Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisa Botšepehi ba Itai

Etsisa Botšepehi ba Itai

Etsisa Botšepehi ba Itai

“JEHOVA Molimo, ea Matla ’Ohle, mesebetsi ea hao e meholo ’me ea hlolla. Morena oa bosafeleng, litsela tsa hao li lokile ’me ke tsa ’nete. Jehova, ka sebele ke mang ea ke keng a u tšaba, ’me a tlotlisa lebitso la hao, hobane ke uena feela ea tšepahalang?” Pina ena, e ileng ea binoa leholimong ke “ba hlahang ba hlōtse sebata le setšoantšo sa sona,” e re hlokomelisa botšepehi ba Molimo. (Tšen. 15:2-4) Jehova o batla hore barapeli ba hae ba mo etsise ka ho bontša tšobotsi ena e ntle.—Baef. 4:24.

Ka lehlakoreng le leng, Satane Diabolose o etsa sohle se matleng a hae ho arohanya bahlanka ba Molimo ba lefatšeng le lerato la Molimo eo ba mo rapelang. Leha ho le joalo, ba bangata ba lutse ba ntse ba tšepahala ho Molimo le tlas’a maemo a boima haholo. Re thaba hakaakang hore ebe Jehova o nka boinehelo bo joalo e le ba bohlokoa! Ka sebele, rea tiisetsoa: “Jehova o rata toka, a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae.” (Pes. 37:28) E le ho re thusa hore re lule re tšepahala, o entse hore ka Lentsoeng la hae ho tlalehoe liketso tsa batho ba bangata ba tšepahalang. Tlaleho e ’ngoe e joalo ke ea Itai Mogathe.

‘Motho Osele eo Ebileng Eleng Moholehuoa’

Mohlomong Itai o ne a tsoaletsoe Gathe motseng oa Bafilista o neng o tumme haholo e leng moo Goliathe oa seqhenqha le lira tse ling tsa Iseraele tse tšosang li neng li tsoaletsoe teng. Lekhetlo la pele leo re utloang ka mohlabani ea hloahloa e leng Itai, ke nakong eo Absalome a neng a tsohela Morena Davida matla. Itai le banna ba Bafilista ba 600 ba neng ba mo latetse, ka nako eo e ne e le baphaphathehi haufi le Jerusalema.

E ka ’na eaba boemo ba Itai le balateli ba hae bo ile ba hopotsa Davida mehleng ea ha e ne e le mophaphathehi, nakong eo eena le bahlabani ba Baiseraele ba 600 ba ileng ba ea lula naheng ea Bafilista, motseng oa Akishe, morena oa Gathe. (1 Sam. 27:2, 3) Itai le banna ba hae ba ne ba tla etsa joang ha Davida a ne a tobana le bofetoheli ba mora oa hae Absalome? Na ba ne ba tla ema le Absalome kapa ba ne ba sa tl’o nka lehlakore, kapa ba ne ba tla ikopanya le Davida le banna ba hae?

Ak’u nahane ka boemo ba ha Davida a ne a baleha Jerusalema, a fihla a emisa sebakeng se bitsoang Bethe-merehake. Mohlomong ke ntlo ea ho qetela Jerusalema ka tsela e eang Thabeng ea Mehloaare pele motho a tšela Phula ea Kidrone. (2 Sam. 15:17) Ha ba le sebakeng seo, Davida o hlahloba mabotho a hae ha a ntse a feta. Hlokomela! Ba nang le eena hase Baiseraele ba tšepahalang feela empa ho boetse ho na le Bakerethe bohle le Bapelethe bohle. Ho feta moo, ho boetse ho na le Bagathe bohle—Itai le bahlabani ba hae ba 600.—2 Sam. 15:18.

Ka kutloelo-bohloko e khōlo, Davida o re ho Itai: “Ke hobane’ng ha le uena u lokela ho ea le rōna? Khutla ’me u lule le morena [ho hlakile hore o ne a bua ka Absalome]; kaha u osele ’me, ntle ho moo, u moholehuoa ho tsoa sebakeng sa heno. Ke maobane ha u ne u tla ’me na kajeno ke tla etsa hore u hlahlathele le rōna, hore u tsamaee ha ke e-ea kae kapa kae moo ke eang teng? Khutla ’me u boele morao le barab’eno, ’me e se eka Jehova a ka u bontša mosa o lerato le botšepehi!”—2 Sam. 15:19, 20.

Itai o phatlalatsa botšepehi ba hae bo sa thekeseleng. O araba ka ho re: “Ka Jehova ea phelang le ka khosi ea ka morena ea phelang, sebakeng seo khosi ea ka morena a ka bang ho sona, ebang ke bakeng sa lefu kapa bakeng sa bophelo, ke hona moo mohlanka oa hao a tla ba teng!” (2 Sam. 15:21) E ka ’na eaba sena se ile sa hopotsa Davida mantsoe a tšoanang a ileng a buoa ke nkhono oa ntate oa hae e leng Ruthe. (Ruthe 1:16, 17) A anngoe ke mantsoe a Itai, Davida o re ho eena: “Tsamaea ’me u tšele” Phula ea Kidrone. Ka mor’a moo, “Itai Mogathe a tšela, hammoho le batho bohle ba hae le bana bohle ba banyenyane ba neng ba e-na le eena.”—2 Sam. 15:22.

“Ho re Laea”

Baroma 15:4 e re: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea.” Kahoo ke hantle ha re botsa, re ithuta eng mohlaleng oa Itai? Nahana hore na e ka ’na eaba ke eng e ileng ea mo susumelletsa hore a tšepahale ho Davida. Le hoja Itai e ne e le osele ebile e le moholehuoa ea tsoang Filistia, o ne a nka hore Jehova e ne e le Molimo ea phelang le hore Davida e ne e le motlotsuoa oa Jehova. Itai o ile a ikhethela ho hlokomoloha lehloeo le neng le le teng pakeng tsa Baiseraele le Bafilista. Ha aa ka a nka hore Davida e ne e le motho feela ea bolaileng ’mampoli oa Bafilista ea bitsoang Goliathe le batho ba bangata ba ha habo. (1 Sam. 18:6, 7) Itai o ile a bona hore Davida ke motho ea ratang Jehova, ’me ha ho pelaelo hore o ile a hlokomela makhabane a Davida a tsotehang. Davida le eena o ile a hlompha Itai haholo. Davida o bile a beha karolo ea boraro ea mabotho a hae “tlas’a letsoho la Itai” ntoeng ea makhaola-khang le mabotho a Absalome!—2 Sam. 18:2.

Le rōna re lokela ho loanela hore re hlokomolohe ho se tšoane ka setso, ’mala kapa morabe—leeme lefe kapa lefe leo e ka ’nang eaba re ntse re e-na le lona le lehloeo—’me re ele hloko makhabane ao batho ba bang ba nang le ’ona. Maqhama a ileng a ba teng pakeng tsa Davida le Itai a bontša hore ho tseba Jehova le ho mo rata, ho ka re thusa hore re hlōle litšitiso tse joalo.

Ha re ntse re nahana ka mohlala oa Itai, re lokela ho ipotsa: ‘Na ke bontša botšepehi bo joalo ho Davida e Moholo, e leng Jesu Kreste? Na ke bontša botšepehi ba ka ka hore ke chesehe ha ke etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa?’ (Mat. 24:14; 28:19, 20) ‘Ke ikemiselitse ho mamella hakae e le ho bontša botšepehi ba ka?’

Lihlooho tsa malapa le tsona li rua molemo ka ho nahanisisa ka mohlala oa Itai oa botšepehi. Ho tšepahala ha hae ho Davida hammoho le qeto ea hae ea ho tsamaea le morena ea tlotsitsoeng ke Molimo, ho ile ha ama banna ba Itai. Ka tsela e tšoanang, liqeto tseo lihlooho tsa malapa li li etsang e le ho tšehetsa borapeli ba ’nete, li ama ba malapa a tsona ebile li ka ’na tsa ba tlisetsa mathata ka nakoana. Leha ho le joalo, rea tiisetsoa: “Ho ea tšepahalang [Jehova o] tla etsa ka botšepehi.”—Pes. 18:25.

Ka mor’a ntoa ea Davida le Absalome, Mangolo ha a sa bua letho ka Itai. Leha ho le joalo, tlaleho ena e khutšoanyane e buang ka eena ka Lentsoeng la Molimo, e re thusa hore re utloisise haholo hore na o ile a phetha karolo efe nakong eo e thata bophelong ba Davida. Taba ea hore Bibele e bua ka Itai, e bontša hore Jehova o hlokomela batho ba tšepahalang joalo ebile oa ba putsa.—Baheb. 6:10.