Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pōpo e Senola Bohlale ba Jehova

Pōpo e Senola Bohlale ba Jehova

Pōpo e Senola Bohlale ba Jehova

“Litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng . . . li lemohuoa ka lintho tse entsoeng.”—BAR. 1:20.

1. Bohlale ba lefatše bo amme batho ba bangata joang kajeno?

LENTSOE “bohlale” le itšebelisetsoa feela tjee. Batho ba bang ba re motho o bohlale haeba feela a e-na le tsebo e ngata. Leha ho le joalo, batho ba nkoang e le ba bohlale lefatšeng ha ba fane ka tataiso e ka tšeptjoang mabapi le hore na morero oa bophelo ke ofe. Ho e-na le hoo, ba latelang bohlale ba lefatše, qetellong ba “isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto.”—Baef. 4:14.

2, 3. (a) Ke hobane’ng ha Jehova e le eena “ea bohlale a le mong”? (b) Bohlale ba Molimo bo fapana joang le bohlale ba lefatše?

2 Lintho li fapane haholo ho ba fumanang bohlale ba ’nete bo tsoang ho Jehova Molimo! Bibele e re bolella hore Jehova ke eena “ea bohlale a le mong.” (Bar. 16:27) O tseba bokahohle kahohle-hohle, ho akarelletsa le hore na bo entsoe ka eng le hore na bo qalile hokae. Melao ea tlhaho—eo batho ba itšetlehang ka eona ha ba etsa lipatlisiso—kaofela ha eona e entsoe ke Jehova. Kahoo, ha a hlolloe ke lintho tseo batho ba iqapelang tsona ebile ha a haptjoe maikutlo ke lifilosofi tseo batho ba bolelang hore li phahame. “Bohlale ba lefatše lena ke booatla ho Molimo.”—1 Bakor. 3:19.

3 Bibele e re bolella hore Jehova o “fana ka bohlale” ho bahlanka ba hae. (Liprov. 2:6) Ho fapana le lifilosofi tsa batho, bohlale bo tsoang ho Molimo bo hlakile. Bo boetse bo susumetsa motho hore a etse lintho ka mabaka a utloahalang ’me bo thehiloe tsebong e nepahetseng le kutloisisong. (Bala Jakobo 3:17.) Moapostola Pauluse o ile a hlolloa ke bohlale ba Jehova. O ile a ngola a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!” (Bar. 11:33) Kaha Jehova o bohlale kahohle-hohle, re kholisehile hore melao ea hae e re tataisa hore re phele ka tsela e molemo ka ho fetisisa. Etsoe Jehova o tseba ho feta mang kapa mang hore na re hloka eng e le hore re thabe.—Liprov. 3:5, 6.

Jesu ke “Mosebetsi ea Hloahloa”

4. Ke tsela efe e ’ngoe eo re ka lemohang bohlale ba Jehova ka eona?

4 Bohlale ba Jehova, hammoho le makhabane a mang a hae ao ho seng a tšoanang le ’ona, li ka bonoa linthong tseo a li entseng. (Bala Baroma 1:20.) Mesebetsi e meholo le e menyenyane ka ho fetisisa ea Jehova e bontša likarolo tse itseng tsa botho ba hae. Ho sa tsotellehe hore na re sheba hokae, re fumana bopaki bo bongata ba hore ho na le ’Mōpi ea bohlale kahohle-hohle le ea lerato. Re ka ithuta haholo ka eena ka hore re hlahlobe lintho tseo a li entseng.—Pes. 19:1; Esa. 40:26.

5, 6. (a) Ntle le Jehova, ke mang ea ileng a kopanela mosebetsing oa pōpo? (b) Ke sefe seo re tla se hlahloba, hona e le ka lebaka lefe?

5 Jehova o ne a se mong ha a “bōpa maholimo le lefatše.” (Gen. 1:1) Bibele e bontša hore nako e telele pele ho bōptjoa lintho tseo re li bonang, Molimo o ile a bōpa motho oa moea eo ka eena a ileng a bōpa “lintho tse ling tsohle.” Sebōpuoa seo sa moea e ne e le Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo—“letsibolo la pōpo eohle”—eo hamorao ha a ne a phela lefatšeng e le motho oa nama, a neng a bitsoa Jesu. (Bakol. 1:15-17) Joaloka Jehova, Jesu o bohlale. Ha e le hantle, ho Liproverbia khaolo ea 8, o hlahisoa e le bohlale bo mothofalitsoeng. Khaolo eo ea Bibele e boetse e bitsa Jesu “mosebetsi ea hloahloa” oa Molimo.—Liprov. 8:12, 22-31.

6 Kahoo, pōpo eo re e bonang e bontša bohlale ba Jehova le ba Mosebetsi oa hae ea Hloahloa e leng, Jesu. Ho na le lintho tsa bohlokoa tseo e re rutang tsona. A re ke re hlahlobeng mehlala e mene ea lintho tse bōpiloeng tseo Liproverbia 30:24-28 e hlalosang hore li “bohlale ka tlhaho.” *

Seo re Ithutang Sona Mabapi le ho ba Likhothali

7, 8. Ke lintho life tse u khahlang ka bohloa?

7 Ha re hlahloba tsela eo li entsoeng ka eona le mesebetsi ea tsona, esita le lintho tseo ho ka thoeng ke “tse nyenyane ka ho fetisisa lefatšeng” ho na le seo li re rutang sona. Ka mohlala, nahana ka bohlale ba tlhaho ba bohloa.—Bala Liproverbia 30:24, 25.

8 Bafuputsi ba bang ba lumela hore ho na le bohloa bo se nang palo bo sebetsang ka thata holim’a lefatše le ka tlas’a lona. Bohloa bo hlophisitsoe ka lihlopha, ’me lihlopheng tse ngata, ho na le mefuta e meraro ea bohloa: ba mafumahali, bo botona le bo sebetsang. Mofuta ka mong o na le karolo eo o e phethang mabapi le se hlokoang ke sehlopha kaofela. Mofuta o mong o ikhethang oa bohloa, ke bohloa ba Amerika Boroa bo khang makhasi, o ka tšoantšoang le balemi ba lirapa ba hloahloa. Lirapeng tsa tsona tsa hlobo, likokoanyana tsena tse nyenyane li tšela monontša, li hloma lijalo ebile li li faola ka litsela tse hlahisang chai. Bafuputsi ba fumane hore bohloa bona bo kang balemi ba hloahloa ba lirapa, bo hlophisa mosebetsi oa bona ho latela hore na sehlopha se hloka lijo tse kae. *

9, 10. Re ka ba likhothali joaloka bohloa joang?

9 Bohloa bo ka re ruta ho itseng. Bo re ruta hore re lokela ho ikitlaetsa e le hore re hlahise litholoana tse ntle. Bibele e re: “E-ea ho bohloa, uena ea botsoa; bona litsela tsa bona ’me u hlalefe. Le hoja bo se na molaoli, motsamaisi kapa ’musi, bo lokisa lijo tsa bona lehlabula; bo bokeletse phepelo ea bona ea lijo ha ho kotuloa.” (Liprov. 6:6-8) Jehova le Mosebetsi oa hae ea Hloahloa e leng Jesu, ke likhothali. Jesu o ile a re: “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale, le ’na ke tsoela pele ho sebetsa.”—Joh. 5:17.

10 Kaha re baetsisi ba Molimo le ba Kreste, le rōna re lokela ho ba likhothali. Ho sa tsotellehe hore na re etsa mosebetsi ofe mokhatlong oa Molimo, kaofela ha rōna re lokela ho ba le “ho hongata hoo [re] ka ho etsang mosebetsing oa Morena.” (1 Bakor. 15:58) Ka lebaka leo, re lokela ho mamela keletso ea Pauluse e neng e e-ea ho Bakreste ba Roma e reng: “Le se ke la ba botsoa mosebetsing oa lōna. Chesehang moeeng. Le be makhoba a Jehova.” (Bar. 12:11) Boiteko boo re bo etsang ba ho etsa thato ea Jehova hase ba lefeela kaha Bibele ea re tiisetsa: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.”—Baheb. 6:10.

Ho Sireletsa Kamano ea Rōna le Molimo

11. Hlalosa hore na lipela li joang.

11 Pela ke phoofotsoana e ’ngoe e ka re rutang lintho tsa bohlokoa. (Bala Liproverbia 30:26.) E batla e tšoana le ’mutla empa eona e na le litsebe tse bokopa hammoho le maoto a makhutšoanyane. Phoofotsoana ena e lula mafikeng. Mahlo a eona a nchocho a e thusa hore e itšireletse ’me e lula ka har’a mekoti le maphao a mafika e le hore e itšireletse liphoofolong tse ka ’nang tsa e ja. Lipela li bōpiloe ka tsela eo li phelang hantle ha e le mohlape o phelang hammoho, e leng se li sireletsang le se li thusang hore li futhumale nakong ea mariha. *

12, 13. Ke sefe seo pela e ka re rutang sona?

12 Pela e ka re ruta eng? Taba ea pele, hlokomela hore phoofolo ena ha e ipehe kotsing. Ho e-na le hoo, e sebelisa mahlo a eona a nchocho hore e bone se ka e hlaselang se sa le hōle ebile e lula haufi le mekoti le maphao moo e ka itšireletsang. Ka ho tšoanang, re lokela ho falimeha haholo moeeng e le hore re ka hlokomela likotsi tse re laletseng lefatšeng la Satane. Moapostola Petrose o ile a eletsa Bakreste a re: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Pet. 5:8) Ha a ne a le lefatšeng, Jesu o ile a lula a falimehile, a itebetse hore ho se ke ha e-ba le boiteko leha e le bofe ba Satane bo neng bo ka senya botšepehi ba Hae. (Mat. 4:1-11) Jesu o ile a behela balateli ba hae mohlala o motle!

13 Tsela e ’ngoe ea hore re falimehe ke ea hore re sebelise tšireletso ea moea eo Jehova a re fang eona. Ha rea lokela ho hlokomoloha ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho ba teng libokeng tsa Bokreste. (Luka 4:4; Baheb. 10:24, 25) Ho feta moo, feela joalokaha lipela li phela hantle ha e le mohlape, re lokela ho lula re le haufi le Bakreste-’moho le rōna e le hore re ka thabela “ho khothatsana.” (Bar. 1:12) Ha re etsa seo re tšoanetseng ho se etsa e le hore Jehova a re sireletse, re bontša hore re lumellana le mopesaleme Davida, ea ileng a ngola a re: “Jehova ke lefika la ka le qhobosheane ea ka le Mopholosi oa ka. Molimo oa ka ke lefika la ka. Ke tla tšabela ho eena.”—Pes. 18:2.

Ho Mamella ho sa Tsotellehe Likhanyetso

14. Le hoja tsie e le ’ngoe e ka ’na ea bonahala e se ea bohlokoa, re ka re’ng ka sehlopha sa litsie?

14 Re ka boela ra ithuta ho itseng ka litsie. Tsie e le ’ngoe e bolelele ba lisenthimithara tse hlano, e ka ’na ea bonahala e se ea bohlokoa empa ha li le sehlopha ka sebele li ka re hlolla. (Bala Liproverbia 30:27.) Rea tseba hore li ja haholo, ’me sehlopha sa likokoanyana tsena tse sa khathaleng se ka baka tšenyo e khōlō tšimong e seng e loketse kotulo. Bibele e tšoantša molumo oa sehlopha sa likokoanyana tse atamelang tse akarelletsang litsie le molumo oa likoloi tsa ntoa le malakabe a mollo a tloatloaretsang ha a chesa litlhaka. (Joele 2:3, 5) Batho ba ’nile ba besa mollo ho leka ho thibela sehlopha sa litsie se atamelang, empa hangata mollo oo ha o thuse letho. Ka lebaka lefe? Litsie tse shoeleng li tima malakabe a mollo ebe ka mor’a moo tse ntseng li phela li tsoela pele ho se letho le li sitisang. Le hoja sehlopha sa litsie se se na morena kapa moeta-pele, se etsa lintho joaloka lebotho le hlophisitsoeng ’me se hlōla hoo e ka bang tšitiso e ’ngoe e le ’ngoe. *Joele 2:25.

15, 16. Baboleli ba ’Muso ba kajeno ba tšoana le sehlopha sa litsie joang?

15 Moprofeta Joele o ile a tšoantša mosebetsi oa bahlanka ba Jehova le se etsoang ke litsie. O ile a ngola a re: “Ba matha joaloka banna ba matla. Ba hloa lerako joaloka banna ba ntoa. E mong le e mong o ea ka tsela ea hae, ’me ha ba fetole litsela tsa bona. E mong ha a sutumetse e mong. Joaloka monna ea phetseng hantle ’meleng tseleng ea hae, ba ntse ba e-ea; ’me haeba ba bang ba oa har’a metsu, ba bang ha ba khelohe tsela.”—Joele 2:7, 8.

16 Boprofeta boo bo hlalosa baboleli ba kajeno ba ’Muso oa Molimo hantle hakaakang! Ha ho “lerako” la khanyetso le atlehileng ho ba thibela ho bolela. Ho e-na le hoo, ba etsisa Jesu ea ileng a phehella ho etsa thato ea Molimo le hoja a ne a nyelisoa ke batho ba bangata. (Esa. 53:3) Ke ’nete hore Bakreste ba bang ‘ba oetse har’a metsu’ ka hore ba bolaeloe tumelo ea bona. Ho ntse ho le joalo, mosebetsi oa ho bolela o tsoetse pele, ’me palo ea baboleli ba ’Muso e ntse e eketseha. Ha e le hantle, hangata mahloriso a etsa hore litaba tse molemo li fihle le ho batho bao ho neng ho ka etsahala hore ba se ke ba utloa molaetsa oa ’Muso. (Lik. 8:1, 4) Ha u etsa mosebetsi oa boboleli na u bontšitse hore u mamella joaloka litsie—esita le ha batho ba iphapanyetsa molaetsa kapa u hanyetsoa?—Baheb. 10:39.

“Le Khomarele se Molemo”

17. Ke hobane’ng ha maoto a checheiki a itšoarella moo ho leng boreleli?

17 Checheiki e nyenyane e khona ho imamarela kae kapa kae e sa oe. (Bala Liproverbia 30:28.) Ha e le hantle, bo-rasaense ba hlolloa ke bokhoni ba sebōpuoa sena se senyenyane ba ho hloa mabota ka potlako e khōlō esita le ho tsamaea holim’a siling e boreleli empa se sa oe. Checheiki e tseba ho etsa see joang? Ha e mathe tjena hobane e e-na le boea bo etsang hore e itšoarelle kapa e e-na le sekhomaretsi se itseng. Ho e-na le hoo, monoana o mong le o mong oa checheiki o na le lintho tse kang boea tse likete. Ntlheng ea e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona, ho na le lintho tse kang lithutsoana, tse makholo, tseo lintlha tsa tsona li bōpehileng joaloka lisosara. Matla a limolek’hule a boeeng bona a lekane hore ho sa tsotellehe hore na boima ba checheiki bo bokae, e khone ho itšoarella esita le haeba e tsamaea e thulametse holimo khalaseng! Ba khahliloe ke bokhoni ba checheiki ba ho itšoarella, bafuputsi ba bolela hore lintho tsa maiketsetso tse entsoeng hore li tšoane le maoto a checheiki, li ka sebelisoa hore e be likhomaretsi tse matla. *

18. Re ka tiisa joang hore kamehla re ‘khomarela se molemo’?

18 Checheiki e ka re ruta eng? Bibele ea re eletsa e re: “Nyonyang se khopo, le khomarele se molemo.” (Bar. 12:9) Tšusumetso e mpe e atileng lefatšeng la Satane e ka etsa hore re tlohele ho itšoarella ka melao-motheo ea Molimo. Ka mohlala, ho tloaelana le batho ba sa lateleng melao ea Molimo—ebang ke sekolong kapa mosebetsing kapa ka boithabiso bo itseng bo sa bontšeng ho tšaba Molimo—ho ka ’na ha ama boikemisetso ba rōna ba ho etsa se nepahetseng. U se ke ua lumela hore seo se etsahale ho uena! Lentsoe la Molimo lea lemosa: “U se ke ua ipona bohlale.” (Liprov. 3:7) Ho e-na le hoo, mamela keletso e bohlale eo Moshe a ileng a e fa batho ba Molimo mehleng ea boholo-holo e reng: “U lokela ho tšaba Jehova Molimo oa hao. U mo sebeletse, u mo khomarele.” (Deut. 10:20) Ka ho khomarela Jehova re tla be re etsisa Jesu, eo ho ileng ha boleloa sena ka eena: “U ratile ho loka, ’me u hloile tlōlo ea molao.”—Baheb. 1:9.

Seo Pōpo e re Rutang Sona

19. (a) Ke makhabane afe a Jehova ao u a bonang pōpong? (b) Bohlale ba Molimo bo ka re tsoela molemo joang?

19 Joalokaha re se re bone, makhabane a Jehova a bonoa ka ho hlaka linthong tseo a li entseng, ’me lintho tseo a li bōpileng le tsona li re ruta lintho tsa bohlokoa. Ha re ntse re ithuta haholo ka mesebetsi ea Jehova, re hlolloa haholo ke bohlale ba hae. Ha re ela hloko bohlale ba Molimo, seo se tla etsa hore thabo ea rōna e be e khaphatsehang hona joale ’me se tla re sireletsa nakong e tlang. (Moek. 7:12) Ka sebele, re tla bona bonnete ba mantsoe a fumanoang ho Liproverbia 3:13, 18, e reng: “Ho thaba motho ea fumaneng bohlale, le motho ea fumanang temoho, ke sefate sa bophelo ho ba bo tšoarang, ’me ba lulang ba bo tšoere ka tieo ba tla bitsoa ba thabileng.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Ka ho khetheha, bacha ba ka ’na ba thabela ho sheba litšupiso tse ngotsoeng botlaaseng ba leqephe lirapeng tse latelang ’me ha phutheho e tšohla sehlooho sena Thutong ea Molula-Qhooa, ebe ba bolela seo ba ileng ba se fumana ha ba etsa lipatlisiso.

^ ser. 8 Sheba Tsoha! ea March 22, 1997 (ea Senyesemane), leqepheng la 31, le ea June 8, 2002, leqepheng la 18 ho fumana boitsebiso bo batsi ka bohloa bo khang makhasi.

^ ser. 11 Sheba Tsoha! ea September 8, 1990 (ea Senyesemane), leqepheng la 15-16 ho fumana boitsebiso bo batsi ka pela.

^ ser. 14 Sheba Tsoha! ea June 8, 1977, leqepheng la 23 ho fumana boitsebiso bo batsi ka tsie.

^ ser. 17 Sheba Tsoha! ea April 2008, leqepheng la 26 ho fumana boitsebiso bo batsi ka checheiki.

Na U sa Hopola?

Ke sefe sa bohlokoa seo re ithutang sona ho . . .

• bohloa?

• pela?

• tsie?

• checheiki?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Na u sekhothali joaloka bohloa bo khang makhasi?

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Lipela li sireletseha mohlapeng. Na le uena u sireletseha mohlapeng?

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Baboleli ba Bakreste ba mamella joaloka litsie

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Feela joalokaha checheiki e tseba ho itšoarella, Bakreste ba tšoarella ho se molemo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Stockbyte/Getty Images