Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Banna, Etsisang Lerato la Kreste!

Banna, Etsisang Lerato la Kreste!

Banna, Etsisang Lerato la Kreste!

BOSIUNG ba hae ba ho qetela a phela lefatšeng, Jesu o ile a bolella baapostola ba hae ba tšepahalang sena: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Joh. 13:34, 35) Ka sebele, Bakreste ba ’nete ba lokela ho ratana.

Moapostola Pauluse o ile a bua le banna ka ho khetheha har’a balateli ba Kreste, o ile a ngola a re: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona.” (Baef. 5:25) Monna oa Mokreste a ka sebelisa keletso ee ea Mangolo joang lenyalong la hae, haholo-holo haeba mosali oa hae e le mohlanka oa Jehova ea inehetseng?

Kreste o ne a Baballa Phutheho

Bibele e re: “Banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata, kaha ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa, joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho.” (Baef. 5:28, 29) Jesu o ne a rata barutuoa ba hae ’me o ne a ba nka e le ba bohlokoa. O ne a ba baballa. Le hoja ba ne ba sa phethahala, o ne a le bonolo a bile a le mosa ho bona. Kaha o ne a lakatsa ho “hlahisa phutheho ho eena ka botle ba eona bo khanyang,” o ile a sheba haholo-holo makhabane a barutuoa ba hae.—Baef. 5:27.

Feela joalokaha Kreste a ile a bontša hore o rata phutheho, monna le eena o lokela ho bontša hore o rata mosali oa hae ka lipolelo le ka liketso. Mosali eo kamehla monna oa hae a mo bontšang hore oa mo rata o ikutloa e le motho oa bohlokoa ’me oa thaba. Ka lehlakoreng le leng, mosali ea nang le lintho tsohle tse ntle tseo a li hlokang lapeng la hae, e ka ba ea sa thabang haholo haeba molekane oa hae a sa mo tsotelle.

Monna o bontša joang hore o baballa mosali oa hae? Ha a le har’a batho, o ba tsebisa mosali oa hae ka tsela e nang le seriti ebile o mo babatsa phatlalatsa ka hore oa mo tšehetsa. Haeba mosali oa hae a phethile karolo ea bohlokoa hore ebe ho na le ntho eo lelapa le atlehileng ho e fihlela, ha a be leqe ho bolella ba bang ka seo. Moo ba leng bang, mosali oa utloa hore monna oa mo rata. Ho mo tšoara ka letsoho, ho bososela, ho mo kopa le ho mo babatsa e ka ’na ea e-ba lintho tse shebahalang li le nyenyane empa ke tsa bohlokoa haholo ho mosali.

“Ha a Lihlong ho ba Bitsa ‘Barab’eso’”

Kreste Jesu o ne ‘a se lihlong ho bitsa balateli ba hae ba tlotsitsoeng “barab’eso.”’ (Baheb. 2:11, 12, 17) Haeba u monna oa Mokreste, hopola hore mosali oa hao e boetse ke morali’eno oa Mokreste. Boinehelo ba hae ho Jehova bo tla pele ho kano ea hae ea lenyalo, ho sa tsotellehe hore na o kolobelitsoe pele kapa ka mor’a hore u mo nyale. Ha mor’abo rōna ea tsamaisang seboka sa phutheho a kōpa mosali oa hao hore a arabe, ka tšoanelo o mo bitsa “Morali’eso.” Le uena ke morali’eno, eseng ha le le Holong ea ’Muso feela empa le ha le le lapeng. Ho ntse ho le bohlokoa hore u be mosa u be u mo hlomphe ha le le lapeng feela joalokaha ho le bohlokoa hore u etse joalo ha le le Holong ea ’Muso.

Haeba u e-na le litokelo tsa tšebeletso tse ’maloa ka phuthehong, u ka ’na ua fumana hore ka linako tse ling ho thata ho etsa mesebetsi ea phutheho le hore ka nako e tšoanang u phethahatse boikarabelo ba hao ba lelapa. Ha baholo le bahlanka ba sebeletsang ba sebelisana hantle ba bile ba koetlisa ba bang hore ba jare boikarabelo ka phuthehong, sena se tla u fa nako e ngata ea hore u be le morali’eno ea u hlokang ho feta bohle—e leng mosali oa hao. Hopola hore ho na le barab’abo rōna ba bangata bao ntle ho pelaelo ba ka etsang mesebetsi ea phutheho eo u e filoeng, empa ke uena feela mor’abo rōna ea kopantsoeng le mosali oa hao ka lenyalo.

Ho feta moo, u hlooho ea mosali oa hao. Bibele e re: “Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna.” (1 Bakor. 11:3) U lokela ho sebelisa bohlooho boo joang? Ka tsela e lerato, eseng ka hore u lule u phetela mosali mantsoe a temana ena, u mo qobella hore a u hlomphe. Ntho e ka u thusang hore u sebelise bohlooho hantle, ke hore u etsise mohlala oa Jesu Kreste ka tsela eo u tšoarang mosali oa hao ka eona.—1 Pet. 2:21.

“Le Metsoalle ea Ka”

Jesu o ne a bitsa balateli ba hae metsoalle ea hae. O ile a re ho bona: “Ha ke sa le bitsa makhoba, hobane lekhoba ha le tsebe seo mong’a lona a se etsang. Empa ke le bitsitse metsoalle, hobane lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.” (Joh. 15:14, 15) Puisano e ne e le ntle pakeng tsa Jesu le barutuoa ba hae. Ba ne ba boetse ba etsa lintho hammoho. “Jesu le barutuoa ba hae” ba ile ba mengoa moketeng oa lenyalo Kana. (Joh. 2:2) Ba ne ba e-na le libaka tseo ba neng ba rata ho ea ho tsona haholo tse kang serapa sa Gethesemane. Bibele e bolela hore “Jesu o ne a ile a kopana le barutuoa ba hae moo ka makhetlo a mangata.”—Joh. 18:2.

Ka sebele mosali o lokela ho utloa hore ke motsoalle oa monna oa hae oa hlooho ea khomo. Ruri ke taba ea bohlokoa hore lōna banna le basali le thabele ho phela hammoho! Sebeletsang Molimo hammoho. Thabelang ho ithuta Bibele hammoho. Qetang nako le le hammoho—le tsamaee hammoho, le buisane le be le je hammoho. Le se ke la ba feela batho ba nyalaneng; le be metsoalle e ntšanang se inong.

O Ile a “ba Rata ho Isa Bofelong”

Jesu ‘o ile a rata barutuoa ba hae ho isa bofelong.’ (Joh. 13:1) Banna ba bang ba hlōloa ho etsisa Kreste ntlheng ena. Ba ka ba ba tlohela ‘basali ba bocha ba bona,’ mohlomong e le ha ba batla basali ba banyenyane.—Mal. 2:14, 15.

Banna ba bang ba kang Willi, ba etsisa Kreste. Ka lebaka la ho fokolloa ke bophelo, mosali oa Willi o ile a hloka hore a lule a hlokomeloa ka lilemo tse ngata. Willi o ne a ikutloa joang ka see? O ile a re: “Kamehla ke ne ke nka hore mosali oa ka ke mpho e tsoang ho Molimo, ’me ke ile ka lula ke mo nka joalo. Ho feta moo, lilemong tse fetileng tse 60 ke ile ka tšepisa hore ke tla mo hlokomela bohlokong le monateng. Le ka mohla nke ke ka lebala tšepiso eo.”

Banna ba Bakreste, etsisang lerato la Kreste. Baballa mosali oa hao ea tšabang Molimo—morali’eno le motsoalle oa hao.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Na mosali oa hao ke motsoalle oa hao eo le ntšanang se inong?

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

‘Tsoela pele u rata mosali oa hao’