Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ananela Jesu e Leng Davida e Moholo le Solomone e Moholo

Ananela Jesu e Leng Davida e Moholo le Solomone e Moholo

Ananela Jesu e Leng Davida e Moholo le Solomone e Moholo

“Bonang! ho hong ho fetang Solomone ho teng mona.”—MAT. 12:42.

1, 2. Ke hobane’ng ha batho ba ne ba ka nka hore hoa makatsa hore Samuele a laeloe hore a tlotse Davida hore e be morena?

O NE a sa shebahale joaloka morena. Ho e-na le hoo, ho moprofeta Samuele o ne a shebahala feela joaloka moshanyana oa molisana. Ho feta moo, motse oa habo oa Bethlehema e ne e se oa bohlokoa hakaalo. O ile oa hlalosoa e le ‘o monyenyane haholo hore o ka ba har’a likete tsa Juda.’ (Mik. 5:2) Leha ho le joalo, moshanyana enoa eo ho neng ho bonahala e se oa bohlokoa, oa motseng o monyenyane, o ne a tla tloha a tlotsoa ke moprofeta Samuele hore e tle e be morena oa Iseraele.

2 Jese, ha aa ka a qala ka mora oa hae e monyenyane Davida hore e be eena ea tlisoang ho Samuele hore a mo tlotse, ebile ha aa ka a mo tlisa e le eena oa bobeli kapa oa boraro. Moshanyana enoa oa ho fela ho bara ba robeli ba Jese, e leng Davida, o ne a bile a le sieo ha Samuele a fihla lapeng ha Jese ho tla tlotsa e mong oa bara ba monna eo ea tšepahalang hore e tle e be morena oa naha. Empa Davida e ne e le eena mokhethoa oa Jehova, ’me seo e ne e le sona sa bohlokoa.—1 Sam. 16:1-10.

3. (a) Ha Jehova a hlahloba motho, ke sefe seo a se nkang e le sa bohlokoa haholo? (b) Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a hore Davida a tlotsoe?

3 Jehova o ile a bona seo Samuele a neng a ke ke a se bona. Molimo o ne a tseba pelo ea Davida ’me o ne a e rata. Molimo ha a nke ponahalo ea ka ntle feela e le eona ea bohlokoa; o nka seo motho a hlileng a leng sona ka pelong e le sona sa bohlokoa. (Bala 1 Samuele 16:7.) Kahoo, ha Samuele a hlokomela hore Jehova o ne a sa khetha e mong oa bara ba baholo ba supileng ba Jese, o ile a kōpa hore oa ho fela a latoe naheng. Tlaleho eo e re: “Tumellanong le hoo [Jese o ile] a romeletsa hore [Davida] a tlisoe. Joale o ne a le mofubelu, e le mohlankana ea nang le mahlo a matle le ea ponahalo e ntle. Joale Jehova a re: ‘Ema, u mo tlotse, etsoe enoa ke eena!’ Ka lebaka leo, Samuele a nka lenaka la oli ’me a mo tlotsa har’a barab’abo. Moea oa Jehova oa qala ho sebetsa ho Davida ho tloha letsatsing leo ho ea pele.”—1 Sam. 16:12, 13.

Davida o ne a Tšoantšetsa Kreste

4, 5. (a) Hlalosa lintho tse ling tseo Davida le Jesu ba tšoanang ka tsona. (b) Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jesu ke Davida e Moholo?

4 Joaloka Davida, Jesu o ile a tsoalloa Bethlehema, lilemong tse ka bang 1 100 ka mor’a Davida. Mahlong a batho ba bangata, Jesu le eena o ne a sa shebahale joaloka morena. Ka mantsoe a mang, e ne e se morena eo Baiseraele ba bangata ba neng ba mo lebeletse. Leha ho le joalo, joaloka Davida e ne e le mokhethoa oa Jehova. Le eena, joaloka Davida, o ne a ratoa ke Jehova. * (Luka 3:22) ‘Moea oa Jehova o ile oa qala ho sebetsa le ho Jesu.’

5 Ho na le lintho tse ling tse ngata tseo Davida le Jesu ba tšoanang ka tsona. Ka mohlala, Davida o ile a ekoa ke moeletsi oa hae Akitofele, athe Jesu o ile a ekoa ke moapostola oa hae Judase Iskariota. (Pes. 41:9; Joh. 13:18) Ka bobeli, Davida le Jesu ba ne ba chesehela sebaka sa Jehova sa borapeli ka matla. (Pes. 27:4; 69:9; Joh. 2:17) Jesu e ne e boetse e le mojalefa oa Davida. Pele Jesu a tsoaloa, lengeloi le ile la bolella ’mè oa hae sena: “Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida.” (Luka 1:32; Mat. 1:1) Leha ho le joalo, kaha litšepiso tsohle tse amanang le Mesia li tla phethahatsoa ke Jesu, o moholo haholo ho Davida. Ke Davida e Moholo, Morena eo e leng Mesia eo e leng khale a lebeletsoe.—Joh. 7:42.

Latela Morena eo e Leng Molisa

6. Davida e ne e le molisa ea molemo ka litsela life?

6 Jesu e boetse ke molisa. Molisa ea molemo ke ea joang? Ke motho eo ka botšepehi le ka sebete a hlokomelang, a fepang a bileng a sireletsang mohlape oa hae. (Pes. 23:2-4) Ha e ne e sa le moshanyana, Davida e ne e le molisana, ’me o ile a hlokomela linku tsa ntate oa hae hantle haholo. O ne a le sebete ha mohlape o ne o hlaseloa ’me o ile a ipeha kotsing e le hore a sireletse linku ha li ne li hlaseloa ke tau le ke bere.—1 Sam. 17:34, 35.

7. (a) Ke sefe se ileng sa koetlisetsa Davida mosebetsi oa hae oa borena? (b) Jesu o ile a bontša joang hore ke Molisa ea Khabane?

7 Lilemo tseo Davida a ileng a li qeta a lisa linku ka tsona naheng le maralleng, li ile tsa mo koetlisetsa mosebetsi o boima le boikarabelo bo boima ba ho lisa sechaba sa Iseraele. * (Pes. 78:70, 71) Jesu le eena o bontšitse hore ke molisa ea behang mohlala. Jehova oa mo matlafatsa ebile oa mo tataisa ha a ntse a lisa “mohlatsoana” oa hae le “linku tse ling.” (Luka 12:32; Joh. 10:16) Kahoo, Jesu ke Molisa ea Khabane. O tseba mohlape oa hae hantle hoo a bitsang nku e ’ngoe le e ’ngoe ka lebitso. O rata linku tsa hae hoo ha a ne a sa le lefatšeng a ileng a itella tsona ka ho rata. (Joh. 10:3, 11, 14, 15) Kaha ke Molisa ea Khabane, Jesu o etsa seo Davida a neng a ke ke a se etsa le ka mohla. Sehlabelo sa hae sa thekollo se buletse batho monyetla oa ho lopolloa lefung. Ha ho se ka mo thibelang ho lisa “mohlatsoana” oa hae e le hore o tle o fumane bophelo ba ho se shoe leholimong le hore a etelle “linku tse ling” tsa hae pele e le hore li fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la ho loka le tla beng le se na batho ba kang libatana.—Bala Johanne 10:27-29.

Latela Morena ea Hlōlang

8. Ke hobane’ng ha re ka re Davida e ne e le morena ea hlōlang?

8 Ha e se e le morena, Davida e ile ea e-ba mohlabani ea sebete ea ileng a sireletsa naha ea batho ba Molimo, ’me “Jehova [o ile] a tsoela pele ho pholosa Davida kae kapa kae moo a neng a e-ea teng.” Ha Davida e ne e le moeta-pele, meeli ea naha e ile ea atolosoa ho tloha nōkeng ea Egepeta ho ea fihla nōkeng ea Eufrate. (2 Sam. 8:1-14) Jehova o ile a fa Davida matla a hore e be ’musi ea matla haholo. Bibele e re: “Botumo ba Davida ba qala ho ea linaheng tsohle, ’me Jehova a etsa hore lichaba tsohle li mo tšabe.”—1 Likron. 14:17.

9. Hlalosa hore na ha Jesu e se e le Morena ea Khethiloeng e ile ea e-ba mohlōli joang.

9 Joaloka Morena Davida, Jesu o ne a le sebete. Ha Jesu e se e le Morena ea Khethiloeng, o ile a bontša hore o na le matla a fetang a bademona ka hore a lokolle batho tšusumetsong ea bona. (Mar. 5:2, 6-13; Luka 4:36) Esita le sera se seholo, e leng Satane Diabolose, ha ho moo se ka mo tšoarang teng. Ka thuso ea Jehova, Jesu o ile a hlōla lefatše le rapaletseng matleng a Satane.—Joh. 14:30; 16:33; 1 Joh. 5:19.

10, 11. Jesu o phetha karolo efe e le Morena oa Mohlabani maholimong?

10 Lilemo tse ka bang 60 ka mor’a lefu la Jesu le ka mor’a hore a tsohe a be a ee leholimong, moapostola Johanne o ile a bona pono ea boprofeta eo ho eona Jesu e neng e se e le Morena oa Mohlabani maholimong. Johanne o ile a ngola a re: “Bonang! pere e tšoeu; ea e palameng o ne a e-na le seqha; a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlōlang le hore a phethe tlhōlo ea hae.” (Tšen. 6:2) Mopalami oa pere e tšoeu ke Jesu. O ile “a fuoa moqhaka” ka 1914 ha a ne a behoa hore e be Morena leholimong. Ka mor’a moo, o ile “a tloha e le ea hlōlang.” Ka sebele, joaloka Davida, Jesu ke morena ea hlōlang. Nakoana ka mor’a hore a behoe e le Morena oa ’Muso oa Molimo, o ile a hlōla Satane ntoeng, eaba o mo lihela lefatšeng le bademona ba hae. (Tšen. 12:7-9) Ho palama ha hae ka tlhōlo ho tla tsoela pele ho fihlela ‘a phethile tlhōlo ea hae’ ka botlalo ka hore a timetse tsamaiso e khopo ea Satane.—Bala Tšenolo 19:11, 19-21.

11 Leha le joalo, joaloka Davida, Jesu ke morena ea mohau, ’me o tla sireletsa “bongata bo boholo” ka Armagedone. (Tšen. 7:9, 14) Ho feta moo, pusong ea Jesu le majalefa-’moho le eena e leng ba 144 000, “ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Lik. 24:15) Ba tla tsosoa lefatšeng ba tla ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Ba tla ba le bokamoso bo babatsehang hakaakang! E se eka kaofela ha rōna re ka ikemisetsa ho tsoela pele re ‘etsa se molemo,’ e le hore re tle re be teng ha lefatše le tla be le tletse bafo ba Davida e Moholo ba lokileng le ba thabileng.—Pes. 37:27-29.

Thapelo ea ha Solomone a ne a Rapella Bohlale ea Arajoa

12. Solomone o ile a rapella eng?

12 Mora oa Davida Solomone le eena o ne a tšoantšetsa Jesu. * Ha Solomone e e-ba morena Jehova o ile a itlhahisa ho eena ka toro ’me a bolela hore o ne A tla mo fa eng kapa eng eo a e kōpang. Solomone a ka be a ile a kōpa leruo le lengata, matla kapa bophelo bo bolelele. Ho e-na le hoo, o ile a bontša hore hase moithati ha a ne a kōpa Jehova a re: “Mphe bohlale le tsebo e le hore nka tsoa ka pel’a sechaba sena le hore nka kena, etsoe ke mang ea ka ahlolang sechaba see sa hao se seholo?” (2 Likron. 1:7-10) Jehova o ile a araba thapelo ea Solomone.—Bala 2 Likronike 1:11, 12.

13. Ke hobane’ng ha ho ka thoe ho ne ho se motho ea bohlale joaloka Solomone, hona bohlale ba hae bo ne bo tsoa ho mang?

13 Nakong eo Solomone a neng a tšepahala ho Jehova, har’a batho ba mehleng ea hae ho ne ho se motho ea neng a ka bua mantsoe a bohlale joaloka a hae. Solomone o ile a bua “maele a likete tse tharo.” (1 Mar. 4:30, 32, 34) A mangata a ’ona a ile a ngoloa ’me batho ba batlang bohlale ba sa ntse ba a nka e le a bohlokoa. Mofumahali oa Sheba o ile a nka leeto la lik’hilomithara tse 2 400 ho ea leka bohlale ba Solomone ka “lipotso tse qakang.” O ile a khahloa ke lipolelo tsa Solomone le ke katleho ea ’muso oa hae. (1 Mar. 10:1-9) Bibele e bolela hore na bohlale ba Solomone bo ne bo e-tsoa ho Mang ha e re: “Batho bohle ba lefatše ba ne ba batla sefahleho sa Solomone hore ba utloe bohlale ba hae boo Molimo a neng a bo kentse pelong ea hae.”—1 Mar. 10:24.

Latela Morena ea Bohlale

14. Jesu e ne e le “ho hong ho fetang Solomone” ka litsela life?

14 Ho hlakile hore ke motho a le mong feela ea neng a feta Solomone ka bohlale. Motho eo e ne e le Jesu Kreste, ea ileng a ipolela hore ke “ho hong ho fetang Solomone.” (Mat. 12:42) Jesu o ile a bua “lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.” (Joh. 6:68) Ka mohlala, Thuto ea Thabeng e ile ea tlatseletsa melao-motheong e meng ea maele a Solomone. Solomone o ile a bua ka lintho tse ’maloa tse etsang hore morapeli oa Jehova a thabe. (Liprov. 3:13; 8:32, 33; 14:21; 16:20) Jesu o ile a hatisa hore thabo ea ’nete e tlisoa ke lintho tse amanang le borapeli ba Jehova le ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo. O ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Mat. 5:3) Batho ba sebelisang melao-motheo ea lithuto tsa Jesu ba atamela haufi le Jehova, e leng “mohloli oa bophelo.” (Pes. 36:9; Liprov. 22:11; Mat. 5:8) Kreste o bonahatsa “bohlale ba Molimo.” (1 Bakor. 1:24, 30) Kaha ke Morena eo e leng Mesia, Jesu Kreste o na le “moea oa bohlale.”—Esa. 11:2.

15. Re ka rua molemo joang bohlaleng ba Molimo?

15 Ebe rōna re le balateli ba Solomone e Moholo re ka rua molemo joang bohlaleng ba Molimo? Kaha bohlale ba Jehova bo senotsoe ka Lentsoeng la hae, re lokela ho ikitlaelletsa ho bo fumana ka hore re ithute Bibele ka hloko, haholo-holo ka hore re ithute lipolelo tsa Jesu tse tlalehiloeng le ka hore re nahanisise ka seo re ithutang sona. (Liprov. 2:1-5) Ho feta moo, re lokela ho phehella ho kōpa Molimo hore a re fe bohlale. Lentsoe la Molimo lea re tiisetsa hore lithapelo tsa rōna tse tlohang botebong ba pelo tse kōpang thuso, li tla arajoa. (Jak. 1:5) Ka thuso ea moea o halalelang, re tla fumana bohlale ba bohlokoa Lentsoeng la Molimo bo ka re thusang ha re e-na le mathata le bo tla re thusa hore re etse liqeto tse bohlale. (Luka 11:13) Solomone o ne a boetse a bitsoa “’mokelli” ea ileng “a ruta batho tsebo a sa khaotse.” (Moek. 12:9, 10) Kaha Jesu ke Hlooho ea phutheho ea Bokreste, le eena ke ’mokelli oa batho ba hae. (Joh. 10:16; Bakol. 1:18) Kahoo, re lokela ho ba teng libokeng tsa phutheho moo re ‘rutoang ho sa khaotsoe.’

16. Ke lintho life tseo Solomone le Jesu ba tšoanang ka tsona?

16 Morena Solomone o ile a finyella lintho tse ngata haholo. O ile a hlophisa lenaneo la kaho naheng eohle, a okamela kaho ea matlo a borena, litsela, libaka tsa phepelo ea metsi, metse ea polokelo ea thepa, metse ea makoloi a ntoa le metse ea bapalami ba lipere. (1 Mar. 9:17-19) ’Muso oohle oa hae o ile oa rua molemo mesebetsing ea hae ea kaho. Jesu le eena ke sehahi. O ile a haha phutheho ea hae “holim’a lefika.” (Mat. 16:18) O tla boela a okamele mosebetsi oa kaho o tla etsoa lefatšeng le lecha.—Esa. 65:21, 22.

Latela Morena oa Khotso

17. (a) Puso ea Solomone e ne e ikhetha ka eng? (b) Solomone o ne a ke ke a finyella eng?

17 Lebitso lena Solomone, motso oa lona o bolela “khotso.” Morena Solomone o ile a busa a le Jerusalema eo lebitso la eona le bolelang “Letlotlo la Khotso e Habeli.” Puso ea hae ea lilemo tse 40 e ne e le ea khotso e ikhethang sechabeng sa Iseraele. Ha e bua ka lilemo tseo Bibele e re: “Bajuda le Baiseraele ba lula ba sireletsehile, e mong le e mong tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho tloha Dane ho ea Beerseba, ka matsatsi ’ohle a Solomone.” (1 Mar. 4:25) Ho ntse ho le joalo, le hoja Solomone a ne a le bohlale hakaalo, o ne a ke ke a lokolla bafo ba hae bokhobeng ba ho kula, ba sebe le ba lefu. Leha ho le joalo, Solomone e Moholo o tla lokolla bafo ba hae linthong tseo kaofela.—Bala Baroma 8:19-21.

18. Re thabela maemo afe ka phuthehong ea Bokreste?

18 Esita le hona joale, ho na le khotso ka phuthehong ea Bokreste. Ka sebele re thabela paradeise ea ’nete ea moea. Re na le khotso le Molimo le batho ba bang. Hlokomela boprofeta ba Esaia mabapi le maemo ao re phelang ho ’ona kajeno: “Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” (Esa. 2:3, 4) Ka ho etsa lintho tumellanong le moea oa Molimo, re tlatsetsa khotsong ena.

19, 20. Ke mabaka afe a etsang hore re thabe?

19 Leha ho le joalo, bokamoso bo tla ba molemo le ho feta. Ha batho ba ikokobelitseng ba ntse ba thabela khotso ka tsela e ikhethang pusong ea Jesu, butle-butle ba tla “lokolloa bokhobeng ba ho bola” ho fihlela e e-ba batho ba phethahetseng. (Bar. 8:21) Ka mor’a hore ba fete teko ea ho qetela qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, “ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pes. 37:11; Tšen. 20:7-10) Ka sebele, puso ea Kreste Jesu e tla feta ea Solomone ka litsela tseo re ke keng ra li nahana hona joale!

20 Joalokaha Baiseraele ba ile ba thaba ha ba ne ba tsamaisoa ke Moshe, Davida le Solomone, re tla thaba le ho feta pusong ea Kreste. (1 Mar. 8:66) Re leboha Jehova haholo ka hore ebe o ile a re fa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši—e leng Moshe e Moholo, Davida e Moholo le Solomone e Moholo!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Ho ka etsahala hore ebe lebitso Davida, le bolela “Ea Ratoang.” Nakong eo Jesu a neng a kolobetsoa le nakong eo a neng a fetoha sebōpeho, Jehova o ile a bua a le leholimong a mo bitsa “Mora oa ka, ea ratoang.”—Mat. 3:17; 17:5.

^ ser. 7 Ka nako e tšoanang, Davida o ile a tšoana le konyana e tšepang molisa oa eona. O ile a lebella hore Molisa e Moholo e leng Jehova a mo sireletse a be a mo tataise. Ka kholiseho o ile a re: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho.” (Pes. 23:1) Johanne Mokolobetsi o ile a bolela hore Jesu ke “Konyana ea Molimo.”—Joh. 1:29.

^ ser. 12 Hoa thabisa hore ebe lebitso la bobeli la Solomone e ne e le Jedidia, e bolelang “Ea Ratoang oa Jah.”—2 Sam. 12:24, 25.

Na U ka Hlalosa?

• Jesu ke Davida e Moholo joang?

• Jesu ke Solomone e Moholo joang?

• Ke sefe seo u se ananelang ka Davida e Moholo, eo e bileng e leng Solomone e Moholo?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Bohlale boo Solomone a neng a bo filoe ke Molimo bo ne bo tšoantšetsa bohlale ba Solomone e Moholo

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Puso ea Jesu e tla feta ea Solomone le ea Davida ka litsela tseo re ke keng ra li nahana hona joale!