Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova

Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova

Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova

“Lebitso la Jehova le ke le tsoele pele ho bokoa.”—JOBO 1:21.

1. Ho ka etsahala hore ebe buka ea Jobo e ngotsoe ke mang, hona neng?

MOSHE o ne a ka ba lilemo li 40 ha a baleha Egepeta a e-ea Midiane e le hore a qobe ho bolaoa ke Faro. (Lik. 7:23) Ho ka etsahala hore ebe ha a ntse a lula naheng eo, o ile a utloa ka liteko tsa Jobo ea neng a lula haufi le moo naheng ea Uze. Lilemo hamorao, ha Moshe le sechaba sa Iseraele ba ne ba le haufi le Uze ho elella qetellong ea leeto ea bona lefeelleng, ho ka etsahala hore ebe Moshe o ile a tseba se ileng sa etsahala lilemong tsa ho qetela tsa Jobo. Ho ea ka neano ea Bajuda, Moshe o ile a ngola buka ea Jobo nako e itseng ka mor’a lefu la Jobo.

2. Buka ea Jobo e khothatsa bahlanka ba Jehova ka litsela life mehleng ee?

2 Buka ea Jobo e matlafatsa tumelo ea bahlanka ba Molimo mehleng ea kajeno. Ka litsela life? Tlaleho ena e re thusa ho utloisisa liketsahalo tsa bohlokoa haholo tse etsahetseng leholimong, ’me e totobatsa tseko ea bohlokoa ka ho fetisisa ea bobusi ba Molimo ba bokahohleng. Tlaleho ea Jobo e boetse e etsa hore re utloisise ka botebo hore na ho hlokahala eng hore re lule re tšepahala ebile e re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ka linako tse ling Jehova a lumella hore bahlanka ba hae ba utloe bohloko. Ho phaella moo, buka ea Jobo e hlalosa Satane Diabolose e le mohanyetsi ea ka sehloohong oa Jehova ebile e le sera sa batho. Buka ena e boetse e bontša hore batho ba kang Jobo ba sa phethahalang, ba ka lula ba tšepahala ho Jehova ho sa tsotellehe liteko tse boima tseo ba thulanang le tsona. A re hlahlobeng liketsahalo tse ling tse hlalositsoeng bukeng ea Jobo.

Jobo o Lekoa ke Satane

3. Re tseba eng ka Jobo, hona ke hobane’ng ha Satane a ile a mo hlasela?

3 Jobo e ne e le monna oa morui le ea tsebang ho susumetsa batho, e ne e le hlooho ea lelapa e nang le botho bo botle. Ho totobetse hore e ne e le moeletsi ea hlomphuoang haholo le ea thusang batho ba hlokang. Sa bohlokoa haholo, Jobo o ne a tšaba Molimo. Ho boleloa hore Jobo e ne e le ‘monna ea neng a sa tšoauoe phoso a bile a lokile, ’me a tšaba Molimo a bile a kheloha bobe.’ Satane Diabolose ha aa ka a hlasela Jobo ka lebaka la leruo la hae le tšusumetso eo a neng a e-na le eona, empa o ile a mo hlasela ka lebaka la boinehelo ba hae ba bomolimo.—Jobo 1:1; 29:7-16; 31:1.

4. Botšepehi ke eng?

4 Tlaleho e qalang buka ea Jobo e hlalosa se ileng sa etsahala sebokeng se ileng sa tšoaroa leholimong seo ho sona mangeloi a ileng a ema ka pel’a Jehova. Satane le eena o ne a le teng ’me o ile a qosa Jobo. (Bala Jobo 1:6-11.) Le hoja Satane a ile a bua ka matlotlo a Jobo, taba eo a neng a hlile a amehile ka eona e ne e le ho hlahisa pelaelo ea hae mabapi le botšepehi ba Jobo. Lentsoe lena “botšepehi” le na le moelelo oa ho ba motho ea khabane, ea sa tšoauoeng phoso, ea lokileng le ea se nang molato. Kamoo lentsoe botšepehi le sebelisitsoeng kateng ka Bibeleng, le bontša ho inehela ho Jehova ka pelo eohle.

5. Satane o ile a ipelaetsa ka eng mabapi le Jobo?

5 Satane o ile a ipelaetsa ka hore Jobo o rapela Molimo ka lebaka la boithati eseng ka lebaka la botšepehi. Satane o ile a ikemela ka hore Jobo o ne a tla tšepahala ho Jehova hafeela Molimo a ne a ntse a tsoela pele ho mo putsa le ho mo sireletsa. E le hore Jehova a nke khato ka seo Satane a neng a mo qosa ka sona, o ile a lumella Satane hore a hlasele monna eo ea tšepahalang. Ka lebaka leo, ka letsatsi le le leng feela, Jobo o ile a tlaleheloa hore liphoofolo tsa hae li ne li utsoitsoe kapa li ne li bolailoe, bahlanka ba hae ba ne ba bolailoe le hore bana ba hae ba leshome ba ne ba shoele. (Jobo 1:13-19) Na Jobo o ile a tlohela ho tšepahala ka lebaka la ho hlaseloa ke Satane? Tlaleho e bululetsoeng e reng, “Jehova o fane, ’me Jehova o nkile. Lebitso la Jehova le ke le tsoele pele ho bokoa,” e hlalosa seo Jobo a ileng a se bua mabapi le bomalimabe bo ileng ba mo hlahela.—Jobo 1:21.

6. (a) Ho ile ha etsahala eng sebokeng se seng se neng se le leholimong? (b) Satane o ne a nahanne ka bo-mang ha a ne a belaella botšepehi ba Jobo ho Jehova?

6 Hamorao, ho ile ha e-ba le seboka se seng leholimong. Satane o ile a boela a qosa Jobo ka ho re: “Letlalo bakeng sa letlalo, ’me motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae. Ho fapana le hoo, ka kōpo, otlolla letsoho, u ame lesapo la hae le nama ea hae ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.” Hlokomela hore Satane o ile a akarelletsa le batho ba bang qosong ea hae. Ha a ne a re, “Motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae,” Diabolose ha aa ka a belaella botšepehi ba Jobo feela, empa o ile a belaella ba “motho” e mong le e mong ea rapelang Jehova. Ka mor’a moo, Molimo o ile a lumella Satane hore a otle Jobo ka boloetse bo bohloko. (Jobo 2:1-8) Empa liteko tsa Jobo ha lia ka tsa fella moo.

Re Ithuta Eng Tseleng eo Jobo a Ileng a Itšoara ka Eona

7. Jobo o ile a hatelloa ka litsela life ke mosali oa hae le baeti ba hae?

7 Qalong, liteko tsa Jobo li ile tsa utloisa mosali oa hae bohloko joaloka eena. E tlameha ebe ho shoeloa ke bana le ho lahleheloa ke leruo ho ile ha mo sithabetsa. E tlameha ebe o ile a utloa bohloko ha a bona monna oa hae a tšoeroe ke boloetse bo bohloko. O ile a ipiletsa ho Jobo a re: “Na u sa ntse u tšoareletse ka tieo botšepehing ba hao? Rohaka Molimo ’me u shoe!” Ka mor’a moo, ho ile ha fihla banna ba bararo—e leng Elifaze, Bildade le Tsofare—ba etsa eka ba tlil’o tšelisa Jobo. Ho e-na le hoo, ba ile ba sebelisa bomenemene ’me ba bontša hore ke “batšelisi ba likhathatso.” Ka mohlala, Bildade o ile a bolela hore bana ba Jobo ba ile ba itšoara hampe ’me ba ne ba lokeloa ke se ba hlahetseng. Elifaze o ile a fetisa maikutlo a hore mahlomola a Jobo e ne e le kotlo ea libe tsa hae tsa nakong e fetileng. O ile a ba a ba le pelaelo ka hore na batho ba tšepahalang ehlile ke ba bohlokoa ho Molimo. (Jobo 2:9, 11; 4:8; 8:4; 16:2; 22:2, 3) Tlas’a khatello e joalo, Jobo o ile a lula a tšepahala. Ke ’nete hore o ile a fosa ha a ne a “bolela hore moea oa hae o lokile ho e-na le Molimo.” (Jobo 32:2) Ho ntse ho le joalo, o ile a tšepahala har’a liteko tsena kaofela.

8. Elihu o ile a beha mohlala ofe o motle bakeng sa batho ba fanang ka keletso kajeno?

8 Joale, re bala ka Elihu ’me le eena o ne a etetse Jobo. Elihu o ile a qala ka ho mamela mabaka a ileng a boleloa ke Jobo le metsoalle ea hae e meraro. Le hoja Elihu a ne a le monyenyane ho banna bana ba bang ba bane, o ile a bontša hore o ba feta ka bohlale. O ile a bua le Jobo ka tlhompho. Elihu o ile a babatsa Jobo ka lebaka la bokhabane ba hae. Empa o ile a boela a bolela hore Jobo o ile a bua haholo ka taba ea ho leka ho bontša hore ha a molato. Ka mor’a moo, Elihu o ile a tiisetsa Jobo hore ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ho molemo kamehla. (Bala Jobo 36:1, 11.) Ke mohlala o motle hakaakang ho ba batlang ho fana ka keletso kajeno! Elihu o ile a mamella, a mamela ka hloko, a babatsa Jobo moo ho hlokahalang a ba a mo fa keletso e khothatsang.—Jobo 32:6; 33:32.

9. Jehova o ile a thusa Jobo joang?

9 Qetellong Jobo o ile a ba le phihlelo e hlollang ha Jehova a bua le eena! Tlaleho e re: “Jehova a araba Jobo a le sefefong.” Ka mosa empa e le ka tieo, Jehova o ile a sebelisa lipotso tse ngata, ho thusa Jobo hore a fetole monahano oa hae. Jobo o ile a ithaopela ho amohela khalemelo eo a re: “Ke fetohile eo e seng oa bohlokoa . . . Ke baka ke le lerōleng le moloreng.” Ka mor’a hore Jehova a bue le Jobo, O ile a halefela metsoalle ea Jobo e meraro hobane e ne e sa “bua ’nete.” Jobo o ne a lokela ho e rapella. Ka mor’a moo, “Jehova [o ile] a tlosa boemo ba Jobo ba boholehuoa ha a rapella metsoalle ea hae, eaba Jehova o qala ho fana ho phaella ho sohle seo e neng e le sa Jobo, ka ho imenneng habeli.”—Jobo 38:1; 40:4; 42:6-10.

Re Rata Jehova Haholo Hakae?

10. Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a hlokomoloha Satane kapa a mo timetsa?

10 Jehova ke ’Mōpi oa bokahohle, ’Musi oa pōpo eohle. Ebe ke hobane’ng ha a sa ka hlokomoloha qoso ea Diabolose? Molimo o ne a tseba hore ho hlokomoloha Satane kapa ho mo timetsa ho ne ho ke ke ha rarolla qoso eo a neng a e entse. Diabolose o ne a ile a ipelaetsa ka hore Jobo mohlanka oa Jehova ea tšepahalang o ne a ke ke a lula a tšepahala haeba a ne a ka amohuoa leruo la hae. Jobo o ile a feta teko eo ka botšepehi. Ka mor’a moo, Satane o ile a bolela hore motho ofe kapa ofe o ne a tla furalla Molimo haeba ’mele oa hae o ka utloisoa bohloko. Jobo o ile a utloa bohloko empa o ile a lula a tšepahala. Kahoo, taba ea monna eo ea tšepahalang le hoja a ne a sa phethahala, e ile ea bontša hore Satane o leshano. Barapeli ba bang ba Molimo ba ne ba tla etsa eng?

11. Jesu o ile a etsa joang hore liqoso tsa Satane li arajoe ka ho feletseng?

11 Ha e le hantle, mohlanka e mong le e mong oa Molimo ea lulang a tšepahala ho sa tsotellehe hore na Satane o mo etsa’ng, o bontša hore liqoso tsa sera sena se se nang kutloelo-bohloko, ke tsa bohata. Jesu o ile a tla lefatšeng ’me a bontša ka ho hlaka hore Satane o leshano. Jesu e ne e le motho ea phethahetseng joaloka ntate oa rōna oa pele, e leng Adama. Jesu o ile a tšepahala ho fihlela lefung, ’me sena se bontšitse ka ho feletseng hore Satane o leshano le hore liqoso tsa hae ke tsa bohata.—Tšen. 12:10.

12. Mohlanka e mong le e mong oa Jehova o na le monyetla ofe le boikarabelo bofe?

12 Leha ho le joalo, Satane o ntse a leka barapeli ba Jehova. E mong le e mong oa rōna o na le monyetla le boikarabelo ba ho bontša ka botšepehi ba hae hore o sebeletsa Jehova hobane a mo rata—eseng ka lebaka la boithati. Re nka boikarabelo boo joang? Re bo nka e le tlotla e ikhethang ea hore re tšepahale ho Jehova. Re boetse rea tšeliseha ha re tseba hore Jehova o re fa matla a ho mamella ’me joalokaha a ile a etsa tabeng ea Jobo, o etsa hore re se ke ra tobana le liteko tse fetang matla a rōna.—1 Bakor. 10:13.

Satane ke Mohanyetsi ea se Nang Tlhompho Ebile ke Mokoenehi

13. Buka ea Jobo e re fa boitsebiso bofe mabapi le Satane?

13 Mangolo a Seheberu a re fa boitsebiso bo hlakileng ka boemo ba Satane bo hlabisang lihlong ba ho qholotsa Jehova le ho khelosa batho. Mangolong a Segerike a Bakreste, re fumana boitsebiso bo mabapi le kamoo Satane a hanyetsang Jehova kateng ’me bukeng ea Tšenolo re bolelloa ka ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova le ka ho timetsoa ha Satane. Buka ea Jobo e eketsa tsebo eo re nang le eona ka borabele ba Satane. Ha Satane a ne a e-ba teng libokeng tse neng li tšoaroa leholimong, o ne a sa be teng ka morero oa ho rorisa Jehova. Diabolose o ne a e-na le maikutlo a lonya le morero o kotsi. Ka mor’a hore a qose Jobo a be a lumelloe ho mo leka, “Satane [o ile] a tsoa ka pel’a sefahleho sa Jehova.”—Jobo 1:12; 2:7.

14. Satane o ile a bontša hore o na le maikutlo afe mabapi le Jobo?

14 Kahoo, buka ea Jobo e hlalosa hore Satane ke sera se se nang mohau sa batho. Pakeng tsa seboka se ileng sa tšoaroa leholimong se hlalositsoeng ho Jobo 1:6 le se hlalositsoeng ho Jobo 2:1, ho ile ha feta nako e sa boleloang eo ka eona Jobo a ileng a lekoa ka tsela e sehlōhō. Botšepehi ba Jobo bo ile ba fa Jehova monyetla oa hore a re ho Satane: “Esita le hona joale o tšoareletse ka tieo botšepehing ba hae, le hoja u ntšusumelletsa hore ke mo timetse ntle ho lebaka.” Empa Satane ha aa ka a lumela hore ho bonahetse hore boipelaetso ba hae ke ba bohata. Ho fapana le hoo, o ile a batla hore Jobo a lekoe hape ka matla. Kahoo, Diabolose o ile a leka Jobo ha e ne e le morui le ha e ne e le mofutsana. Ho totobetse hore Satane ha a na kutloelo-bohloko ho batho ba hlokang kapa ba mahlomoleng. O hloile batho ba tšepahalang. (Jobo 2:3-5) Leha ho le joalo, botšepehi ba Jobo bo ile ba bontša hore Satane o leshano.

15. Bakoenehi ba kajeno ba tšoana le Satane ka eng?

15 Satane ke eena mokoenehi oa pele. Bakoenehi ba kajeno ba etsa lintho tse tšoanang le tsa Diabolose. Ho ka etsahala hore ebe ba sentsoe maikutlo ke ho nyatsa batho ba ka phuthehong, baholo ba Bakreste le Sehlopha se Busang. Bakoenehi ba bang ba hanyetsa ho sebelisoa ha lebitso la Molimo, e leng Jehova. Ha ba rate ho ithuta ka Jehova kapa hona ho mo sebeletsa. Joaloka ntat’a bona Satane, bakoenehi ba leka ka boomo hore ba senye tumelo ea batho ba tšepahalang. (Joh. 8:44) Ke ka lebaka leo ho hang bahlanka ba Jehova ba sa itsoakanyeng le bona!—2 Joh. 10, 11.

Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova

16. Jobo o ile a bontša maikutlo afe mabapi le Jehova?

16 Jobo o ile a sebelisa lebitso la Jehova a ba a le rorisa. Le nakong eo a neng a sithabelitsoe ke litaba tsa ho shoa ha bana ba hae, Jobo ha aa ka a beha Molimo molato ka ntho leha e le efe e sa tšoanelang. Le hoja ka phoso Jobo a ile a re Molimo ke eena ea entseng hore a lahleheloe ke lintho tsa hae, ho sa tsotellehe seo, o ile a tlotlisa lebitso la Jehova. Ho e ’ngoe ea lipolelo tsa hae tsa maele tseo a ileng a li bua hamorao, Jobo o ile a re: “Bona! Ho tšaba Jehova—ke bohlale, ho furalla bobe ke kutloisiso.”—Jobo 28:28.

17. Jobo o ile a thusoa ke eng hore a lule a tšepahala?

17 Jobo o ile a thusoa ke eng hore a lule a tšepahala? Ho hlakile hore pele a oeloa ke litlokotsi, o ne a se a ntse a e-na le kamano e haufi le Jehova. Le hoja re se na bopaki ba hore o ne a tseba hore Satane o ne a qositse Jehova, Jobo o ne a ikemiselitse ho lula a tšepahala. O ile a re: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!” (Jobo 27:5) Jobo o ile a etsa joang hore a be le kamano ena e haufi-ufi le Jehova? Ha ho pelaelo hore o ile a rata seo a neng a se utloile ka tsela eo Molimo a ileng a sebetsana ka eona le Abrahama, Isaka le Jakobo, bao e neng e le meneketsela ea hae. Kahoo, Jobo o ne a ka bona makhabane a Jehova a mangata ka hore a shebe pōpo.—Bala Jobo 12:7-9, 13, 16.

18. (a) Jobo o ile a bontša boinehelo ba hae ho Jehova joang? (b) Re etsisa mohlala o motle oa Jobo ka litsela life?

18 Seo Jobo a ileng a ithuta sona se ile sa etsa hore a batle ho thabisa Jehova. Jobo o ne a etsa mahlabelo nako le nako molemong oa haeba mohlomong ba lelapa la hae ba ne a entse ntho e sa khahliseng Molimo kapa “ba rohakile Molimo ka lipelong tsa bona.” (Jobo 1:5) Esita le ha a ne a lekoa habohloko, Jobo o ile a ’na a bua lintho tse ntle ka Jehova. (Jobo 10:12) O behile mohlala o motle hakaakang! Le rōna re lokela ho rua tsebo e nepahetseng ea Jehova le ho ithuta ka merero ea hae. Mekhoa e metle eo re nang le eona e kang ho ithuta, ho ea libokeng, ho rapela le ho bolela litaba tse molemo, e etsa hore re lule re e-na le kamano e matla le Jehova. Ho feta moo, re etsa sohle seo re ka se khonang ho tsebahatsa lebitso la Jehova. Kahoo, feela joalokaha botšepehi ba Jobo bo ile ba thabisa Jehova, le kajeno botšepehi ba bahlanka ba Molimo bo thabisa pelo ea hae. Re tla ithuta taba ena sehloohong se latelang.

Na U sa Hopola?

• Ke hobane’ng ha Jobo a ile a hapa mahlo a Satane Diabolose?

• Jobo o ile a mamella liteko life, ’me o ile a re’ng?

• Ke eng e tla re thusa hore re lule re tšepahala joaloka Jobo?

• Re ithuta eng ka Satane bukeng ea Jobo?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Tlaleho ea Jobo e re hlokomelisa ka tseko ea bohlokoa ka ho fetisisa ea bobusi ba Molimo ba bokahohleng

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Botšepehi ba hao bo ka ’na ba lekoa maemong afe?