’ng ha hangata Ntate a ne a bua le ’na ka Liproverbia 3:5, 6 e reng: ‘Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.’ Ke kholisehile hore joalokaha Jehova a ’nile a nthusa ho fihlela joale, o tla ’ne a nthuse kamehla.”

Bontša Hore U Hopola Jehovae ka ho Mamella

Bibele e totobatsa ntho e ’ngoe e hlokahalang e le hore re hopole Jehova, ha e re: “Mamello mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng, e le hore le ka ba ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle, le sa haelloe ke letho.” (Jak. 1:4) Ho ba “ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle” ho akarelletsa eng? Ho akarelletsa ho sebeletsa ho ba le botho bo tla re thusa hore re thulane le liteko re tšepile Jehova le ho ikemisetsa ho li hlōla, re sa tele. Mamello ea mofuta oo e etsa hore motho a khotsofale haholo ha liteko tsa tumelo li se li fetile. Ha ho pelaelo hore kamehla lia feta.—1 Bakor. 10:13.

Mohlanka e mong ea sebelelitseng Jehova ka nako e telele ea ileng a thulana le mathata a maholo a ho kula o hlalosa se ileng sa mo thusa hore a mamelle: “Ke leka ho nahana ka seo Jehova a se etsang eseng ka seo ’na ke batlang ho se etsa. Ho tšepahala ho etsa hore ke lule ke tsepamisitse mahlo a ka mererong ea Molimo, eseng litakatsong tsa ka. Ha ke thulana le mathata, ha ke re, ‘Jehova ke hobane’ng ha e le ’na ea thulanang le bothata boo?’ Ke itsoella pele ke mo sebeletsa ebile ke atametse haufi le eena esita leha ke hlaheloa ke bothata boo ke sa bo lebellang.”

Kajeno phutheho ea Bokreste e rapela Jehova “ka moea le ka ’nete.” (Joh. 4:23, 24) Le ka mohla e le sehlopha, Bakreste ba ’nete ba ke ke ba lebala Molimo ka tsela eo sechaba sa Iseraele se ileng sa mo lebala ka eona. Empa ho ba karolo ea phutheho ka bohona ha ho re tiisetse hore re tla tšepahala. E mong le e mong oa rōna o lokela ho bontša teboho le mamello tšebeletsong ea Jehova joaloka Kalebe le Joshua. Re na le mabaka a utloahalang a ho etsa joalo, hobane Jehova o tsoela pele ho re tataisa le ho re hlokomela re le batho ka bomong nakong ena e thata ea bofelo.

Joaloka sefika sa majoe seo Joshua a ileng a se haha, tlaleho ea liketso tse pholosang tsa Molimo e re tiisetsa hore a ke ke a lahla batho ba hae. Kahoo, e se eka u ka ba le maikutlo a tšoanang le a mopesaleme ea ileng a ngola a re: “Ke tla hopola liketso tsa Jah; etsoe ke tla hopola ketso ea hao e hlollang ea khale. Ka sebele ke tla thuisa ka mosebetsi oohle oa hao, ke tla nahanisisa ka mesebetsi ea hao.”—Pes. 77:11, 12.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Sechaba sohle se ile sa lokela ho tsamaea ‘mobung o nyoriloeng’

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Ha Baiseraele ba ntse ba hlomme litente Kadeshe-barnea, ho ile ha romeloa lihloela Naheng e Tšepisitsoeng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ka mor’a ho qeta lilemo ba le lefeelleng, Baiseraele ba ne ba lokela ho bontša teboho ka Naha e Tšepisitsoeng e nonneng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho tsepamisa mohopolo mererong ea Jehova ho re thusa ho mamella mathata leha e le afe ao re thulanang le ’ona