Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho ba Batho ba Jehova ke Mosa o sa Tšoanelang

Ho ba Batho ba Jehova ke Mosa o sa Tšoanelang

Ho ba Batho ba Jehova ke Mosa o sa Tšoanelang

“Re ba Jehova.”—BAR. 14:8.

1, 2. (a) Ke tlotla efe eo re nang le eona? (b) Re tla tšohla lipotso life?

SECHABA sa Iseraele se ile sa fuoa tlotla e khōlō haholo ha Jehova a ne a re ho sona: “Ka sebele le tla fetoha thepa ea ka e khethehileng har’a lichaba tse ling tsohle.” (Ex. 19:5) Kajeno, litho tsa phutheho ea Bokreste le tsona li na le tlotla ea ho ba batho ba Jehova. (1 Pet. 2:9; Tšen. 7:9, 14, 15) Ke tlotla e ka re tsoelang molemo ka ho sa feleng.

2 Ho ba motho oa Jehova hase tlotla feela empa e boetse ke boikarabelo. Batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa: ‘Na ke tla khona ho etsa seo Jehova a lebeletseng hore ke se etse? Haeba nka etsa sebe, na o tla ntahla? Na ho ba motho oa Jehova ho tla nkamoha tokoloho?’ Ho hotle hore motho a nahane ka litaba tse joalo. Leha ho le joalo, pele ho moo ho hlokahala hore re nahane ka botebo ka potso ena: Melemo ea ho ba motho oa Jehova ke efe?

Ho ba Motho oa Jehova Hoa Thabisa

3. Qeto ea Rahaba ea ho sebeletsa Jehova e ile ea mo tsoela molemo joang?

3 Na batho ba Jehova ba rua molemo ka ho ba batho ba hae? Nahana ka taba ea Rahaba, eo e neng e le letekatse la Jeriko ea boholo-holo. Ha ho pelaelo hore o ne a hōlisitsoe ka borapeli ba boitšoaro bo hlephileng ba melimo ea Kanana. Leha ho le joalo, ha a utloa hore na Baiseraele ba hlōtse lichaba tse kae ka thuso ea Jehova, o ile a hlokomela hore Jehova ke Molimo oa ’nete. Kahoo, o ile a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a sireletse batho ba khethiloeng ke Molimo ’me ka ketso eo a beha bokamoso ba hae liatleng tsa bona. Bibele e re: “Na le eena Rahaba oa seotsoa ha hoa ka ha boleloa hore o lokile ka mesebetsi, ka mor’a hore a bontše manģosa kamohelo ea baeti le ho a ntša ka tsela e ’ngoe?” (Jak. 2:25) Nahana feela hore na o ile a fumana melemo e mekae ha e e-ba e mong oa batho ba Molimo ba hloekileng, e leng batho bao Molao oa Molimo o neng o ba rutile litsela tsa lerato le tsa toka. E tlameha ebe o ile a thaba haholo hore ebe o ile a lahla tsela eo a neng a phela ka eona! O ile a nyaloa ke Moiseraele eaba o hōlisa mora oa hae, e leng Boaze, eo e ileng ea e-ba monna ea hlaheletseng oa Molimo.—Josh. 6:25; Ruthe 2:4-12; Mat. 1:5, 6.

4. Ruthe o ile a rua molemo joang qetong ea hae ea ho sebeletsa Jehova?

4 Ruthe oa Moabe le eena o ile a etsa qeto ea hore a sebeletse Jehova. Ho ka etsahala hore ebe ha e sa le ngoanana o ne a rapela Kemoshe le melimo e meng ea Moabe, empa o ile a tseba Molimo oa ’nete, Jehova, eaba o nyaloa ke Moiseraele ea neng a balehetse naheng ea habo. (Bala Ruthe 1:1-6.) Hamorao, ha Ruthe le ngoetsi-’moho le eena, e leng Orpa, ba ne ba tloha le matsal’a bona, Naomi, ho ea Bethlehema, Naomi o ile a kōpa lingoetsi tseo tsa hae tse nyenyane ka tieo hore li khutlele mahabo tsona. Ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo hore li lule Iseraele. Orpa o ile a fela a ‘khutlela ho batho ba habo,’ empa Ruthe eena ha aa ka a khutlela ho bona. O ile a bontša hore o ne a e-na le tumelo ’me o ne a tseba hore na o batla ho ba motho oa mang. O ile a re ho Naomi: “U se ke ua nkōpa ka tieo hore ke u tlohele, ke khutle ke se ke ka tsamaea le uena; kaha ke tla ea moo u eang teng, ’me ke tla hlola bosiu moo u hlolang bosiu teng. Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.” (Ruthe 1:15, 16) Kaha Ruthe o ile a khetha ho sebeletsa Jehova, o ile a rua molemo Molaong oa Molimo, o neng o e-na le litokisetso tse khethehileng bakeng sa bahlolohali, mafutsana le ba se nang masimo. O ile a fumana thabo, tšireletso le botsitso tlas’a mapheo a Jehova.

5. U hlokometse’ng ka batho ba sebeletsang Jehova ka botšepehi?

5 Ho ka etsahala hore ebe u tseba batho ba itseng bao ka mor’a hore ba inehele ho Jehova ba ’nileng ba mo sebeletsa ka botšepehi ka mashome a lilemo. Ba botse hore na ba ruile molemo joang ka ho mo sebeletsa. Le hoja batho bohle ba e-na le mathata, ho na le bopaki bo matla bo bontšang hore mantsoe ana a mopesaleme ke ’nete, ha a re: “Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!”—Pes. 144:15.

Jehova ha aa Lebella Hore re Etse Lintho Tseo re ke Keng ra li Khona

6. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoha hore re ke ke ra khona ho etsa seo Jehova a se lebeletseng ho rōna?

6 Mohlomong u ’nile ua ipotsa hore na u tla khona ho etsa seo Jehova a se lebeletseng ho uena. Ho ka ’na ha etsahala hore u tšoenyehe ha u nahana ka ho ba mohlanka oa Molimo, ho phela ka molao oa hae le ho bua ka lebitso la hae. Ka mohlala, Moshe o ile a ikutloa a fokola ha a ne a rongoa hore a e’o bua le Baiseraele le morena oa Egepeta. Empa Molimo o ne a sa lebella hore Moshe a etse ntho eo a neng a ke ke a e khona. Jehova ‘o ile a mo ruta seo a neng a lokela ho se etsa.’ (Bala Exoda 3:11; 4:1, 10, 13-15.) Kaha Moshe o ile a amohela thuto eo a ileng a e fuoa, o ile a thabela ho phetha thato ea Molimo. Le rōna Jehova ha aa lebella hore re etse lintho tseo re ke keng ra li khona. Oa utloisisa hore ha rea phethahala, ’me o batla ho re thusa. (Pes. 103:14) Ho sebeletsa Molimo u le molateli oa Jesu hoa khatholla, ha ho boima, hobane bophelo ba mofuta oo bo tsoela batho ba bang molemo ’me bo thabisa pelo ea Jehova. Jesu o ile a re: “Tloong ho ’na, . . . ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong.”—Mat. 11:28, 29.

7. Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa hore u etse seo a lebeletseng hore u se etse?

7 Kamehla Jehova o tla re khothatsa ha ho hlokahala, hafeela re tšepile hore ke eena ea tla re fa matla. Ka mohlala, ho hlakile hore Jeremia e ne e se motho ea sebete ka tlhaho. Kahoo, ha Jehova a ne a mo fa mosebetsi oa hore e be moprofeta oa Hae, Jeremia o ile a re: “Oho, ’Musi Morena Jehova! Bona! ha ke tsebe ho bua, etsoe ke sa le moshanyana.” Hamorao o ile a re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka lebitso la hae.” (Jer. 1:6; 20:9) Leha ho le joalo, Jehova o ile a khothatsa Jeremia ’me ka lilemo tse 40 o ile a khona ho bolela molaetsa har’a batho ba neng ba sa o rate. Khafetsa Jehova o ile a mo khothatsa ka mantsoe ana: “Ke na le uena, ho u pholosa le ho u lopolla.”—Jer. 1:8, 19; 15:20.

8. Re bontša joang hore re tšepa Jehova?

8 Feela joalokaha Jehova a ile a matlafatsa Moshe le Jeremia, le rōna a ka re thusa hore re etse seo a lebeletseng hore Bakreste ba se etse kajeno. Taba ea bohlokoa ke ho tšepa Molimo. Bibele e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liprov. 3:5, 6) Re bontša hore re tšepa Jehova ha re sebelisa thuso eo a fanang ka eona ka Lentsoe la hae le ka phutheho. Haeba re lumella Jehova hore a re tataise bophelong, ha ho letho le tla re thibela ho tšepahala ho eena.

Jehova o Hlokomela Batho ba Hae ka Bomong

9, 10. Pesaleme ea 91 e tšepisa tšireletso ea mofuta ofe?

9 Ho ka etsahala hore ebe batho ba bang ha ba ntse ba nahana ka ho etsa qeto ea ho inehela ho Jehova, ba ’nile ba ipotsa hore na ho tla etsahala’ng haeba ba ka etsa sebe, ebe ha ba tšoanelehe ’me ba lahloa ke Jehova. Se thabisang ke hore Jehova o re sireletsa kahohle e le hore re baballe kamano ea rōna ea bohlokoa le eena. A re boneng hore na sena se boleloa joang Pesalemeng ea 91.

10 Pesaleme eo e qala ka ho re: “Mang kapa mang ea lulang sebakeng se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa o tla iphumanela bolulo tlas’a moriti oa Ea Matla ’Ohle. Ke tla re ho Jehova: ‘U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka, eo ke tla mo tšepa.’ Etsoe o tla u lopolla sefing sa ea tšoasang linonyana.” (Pes. 91:1-3) Hlokomela hore Molimo o tšepisa hore o tla sireletsa ba mo ratang ba bile ba mo tšepa. (Bala Pesaleme ea 91:9, 14.) O ne a bua ka tšireletso ea mofuta ofe? Jehova o ile a sireletsa bahlanka ba bang ba hae ba boholo-holo nameng—maemong a mang e le hore a boloke lesika leo Mesia ea tšepisitsoeng a neng a tla hlaha ho lona. Leha ho le joalo, banna ba bang ba bangata ba tšepahalang ba ile ba kenngoa chankaneng, ba hlokofatsoa, ba ba ba bolaoa, e le ha ho ne ho etsoa boiteko bo sehlōhō ba hore ba se ke ba tšepahala ho Molimo. (Baheb. 11:34-39) Ba ile ba ba sebete kamoo ho neng ho hlokahala hobane Jehova o ile a ba sireletsa moeeng hore ba se ke ba oela kotsing ea ho se tšepahale. Kahoo, re ka utloisisa hore Pesaleme ea 91 ke tšepiso ea hore re tla sireletsoa moeeng.

11. ‘Sebaka se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa’ ke eng, hona ke bo-mang bao Molimo a ba sireletsang ho sona?

11 Kahoo, ‘sebaka se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa’ seo mopesaleme a buang ka sona, ke sebaka sa tšoantšetso se re sireletsang moeeng. Ba lulang ho sona le Molimo e le baeti ba hae, ba sireletseha nthong efe kapa efe le ho mang kapa mang ea sokelang tumelo ea bona le lerato leo ba ratang Molimo ka lona. (Pes. 15:1, 2; 121:5) Ke sebaka se sephiring hobane batho ba sa lumelang ba ke ke ba se bona. Sebakeng sena, Jehova o sireletsa batho ba reng: ‘U Molimo oa ka, eo ke tla mo tšepa.’ Ha re lula setšabelong sena, ha ho hlokahale hore re tšoenyehe ka hore re tla oela lerabeng la “ea tšoasang linonyana,” e leng Satane, ebe Molimo oa re furalla.

12. Ke lintho life tse kotsi tse etsang hore kamano ea rōna le Molimo e be kotsing?

12 Ke lintho life tse kotsi tse etsang hore kamano ea rōna ea bohlokoa le Molimo e be kotsing? Mopesaleme o bua ka maemo a mangata a kotsi, a akarelletsang “lefu la seoa le tsamaeang lefifing, . . . [le] timetso e tlatlapang har’a motšehare.” (Pes. 91:5, 6) “Ea tšoasang linonyana” o tšoasitse ba bangata ka takatso ea boikhabi ea ho rata ho itaola. (2 Bakor. 11:3) Ba bang o ba tšoasa ka ho khothalletsa meharo, boikhohomoso le ho rata leruo. Athe ba bang o ba thetsa ka lifilosofi tsa bochaba, khopolo ea ho iphetola ha lintho le bolumeli ba bohata. (Bakol. 2:8) Ho feta moo, ba bangata ba ’nile ba ekoa ke leraba la ho kopanela liphate ho fosahetseng. Mafu ana a seoa a kotsi moeeng, a entse hore batho ba limilione ba felloe ke lerato leo ba neng ba rata Molimo ka lona.—Bala Pesaleme ea 91:7-10; Mat. 24:12.

Sireletsa Lerato Leo U Ratang Molimo ka Lona

13. Jehova o re sireletsa joang linthong tse behang bomoea ba rōna kotsing?

13 Jehova o sireletsa batho ba hae joang likotsing tsee tsa moea? Pesaleme e re: “O tla fa mangeloi a hae taelo malebana le uena, hore a u lebele litseleng tsohle tsa hao.” (Pes. 91:11) Mangeloi a leholimong aa re tataisa ebile aa re sireletsa e le hore re ka bolela litaba tse molemo. (Tšen. 14:6) Ntle le mangeloi, baholo ba Bakreste le bona, haeba ba tšoarella ka tieo Mangolong ha ba ruta, ba re sireletsa hore re se ke ra thetsoa ke monahano oa bohata. Ba ka thusa mang kapa mang ea loanelang hore a hlōle maikutlo a lefatše. (Tite 1:9; 1 Pet. 5:2) Hape, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le fana ka lijo tsa moea tse re sireletsang hore re se ke ra khelosoa ke thuto ea ho iphetola ha lintho, ra ekoa ke litakatso tsa boitšoaro bo bobe, ho lelekisa maruo le botumo, hammoho le litakatso le litšusumetso tse ling tse kotsi. (Mat. 24:45) U thusitsoe ke eng hore u qobe tse ling tsa lintho tseo tse kotsi?

14. Re ka sebelisa tšireletso eo Molimo a fanang ka eona joang?

14 Re lokela ho etsa’ng e le hore re lule “sebakeng se sephiring” sa tšireletso sa Molimo? Feela joalokaha re tlameha ho lula re itšireletsa linthong tse ka re lematsang ’meleng, tse kang likotsi, batlōli ba molao, kapa mafu a tšoaetsanoang, re lokela ho itšireletsa re sa phetse linthong tse kotsi moeeng. Kahoo, kamehla re lokela ho sebelisa tataiso eo Jehova a re fang eona ka lingoliloeng tsa rōna, ka liboka tsa phutheho le ka likopano. Re batla thuso ea baholo. Hape, na makhabane a sa tšoaneng a bontšoang ke bara le barali babo rōna ba Bakreste ha a re tsoele molemo? Ka sebele, ho kopanela le phutheho hoa re hlalefisa.—Liprov. 13:20; bala 1 Petrose 4:10.

15. Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore Jehova a ka u sireletsa ho eng kapa eng e ka senyang kamano ea hao le eena?

15 Ha re na lebaka la ho belaela hore Jehova a ka re sireletsa ho eng kapa eng e ka senyang kamano ea rōna le eena. (Bar. 8:38, 39) O sirelelitse phutheho lireng tse matla tsa bolumeli le tsa lipolotiki tseo hangata sepheo sa tsona e ’nileng ea e-ba hore li se ke tsa re bolaea, empa li re arohanye le Molimo oa rōna ea halalelang. Tšepiso ena ea Jehova ke ’nete ha e re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.”—Esa. 54:17.

Ke Mang ea re Fang Tokoloho?

16. Ke hobane’ng ha lefatše le ke ke la re fa tokoloho?

16 Na ho ba batho ba Jehova ho tla re amoha tokoloho? Ho fapana le moo, ho ba batho ba lefatše ke hona ho neng ho tla re amoha tokoloho. Lefatše le arohantsoe le Jehova ’me le busoa ke molimo ea sehlōhō ea etsang batho makhoba. (Joh. 14:30) Ka mohlala, tsamaiso ea lintho ea Satane e amoha batho tokoloho ka ho ba hatella ka maemo a moruo. (Bapisa le Tšenolo 13:16, 17.) Sebe le sona se na le matla a thetsang a ho etsa batho makhoba. (Joh. 8:34; Baheb. 3:13) Kahoo, le hoja batho ba sa lumelang ba ka ’na ba tšepisa tokoloho ha ba buella mekhoa e hananang le lithuto tsa Jehova, kapele feela bohle ba ba mamelang ba tla iphumana e le makhoba a bophelo ba boetsalibe le bo hlabisang lihlong.—Bar. 1:24-32.

17. Jehova o re lokolla ho eng?

17 Ka lehlakoreng le leng, Jehova o tla re lokolla nthong e ’ngoe le e ’ngoe e ka re ntšang kotsi haeba re ipeha ho eena. Boemo ba rōna bo batla bo tšoana le ba motho ea behang bophelo ba hae liatleng tsa ngaka e etsang opereishene, e nang le boiphihlelo, e ka mo folisang lefu le ka ’nang la mo bolaea. Bohle re na le lefu le ka ’nang la re bolaea—e leng sebe seo re se futsitseng. Re ka ba le tšepo ea ho pholoha litholoana tsa sebe le ea ho phela ka ho sa feleng hafeela re ipeha ho Jehova, motheong oa sehlabelo sa Kreste. (Joh. 3:36) Feela joalokaha tšepo ea rōna ho ngaka e etsang opereishene e ka ’na ea hōla ha re ntse re utloela ka botumo ba eona, tšepo ea rōna ho Jehova le eona e tla hōla le ho feta ha re ntse re ithuta ka eena. Kahoo, re tsoela pele ho ithuta Lentsoe la Molimo ka hloko kaha seo se tla re thusa hore re mo rate ka tsela e tla etsa hore re se ke ra tšaba ho ba batho ba hae.—1 Joh. 4:18.

18. Ho tla etsahala joang ho batho ba Jehova?

18 Jehova o fa batho bohle bolokolohi ba hore ba ikhethele. Lentsoe la hae le re: “Le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela, lōna le bana ba lōna, ka hore le rate Jehova Molimo oa lōna.” (Deut. 30:19, 20) O batla hore re bontše hore rea mo rata ka hore re ikhethele ho mo sebeletsa. Ka sebele, ho ba batho ba Molimo eo re mo ratang ho tla etsa hore re thabe re be re lule re thabile, ho e-na le hore ho re amohe tokoloho.

19. Ke hobane’ng ha ho ba motho oa Jehova e le mosa o sa tšoanelang?

19 Kaha re baetsalibe, ha re lokeloe ke ho ba batho ba Molimo ea phethahetseng. Sena se etsahala feela ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Molimo. (2 Tim. 1:9) Kahoo, Pauluse o ile a ngola a re: “Haeba re phela, re phela ho hlompha Jehova, ’me haeba re shoa, re shoa ho hlompha Jehova. Ka hona, haeba re phela le haeba re shoa, re ba Jehova.” (Bar. 14:8) Ka sebele, ha ho mohla re tla ikoahlaela hore re ile ra khetha ho ba batho ba Jehova.

U ka Araba Joang?

• Melemo ea ho ba motho oa Jehova ke efe?

• Ke hobane’ng ha re khona ho etsa seo Molimo a lebeletseng hore re se etse?

• Jehova o sireletsa bahlanka ba hae joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 8]

Botsa ba bang hore na ba ruile molemo joang ka ho ba batho ba Jehova

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Litsela tse ling tseo Jehova a sireletsang batho ka tsona ke life?