Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Chesehela Mesebetsi e Metle’!

‘Chesehela Mesebetsi e Metle’!

‘Chesehela Mesebetsi e Metle’!

‘Jesu o ile a inehela bakeng sa rōna e le hore a ka re lopolla tlōlong ea molao ea mofuta o mong le o mong le ho itlhoekisetsa sechaba seo ka ho khethehileng e leng sa hae, se chesehelang mesebetsi e metle.’—TITE 2:14.

1. Ho etsahala’ng tempeleng ha Jesu a fihla ka la 10 Nisane, selemong sa 33 C.E.?

KE LA 10 Nisane, selemong sa 33 C.E., matsatsi a seng makae feela pele ho mokete oa Paseka. Litila-tile tse thabileng tsa barapeli li tempeleng Jerusalema. Ho tla etsahala’ng ha Jesu a fihla? Bangoli ba bararo ba Kosepele, e leng Matheu, Mareka le Luka, kaofela ba tiisa hore ka lekhetlo la bobeli, Jesu o leleka ba rekang le ba rekisang. O phethola litafole tsa ba ananyang chelete le libenche tsa ba rekisang maeba. (Mat. 21:12; Mar. 11:15; Luka 19:45) Jesu o sa ntse a cheseha joaloka nakong ea ha a ne a nka bohato bo tšoanang lilemong tse tharo tse fetileng.—Joh. 2:13-17.

2, 3. Re tseba joang hore Jesu ha aa ka a bontša cheseho ka ho hloekisa tempele feela?

2 Tlaleho ea Matheu e bontša hore ketsahalong eo, Jesu ha aa ka a bontša cheseho ka ho hloekisa tempele feela. Empa o ile a boela a phekola ba foufetseng le ba holofetseng ba neng ba tla ho eena moo. (Mat. 21:14) Tlaleho ea Luka e bua ka mesebetsi e meng eo Jesu a ileng a e etsa. “[Jesu o ile] a qala ho ruta letsatsi le leng le le leng ka tempeleng.” (Luka 19:47; 20:1) Kahoo, cheseho ea Jesu e ile ea bonahala haholo ha a ne a bolela phatlalatsa.

3 Hamorao, moapostola Pauluse o ile a ngolla Tite ’me a bolela hore Jesu ‘o ile a inehela bakeng sa rōna e le hore a ka re lopolla tlōlong ea molao ea mofuta o mong le o mong le ho itlhoekisetsa sechaba seo ka ho khethehileng e leng sa hae, se chesehelang mesebetsi e metle.’ (Tite 2:14) Kajeno re ka ‘chesehela mesebetsi e metle’ ka litsela life? Hona mohlala oa marena a lokileng a Juda o ka re khothatsa joang?

Chesehela Boboleli le ho Ruta

4, 5. Marena a mane a Juda a ile a bontša joang hore a chesehela mesebetsi e metle?

4 Asa, Josafate, Ezekiase le Josiase, kaofela ba ile ba kena letšolong la ho felisa borapeli ba litšoantšo Juda. Asa o ile “a tlosa lialetare lisele le libaka tse phahameng ’me a qhaqha litšiea tse halalelang le ho rema lipalo tse halalelang.” (2 Likron. 14:3) Kaha Josafate o ne a chesehela borapeli ba Jehova, o ile “a tlosa libaka tse phahameng le lipalo tse halalelang Juda.”—2 Likron. 17:6; 19:3. *

5 Ka mor’a mokete o hlomphehang oa Paseka oa matsatsi a supileng oo Ezekiase a ileng a o hlophisa Jerusalema, “Baiseraele bohle ba ileng ba fumanoa ba tsoela metseng ea Juda, ’me ba qhaqha litšiea tse halalelang le ho rema lipalo tse halalelang le ho heletsa libaka tse phahameng le lialetare Juda eohle le Benjamine le Efraime le Manase ho fihlela ba qetile.” (2 Likron. 31:1) Josiase e monyenyane e ile ea e-ba morena ha a le lilemo li robeli feela. Tlaleho ea histori e re: “Ka selemo sa borobeli sa ho busa ha hae, ha e sa ntse e le moshanyana, a qala ho batla Molimo oa moholo-holo oa hae Davida; ka selemo sa leshome le metso e ’meli a qala ho hloekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa libaka tse phahameng le lipalo tse halalelang le litšoantšo tse betliloeng le liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa.” (2 Likron. 34:3) Kahoo, marena ao a mane kaofela a ne a chesehela mesebetsi e metle.

6. Ke hobane’ng ha mosebetsi oa rōna oa boboleli o ka tšoantšoa le matšolo a marena a tšepahalang a Juda?

6 Le rōna kajeno re kene letšolong la ho thusa batho hore ba lokolohe lithutong tsa bolumeli ba bohata, tse akarelletsang borapeli ba litšoantšo. Mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ntlo le ntlo o etsa hore re kopane le batho ba mefuta eohle. (1 Tim. 2:4) Ngoananyana e mong oa Asia o hopola kamoo ’mè oa hae a neng a ee a etse lintho tsa meetlo kateng ka pel’a litšoantšo tse ngata tse neng li le teng lapeng labo. Kaha ngoanana enoa o ne a hlokomela hore Molimo oa ’nete a ke ke a emeloa ke litšoantšo tseo tsohle, hangata o ne a rapela hore a tsebe hore na Molimo oa ’nete ke mang. Ka letsatsi le leng ha a il’o bulela batho ba neng ba kokota monyako, o ile a fumana Lipaki tse peli tse neng li le malala-a-laotsoe ho mo thusa hore a tsebe lebitso le ikhethang la Molimo oa ’nete, Jehova. O ile a thaba hakaakang ha a tseba hore na ’nete ke efe ka litšoantšo! Hona joale o chesehela tšebeletso ea tšimo haholo, ’me o thusa batho ba bang moeeng.—Pes. 83:18; 115:4-8; 1 Joh. 5:21.

7. Re ka etsisa mesuoe e ileng ea haola le naha mehleng ea Josafate joang?

7 Ha re bolela ka ntlo le ntlo, re sebetsa tšimo eo re e abetsoeng ka botlalo hakae? Hoa thahasellisa hore ebe selemong sa boraro sa puso ea hae, Josafate o ile a bitsa likhosana tse hlano, Balevi ba robong le baprista ba babeli. O ile a re ba haole le metse eohle, ba rute sechaba melao ea Jehova. Letšolo la bona le ile la atleha hoo batho ba lichaba tse ba potolohileng ba ileng ba qala ho utloa ba tšaba Jehova. (Bala 2 Likronike 17:9, 10.) Haeba re etela batho malapeng ka linako tse sa tšoaneng ka matsatsi a sa tšoaneng, re ka ’na ra atleha ho bua le litho tse ’maloa tsa lelapa.

8. Re ka ’na ra eketsa tsela eo re fanang ka bopaki ka eona joang?

8 Bahlanka ba Molimo ba bangata mehleng ena ba ’nile ba ikemisetsa ho tloha mahaeng a bona e le hore ba e’o sebeletsa moo Lipaki tse ngata tse mafolofolo li hlokahalang haholo. Na le uena u ka etsa joalo? Ba bang ba rōna ba ke keng ba khona ho falla, ba ka ’na ba leka ho pakela batho ba sebakeng sa habo bona ba buang puo esele. Kaha ho na le batho ba merabe e sa tšoaneng tšimong ea habo, ha Ron a le lilemo li 81 o ile a ithuta ho lumelisa batho ka lipuo tse 32! Haufinyane tjena ha a le seterateng o ile a kopana le banyalani ba tsoang Afrika eaba o ba lumelisa ka puo ea bona ea Seyoruba. Ba ile ba botsa Ron hore na o kile a ea Afrika. Ha a re che, ba ile ba mo botsa hore na o tsebile puo ea bona joang. Sena se ile sa etsa hore a tsebe ho ba pakela ka botlalo. Ba ile ba thabela ho amohela limakasine le ho mo fa aterese ea bona, ’me o ile a e fetisetsa phuthehong ea sebakeng sa habo bona e le hore ba ka khanneloa thuto ea Bibele.

9. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re balle batho Bibele ha re le tšimong? Fana ka mohlala.

9 Mesuoe eo Josafate a ileng a e laela hore e haole le naha e ne e e-na le “buka ea molao oa Jehova.” Kaha Bibele ke Lentsoe la Molimo, re leka ho e sebelisa ha re ruta batho lefatšeng lohle. Ha re le tšimong, re bontša hore Bibele ke ea bohlokoa ka hore re etse boiteko bo khethehileng ba ho e balla batho ka ho toba. ’Mè e mong o ile a bolella Paki e bitsoang Linda hore monna oa hae o ne a otliloe ke stroke ’me ho ne ho hlokahala hore a mo hlokomele. O ile a tletleba a re: “Ha ke tsebe hore na ke entse’ng ha e le mona Molimo a lumeletse sena hore se nketsahalle.” Linda o ile a re: “E-re ke u tiisetse taba ke ena.” Eaba o mo balla mantsoe a Jakobo 1:13 ’me o phaella ka ho re: “Lintho tse bohloko tse re hlahelang le tse hlahelang batho bao re ba ratang hase kotlo ea Molimo.” Ka mor’a moo, mong’a ntlo o ile a kopa Linda ka lerato. Linda o re: “Ke ile ka atleha ho mo khothatsa ke sebelisa Bibele. Ka linako tse ling litemana tseo re li balang Bibeleng ke tseo beng ba matlo ba qalang ho li utloa.” Ka mor’a puisano eo, mosali eo o ile a khanneloa thuto ea lehae ea Bibele ea kamehla.

Bacha ba Sebeletsang ka Cheseho

10. Josiase o behetse bacha ba Bakreste mohlala o motle joang kajeno?

10 Ha re khutlela mohlaleng oa Josiase, rea hlokomela hore o ile a phehella borapeli ba ’nete a sa le monyenyane ’me o ne a ka ba lilemo li 20 ha a ne a kena letšolong le matla la ho felisa borapeli ba litšoantšo. (Bala 2 Likronike 34:1-3.) Kajeno bacha ba bangata haholo ba bontša hore ba chesehela tšebeletso ea ’Muso ka tsela e tšoanang.

11-13. Re ka ithuta lintho life ho bacha ba kajeno ba sebeletsang Jehova ka cheseho?

11 Hannah, ea lulang Engelane, o ne a le lilemo li 13 ’me a ithuta Sefora sekolong ha a utloa hore ho thehiloe sehlopha sa batho ba buang Sefora toropong e haufi. Ntate oa hae o ile a lumela ho tsamaea le eena ha a e-ea libokeng sebakeng seo. Hona joale Hannah o lilemo li 18 ’me o paka ka cheseho ka Sefora e le pula-maliboho oa kamehla. Na le uena u ka ithuta puo esele ’me u thuse batho ba bang hore ba ithute ka Jehova?

12 Rachel o ile a thabela ho shebella video ea Pursue Goals That Honor God. Ha a hlalosa hore na o ne a ikutloa joang ha a qala ho sebeletsa Jehova ka 1995, o re: “Ke ne ke nahana hore ke tiile ’neteng.” Ha a tsoela pele o re: “Ka mor’a ho shebella tšoantšiso eo, joale kea hlokomela hore ka lilemo tse ngata ke ne ke etsa lintho ho phetha molao feela. Ke lokela ho nahana ka botebo le ho ikitlaetsa ha ke etsa thuto ea botho le ha ke le tšebeletsong ea tšimo e le hore ke tiee ’neteng.” Hona joale Rachel oa hlokomela hore o sebeletsa Jehova ka cheseho le ho feta. Litholoana tsa seo e bile life? O re: “Kamano ea ka le Jehova e matlafetse. Ke etsa lithapelo tse utloahalang, ke tebisa maikutlo ha ke ithuta ’me ke khotsofala haholo, ’me litlaleho tsa Bibele li ntlhakela haholo. Ka lebaka leo, ke thabela tšimo haholo ebile ke khotsofala haholo ha ke bona ba bang ba khothatsoa ke mantsoe a Jehova.”

13 Mocha e mong ea bitsoang Luke o ile a khothatsoa ke video ea Young People Ask—What Will I Do With My Life? Ka mor’a ho shebella video ena, Luke o re: “Ke ikutloa ke tlameha ho nahana hore na ke etse’ng ka bophelo ba ka.” O re: “Nakong e fetileng, ke ile ka hatelloa hore ke batle thuto e phahameng pele e le hore ke ikemele licheleteng ebe ka mor’a moo ke hona ke hahamallang lipakane tsa Bokreste. Khatello e joalo e sitisa motho ho tsoela pele moeeng; ea mo fokolisa.” Bara le barali babo rōna ba bacha lilemong, na le ka sebelisa seo le ithutileng sona sekolong hore se le thuse ho eketsa tšebeletso ea lōna joaloka Hannah? Re le khothalletsa hore le latele mohlala oa Rachel, ka hore ka cheseho le hahamalle lipakane tse tlotlisang Molimo e le kannete. Latelang mohlala oa Luke ’me le qobe likotsi tse ’nileng tsa tšoasa bacha ba bangata.

Ela Hloko Litemoso ka Cheseho

14. Jehova o amohela borapeli ba mofuta ofe, ’me ke hobane’ng ha ho se bonolo ho ba barapeli ba mofuta oo kajeno?

14 Ho hlokahala hore batho ba Jehova ba hloeke e le hore a ka amohela borapeli ba bona. Esaia o fana ka temoso ena: “Tlohang, tlohang, tsoang mona, le se ke la ama letho le sa hloekang; tsoang har’a eona [Babylona], le ipoloke le hloekile, lōna ba jarang lijana tsa Jehova.” (Esa. 52:11) Lilemo tse ngata pele Esaia a ngola mantsoe ao, Morena Asa ea lokileng o ile a kena letšolong le matla la ho felisa boitšoaro bo bobe naheng ea Juda. (Bala 1 Marena 15:11-13.) Lilemo tse makholo hamorao, moapostola Pauluse o ile a bolella Tite hore Jesu o ile a inehela e le hore a hloekise balateli ba hae le hore a ba etse “sechaba seo ka ho khethehileng e leng sa hae, se chesehelang mesebetsi e metle.” (Tite 2:14) Lefatšeng la kajeno le tletseng boitšoaro bo litšila, ha ho bonolo hore batho ba lule ba itšoere hantle, haholo-holo bacha. Ka mohlala, bahlanka bohle ba Molimo, ho sa tsotellehe hore na ba baholo kapa ba banyenyane, ba tlameha ho loana ka thata hore ba se ke ba silafatsoa ke litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso tse bontšoang libotong tsa papatso, thelevisheneng, lifiliming, haholo-holo Inthaneteng.

15. Re ka thusoa ke eng hore re hloee se sebe?

15 Ha re ela hloko litemoso tsa Molimo ka cheseho, seo se ka re thusa ho hloea se sebe. (Pes. 97:10; Bar. 12:9) Joalokaha Mokreste e mong a boletse, re lokela ho nyonya litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso e le hore “li se ke tsa re hohela joaloka chouku.” Ho leka ho arohanya litšepe tse peli tse momahantsoeng ke chouku, ho hloka hore motho a be le matla a fetang a khoheli e li momahantseng. Ka tsela e tšoanang, ho hlokahala boiteko bo matla e le hore motho a se ke a hoheloa ke litšoantšo tseo tse litšila. Empa ha re utloisisa hore na litšoantšo tseo tse litšila li kotsi hakae, seo se ka re thusa hore re li nyonye. Mora e mong oabo rōna o ile a etsa boiteko bo matla ba ho itšoasolla tloaelong ea hae ea ho sheba litšoantšo tse litšila Inthaneteng. O ile a beha k’homphieutha ea hae moo e neng e ka bonoa ke motho e mong le e mong ka lapeng. Ho phaella moo, o ile a ikemisetsa ka matla hore a itlhoekise ’me a chesehele mesebetsi e metle. Ho na le ho hong hoo a ileng a boela a ho etsa. Kaha mosebetsi oa hae o ne o mo tlama hore a sebelise Inthanete, o ile a etsa qeto ea hore o tla e sebelisa feela ha mosali oa hae a e-na le eena.

Molemo oa Boitšoaro bo Botle

16, 17. Boitšoaro ba rōna bo botle bo ka ama batho ba re shebileng joang? Fana ka mohlala.

16 Ruri bahlankana le baroetsana ba sebeletsang Jehova ba bontša moea o motle, ’me batho ba ba shebileng ba khahloa haholo ha ba bona seo! (Bala 1 Petrose 2:12.) Motho e mong ea neng a ile Bethele ea London o ile a fetola maikutlo a hae ka Lipaki Tsa Jehova ka mor’a hore a qete letsatsi moo a lokisa mochine oa khatiso. Mosali oa hae, ea neng a khanneloa thuto ea Bibele ke Paki ea moo, o ile a hlokomela hore monna oa hae o fetohile. Nakong e fetileng, o ne a sa batle hore Lipaki li etele ha hae. Empa o ile a khutla a sa ome mathe ha a tsoa etsa mosebetsi oo Bethele, a bolela kamoo a neng a tšoeroe hantle kateng. O ile a re ho ne ho se na motho ea sebelisang puo e hlohlontšang litsebe. Motho e mong le e mong o ne a e-na le mamello ’me ho ne ho rena khotso. Ntho e ileng ea mo khahla le ho feta ke hore bara le barali babo rōna ba bacha ba ne ba sebetsa ka cheseho, ba ithaopetse ho sebelisa nako le matla a bona hore ba thuse hore ho phatlalatsoe litaba tse molemo.

17 Ka tsela e tšoanang, bara le barali babo rōna ba sebetsang e le hore ba hlokomele malapa a bona, ba etsa mosebetsi oa bona ka lipelo tsohle. (Bakol. 3:23, 24) Hangata sena se etsa hore ba se ke ba lahleheloa ke mosebetsi, kaha bahiri ba bona ba ananela hore ebe ke basebetsi ba seli ’me ha ba batle ho lahleheloa ke bona.

18. Re ka ‘chesehela mesebetsi e metle’ joang?

18 Tse ling tsa litsela tseo re ka bontšang ka tsona hore re chesehela ntlo ea Jehova, ke ha re mo tšepa, re phetha litaelo tsa hae re bile re hlokomela libaka tseo re kopanelang ho tsona. Ho phaella moo, re lokela ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. Ebang re batho ba baholo kapa ba banyenyane, ha re ikitlaelletsa ho boloka melao e hloekileng e amanang le borapeli ba rōna, re tla fumana melemo e mengata. Kahoo, re tla tsebahala re le batho ba “chesehelang mesebetsi e metle.”—Tite 2:14.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Ho ka etsahala hore ebe Asa o ile a tlosa libaka tse phahameng tse neng li amana le borapeli ba melimo ea bohata, empa ha aa ka a tlosa tseo batho ba neng ba rapela Jehova ho tsona. Kapa ho ka etsahala hore ebe libaka tse phahameng li ile tsa boela tsa hahoa qetellong ea puso ea Asa ’me li ile tsa tlosoa ke mora oa hae Josafate.—1 Mar. 15:14; 2 Likron. 15:17.

Mehlaleng ea Bibele le ea kajeno, u ithutile’ng mabapi le

• kamoo u ka bontšang cheseho kateng ka ho bolela le ka ho ruta?

• kamoo bacha ba Bakreste ba ka “chesehelang mesebetsi e metle” kateng?

• kamoo u ka tlohelang mekhoa e senyang boitšoaro bo botle kateng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Na u sebelisa Bibele kamehla tšebeletsong ea hao?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ha u ithuta puo e ’ngoe sekolong, seo se ka ’na sa u thusa ho eketsa tšebeletso ea hao