Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Lokela ho ba Hokae ha Bofelo bo Fihla?

U Lokela ho ba Hokae ha Bofelo bo Fihla?

U Lokela ho ba Hokae ha Bofelo bo Fihla?

HA JEHOVA a felisa tsamaiso ea lintho ea hona joale e khopo ka Armagedone, ho tla etsahala’ng ka batho ba lokileng? Liproverbia 2:21, 22 e araba tjena: “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.”

Leha ho le joalo, ba sa tšoauoeng phoso ba tla sala joang holim’a lefatše? Na ho tla ba le sebaka seo ba tšabelang ho sona? Ba lokileng ba lokela ho ba hokae ha bofelo bo fihla? Litlaleho tsa Mangolo tse ’nè tse buang ka ho pholoha li hlakisa litaba tsena.

Nakong eo Sebaka e Neng e le Ntho ea Bohlokoa

Mabapi le ho lopolloa ha mopatriareka Noe le mopatriareka Lota, re bala se latelang ho 2 Petrose 2:5-7: “[Molimo ha aa] ka a ithiba ho faneng ka kotlo ho lefatše la boholo-holo, empa a sireletsa Noe, ’moleli oa ho loka, hammoho le ba bang ba supileng ha a tlisa moroallo holim’a lefatše la batho ba se nang bomolimo; ’me ka ho fetola metse ea Sodoma le Gomora molora a e ahlola, a behela batho ba se nang bomolimo mohlala oa lintho tse tlang ho tla; ’me a lopolla Lota ea lokileng, ea neng a ba mahlomoleng haholo ke ho inehella boitšoaro bo hlephileng ha batho ba nyelisang molao.”

Noe o ile a pholoha Moroallo joang? Molimo o ile a re ho Noe: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka, hobane lefatše le tletse pefo ka lebaka la bona; ’me bona! ke tla ba felisa hammoho le lefatše. Iketsetse areka ka lehong la sefate se ntšang boroku.” (Gen. 6:13, 14) Noe o ile a haha areka feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse. Matsatsi a supileng pele Moroallo o qala, Jehova o ile a mo laela hore a bokellele liphoofolo ka arekeng le hore eena hammoho le lelapa la hae ba kene ka ho eona. Ka letsatsi la bosupa, monyako o ile a koaloa ka mor’a Noe, ’me “pula ea litloebelele ea tsoela pele ho na lefatšeng ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.” (Gen. 7:1-4, 11, 12, 16) Noe le lelapa la hae ‘ba ile ba pholosoa ba sireletsehile metsing.’ (1 Pet. 3:20) Ba ne ba lokela ho ba ka arekeng haeba ba ne ba batla ho pholoha. Ho ne ho se sebaka se seng lefatšeng seo ba neng ba ka sireletseha ho sona.—Gen. 7:19, 20.

Lota eena o ile a fuoa litaelo tse batlang li fapane. Mangeloi a mabeli a ile a mo bolella hore na o ne a sa lokela ho ba sebakeng sefe. Mangeloi ao a mabeli a ile a re ho Lota: “Bohle bao e leng ba hao motseng [oa Sodoma], u ba ntše sebakeng sena! Etsoe re tlil’o felisa sebaka sena.” Ba ne ba lokela ho ‘balehela sebakeng se lithaba.’—Gen. 19:12, 13, 17.

Se etsahalletseng Noe le Lota se bontša hore “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong, empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo.” (2 Pet. 2:9) Liketsahalong tsena tse peli, ho pholoha ha bona ho ne ho itšetlehile ka hore na ba sebakeng sefe. Noe o ne a lokela ho kena ka arekeng; athe Lota eena o ne a lokela ho tsoa motseng oa Sodoma. Empa na ho joalo kamehla? Na Jehova a ka sireletsa batho ba lokileng kae kapa kae moo ba leng teng, ho sa hlokahale hore ba ee sebakeng se seng? E le ho araba potso eo, ak’u hlokomele litlaleho tse ling tse peli tsa batho ba ileng ba pholosoa.

Na Kamehla ke Habohlokoa Hore na Motho o Sebakeng Sefe?

Pele Jehova a baka tšenyo Egepeta ka ho tlisa kotlo ea leshome mehleng ea Moshe, O ile a laela Baiseraele hore ba qaphaletse mali a liphoofolo tsa Paseka likarolong tse ka holimo tsa menyako le likoseneng tsa matlo a bona. Hobane’ng? E le hore ‘ha Jehova a ne a feta ho ea otla Baegepeta ’me a bona mali a karolong e ka holimo ea monyako le likoseneng tse peli tsa monyako, ka sebele Jehova o ne a ka feta monyako oo, ’me a se ke a lumella hore tšenyo e kene ka matlung a bona ho ba otla.’ Bosiung bona boo, “Jehova a otla letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta, ho tloha ho letsibolo la Faro ea lutseng teroneng ea hae ho isa ho letsibolo la moholehuoa ea mokoting oa chankana, le letsibolo le leng le le leng la phoofolo.” Matsibolo a Baiseraele a ile a pholosoa ho sa hlokahale hore ho be le le eang sebakeng se seng.—Ex. 12:22, 23, 29.

Nahana le ka taba ea Rahaba oa letekatse ea neng a lula motseng oa Jeriko. Baiseraele ba ne ba tla tloha ba qala ho hapa Naha e Tšepisitsoeng. Ha Rahaba a hlokomela hore Jeriko e tla timetsoa, o ile a bolella lihloela tse peli tsa Baiseraele hore batho ba motse oo ba ne ba tšohile hoo ba neng ba feletsoe ke matla ka lebaka la Baiseraele ba neng ba ntse ba atamela. O ile a pata lihloela tseo a ba a li kōpa hore li mo hlapanyetse hore eena hammoho le lelapa labo lohle ba ne ba tla sireletsoa ha Jeriko e timetsoa. Lihloela tseo li ile tsa laela Rahaba hore a bokelle ba lelapa labo ntlong ea hae e neng e le lerakong la motse. Haeba ba ne ba ka tsoa ka tlung ba ne ba tla timetsoa le batho ba bang kaofela ba motse. (Josh. 2:8-13, 15, 18, 19) Leha ho le joalo, hamorao Jehova o ile a bolella Joshua hore “lerako la motse le tla oa putla!” (Josh. 6:5) Sebaka seo lihloela li neng li boletse hore ba tla sireletseha ha ba le ho sona, joale ho ne ho bonahala se le kotsing. Rahaba le ba lelapa labo ba ne ba tla pholosoa joang?

Ha nako ea ho hapa Jeriko e fihla Baiseraele ba ile ba hooa ’me ba tsoela pele ho letsa manaka. Joshua 6:20 e re: “Eitse hang ha sechaba [sa Iseraele] se utloa molumo oa lenaka . . . sechaba sa qala ho etsa mohoo o moholo oa ntoa, eaba lerako le qala ho oa putla!” Ho ne ho se ho se motho ea neng a ka thibela ho lihuoa ha lerako. Leha ho le joalo, ka mohlolo, lerako la motse le neng le heleha le ile la emisa ha le fihla ntlong ea Rahaba. Joshua o ile a laela lihloela tse peli a re: “Kenang ntlong ea mosali eo oa letekatse, ’me le ntše mosali eo le bohle ba hae, feela joalokaha le mo hlapanyelitse.” (Josh. 6:22) Bohle ba neng ba le ka ntlong ea Rahaba ba ile ba pholoha.

Ke Sefe Seo e Neng e le sa Bohlokoa Haholo?

Ke sefe seo re ka ithutang sona ka ho lopolloa ha Noe, Lota, le Baiseraele mehleng ea Moshe le Rahaba? Litlaleho tsee li re thusa joang hore re bone hore na re lokela ho ba hokae ha bofelo ba tsamaiso ee e khopo ea lintho bo fihla?

Ke ’nete hore Noe o ile a pholoha ka hore a be ka arekeng. Empa ke hobane’ng ha a ne a le ka ho eona? Na hase hobane a ne a bontša tumelo abile a mamela? Bibele e re: ‘Noe o ile a etsa ho ea ka sohle seo Molimo a neng a mo laetse sona. A fela a etsa joalo.’ (Gen. 6:22; Baheb. 11:7) Rōna re etsa joang? Na re etsa sohle seo Molimo a re laetseng sona? Noe e ne e boetse e le “’moleli oa ho loka.” (2 Pet. 2:5) Na re cheseha joaloka eena mosebetsing oa boboleli, esita le haeba batho ba tšimong ea rōna ba sa batle ho mamela?

Lota o ile a pholoha timetso ka hore a balehe Sodoma. O ile a pholoha hobane o ne a lokile mahlong a Molimo ebile o ne a ba mahlomoleng haholo ka lebaka la boitšoaro bo hlephileng ba batho ba Sodoma le Gomora ba neng ba nyelisa molao. Na boitšoaro bo hlephileng bo atileng hakaale kajeno bo hlile bo etsa hore re be mahlomoleng? Kapa re se re bo tloaetse hoo bo seng bo sa re tšoenye? Na re etsa sohle se matleng a rōna hore re fumanoe re ‘se na letheba ebile re se na sekoli ’me re le khotsong’?—2 Pet. 3:14.

E le hore Baiseraele ba neng ba le Egepeta le Rahaba ea neng a le Jeriko ba pholohe, ho ne ho hlokahala hore ba lule ka matlung a bona. Ho ne ho hlokahala hore ba be le tumelo ba be ba mamele. (Baheb. 11:28, 30, 31) Nahana feela hore na e tlameha ebe lelapa le leng le leng la Baiseraele le ne le lutse le behile leihlo matsibolo a lona joang ha ho ne ho “qaleha seboko se seholo” lelapeng le leng le leng la Baegepeta. (Ex. 12:30) Ak’u nahane feela hore na e tlameha ebe Rahaba le ba lelapa labo ba ile ba mamarelana hakaakang ha ba utloa ho heleha ha marako a Jeriko ho ntse ho atamela. Ho ne ho hlokahala hore a be le tumelo e matla e le hore a tsoele pele a mamela le hore a lule ka tlung eo.

Haufinyane lefatše le khopo la Satane le tla felisoa. Re ntse re e-s’o tsebe hore na Jehova o tla sireletsa batho ba hae joang ‘letsatsing la bohale ba hae.’ (Sof. 2:3) Ho sa tsotellehe hore na re tla be re le hokae le hore na boemo ba rōna e tla be e le bofe ka nako eo, empa re ka kholiseha hore ha re na le tumelo ho Jehova re bile re mo mamela re tla pholoha. Hona joale, re lokela ho ba le maikutlo a loketseng mabapi le seo boprofeta ba Esaia bo reng ke ‘likamore tsa rōna tse ka hare.’

“Kena Likamoreng Tsa Hao Tse ka Hare”

Esaia 26:20 e re: “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, ’me u koale mamati ka mor’a hao. Ipate ka motsotsoana ho fihlela nyatso e feta.” E ka ’na eaba boprofeta bona bo ile ba phethahala ka lekhetlo la pele ka 539 B.C.E. ha Bamede le Bapersia ba ne ba hlōla Babylona. Ho bonahala eka ka mor’a hore Cyruse Mopersia a kene Babylona, o ile a laela motho e mong le e mong hore a lule ka tlung hobane masole a hae a ne a laetsoe hore a bolaee motho ofe kapa ofe ea neng a tla fumanoa a le ka ntle.

Mehleng ea rōna, ‘likamore tse ka hare’ tsa boprofeta bona li ka ’na tsa amahanngoa haufi le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse fetang 100 000 tse lefatšeng lohle. Liphutheho tsena ke tsa bohlokoa haholo bophelong ba rōna. Li tla tsoela pele ho phetha karolo ea bohlokoa ho pholletsa le ‘matšoenyeho a maholo.’ (Tšen. 7:14) Batho ba Molimo ba laeloa hore ba kene ka ‘likamoreng tsa bona tse ka hare’ le hore ba ipate “ho fihlela nyatso e feta.” Ke habohlokoa haholo hore re loanele ho ba le maikutlo a matle ka phutheho, re lule re e-na le ’ona re be re ikemisetse ka matla hore re ’ne re tsamaisane le eona. Re lokela ho hopola keletso ena ea Pauluse e reng: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha [re] bona letsatsi le ntse le atamela.”—Baheb. 10:24, 25.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ke sefe seo re ka ithutang sona liketsong tsa Molimo tsa ho pholosa tsa nako e fetileng?

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Ho ka etsahala hore ebe ‘likamore tse ka hare’ li amahanngoa le eng kajeno?