Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale hore re boloke botšepehi ba rōna ba Bokreste?

Ho boloka botšepehi ho re thusa hore re bontše hore re ikokobelletsa bobusi ba Jehova hobane re mo rata ebile ho paka hore Satane o leshano. Botšepehi ba rōna bo fa Molimo seo a ka re ahlolang a itšetlehile ka sona, kahoo, boa hlokahala e le hore re be le tšepo ea bokamoso.—12/15, leqepheng la 4-6.

• Tse ling tsa litlotla tse bontšang karolo eo Jesu a e phethang morerong oa Molimo ke life?

Mora ea tsoetsoeng a ’notši. Lentsoe. Amen. Mokena-lipakeng oa selekane se secha. Moprista ea Phahameng. Peō e tšepisitsoeng.—12/15, leqepheng la 15.

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ebe Elia o ile a re mohlanka oa hae a talime nģeng ea leoatle ha Elia a ntse a rapella pula? (1 Mar. 18:43-45)

Elia o ile a bontša hore o ne a tseba ka potoloho ea metsi. Maru a neng a bokellana holim’a leoatle a ne a tla tloha leoatleng a e’o koahela sebaka se nang le mobu moo a neng a tla etsa hore ho be le pula.—1/1, leqepheng la 15-16.

• Re ka eketsa thabo eo re e fumanang boboleling joang?

Re ka lokisa lipelo tsa rōna, re shebane le hore na re ka thusa ba bang hakae. Re ka bolela ka sepheo sa hore re qalise lithuto tsa Bibele. Haeba batho ba iphapanyetsa molaetsa oa rōna, re ka fetola seo re buang ka sona, ra bua ka lintho tseo batho ba tšimong ea rōna ba li thahasellang.—1/15, leqepheng la 8-10.

• Na lepera leo ho buuoang ka lona ka Bibeleng ke lefu leo kajeno le tsejoang e le lefu la lepera?

Lefu le bitsoang lepera, le bakoang ke baktheria, le ne le le teng mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele. (Lev. 13:4, 5) Bibele e boetse e bua ka lepera le neng le e-ba teng liaparong le matlong. E ka ’na eaba “lepera” leo e ne e le mofuta o itseng oa hlobo. (Lev. 13:47-52)—2/1, leqepheng la 19.

• Lithuto tsa Bibele li lokela ho ama maikutlo a Bakreste ka lepato joang hammoho le lintho tseo ba li etsang mapatong?

Le hoja Mokreste a ka ’na a llela batho bao a ba ratang ba hlokahetseng, oa tseba hore bafu ha ba ikutloe. Le haeba batho ba sa lumelang ba ka mo nyatsa, Mokreste o qoba ho etsa lintho tse amanang le tumelo ea hore bafu ba ka susumetsa batho ba phelang. E le ho qoba mathata, Bakreste ba bang ba ngola fatše litaelo tsa hore na lepato le tle le tsamaisoe joang.—2/15, leqepheng la 29-31.

• Ho ea ka Pesaleme ea 1:1, ke lintho life tse tharo tseo re lokelang ho li qoba e le hore re thabe?

Temana eo e bua ka ‘keletso ea ba khopo,’ ‘tsela ea baetsalibe’ le ‘setulo sa basomi.’ Ka sebele, e le hore re thabe, re lokela ho furalla ba somang esita le ba iphapanyetsang melao ea Molimo. Ho e-na le hoo, re lokela ho thabela molao oa Jehova.—3/1, leqepheng la 17.

• Ebe ‘buka ea Jashare’ le ‘buka ea Lintoa tsa Jehova’ ke libuka tsa Bibele tse lahlehileng? (Josh. 10:13; Num. 21:14)

Che. Ho bonahala e ne e le litokomane tse sa bululeloang tse neng li le teng mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele tseo bangoli ba Bibele ba ileng ba li qotsa kapa ba bua ka tsona.—3/15, leqepheng la 32.

• Ke phetoho efe e khōlō e ileng ea etsoa phetolelong ea morao tjee ea Bibele ea Selatine?

Ka 1979, Mopapa John Paul II o ile a chaela Nova Vulgata monoana, e leng phetolelo e ncha ea Selatine. Khatiso ea pele e ne e e-na le lebitso la Molimo e leng Iahveh, libakeng tse ling. (Ex. 3:15; 6:3) Leha ho le joalo, ha ho ne ho ntšoa khatiso ea bobeli ka 1986, lentsoe Dominus [le bolelang Morena] le ile la nkela Iahveh sebaka.—4/1, leqepheng la 22.