Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Puso ea Jehova e Tlosoa Qoso!

Puso ea Jehova e Tlosoa Qoso!

Puso ea Jehova e Tlosoa Qoso!

“Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho.”—DAN. 4:17.

1, 2. Mabaka a mang ao puso ea motho e hlōlehileng ka ’ona ke afe?

PUSO ea motho e hlōlehile! Ha ho pelaelo ka seo. Lebaka le leholo la hore e hlōlehe ke hore batho ha ba na bohlale ba ho busa ka katleho. Ho hlōleha ha puso ea motho ho bonahetse haholo kajeno, ha babusi ba bangata ba bontšitse hore ke ‘baithati, ba rata chelete, ba ikhopola ho tlōla, baa ikhohomosa, ha ba tšepahale, ha baa bulehela tumellano leha e le efe, ke baetselletsi, ba hloka boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hloka lerato la se molemo, ke baeki ebile ba ikhohomosa ka boikakaso.’—2 Tim. 3:2-4.

2 Khale-khale, batsoali ba rōna ba pele ba ile ba lahla puso ea Molimo. Ha ba ne ba etsa joalo, mohlomong ba ne ba nahana hore ba khetha tokoloho. Leha ho le joalo, ha e le hantle ba ne ba ipeha tlas’a puso ea Satane. Lilemo tse likete tse tšeletseng tsa tsamaiso ea batho e mpe—e susumetsoang ka matla ke “’musi oa lefatše lena,” e leng Satane—li re kentse tebetebeng eo re leng ho eona hona joale historing ea batho. (Joh. 12:31) Ha The Oxford History of the Twentieth Century e bua ka boemo ba batho kajeno, e bolela hore ha ho na thuso ho “batla lefatše le phethahetseng.” E re: “Hase taba feela ea hore le ke ke la e-ba teng, empa boiteko ba ho le etsa bo fella ka tlokotsi, puso ea bompoli le ntoa e mpe ka ho fetisisa.” Ke bopaki bo totobetseng hakaakang ba hore puso ea motho e hlōlehile!

3. Re ka re’ng mabapi le tsela eo Molimo a ka beng a ile a busa ka eona hoja Adama le Eva ba ne ba sa ka ba etsa sebe?

3 Joale, ke sehlōhō se sekaakang hore ebe batsoali ba rōna ba pele ba ile ba lahla puso e le ’ngoe feela e hlileng e atlehang—e leng puso ea Molimo! Ho hlakile hore ha re tsebe hantle hore na Jehova a ka be a ile a hlophisa tsela eo a busang lefatše ka eona joang hoja Adama le Eva ba ne ba ile ba lula ba tšepahala ho eena. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore haeba puso ea Molimo e ne e amoheloa ke batho bohle e ne e tla khetholloa ka lerato le ho hloka leeme. (Lik. 10:34; 1 Joh. 4:8) Ka lebaka la bohlale ba Molimo bo ke keng ba lekanngoa, re ka boela ra kholiseha hore hoja batho ba ile ba tsoela pele ba busoa ke Jehova, liphoso tsohle tse entsoeng ke batho ba buellang puso ea motho li ka be li ile tsa qojoa. Puso ea Molimo e ka be e ile ea atleha ho “khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.” (Pes. 145:16) Ka bokhutšoanyane, e ne e tla ba puso e phethahetseng. (Deut. 32:4) Ke sehlōhō se sekaakang hore ebe batho ba ile ba e lahla!

4. Satane o lumeletsoe hore a buse ho isa bohōleng bofe?

4 Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore le hoja Jehova a lumeletse batho hore ba ipuse, ha ho mohla a kileng a nyahlatsa tokelo ea hae ea ho busa libōpuoa tsa hae. Esita le morena ea matla oa Babylona o ile a tlameha ho hlokomela hore qetellong, “Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho.” (Dan. 4:17) Qetellong, ’Muso oa Molimo o tla etsa hore thato ea hae e etsoe. (Mat. 6:10) Ke ’nete hore ka nakoana, Jehova o lumeletse Satane hore e be “molimo oa tsamaiso ena ea lintho” e le hore litseko tse ileng tsa hlahisoa ke mohanyetsi eo, li ka arajoa ka tsela e kholisang. (2 Bakor. 4:4; 1 Joh. 5:19) Leha ho le joalo, ha ho mohla Satane a ileng a etsa se fetang seo Jehova a se lumeletseng. (2 Likron. 20:6; bapisa le Jobo 1:11, 12; 2:3-6.) Ebile haesale ho ntse ho e-na le batho ba itseng ba ’nileng ba khetha ho ikokobelletsa Molimo, le hoja ba ne ba phela lefatšeng le busoang ke Sera se seholo sa Molimo.

Puso ea Molimo Iseraele

5. Baiseraele ba ile ba itlama ka eng ho Molimo?

5 Ho tloha mehleng ea Abele ho fihlela mehleng ea bapatriareka, batho ba ’maloa ba tšepahalang ba ile ba rapela Jehova ba ba ba mamela litaelo tsa hae. (Baheb. 11:4-22) Mehleng ea Moshe, Jehova o ile a tlabola selekane le bana ba mopatriareka Jakobo, ’me e ile ea e-ba sechaba sa Iseraele. Ka selemo sa 1513 B.C.E., Baiseraele ba ile ba itlama hore bona le bana ba bona ba ne ba tla amohela hore Jehova ke ’Musi oa bona, ba re: “Sohle seo Jehova a se buileng re ikemiselitse ho se etsa.”—Ex. 19:8.

6, 7. Tsela eo Molimo a neng a busa Baiseraele ka eona e ne e bontša eng?

6 Jehova o ne a e-na le morero ha a ne a khetha Baiseraele hore e be sechaba sa hae. (Bala Deuteronoma 7:7, 8.) O ne a sa khethe Baiseraele hore feela ba phele ka boiketlo. Ho ne ho boetse ho ameha lebitso la Molimo le bobusi ba hae, ’me lintho tsena e ne e le tsona tsa bohlokoa haholo. Baiseraele e ne e lokela hore e be lipaki tsa hore Jehova ke eena Molimo a le mong feela oa ’nete. (Esa. 43:10; 44:6-8) Ka lebaka leo, Jehova o ile a re ho sechaba seo: “Le sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lōna, ’me Jehova o le khethile hore le be sechaba sa hae, thepa e khethehileng, har’a lichaba tsohle tse holim’a lefatše.”—Deut. 14:2.

7 Tsela eo Molimo a neng a busa Baiseraele ka eona e ne e bontša hore o ne a hlokomela hore ba ne ba sa phethahala. Leha ho le joalo, melao ea hae e ne e phethahetse ’me e ne e bontša seo Monehi oa eona a leng sona. Litaelo tseo Jehova a neng a fane ka tsona ka Moshe li ne li totobatsa hore Molimo oa halalela, o rata toka, o ikemiselitse ho tšoarela ebile ha a fele pelo. Hamorao, mehleng ea Joshua le moloko oa habo, sechaba se ne se mamela litaelo tsa Jehova ’me se ne se e-na le khotso se bile se hlohonolofatsoa moeeng. (Josh. 24:21, 22, 31) Histori ea Baiseraele ea nakong eo e ile ea bontša hore puso ea Jehova ea atleha.

Puso ea Motho e Tlisa Mathata

8, 9. Baiseraele ba ile ba kōpa eng e booatla, hona litholoana tsa seo e ile ea e-ba life?

8 Leha ho le joalo, ha nako e ntse e e-ea, khafetsa Baiseraele ba ne ba lahla puso ea Molimo ebe ha a sa ba sireletsa. Qetellong, Baiseraele ba ile ba re moprofeta Samuele a ba kōpele morena oa motho. Jehova o ile a re Samuele a etse seo ba neng ba se kōpa. Leha ho le joalo, Jehova o ile a phaella ka ho re: ‘Ha baa lahla uena, empa ba lahlile ’na hore ke se ke ka ba morena oa bona.’ (1 Sam. 8:7) Le hoja Jehova a ile a lumella Baiseraele hore ba be le morena oa motho, o ile a ba lemosa hore puso ea motho e ne e tla ba tlisetsa mathata.—Bala 1 Samuele 8:9-18.

9 Histori e ile ea bontša hore temoso ea Jehova e ne e le ’nete. Ho busoa ke morena oa motho ho ile ha tlisetsa Baiseraele mathata a maholo, haholo-holo ha morena eo a ne a bontša hore ha a tšepahale. Ha re nahana ka mohlala oo oa Baiseraele, ha re makale hore ebe ka lilemo, mebuso ea batho ba sa tsebeng Jehova e ’nile ea hlōleha ho tlisa melemo e tšoarellang. Ke ’nete hore bo-ralipolotiki ba bang ba kōpa hore Molimo a hlohonolofatse boiteko ba bona ba ho tlisa khotso le tšireletseho, empa Molimo a ka hlohonolofatsa batho ba sa ikokobeletseng puso ea hae joang?—Pes. 2:10-12.

Sechaba se Secha se Busoang ke Molimo

10. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba amohuoa ho ba sechaba seo Molimo a se khethileng?

10 Sechaba sa Iseraele se ile sa bontša hore se ne se sa ikemisetsa ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Qetellong, se ile sa lahla Mesia ea neng a khethiloe ke Molimo, eaba Jehova oa se lahla ’me o rera hore sebaka sa sona se nkoe ke batho ba ileng ba bōpa sechaba se secha. Ka lebaka leo, ka selemo sa 33 C.E. ho ile ha thehoa phutheho ea Bokreste ea barapeli ba tlotsitsoeng ba Jehova. Ha e le hantle, phutheho eo e ne e le sechaba se sechaba se busoang ke Jehova. Pauluse o ile a re ke “Iseraele ea Molimo.”—Bagal. 6:16.

11, 12. Sechaba sa Iseraele le “Iseraele ea Molimo” li tšoana joang tabeng ea bolebeli?

11 Ho na le ho tšoana le ho se tšoane pakeng tsa sechaba sa pele sa Iseraele le “Iseraele ea Molimo” e ncha. Ho fapana le sechaba sa boholo-holo sa Iseraele, phutheho ea Bokreste ha e na morena oa motho ’me ha ho hlokahale hore e etsetse baetsalibe mahlabelo a liphoofolo. Ntho e ’ngoe eo sechaba sa Iseraele se tšoanang ka eona le phutheho ea Bokreste ke tokisetso ea banna ba baholo, kapa baholo. (Ex. 19:3-8) Baholo bao ba Bakreste ha ba buse mohlape. Ho e-na le hoo, ba lisa phutheho ’me ba ikakhela ka setotsoana ha ba etella pele mesebetsing ea Bokreste. Ba tšoara motho e mong le e mong ka lerato ka phuthehong, ba tlotla batho bohle ebile ba ba fa seriti.—2 Bakor. 1:24; 1 Pet. 5:2, 3.

12 Ha litho tsa “Iseraele ea Molimo” le metsoalle ea tsona ea “linku tse ling” li nahanisisa ka litšebelisano tsa Molimo le Baiseraele, li ananela Jehova le puso ea hae haholoanyane. (Joh. 10:16) Ka mohlala, histori e bontša hore babusi ba Iseraele ba batho ba ne ba susumetsa bafo ba bona haholo hore ba etse se lokileng kapa se sebe. Seo se hatisa ho ba etellang pele har’a Bakreste hore, le hoja e se babusi joaloka marena ao a boholo-holo, kamehla ba lokela ho beha mohlala o motle oa tumelo.—Baheb. 13:7.

Jehova o Busa Joang Kajeno?

13. Ka 1914 ho ile ha etsahala eng ea bohlokoa?

13 Kajeno Bakreste ba tsebisa lefatše hore puso ea motho e haufi le ho fela. Ka 1914, Jehova o ile a theha ’Muso oa hae leholimong, o laoloang ke Morena eo a mo khethileng, e leng Jesu Kreste. Ka nako eo, o ile a fa Jesu matla a hore a e’o ‘hlōla le hore a phethe tlhōlo ea hae.’ (Tšen. 6:2) Ho ile ha thoe ho Morena eo e mocha: “Qala ho busa har’a lira tsa hao.” (Pes. 110:2) Ka masoabi, lichaba li pheheletse ho hana ho ikokobelletsa puso ea Jehova. Li tsoetse pele ho etsa lintho joalokaha eka “Jehova ha a eo.”—Pes. 14:1.

14, 15. (a) ’Muso oa Molimo o re busa joang kajeno, ’me ka lebaka leo re lokela ho ipotsa lipotso life? (b) Ho bonahala joang kajeno hore puso ea Molimo e phahametse tse ling kaofela?

14 Ho sa ntse ho setse litho tse seng kae tse tlotsitsoeng tsa “Iseraele ea Molimo,” ’me joalokaha e le barab’abo Jesu, ba tsoela pele ho sebetsa e le “manģosa a emeng bakeng sa Kreste.” (2 Bakor. 5:20) Ba khethiloe hore e be sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene, e le hore ba lokisetse lijo tsa moea ba be ba hlokomele batlotsuoa le letšoele le ntseng le eketseha la Bakreste bao hona joale ba akarelletsang ba limilione bao tšepo ea bona e leng ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. (Mat. 24:45-47; Tšen. 7:9-15) Katleho ea moea eo barapeli ba ’nete ba nang le eona kajeno e totobatsa hore Jehova o hlohonolofatsa tokisetso ena.

15 E mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa: ‘Na ke hlokomela ka botlalo boikarabelo boo ke lokelang ho bo jara ka phuthehong ea Bokreste? Na ke tšehetsa puso ea Jehova ka tsela e loketseng? Na ke motlotlo ka hore ebe ke mofo oa ’Muso oa Jehova o busang? Na ke ikemiselitse ho tsoela pele ke bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo ka hohle kamoo nka khonang?’ Re le sehlopha, ka ho rata re ikokobelletsa tataiso eo re e fuoang ke Sehlopha se Busang ’me re sebelisana le baholo ba khethiloeng ka phuthehong. Re bontša ka litsela tseo hore re amohela puso ea Molimo. (Bala Baheberu 13:17.) Ha re ikokobetsa ka ho rata, lefatšeng lena le arohaneng ho ba le bonngoe bo ikhethang ba lefatše lohle. Sena se boetse se etsa hore ho be le khotso le ho loka ebile se tlotlisa Jehova, e leng se bontšang hore puso ea hae ke eona e molemo ka ho fetisisa.

Puso ea Jehova ea Hlōla

16. Motho e mong le e mong o lokela ho etsa qeto efe kajeno?

16 Nako ea hore litseko tse hlahisitsoeng Edene li rarolloe, e atamela ka potlako. Ka lebaka leo, ke nako ea hore batho ba etse qeto. Motho e mong le e mong o lokela ho etsa qeto ea hore na o tla amohela puso ea Jehova kapa o tla khomarela puso ea motho. Re filoe tlotla ea ho thusa batho ba bonolo hore ba etse qeto e nepahetseng. Haufinyane, ka Armagedone, puso ea Jehova e tla nkela mebuso ea batho e susumetsoang ke Satane sebaka ka ho sa feleng. (Dan. 2:44; Tšen. 16:16) Puso ea motho e tla fela, ’me ’Muso oa Molimo o tla busa lefatše lohle. Puso ea Jehova e tla be e tlositsoe qoso ka ho feletseng.—Bala Tšenolo 21:3-5.

17. Ke lintho life tse thusang batho ba bonolo hore ba etse qeto e nepahetseng mabapi le puso?

17 Batho ba e-s’o etse qeto e tiileng ea ho ema ka lehlakoreng la Jehova ba lokela ho rapella tataiso ha ba ntse ba nahana ka melemo eo puso ea Molimo e tla e tlisetsa batho. Puso ea motho e hlōlehile ho rarolla bothata ba tlōlo ea molao, ho akarelletsa le bokhukhuni. Puso ea Molimo e tla felisa batho bohle ba khopo lefatšeng. (Pes. 37:1, 2, 9) Puso ea motho e bakile lintoa tse sa feleng, empa puso ea Molimo e tla “felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pes. 46:9) Puso ea Molimo e tla be e etse hore ho be le khotso pakeng tsa batho le liphoofolo! (Esa. 11:6-9) Puso ea motho e ’nile ea tsebahala ka tlala le bofutsana, empa puso ea Molimo e tla li felisa. (Esa. 65:21) Esita le babusi ba nang le merero e metle ba ’nile ba hlōleha ho felisa ho kula le lefu, empa pusong ea Molimo, ba tsofetseng le ba kulang ba tla thabela ho khutlela mahlahahlaheng a bocha. (Jobo 33:25; Esa. 35:5, 6) Ka sebele, lefatše e tla ba paradeise eo ho eona le bafu ba tla tsosoa.—Luka 23:43; Lik. 24:15.

18. Re ka bontša joang hore rea lumela hore puso ea Molimo ke eona e molemo ka ho fetisisa?

18 Ruri puso ea Molimo e tla felisa tšenyo eohle eo Satane a e bakileng ha a ne a susumelletsa batsoali ba rōna ba pele hore ba lahle ’Mōpi oa bona. Nahana feela, Satane o ’nile a baka tšenyo ka lilemo tse ka bang 6 000, empa Molimo o tla sebelisa Kreste hore a felise tšenyo eo eohle ka lilemo tse 1 000! Ruri bona ke bopaki bo tsoileng matsoho ba hore puso ea Molimo ke eona e phahametseng tse ling kaofela! Kaha re Lipaki tsa Molimo oa rōna, rea amohela hore ke ’Musi oa rōna. Ka hona, letsatsi le letsatsi, ha e le hantle hora e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna, a re bontšeng hore re barapeli ba Jehova, bafo ba ’Muso oa hae, ebile re motlotlo ka hore ebe re Lipaki tsa hae. A re sebeliseng monyetla o mong le o mong hore re bolelle mang le mang ea tla mamela, hore puso ea Jehova ke eona e molemo ka ho fetisisa.

Mabapi le Puso ea Molimo, re Ithutile’ng ha re Bala . . .

Deuteronoma 7:7, 8?

1 Samuele 8:9-18?

Baheberu 13:17?

Tšenolo 21:3-5?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Ha ho mohla Jehova a kileng a nyahlatsa puso ea hae

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Ha re ikokobelletsa puso ea Jehova ka ho rata, ho ba le bonngoe lefatšeng lohle