Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebelisa Letsatsi le Leng le le Leng ho Tlotlisa Molimo

Sebelisa Letsatsi le Leng le le Leng ho Tlotlisa Molimo

Sebelisa Letsatsi le Leng le le Leng ho Tlotlisa Molimo

MOPESALEME Davida o ile a rapela Jehova a re: “Etsa hore ke utloe mosa oa hao o lerato hoseng. . . . Ntsebise tsela eo ke lokelang ho tsamaea ka eona.” (Pes. 143:8) Ha u tsoha hoseng ’me u leboha Jehova ka letsatsi le lecha la bophelo, na joaloka Davida, u kōpa Jehova ka tieo hore a u thuse hore u etse liqeto le hore u etse lintho tse molemo ka ho fetisisa? Ha ho pelaelo hore u etsa joalo.

Kaha re bahlanka ba inehetseng ba Jehova, ‘ebang rea ja kapa rea noa kapa re etsa ntho leha e le efe e ’ngoe,’ re leka ka matla ho ‘etsa lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.’ (1 Bakor. 10:31) Rea hlokomela hore tsela eo re phelang ka eona letsatsi le letsatsi e tla tlotlisa Jehova kapa e mo tlotlolle. Hape, rea hopola hore Lentsoe la Molimo le bolela hore Satane o qosa barab’abo Kreste—ha e le hantle, o qosa bahlanka bohle ba Molimo ba lefatšeng—“bosiu le motšehare.” (Tšen. 12:10) Kahoo, re ikemiselitse ho araba liketselletso tsa Satane le ho thabisa pelo ea Jehova ka hore re etsetse Ntate oa rōna ea leholimong tšebeletso e halalelang “bosiu le motšehare.”—Tšen. 7:15; Liprov. 27:11.

Ka bokhutšoanyane, a re ke re tšohleng litsela tse peli tsa bohlokoa tseo ka tsona re ka sebelisang letsatsi le leng le le leng ho tlotlisa Molimo. Ea pele e ama ho beha lintho tsa pele sebakeng sa pele, ’me ea bobeli eona e ama ho nahanela batho ba bang.

Ho Phelela Seo re se Tšepisitseng

Ha re ne re inehela ho Jehova, re ile ra bontša hore re lakatsa ho mo sebeletsa ka lipelo tsohle. Re ile ra boela ra tšepisa Jehova hore re ne re tla tsamaea litseleng tsa hae “letsatsi le letsatsi”—ka ho sa feleng. (Pes. 61:5, 8) Joale ebe re ka bontša joang hore re phelela tšepiso eo? Letsatsi le letsatsi re bontša joang hore re rata Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna?

Lentsoe la Molimo le bontša ka ho hlaka boikarabelo boo Jehova a lebeletseng hore re bo phethahatse. (Deut. 10:12, 13) Bo bongata bo thathamisitsoe lebokoseng le nang le sehlooho se reng  “Boikarabelo Boo Molimo a re Fileng Bona,” le leqepheng la 22. Likabelo tsena kaofela re li fuoe ke Molimo, ’me kahoo, ke tsa bohlokoa. Re ka etsa qeto joang hore na ke efe e tlang pele haeba ho hlokahala hore re etse tse peli kapa ho feta ka nako e le ’ngoe?

Ntho e tlang pele bophelong ba rōna ke tšebeletso ea rōna e halalelang, e akarelletsang ho ithuta Bibele, ho rapela, ho ea libokeng tsa Bokreste le tšebeletsong. (Mat. 6:33; Joh. 4:34; 1 Pet. 2:9) Leha ho le joalo, re ke ke ra etsa mesebetsi e amanang le borapeli letsatsi lohle. Kemiso ea rōna e lokela ho akarelletsa mosebetsi, sekolo le mesebetsi e mengata ea lelapa. Leha ho le joalo, re etsa sohle se matleng a rōna ho hlophisa mosebetsi oa boipheliso le mesebetsi e meng ka tsela eo li sa sitiseng tšebeletso ea rōna e halalelang, joaloka ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Ka mohlala, ha re lokisetsa nako ea phomolo, re tiisa hore re ke ke ra fosoa ke ketelo ea molebeli oa potoloho, kopano e khethehileng ea letsatsi, kopano ea potoloho, kapa ea setereke. Ka linako tse ling, re ka ’na ra khona ho kopanya boikarabelo bo bong ba rōna. Ka mohlala, re ka ’na ra etsa hore ho hloekisa Holo ea ’Muso e be mosebetsi oo re o etsang hammoho re le lelapa, kapa ra sebelisa nako ea lijo tsa motšehare mosebetsing kapa sekolong e le nako ea ho pakela basebetsi-’moho le rōna kapa liithuti-’moho le rōna. Ka sebele, neng kapa neng ha re lokela ho etsa qeto bophelong—e kang ea ho batla mosebetsi, ho khetha sekolo, kapa ho khetha metsoalle—re batla hore liqeto tsa rōna li susumetsoe ke ntho e khōlō ho feta tsohle bophelong, e leng borapeli ba Jehova, Ntate oa rōna ea lerato.—Moek. 12:13.

Bontša Hore U Nahanela Batho ba Bang

Jehova o batla hore re amehe ka batho ba bang re be re ba etse hantle. Satane eena o khothalletsa boithati. Lefatše la hae le tletse “baithati” le “ba ratang menyaka” hammoho le ba “jalang ka sepheo sa ho jalla nama.” (2 Tim. 3:1-5; Bagal. 6:8) Ba bang ha ba natse hore na seo ba se etsang se ama batho ba bang joang. “Mesebetsi ea nama” e bonahala hohle.—Bagal. 5:19-21.

Batho ba susumetsoang ke moea o halalelang oa Jehova ba bontša moea o fapaneng hakaakang! Ba bontša lerato, mosa le molemo ha ba sebelisana le batho ba bang. (Bagal. 5:22) Lentsoe la Molimo le re bolella hore re ele hloko litlhoko tsa batho ba bang pele ho tsa rōna. Kahoo, rea thahasellana, le hoja re le hlokolosi hore re se ke ra kena-kenana le litaba tsa batho ba bang. (1 Bakor. 10:24, 33; Bafil. 2:3, 4; 1 Pet. 4:15) Re nahanela balumeli-’moho le rōna ka tsela e khethehileng. Leha ho le joalo, re boetse re loanela ho thusa ba sa lumelang. (Bagal. 6:10) Na kajeno u ka batla monyetla oa ho ba mosa ho motho e mong eo u kopanang le eena?—Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng  “Ba Nahanele,” le leqepheng la 23.

Ho nahanela ha ho hloke nako e itseng kapa boemo bo itseng. (Bagal. 6:2; Baef. 5:2; 1 Bathes. 4:9, 10) Ho e-na le hoo, letsatsi le letsatsi re leka ho ela hloko maemo a batho ba bang ebile re itokisetsa ho ba thusa haeba ho hlokahala, le haeba ho etsa joalo ho ka ’na ha re sitisa. Re lokela ho bula seatla sa rōna mabapi le eng kapa eng eo re nang le eona—nako ea rōna, matlotlo a rōna, tsebo ea rōna le bohlale ba rōna. Jehova o re tiisetsa hore ha re bulela ba bang seatla, le eena o tla re bulela seatla.—Liprov. 11:25; Luka 6:38.

Tšebeletso e Halalelang “Bosiu le Motšehare”

Na ruri hoa khoneha ho etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang “bosiu le motšehare”? E, sena re se etsa ka hore re be teng kamehla likarolong tsohle tsa borapeli ba rōna re be re li phethe ka mahlahahlaha. (Lik. 20:31) Re ka phelela tšebeletso e halalelang ka hore re bale Lentsoe la Molimo re be re nahanisise ka lona letsatsi le letsatsi, re rapele re sa phetse, re loanele ho ba teng libokeng tsohle ’me re pake ha monyetla o mong le o mong o hlaha.—Pes. 1:2; Luka 2:37; Lik. 4:20; 1 Bathes. 3:10; 5:17.

Na ka bomong re etsetsa Jehova tšebeletso eo e halalelang? Haeba ho joalo, takatso ea rōna ea ho mo khahlisa le ea ho mo fa karabo eo a tla araba qoso ea Satane ka eona, e tla bonahala likarolong tsohle tsa bophelo ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Re loanela ho tlotlisa Jehova ho sohle seo re se etsang le boemong bofe kapa bofe boo re iphumanang re le ho bona. Re lumella melao-motheo ea hae hore e laole lipuo tsa rōna le boitšoaro ba rōna le hore e re tataise ha re etsa liqeto. Re bontša hore re ananela tlhokomelo ea hae e etsoang ka lerato le thuso ea hae ha re mo tšepa ka ho feletseng le ha re sebelisa matla leha e le afe ao re nang le ’ona tšebeletsong ea hae. Hape, re amohela keletso le khalemelo ea hae haeba re tlōla melao ea hae ka lebaka la ho se phethahale.—Pes. 32:5; 119:97; Liprov. 3:25, 26; Bakol. 3:17; Baheb. 6:11, 12.

A re tsoeleng pele re phela ka tsela e tlotlisang Molimo letsatsi le letsatsi. Ha re etsa joalo, re tla fumanela meea ea rōna khatholoho ’me re tla thabela tlhokomelo e lerato ea Ntate oa rōna ea leholimong ka ho sa feleng.—Mat. 11:29; Tšen. 7:16, 17.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 22]

 Boikarabelo Boo Molimo a re Fileng Bona

• Ho rapela khafetsa.—Bar. 12:12.

• Ho bala le ho ithuta Bibele ebile re ntse re sebelisa seo re ithutang sona.—Pes. 1:2; 1 Tim. 4:15.

• Ho sebeletsa Jehova phuthehong.—Pes. 35:18; Baheb. 10:24, 25.

• Ho lokisetsa lintho tseo malapa a rōna a li hlokang nameng, moeeng le maikutlong.—1 Tim. 5:8.

• Ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa barutuoa.—Mat. 24:14; 28:19, 20.

• Ho etsa se hlokahalang e le hore re phele hantle nameng, moeeng le maikutlong, e leng se akarelletsang boikhathollo bo molemo.—Mar. 6:31; 2 Bakor. 7:1; 1 Tim. 4:8, 16.

• Ho hlokomela boikarabelo ba rōna ka phuthehong.—Lik. 20:28; 1 Tim. 3:1.

• Ho hlokomela tsela eo mahae a rōna le Holo ea ’Muso li shebahalang ka eona.—1 Bakor. 10:32.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 23]

 Ba Nahanele

• Mora kapa morali oabo rōna ea hōlileng.—Lev. 19:32.

• Motho ea kulang ’meleng kapa maikutlong.—Liprov. 14:21.

• Setho sa phutheho se hlokang ka potlako thuso eo u ka khonang ho fana ka eona.—Bar. 12:13.

• Setho se haufi sa lelapa.—1 Tim. 5:4, 8.

• Molumeli-’moho le uena ea shoetsoeng ke molekane.—1 Tim. 5:9.

• Moholo ea sebetsang ka thata phuthehong ea heno.—1 Bathes. 5:12, 13; 1 Tim. 5:17.