Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ananela Moshe e Moholo

Ananela Moshe e Moholo

Ananela Moshe e Moholo

“Jehova Molimo o tla le hlahisetsa har’a barab’abo lōna moprofeta ea joaloka ’na. Le mo mamele.”—LIK. 3:22.

1. Jesu Kreste o bile le tšusumetso efe historing?

HO HLAHA ha ngoana e mong e motona lilemong tse likete tse peli tse fetileng, ho ile ha etsa hore mangeloi a mangata a leholimong a rorise Molimo ’me ho na le balisa ba ileng ba utloa thoriso ena. (Luka 2:8-14) Lilemo tse mashome a mararo hamorao, ha ngoana eo e se e le motho e moholo, o ile a qalisa tšebeletso e ileng ea nka lilemo tse tharo le halofo feela empa e ile ea fetola histori ea batho. Rahistori ea tsebahalang oa lekholong la bo19 la lilemo e leng Philip Schaff, o ile a susumelletseha hore ha a bua ka mohlankana enoa a re: “Le hoja a sa ka a ngola letho, o feta batho ba bangata haholo ba tummeng ba mehleng e fetileng le ba mehleng ea kajeno kaha o susumelitse batho ba bangata hore ba ngole, a ba fa lihlooho tse ngata tseo ba ka buang ka tsona ha ba fana ka likhothatso, ha ba fana ka lipuo, ha ba ba le lipuisano, ha ba ngola libuka tsa thuto, ha ba etsa mesebetsi ea bonono le ha ba etsa lithoko.” Ho totobetse hore mohlankana eo ea tsotehang e ne e le Jesu Kreste.

2. Moapostola Johanne o ile a re’ng ka Jesu le ka tšebeletso ea Hae?

2 Moapostola Johanne o ile a ngola tlaleho ea tšebeletso ea Jesu ’me ha a phethela o ile a re: “Ha e le hantle, ho na le lintho tse ling tse ngata tseo Jesu a ileng a li etsa, tseo ke nahanang hore, haeba li ne li ka ngoloa ka ho qaqa ho feletseng, lefatše le ne le ke ke la ba le sebaka sa meqolo e ngotsoeng.” (Joh. 21:25) Johanne o ne a tseba hore o ne a ka tlaleha feela karolo ea lintho tseo Jesu a ileng a li bolela a ba a li etsa lilemong tseo tsa bohlokoa tse tharo le halofo. Le hoja Kosepeleng ea hae Johanne a ile a tlaleha karolo e nyenyane ea liketsahalo tsena tsa bohlokoa, seo a ileng a se ngola ke sa bohlokoa haholo.

3. Re ka etsa joang e le hore re utloisise ka botlalo karolo eo Jesu a e phethang morerong oa Molimo?

3 Ntle ho litlaleho tse ’nè tsa bohlokoa tsa Likosepele, likarolo tse ling tsa Bibele li re fa lintlha tse matlafatsang tumelo tse mabapi le bophelo ba Jesu. Ka mohlala, litlaleho tsa Bibele tse mabapi le banna ba bang ba tšepahalang ba ileng ba phela pele Jesu a tla lefatšeng, li re thusa ho utloisisa ka botlalo karolo eo Jesu a e phethang morerong oa Molimo. A re ke re tšohleng tse ling tsa tsona.

Banna ba Tšepahalang ba Ileng ba Tšoantšetsa Kreste

4, 5. Ke bo-mang ba ileng ba tšoantšetsa Jesu, hona ba ile ba mo tšoantšetsa ka litsela life?

4 Johanne le bangoli ba bang ba bararo ba Likosepele ba bolela hore Moshe, Davida le Solomone e ne e le banna ba neng ba tšoantšetsa Jesu eo e neng e tla ba Motlotsuoa oa Molimo le Morena oa ka moso. Bahlanka bao ba Molimo ba boholo-holo ba bontšitse joang esale pele se neng se tla etsahala ka Jesu, hona re ka ithuta eng litlalehong tsee?

5 Ka bokhutšoanyane, Bibele e re bolella hore Moshe e ne e le moprofeta, mokena-lipakeng ebile e le molopolli. Ho joalo le ka Jesu. Davida e ne e le molisa le morena ea ileng a hlōla lira tsa Baiseraele. Jesu le eena ke molisa ebile ke morena ea hlōlang. (Ezek. 37:24, 25) Ha Solomone a ne a sa ntse a tšepahala, e ne le ’musi ea bohlale ’me pusong ea hae Baiseraele ba ne ba phela ka khotso. (1 Mar. 4:25, 29) Jesu le eena o bohlale haholo ’me o bitsoa “Khosana ea Khotso.” (Esa. 9:6) Ho totobetse hore karolo ea Kreste Jesu e tšoana le ea banna bao ba pele empa boemo ba Jesu morerong oa Molimo bo phahame ka ho fetisisa. A re qaleng ka ho bapisa Jesu le Moshe ’me re bone hore na seo se re thusa joang hore re ananele ka botlalo karolo ea Jesu morerong oa Molimo.

Moshe o Ile a Tla Pele ho Jesu

6. Moapostola Petrose o ile a hlalosa bohlokoa ba ho mamela Jesu joang?

6 Nakoana ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., moapostola Petrose o ile a qotsa boprofeta ba Moshe bo ileng ba phethahatsoa ke Jesu Kreste. Petrose o ne a eme ka pel’a letšoele la barapeli tempeleng. Batho ba ile ‘ba makala haholo’ ha Petrose le Johanne ba phekola monna oa mokōpa-kōpa ea neng a tsoetsoe a holofetse ’me bo ile ba matha ho ea bona se etsahalang. Petrose o ile a hlalosa hore ketsahalo ena e hlollang e ne e etsoa ke moea o halalelang oa Jehova o neng o sebelisoa ke Jesu Kreste. Joale, ha a qotsa Mangolong a Seheberu a re: “Ha e le hantle, Moshe o ile a re, ‘Jehova Molimo o tla le hlahisetsa har’a barab’abo lōna moprofeta ea joaloka ’na. Le mo mamele ho ea ka lintho tsohle tseo a le bolellang tsona.’”—Lik. 3:11, 22, 23; bala Deuteronoma 18:15, 18, 19.

7. Ke hobane’ng ha bamameli ba Petrose ba ne ba ka utloisisa lipolelo tsa hae tse mabapi le moprofeta e moholo ho Moshe?

7 Ho ka etsahala hore ebe bamameli ba Petrose ba ne ba tseba mantsoe ao a Moshe. Kaha e ne e le Bajuda, ba ne ba hlompha Moshe haholo. (Deut. 34:10) Ba ne ba lebeletse ka cheseho hore ho tle moprofeta e moholo ho Moshe. Moprofeta eo e ne e ke ke ea e-ba mesia feela tjee, e leng motlotsuoa oa Molimo ea kang Moshe, empa e ne e lokela ho ba eena eo e hlileng e leng Mesia, “Kreste oa Molimo, Mokhethoa” oa Jehova.—Luka 23:35; Baheb. 11:26.

Lintho Tseo Jesu le Moshe ba Tšoanang ka Tsona

8. Bophelo ba Moshe le ba Jesu bo tšoana ka eng?

8 Bophelo ba Jesu ha a ne a le lefatšeng, bo ne bo tšoana ka litsela tse itseng le ba Moshe. Ka mohlala, ha Moshe le Jesu e ne e le masea ba ile ba pholoha hore ba se ke ba bolaoa ke babusi ba sehlōhō. (Ex. 1:22–2:10; Mat. 2:7-14) Ho phaella moo, ka bobeli ba ile ba ‘bitsoa Egepeta.’ Moprofeta Hosea o ile a re: “Ha Iseraele e sa le moshanyana, ka nako eo ke ne ke mo rata, ’me ke bitsitse mora oa ka Egepeta.” (Hos. 11:1) Mantsoe a Hosea a ne a bolela ka nako e fetileng ea ha sechaba sa Iseraele se ne se ntšoa Egepeta ke moeta-pele ea neng a khethiloe ke Molimo, e leng Moshe. (Ex. 4:22, 23; 12:29-37) Leha ho le joalo, mantsoe a Hosea a ne a sa bolele feela ka ketsahalo ea nakong e fetileng empa a ne a boetse a bolela ka ketsahalo ea nakong e tlang. Mantsoe a hae e ne e le boprofeta bo ileng ba phethahala ha Josefa le Maria ba ne ba khutla Egepeta le Jesu ka mor’a lefu la Morena Heroda.—Mat. 2:15, 19-23.

9. (a) Moshe le Jesu ba ile ba etsa mehlolo efe? (b) Bolela lintho tse ling tseo Jesu le Moshe ba tšoanang ka tsona. (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng  “Litsela Tse Ling Hape Tseo Jesu a Neng a Tšoana le Moshe ka Tsona,” leqepheng la  26.)

9 Moshe le Jesu ba ile ba etsa mehlolo, kahoo seo se bontša hore ba ne ba thusoa ke Jehova. Ka sebele, Moshe ke eena motho oa pele eo ho tlalehiloeng hore o ile a etsa mehlolo. (Ex. 4:1-9) Ka mohlala, Moshe o ile a etsa mehlolo ka metsi ha ka taelo ea hae, metsi a nōka ea Nile le matamo a eona a nang le lehlaka a fetoha mali, ha Leoatle le Lefubelu le aroha, le ha metsi a ne a tsoa ka matla lefikeng lefeelleng. (Ex. 7:19-21; 14:21; 17:5-7) Jesu le eena o ile a etsa mehlolo ka metsi. Mohlolo oa hae oa pele e bile oa ho fetola metsi veine moketeng oa lenyalo. (Joh. 2:1-11) Hamorao, o ile a khutsisa Leoatle la Galilea le neng le befile. Ka lekhetlo le leng o bile a tsamaea holim’a metsi! (Mat. 8:23-27; 14:23-25) Lintho tse ling tseo Moshe le Moshe e Moholo, e leng Jesu, ba tšoanang ka tsona li ka bonoa  lebokoseng le leqepheng la 26.

Ananela Hore Kreste ke Moprofeta

10. Lintho tse ling tse etsoang ke moprofeta oa ’nete ke life, hona ke hobane’ng ha Moshe e ne e le moprofeta ea joalo?

10 Batho ba bangata ba nahana hore moprofeta ke motho ea bolelang bokamoso esale pele, empa seo ke karolo feela ea mosebetsi oa moprofeta. Moprofeta oa ’nete ke ’muelli ea bululetsoeng oa Jehova, ke motho ea bolelang “lintho tse hlollang tsa Molimo.” (Lik. 2:11, 16, 17) Lintho tse ling tseo a neng a ka profeta ka tsona li ne li ka akarelletsa ho tsebahatsa liketsahalo tsa nako e tlang, ho senola likarolo tse itseng tsa morero oa Jehova kapa ho phatlalatsa likahlolo tsa Molimo. Moshe e ne e le moprofeta ea joalo. O ile a bolela esale pele e ’ngoe le e ’ngoe ea Likotlo Tse Leshome tse ileng tsa oela Egepeta. Ke eena ea ileng a tsebahatsa ka selekane sa Molao Sinai. Hape, o ile a ruta sechaba thato ea Molimo. Leha ho le joalo, qetellong moprofeta e moholo ho Moshe o ne a tla tla.

11. Jesu o ile a phetha karolo e fetang ea moprofeta e moholo ho Moshe joang?

11 Hamorao, lekholong la pele la lilemo, Zakaria o ile a sebetsa e le moprofeta ha a senola morero oa Molimo mabapi le mora oa hae, e leng Johanne. (Luka 1:76) Mora eo e ile ea e-ba Johanne Mokolobetsi, ea ileng a phatlalatsa ho tla ha moprofeta e moholo ho Moshe eo e neng e le khale a emetsoe—e leng Jesu Kreste. (Joh. 1:23-36) Kaha e ne e le moprofeta, Jesu o ile a bolela lintho tse ngata esale pele. Ka mohlala, o ile a bua ka lefu la hae, a bolela esale pele hore na o ne a tla shoa joang, a shoele hokae le hore na o ne a tla bolaoa ke bo-mang. (Mat. 20:17-19) Bamameli ba Jesu ba ile ba makala ha a ne a ba bolella le hore Jerusalema le tempele ea eona li ne li tla timetsoa. (Mar. 13:1, 2) Boprofeta ba hae bo sebetsa le ho tla fihla mehleng ea rōna.—Mat. 24:3-41.

12. (a) Jesu o ile a qala mosebetsi o etsoang lefatšeng lohle oa ho bolela joang? (b) Ke hobane’ng ha re latela mohlala oa Jesu kajeno?

12 Ho phaella tabeng ea hore e ne e le moprofeta, Jesu e ne e le ’moleli ebile e le tichere. O ne a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ’me ha ho motho ea ileng a bua ka sebete ho mo feta. (Luka 4:16-21, 43) Ho ne ho se tichere e tšoanang le eena. Ba bang ba ileng ba mo utloa ba ile ba re: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.” (Joh. 7:46) Jesu o ne a phatlalatsa litaba tse molemo ka cheseho ’me o ile a susumetsa balateli ba hae hore le bona ba chesehele ’Muso ka tsela e tšoanang. Kahoo, o ile a qala mosebetsi o etsoang lefatšeng lohle oa ho bolela le ho ruta o ntseng o tsoela pele le hona joale. (Mat. 28:18-20; Lik. 5:42) Selemong se fetileng, balateli ba Kreste ba ka bang limilione tse supileng ba sebelitse lihora tse ka bang 1 500 000 000 ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ba bile ba ruta batho ba thabelang linnete tsa Bibele. Na u kentse letsoho ka matla mosebetsing oo?

13. Ke eng e tla re thusa hore re ‘lule re falimehile’?

13 Ha ho pelaelo hore Jehova o ile a phethahatsa boprofeta ba hore o ne a tla hlahisa moprofeta ea joaloka Moshe. U ikutloa joang ka taba ee? Na e etsa hore u kholisehe hore boprofeta bo bululetsoeng bo buang ka bokamoso ba rōna bo ntseng bo atamela, bo tla phethahala? Ka sebele, ho nahanisisa ka mohlala oa Moshe e Moholo ho re susumelletsa hore ‘re lule re falimehile ’me re hlaphohetsoe likelellong’ mabapi le seo Molimo a tla se etsa haufinyane.—1 Bathes. 5:2, 6.

Nka Kreste e le Mokena-lipakeng oa Bohlokoa

14. Moshe e ne e le mokena-lipakeng pakeng tsa Baiseraele le Molimo joang?

14 Joaloka Moshe, Jesu e ne e le mokena-lipakeng. Mokena-lipakeng o kopanya lihlopha tse peli. Moshe e bile mokena-lipakeng oa selekane sa Molao pakeng tsa Jehova le Baiseraele. Hoja bara ba Jakobo ba ile ba mamela melao ea Molimo, ba ka be ba ile ba lula e le thepa e khethehileng ea Molimo, kapa phutheho ea hae. (Ex. 19:3-8) Selekane seo se ile sa sebetsa ho tloha ka 1513 B.C.E. ho fihlela lekholong la pele la lilemo C.E.

15. Jesu ke mokena-lipakeng ea phahameng joang?

15 Ka 33 C.E., Jehova o ile a tlabola selekane se molemonyana le Iseraele e ncha, e leng “Iseraele ea Molimo,” eo e ileng ea e-ba phutheho ea lefatše lohle e entsoeng ka Bakreste ba tlotsitsoeng. (Bagal. 6:16) Le hoja selekane seo Moshe e ileng ea e-ba mokena-lipakeng oa sona se ne se akarelletsa melao eo Molimo a neng a e ngotse matlapeng, selekane seo Jesu e leng mokena-lipakeng oa sona, sona ke sa boleng bo phahameng. Molimo o ngotse melao ea sona lipelong tsa batho. (Bala 1 Timothea 2:5; Baheberu 8:10.) Kahoo, hona joale “Iseraele ea Molimo” ke thepa ea Molimo e khethehileng, e leng “sechaba se hlahisang litholoana” tsa ’Muso oa Mesia. (Mat. 21:43) Litho tsa sechaba seo sa moea ke ba nang le seabo selekaneng seo se secha. Leha ho le joalo, hase bona feela ba tla rua molemo ho sona. Boieane ba batho, esita le ba bangata bao hona joale ba robetseng lefung, ba tla fumana litlhohonolofatso tse sa feleng ka lebaka la selekane seo se phahameng ka ho fetisisa.

Ananela Hore Kreste ke Molopolli

16. (a) Jehova o ile a sebelisa Moshe ho lopolla Baiseraele ka litsela life? (b) Ho ea ka Exoda 14:13, ke mang eo e leng Mohloli oa poloko?

16 Bosiung ba ho qetela pele Baiseraele ba tsoa Egepeta, ba bang ba bana ba bona ba ne ba le kotsing e khōlō. Kapele-pele, lengeloi la Molimo le ne le tla feta naheng ea Egepeta, ’me le bolaee matsibolo ’ohle. Jehova o ile a bolella Moshe hore matsibolo a Baiseraele a ne a tla bolokoa haeba Baiseraele ba ne ba ka nka mali a konyana ea Paseka ebe ba a fafatsa karolong e ka holimo ea menyako le likoseneng tsa menyako. (Ex. 12:1-13, 21-23) Ho ile ha fela ha e-ba joalo. Hamorao, sechaba sohle se ile sa e-ba kotsing e khōlō. Se ne se qabeletsoe pakeng tsa Leoatle le Lefubelu le likoloi tsa ntoa tsa Baegepeta ba neng ba ba lelekisa. Jehova o ile a boela a sebelisa Moshe ho ba pholosa ’me ka mohlolo Moshe o ile a arola metsi a leoatle leo ka lehare.—Ex. 14:13, 21.

17, 18. Jesu ke molopolli e moholo ho Moshe ka litsela life?

17 Le hoja liketso tseo tsa ho lopolla li ne li le khōlō, topollo eo Jehova a e entseng ka Jesu e khōlō le ho feta. Ho sebelisoa Jesu hore batho ba ikokobelitseng ba lopolloe bokhobeng ba sebe. (Bar. 5:12, 18) Kahoo, topollo eo ke “topollo e sa feleng.” (Baheb. 9:11, 12) Lebitso Jesu le bolela hore “Jehova ke Poloko.” Kaha Jesu ke Molopolli, kapa Mopholosi oa rōna, ha a re pholose feela libeng tsa rōna tsa nako e fetileng, empa o boetse o re bulela le monyetla oa thabela bokamoso bo molemo. Ha Jesu a lopolla balateli ba hae bokhobeng ba sebe, o ba pholosa bohaleng ba Molimo ’me o ba tlisa kamanong e lerato le Jehova.—Mat. 1:21.

18 Ka nako e nepahetseng, ho re lopolla ha Jesu sebeng, ho tla akarelletsa ho lokolloa sebeng le liphellong tsa sona tse sehlōhō—e leng ho kula esita le lefu. E le hore u bone ka mahlo a kelello hore na seo se tla etsahala joang, nahana ka se ileng sa etsahala ha Jesu a ne le lelapeng la monna e mong ea bitsoang Jairuse, ea neng a shoeletsoe ke morali ea lilemo li 12. Jesu o ile a tiisetsa Jairuse a re: “U se ke ua tšaba, u mpe u bontše tumelo, ’me o tla pholoha.” (Luka 8:41, 42, 49, 50) Ho bontša hore mantsoe a hae a ne a nepahetse, ngoanana eo o ile a tsoha bafung! Na u ka nahana kamoo batsoali ba hae ba ileng ba thaba kateng? Joale ua utloisisa hore na re tla thaba hakaakang ha ‘bohle ba mabitleng a khopotso ba utloa lentsoe la Jesu ’me ba tsoa’ ho ’ona nakong ea tsoho. (Joh. 5:28, 29) Ruri Jesu ke Mopholosi le Molopolli oa rōna!—Bala Liketso 5:31; Tite 1:4; Tšen. 7:10.

19, 20. (a) Ho nahanisisa ka karolo ea Jesu e le Moshe e Moholo ho re ama joang? (b) Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?

19 Ho tseba hore re ka thusa batho hore ba rue molemo liketsong tse pholosang tsa Jesu ho re susumelletsa hore re kenye letsoho mosebetsing oa ho bolela le oa ho ruta. (Esa. 61:1-3) Ho feta moo, ha re nahanisisa ka karolo ea Jesu ea ho ba Moshe e Moholo, sena se etsa hore re kholisehe ka ho feletseng hore o tla lopolla balateli ba hae ha a tla ho tla ahlola batho ba khopo.—Mat. 25:31-34, 41, 46; Tšen. 7:9, 14.

20 Ka sebele, Jesu ke Moshe e Moholo. O ile a etsa lintho tse ngata tse babatsehang tseo Moshe a neng a ke ke a khona ho li etsa. Lipolelo tseo Jesu a ileng a li bua joaloka moprofeta le liketso tsa hae e le mokena-lipakeng, li ama batho bohle. Kaha Jesu ke Molopolli, ha a na ho lopolla batho ka nakoana empa o tla ba lopolla ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ngata tseo banna ba tšepahalang ba boholo-holo ba ka re rutang tsona ka Jesu. Sehloohong se latelang re tla tšohla hore na e ne e le Davida e Moholo le Solomone e Moholo joang.

Na U ka Hlalosa?

Jesu o moholo ho Moshe joang e le

• moprofeta?

• mokena-lipakeng?

• molopolli?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]

  Litsela Tse Ling Hape Tseo Jesu a Neng a Tšoana le Moshe ka Tsona

□ Ka bobeli ba ile ba tlohela maemo a phahameng e le hore ba sebeletse Jehova le batho ba hae.​—2 Bakor. 8:9; Bafil. 2:5-8; Baheb. 11:24-26.

□ Ka bobeli ba ile ba sebeletsa e le batlotsuoa, kapa ‘bo-kreste.’​—Mar. 14:61, 62; Joh. 4:25, 26; Baheb. 11:26.

□ Ka bobeli ba tlile ka lebitso la Jehova.​—Ex. 3:13-16; Joh. 5:43; 17:4, 6, 26.

□ Ka bobeli ba ile ba bontša bonolo.​—Num. 12:3; Mat. 11:28-30.

□ Ka bobeli ba ile ba fepa matšoele.​—Ex. 16:12; Joh. 6:48-51.

□ Ka bobeli ba ile ba sebeletsa e le baahloli le ba fanang ka molao.​—Ex. 18:13; Mal. 4:4; Joh. 5:22, 23; 15:10.

□ Ka bobeli ba ile ba fuoa boikarabelo ba ho ba lihlooho ka tlung ea Molimo.​—Num. 12:7; Baheb. 3:2-6.

□ Ka bobeli ba ile ba hlalosoa e le lipaki tse tšepahalang tsa Jehova.​—Baheb. 11:24-29; 12:1; Tšen. 1:5.

□ Ka mor’a lefu la Moshe le la Jesu, Molimo o ile a hleka litopo tsa bona.​—Deut. 34:5, 6; Luka 24:1-3; Lik. 2:31; 1 Bakor. 15:50; Juda 9.