Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Abela ba Bang Mosebetsi—Ho Etsoa Joang Hona Hobane’ng?

Ho Abela ba Bang Mosebetsi—Ho Etsoa Joang Hona Hobane’ng?

Ho Abela ba Bang Mosebetsi​—Ho Etsoa Joang Hona Hobane’ng?

HO ABELA ba bang mosebetsi ke ntho ea khale haholo, ke ea khale le ho feta Lefatše. Jehova o ile a bōpa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši ’me ka mor’a moo, a mo sebelisa e le “mosebetsi ea hloahloa,” ha a etsa bokahohle. (Liprov. 8:22, 23, 30; Joh. 1:3) Ha Molimo a ne a bōpa batho ba babeli ba pele, o ile a re ba “tlale lefatše ’me [ba] le buse.” (Gen. 1:28) ’Mōpi o ile a fa batho mosebetsi oa hore ba atolose Paradeise ea Edene hore e tlale lefatše lohle. Ka sebele, ho tloha qalong, Jehova le batho ba mo sebeletsang ba ’nile ba abela ba bang mosebetsi.

Ho abela ba bang mosebetsi ho akarelletsa eng? Ke hobane’ng ha baholo ba Bakreste ba lokela ho ithuta ho abela ba bang mesebetsi e itseng ea phutheho, ’me see ba ka se etsa joang?

Ho Abela ba Bang Mosebetsi ho Bolela’ng?

“Ho abela motho mosebetsi” ho bolela “ho beha ntho e itseng tlhokomelong ea hae; ho mo khetha hore e be moemeli; ho mo fa boikarabelo kapa matla.” (Merriam-Webster’s Collegiate Dictionary, Khatiso ea bo11) Kahoo, ho abela ba bang mosebetsi ho hloka hore ba akarelletsoe ha ho phethahatsoa merero e itseng. Ho hlakile hore seo se bolela hore ba lokela ho fuoa matla a itseng.

Batho ba filoeng mosebetsi ka phuthehong ea Bokreste, ho lebeletsoe hore ba phethe mosebetsi oo, ba hlalose hore na o tsoela pele joang, ’me hangata ba buisane le motho ea ba fileng oona. Leha ho le joalo, mor’abo rōna ea khethiloeng, e leng eena ea faneng ka mosebetsi, ke eena ea jarang boikarabelo. Ho hlokahala hore a bone hore na mosebetsi o ntse o tsoela pele joang ’me a fane ka keletso moo ho hlokahalang. Empa, ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Ke hobane’ng ha u lokela ho fa batho ba bang mosebetsi haeba u ka iketsetsa oona?’

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Abela ba Bang Mosebetsi?

Nahana ka Jehova ha a ne a bōpa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši ’me a mo abela mosebetsi oa hore a bōpe lintho tse ling. Ka sebele, “lintho tse ling tsohle tse maholimong le tse lefatšeng li ile tsa bōptjoa ho sebelisoa eena, lintho tse bonahalang le lintho tse sa bonahaleng.” (Bakol. 1:16) ’Mōpi a ka be a ile a etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe a le mong, empa o ne a batla hore Mora oa hae le eena a thabele ho etsa mosebetsi o molemo. (Liprov. 8:31) Sena se ile sa thusa Mora hore a ithute haholo ka makhabane a Molimo. Ka mantsoe a mang, Ntate o ile a sebelisa monyetla oo hore a koetlise Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.

Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, o ile a etsisa Ntate oa hae ka hore a fe ba bang boikarabelo. O ile a koetlisa barutuoa ba hae butle-butle. O ile a roma baapostola ba 12 ’me hamorao a roma barutuoa ba bang ba 70 hore ba mo etelle pele mosebetsing oa boboleli. (Luka 9:1-6; 10:1-7) Ha Jesu a fihla libakeng tse joalo hamorao, ba ne ba se ba mo buletse khoro. Ha Jesu a tloha lefatšeng, o ile a fa barutuoa ba hae ba koetlisitsoeng boikarabelo ba bohlokoa le ho feta, bo akarelletsang le mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle.—Mat. 24:45-47; Lik. 1:8.

Phutheho ea Bokreste e ’nile ea tsebahala ka ho abela ba bang mosebetsi le ho ba koetlisa. Moapostola Pauluse o ile a re ho Timothea: “Lintho tsena u li behe ho banna ba tšepahalang, bao, le bona, e tla ba ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang.” (2 Tim. 2:2) Ka sebele, batho ba nang le boiphihlelo ba lokela ho koetlisa ba bang, ’me bao le bona ba lokela ho koetlisa ba bang hape.

Ha moholo a abela batho ba bang mosebetsi oo a o filoeng, seo se ka etsa hore le bona ba be le monyetla oa ho thabela mosebetsi oa bolisa le oa ho ruta. Kaha baholo baa hlokomela hore ho na le moo batho ba haelloang teng, ba na le lebaka le utloahalang le ho feta la hore ba kōpe ba bang hore ba ba thuse ho jara boikarabelo ka phuthehong. Bibele e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” (Liprov. 11:2) Boinyenyefatso bo akarelletsa hore motho a hlokomele hore ho na le moo a haelloang teng. Haeba u leka ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bouena, u ka ’na ua khathala haholo eaba u tima lelapa la hao nako eo u neng u ka e qeta le lona. Kahoo, ka sebele ke bohlale hore batho ba jarisane boikarabelo. Ka mohlala, nahana ka mor’abo rōna ea sebetsang e le mohokahanyi oa sehlopha sa baholo. A ka ’na a kōpa baholo ba bang hore ba hlahlobe liak’haonte tsa phutheho. Ha baholo bao ba hlahloba litlaleho tseo, ba ka tseba hore na boemo ba lichelete tsa phutheho ke bofe.

Ho abela ba bang mosebetsi ho ba fa monyetla oa hore ba be le tsebo le boiphihlelo, ebile ho fa ea abelang ba bang mosebetsi monyetla oa hore a bone bokhoni ba bao a ba fileng mosebetsi. Kahoo, ha baholo ba abela ba bang mesebetsi e loketseng ka phuthehong, ba ka leka bao e ka ’nang ea e-ba bahlanka ba sebeletsang ho bona hore na baa “tšoaneleha.”—1 Tim. 3:10.

Ntlha ea ho qetela, ha baholo ba abela ba bang mosebetsi ba bontša hore baa ba tšepa. Pauluse o ile a koetlisa Timothea ka hore a sebetse le eena mosebetsing oa boromuoa. Setsoalle sa banna bana ba babeli se ile sa tiea. Pauluse o ile a re Timothea ke “ngoana oa ’nete tumelong.” (1 Tim. 1:2) Ka tsela e tšoanang, setsoalle sa Jehova le Jesu se ile sa tiea ha ba ntse ba sebetsa hammoho ho bōpa lintho tse ling tsohle. Ha baholo ba fa ba bang mosebetsi, seo se ka etsa hore ba be le kamano e mofuthu le bona.

Ke Hobane’ng ha ba Bang ba Tsilatsila?

Le hoja baholo ba bang ba tseba melemo ea ho abela ba bang mesebetsi, mohlomong ba thatafalloa ho ba abela eona hobane ba nahana hore matla a bona a tla fokotseha. Ba ka ’na ba nahana hore kamehla e lokela ho ba bona ba li hulang pele. Empa, hopola hore pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a fa barutuoa ba hae matla a ho etsa mosebetsi oa bohlokoa, le hoja a ne a tseba hore ba ne ba tla etsa mesebetsi e meholo ho feta ea hae!—Mat. 28:19, 20; Joh. 14:12.

E ka ’na eaba baholo ba bang ba ile ba abela ba bang mesebetsi nakong e fetileng empa lintho ha lia ka tsa tsamaea hantle. Ba ka ’na ba nahana hore ha e le bona ba iketsetsang mosebetsi, ba ka o etsa hantle le ho feta, ba ba ba o etsa ka potlako. Leha ho le joalo, nahana ka mohlala oa Pauluse. O ne a tseba hore ke habohlokoa ho abela ba bang mosebetsi, empa o ile a boela a hlokomela hore hase kamehla batho bao a ba rutang mosebetsi ba ka o etsang ka tsela eo a e lebeletseng. Leetong la hae la pele la boromuoa, Pauluse o ile a koetlisa Mareka, e leng mohlankana eo a neng a tsamaea le eena. Pauluse o ile a utloa bohloko haholo ha Mareka a tlohela mosebetsi oa hae ’me a khutlela hae. (Lik. 13:13; 15:37, 38) Empa seo ha sea ka sa thibela Pauluse hore a koetlise ba bang. Joalokaha ho se ho boletsoe, o ile a kōpa mohlankana oa Mokreste ea bitsoang Timothea hore a tsamaee le eena. Ha Timothea a se a loketse ho jara boikarabelo ba bohlokoa, Pauluse o ile a mo siea Efese, a mo file matla a hore a khethe balebeli ba phutheho le bahlanka ba sebeletsang.—1 Tim. 1:3; 3:1-10, 12, 13; 5:22.

Ka tsela e tšoanang, le kajeno baholo ha baa lokela ho tela ha ba koetlisa barab’abo bona hobane feela e mong oa bona a sa etse lintho hantle. Ke bohlale ebile ke habohlokoa ho ithuta ho tšepa batho ba bang le ho ba koetlisa. Leha ho le joalo, baholo ba lokela ho hopola eng ha ba abela ba bang mosebetsi?

Tsela ea ho Abela ba Bang Mosebetsi

Ha u abela barab’abo rōna mesebetsi, nahana ka litšoaneleho tseo ba nang le tsona. Nakong eo ho neng ho hlokahala hore ho ajoe lijo tsa letsatsi le letsatsi Jerusalema, baapostola ba ile ba khetha ‘banna ba supileng ba pakiloeng, ba tletseng moea le bohlale.’ (Lik. 6:3) Haeba u kōpa motho ea sa tšepahaleng hore a etse mosebetsi, a ka ’na a se ke a o etsa. Kahoo, abela motho mesebetsi e menyenyane pele. Haeba motho a tšepahala, a ka ’na a khona ho jara boikarabelo bo boholo.

Leha ho le joalo, litaba ha li felle moo. Batho ba na le bokhoni le botho bo sa tšoaneng. Boiphihlelo ba batho le bona ha bo tšoane. Mor’abo rōna ea mosa le ea nang le botsoalle a ka ’na a ipabola ha a sebelisoa e le mohlokomeli, athe ea hlophisehileng a ka thusa haholo ha a sebetsa e le mothusi oa mongoli oa phutheho. Morali’abo rōna ea nang le tsebo ea ho khabisa, a ka fuoa mosebetsi oa ho khabisa ka lipalesa nakong ea Sehopotso.

Ha u fa ba bang mosebetsi, ba bolelle ka ho hlaka hore na ho lebeletsoe’ng. Pele Johanne Mokolobetsi a roma manģosa ho Jesu, o ile a a hlalosetsa seo a neng a batla ho se tseba le hore na a mo botse eng. (Luka 7:18-20) Ka lehlakoreng le leng, ha Jesu a ne a laela barutuoa ba hae hore ba bokelle lijo tse setseng tse neng li entsoe ka mohlolo, o ile a tlohela litaba matsohong a bona. (Joh. 6:12, 13) Taba e khōlō ke hore na ke mosebetsi oa mofuta ofe le hore na motho ea thusang o na le litšoaneleho life. Motho ea fanang ka mosebetsi le ea kōptjoang hore a thuse ho o etsa, ba lokela ho tseba hantle hore na ho lebeletsoe eng le hore na ea faneng ka mosebetsi o lokela ho tlaleheloa hangata hakae hore na mosebetsi o ntse o tsoela pele joang. Bobeli ba lokela ho tseba hore na ke lintho life tseo motho ea etsang mosebetsi a lokelang ho iketsetsa liqeto ho tsona. Haeba mosebetsi o lokela ho phethoa ka nako e itseng, motho a ka ’na a tsoha molota haeba ho ka buisanoa ka nako eo ha ba ha lumellanoa ka eona ho e-na le hore ho qobelloe feela hore mosebetsi o phethoe ka nako eo.

Motho ea fuoang mosebetsi o lokela ho fuoa chelete, thepa le thuso eo a e hlokang. Ho ka ’na ha e-ba molemo hore ba bang ba tsebisoe ka taba ena. Ha Jesu a ne a fa Petrose “linotlolo tsa ’muso oa maholimo,” o ile a mo fa tsona barutuoa ba bang ba le teng. (Mat. 16:13-19) Ka tsela e tšoanang, maemong a mang ho ka ’na ha e-ba molemo ho tsebisa phutheho hore na ke mang ea ikarabellang ka mosebetsi o itseng.

Leha ho le joalo, ho hlokahala hore u be hlokolosi. Haeba u lula u laola mosebetsi oo u o fileng motho e mong, u mo fa maikutlo a reng, “Ha e le hantle, ha ke u tšepe.” Ke ’nete hore ka linako tse ling lintho li ka ’na tsa se ke tsa tsamaea hantle kamoo u neng u lebeletse kateng. Leha ho le joalo, haeba mor’abo rōna ea filoeng boikarabelo a fuoa bolokolohi bo itseng, o tla khothala ’me a be le boiphihlelo. Ho hlakile hore sena hase bolele hore motho ea faneng ka mosebetsi ha aa lokela ho tsotella hore na o etsoa joang. Le hoja Jehova a ne a file Mora oa hae mosebetsi o itseng oa ho bōpa, o ile a ’na a kenya letsoho mosebetsing oo. O ile a re ho Mosebetsi eo ea Hloahloa: “A re etse motho ka setšoantšo sa rōna.” (Gen. 1:26) Kahoo, ka lipolelo le ka liketso, tšehetsa motho mosebetsing oo a o etsang ’me u mo babatse ha a etsa hantle. Ho hlahloba hakhutšoanyane seo a se entseng ho ka mo thusa. Haeba a sa etse mosebetsi hantle, u se ke ua tsilatsila ho mo eletsa kapa ho mo thusa. Hopola hore, kaha ke uena ea faneng ka mosebetsi, ke uena ea jarang boikarabelo.—Luka 12:48.

Ba bangata ba ’nile ba rua molemo ka hore ebe baholo ba neng ba ba tsotella ba ile ba ba abela mesebetsi ea phutheho. Ka sebele, baholo bohle ba lokela ho ithuta hore na ba ka abela ba bang mosebetsi joang, hona hobane’ng, e le ha ba etsisa Jehova.

[Lebokose le leqepheng la 29]

HO ABELA BA BANG MOSEBETSI

• ke tsela ea ho etsa hore ba bang ba thabele ho finyella se itseng

• ke tsela ea ho finyella ho hongata

• ke sesupo sa hore motho o bohlale ebile o inyenyefalitse

• ke tsela ea ho koetlisa batho ba bang

• ke tsela ea ho bontša hore motho o tšepa ba bang

[Lebokose le leqepheng la 30]

TSELA EA HO ABA MOSEBETSI

• Khetha batho ba loketseng mosebetsi oo

• Hlalosetsa motho lintho ka ho hlaka/buisana le eena

• Qaqisa hore na ke sefe se lokelang ho finyelloa

• Fana ka lintho tse hlokahalang

• Bontša hore ua tsotella hore na mosebetsi o etsoa joang, u be u bontše hore u tšepa motho ea o etsang

• Ikemisetse ho jara boikarabelo

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Ho abela ba bang mosebetsi ho akarelletsa ho o aba le ho lula u hlahloba hore na o tsoela pele joang