Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Nako ea ho Khutsa”

“Nako ea ho Khutsa”

“Nako ea ho Khutsa”

MAELE a mang a sebelisoang linaheng tsa Bochabela a re, “ho bua ke silevera, ho khutsa ke khauta.” Ho latela buka ea Brewer’s Dictionary of Phrase and Fable, maele a Seheberu a tšoanang le ’ona a re: “Haeba lentsoe le ne le ka rekoa ka shekele e le ’ngoe, ho khutsa ho ne ho tla rekoa ka lishekele tse peli.” Morena Solomone ea bohlale oa Iseraele ea boholo-holo eena o ile a ngola a re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, esita le nako bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe tlas’a maholimo . . . nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.”—Moek. 3:1, 7.

Leha ho le joalo, nako e nepahetseng ea ho khutsa ho e-na le ho bua ke efe? Lentsoe “khutsa” le hlaha ka makhetlo a mangata ka Bibeleng. Taba eo lentsoe lena le sebelisitsoeng ho eona, e bontša hore na ke hobane’ng ha ho loketse hore motho a lule a khutsitse bonyane likarolong tse tharo tsa bophelo. A re ke re hlahlobisiseng kamoo ho khutsa ho bontšang tlhompho kateng, ho bileng ho bontšang temoho le tlhalohanyo le kamoo ho ka re thusang kateng ha re thuisa.

Ho Bontša Tlhompho

Ho khutsa ke sesupo sa hore motho o bontša tlhompho kapa hore o tlotla motho e mong. Moprofeta Habakuke o ile a re: “Jehova o ka tempeleng ea hae e halalelang. Khutsa ka pel’a hae, lefatše lohle!” (Hab. 2:20) Barapeli ba ’nete ba lokela hore ‘ba lete, ba bile ba khutsitse, bakeng sa poloko ea Jehova.’ (Lillo 3:26) Mopesaleme o ile a bina a re: “Khutsa ka pel’a Jehova u mo letele ka tlholohelo. U se ke ua iponahatsa u halefetse mang kapa mang ea atlehisang tsela ea hae.”—Pes. 37:7.

Na re ka rorisa Jehova re khutsitse? Na ka linako tse ling ha re shebile botle ba pōpo ha re hlolloe hoo re bileng re felloang ke mantsoe? Ha re nahana ka botle bo hlollang joalo, na eo hase tsela eo ka eona re rorisang ’Mōpi ka lipelong tsa rōna? Mopesaleme Davida o ile a qala pina e ’ngoe ea hae ka ho re: “Ho na le thoriso bakeng sa hao—khutso—, Molimo, Sione; ho uena boitlamo bo tla phethoa.”—Pes. 65:1.

Joalokaha Jehova ka boeena a loketsoe ke hore re mo hlomphe, le lipolelo tsa hae re lokela ho li hlompha. Ka mohlala, ha moprofeta oa Molimo Moshe a ne a fana ka puo ea hae ea ho qetela sechabeng sa Iseraele, eena hammoho le baprista ba ile ba eletsa batho bohle ba neng ba le teng, ba re: ‘Khutsang ’me le mamele, lentsoe la Jehova Molimo oa lōna.’ Esita le bana ba Baiseraele ho ne ho hlokahala hore ba mamele ka hloko ha bara ba Iseraele ba ne ba bokana ho bala Molao oa Molimo. Moshe o ile a re: ‘Phutha sechaba, banna le basali le bana ba banyenyane e le hore ba ithute.’—Deut. 27:9, 10; 31:11, 12.

Ho loketse hakaakang hore ebe barapeli ba Jehova ba kajeno ka tlhompho ba mamela litaelo tseo ba li fuoang libokeng tsa Bokreste ho akarelletsa le likopanong tse khōlō! Haeba re qoqa ho sa hlokahale ha ho ntse ho boleloa linnete tsa bohlokoa tsa Bibele sethaleng, re tla be re hlompholla Lentsoe la Molimo le mokhatlo oa hae. Nako ea mananeo, ke nako ea ho khutsa le ho mamela.

Esita le ha batho ba buisana ba le babeli, ha motho a mamela ka hloko seo se bontša hore oa hlompha. Ka mohlala, ha mopatriareka Jobo a ne a bua le baqosi ba hae o ile a re: “Nthupeleng, ’me ke tla khutsa.” Jobo o ne a ikemiselitse ho mamela a khutsitse ha ba bua. Ha e ne e le nako ea hae ea hore a bue, o ile a ba kōpa a re: “Khutsang ka pel’a ka, e le hore nka bua.”—Jobo 6:24; 13:13.

Ke Bopaki ba ho ba le Temoho le Tlhalohanyo

Bibele e re: “Ea thibang molomo oa hae o etsa ka masene.” “Ea nang le temoho e batsi ke ea khutsang.” (Liprov. 10:19; 11:12) Nahana kamoo ka bokhabane Jesu a ileng a bontša temoho le tlhalohanyo kateng ka hore a khutse. Ha a hlokomela hore ho bua le lira tsa hae tse neng li mo tsohela matla ho ne ho se na thuso, ‘Jesu o ile a khutsa.’ (Mat. 26:63) Hamorao, ha a ne a le nyeoeng ka pel’a Pilato, Jesu “ha aa ka a araba.” Ka masene o ile a ikhethela hore botumo ba hae ebe bona bo buang.—Mat. 27:11-14.

Le rōna re tla be re bontša hore re bohlale ha re khutsa, haholo-holo ha batho ba re khoatha ka monoana ka leihlong. Maele a re: “Ea liehang ho halefa o tletse temoho, empa ea felang pelo o phahamisa booatla.” (Liprov. 14:29) Ha motho a potlakela ho araba ha boemo bo le thata, a ka ’na a bua mantsoe a bontšang ho se nahane ao a ka ikoahlaelang ’ona hamorao. Maemong a joalo, mantsoe a rōna a ka ’na a utloahala e le booatla ho motho e mong. Ka lebaka leo, seo se ka ’na sa re hlokisa khotso pelong.

Re bontša temoho ha re ela hloko seo re se buang ha re le har’a batho ba khopo. Ha basomi ba re hlasela ha re le tšimong, ho khutsa ho ka ba molemo. Ho feta moo, na ka linako tse ling ho ke ke ha e-ba bohlale hore re lule re khutsitse e le hore re se ke ra fana ka maikutlo a hore re lumellana le bao re kenang sekolo le bona kapa bao re sebetsang le bona ha ba etsa mesoaso e litšila kapa ba bua lipuo tse mpe? (Baef. 5:3) Mopesaleme o ile a ngola a re: “Ke tla beha ntho e tlamang molomo e le molebeli molomong oa ka, hafeela ea khopo a le ka pel’a ka.”—Pes. 39:1

Motho “ea nang le temoho e batsi” ha a phahle makunutu. (Liprov. 11:12) Mokreste oa ’nete ha a phahle makunutu ka lebaka la ho se ele hloko seo a se buang. Baholo ba Bakreste ba lokela ho ba hlokolosi haholo tabeng ena e le hore litho tsa phutheho li lule li ba tšepa.

Leha motho a khutsitse, ho khutsa hoo ho ka ba le liphello tse molemo. Mongoli oa Lenyesemane oa lekholong la bo19 la lilemo, Sydney Smith, ha a ngola mabapi le e mong oa bo-mphato ba hae o ile a re: “O na le linako tsa ho khutsa tse etsang hore moqoqo oa hae o be monate haholo.” Ka sebele, letsatsi le letsatsi ha metsoalle e qoqa, e mong le e mong o lokela ho ba le nako ea ho bua. Motho ea tsebang ho qoqa e lokela ho ba momameli ea hloahloa.

Solomone o ile a lemosa a re: “Mantsoeng a mangata tlōlo ha e tlohele ho ba teng, empa ea thibang molomo oa hae o etsa ka masene.” (Liprov. 10:19) Kahoo, haeba motho a bua mantsoe a seng makae, menyetla ea hore a bue lintho tse bontšang ho hloka temoho e tla fokola. Ha e le hantle, “esita le mang kapa mang eo e leng leoatla, ha a khutsa, o tla nkoa a le bohlale; mang kapa mang ea koalang molomo oa hae, o tla nkoa a e-na le kutloisiso.” (Liprov. 17:28) Kahoo, e se eka re ka rapella hore Jehova a ‘behe molebeli bakeng sa melomo ea rōna.’—Pes. 141:3.

Ho Thusa Motho Hore a Thuise

Mabapi le motho ea nkang tsela ea ho loka, Mangolo a re bolella hore “Molao oa [Molimo] o o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare.” (Pes. 1:2) Bibele ea Sesotho e re: “Molao oa oona [o] o nahana motšehare le bosiu.” Ke maemo afe a etsang hore motho a nolofalloe ke ho thuisa joalo?

Isaka, mora oa mopatriareka Abrahama, “o ne a ntse a itsamaela e le hore a thuise tšimong ha e tla tloha e e-ba mantsiboea.” (Gen. 24:63) O ile a khetha nako ea ha ho khutsitse le sebaka se khutsitseng e le hore a thuise. Morena Davida o ile a thuisa nakong ea litebelo tsa bosiu. (Pes. 63:6) Esita le motho ea phethahetseng Jesu, ha a ne a hloka ho ba mong le ho nahanisisa, o ne a etsa boiteko ba hore a ee hōle le matšoele, libakeng tse thōko tsa lithaba, tsa mahoatata le tse ling tse neng li se na batho.—Mat. 14:23; Luka 4:42; 5:16.

Ho khutsa ho re tsoela molemo. Ho khutsa ho ka re fa monyetla oa hore re itlhahlobe—e leng se hlokahalang hore re intlafatse. Ho khutsa ho ka etsa hore motho a be le khotso kelellong. Ha re nahanisisa nakong eo ho khutsitseng, seo se ka etsa hore re be batho ba inyenyefatsang le ba ikokobetsang ebile ho ka etsa hore re ananele haholo lintho tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa bophelong.

Le hoja ho khutsa ho le molemo, “nako ea ho bua” le eona e teng. (Moek. 3:7) Kajeno barapeli ba ’nete ba tšoarehile ka mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Mat. 24:14) Lerata la thabo le hlahisoang ke seo, le utloahala haholo ha ba ntse ba eketseha. (Mik. 2:12) E se eka re ka leka ka hohle hore re be har’a ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho le ba buang ka mesebetsi e babatsehang ea Molimo. Ha re ntse re etsa mosebetsi ona oa bohlokoa, e se eka tsela eo re phelang ka eona le eona e ka bontša hore rea hlokomela hore ka linako tse ling, ho khutsa ke ntho e ntle joaloka khauta.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Nakong ea liboka tsa rōna tsa Bokreste, re lokela ho mamela le ho ithuta

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Ha re buisoa hampe tšimong, ho khutsa ho ka ba molemo

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ho khutsa ho nolofalletsa batho ho thuisa