Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thusa Bana ba Hao Hore ba Loantše Mathata a Bona a Mangata

Thusa Bana ba Hao Hore ba Loantše Mathata a Bona a Mangata

Thusa Bana ba Hao Hore ba Loantše Mathata a Bona a Mangata

LIKHATELLO li hloele bacha ba rōna setha. Ba pepesehile moeeng oa lefatše le khopo la Satane, ’me ba lokela ho loana le “litakatso tsa tlhaho tsa bocha.” (2 Tim. 2:22; 1 Joh. 5:19) Ho feta moo, kaha ba leka ka matla ho ‘hopola ’Mōpi oa bona e Moholo,’ ba tlameha ho loana le ho songoa—esita le ho hlorisoa—ke ba hanyetsang tumelo ea bona. (Moek. 12:1) Mor’abo rōna ea bitsoang Vincent o hopola ha a sa ntse a hōla ’me o re: “Kaha ke ne ke le Paki, ho ne ho e-na le motho ea neng a ntlhorisa kamehla, a nkhahlapetsa, kapa a nqholotsa. Hangata boemo bo ne bo e-ba bobe hoo ke neng ke sa batle ho ea sekolong.” *

Ho phaella likhatellong tsa lefatše, bana ba rōna ba ka ’na ba boetse ba loana le takatso ea bona ea hore ba tšoane le lithaka tsa bona. Morali e mong oabo rōna ea bitsoang Cathleen, ea lilemo li 16, o re, “Ha ho bonolo ha batho ba bang ba nka hore u mokhelo.” Mor’abo rōna e mong ea lilemo li 21 ea bitsoang Alan o re, “Hangata bana bao ke kenang sekolo le bona ba ne ba ’mema hore ke intše le bona mafelong a beke, ’me ke ne ke hlile ke batla ho intša le bona.” Ho feta moo, bacha ba ka ba le takatso e matla ea ho kopanela lipapaling tsa sekolo, ’me sena se ka ’na sa etsa hore ba be le metsoalle e mebe. Morali e mong oabo rōna ea lilemo li 19 ea bitsoang Tanya o re, “Ke rata lipapali. Sekolong bakoetlisi ba ne ba nkemella hore ke bapalle sehlopha sa sekolo. Ho ne ho le thata hore ke hane.”

U ka thusa bana ba hao joang hore ba loantše mathata a bona a mangata? Jehova o ile a laela batsoali hore ba tataise bana ba bona. (Liprov. 22:6; Baef. 6:4) Sepheo sa batsoali ba tšabang Molimo ke ho thusa bana ba bona hore lipelo tsa bona li rate ho mamela Jehova. (Liprov. 6:20-23) Ka tsela eo, bana ba tla chesehela ho hana likhatello tsa lefatše leha batsoali ba bona ba sa ba bone.

Ke bothata hore batsoali ba sebetse, ba hōlise bana, ba be ba phethe mesebetsi ea phutheho ka nako e le ’ngoe. Ba bang ba tlameha ho etsa joalo e le batsoali ba se nang balekane kapa ba hanyetsoang ke balekane ba sa lumelang. Leha ho le joalo, Jehova o laela batsoali hore ba behe nako ea ho ruta bana ba bona le ho ba thusa. Kahoo, u ka etsa’ng ho ba thusa hore ba itšireletse ha ba hatelloa ke lithaka, ba tobana le liteko le ha ba hlorisoa letsatsi le letsatsi?

Ba be le Kamano le Jehova

Pele ho tsohle, bacha ba rōna ba lokela ho tseba hore Jehova ke Motho oa sebele. Ho hlokahala hore ba thusoe ho bona “Ea sa bonahaleng.” (Baheb. 11:27) Vincent, eo re buileng ka eena pejana, o hopola kamoo batsoali ba hae ba ileng ba mo thusa ho ntlafatsa kamano ea hae le Jehova. O re: “Ba ile ba nthuta hore thapelo ke ea bohlokoa. Kea hopola hore ho tloha bonyenyaneng, ke ne ke rapela Jehova mantsiboea a mang le a mang pele ke robala. Ke ne ke nka Jehova e le motho oa sebele.” Na u rapela le bana ba hao? Ho ka ba molemo hore u mamele seo ba se bolellang Jehova ha ba rapela. Na ba pheta-pheta mantsoe a itseng? Kapa na lithapelong tsa bona ba hlalosa hore na ba hlile ba ikutloa joang ka Jehova? Ha u mamela lithapelo tsa bona, u ka khona ho lemoha hore na ba tsoela pele joang kamanong ea bona le Jehova.

Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo ka eona bacha ba bang le kamano le Jehova ke ka hore ba ipalle Lentsoe la Molimo. Cathleen, eo re buileng ka eena pejana, o re: “Ho bala Bibele ho tloha qalong ho ea qetellong ke sa le monyenyane ho ile ha nthusa. Ho ile ha nkholisa hore leha batho ba ka nkhanyetsa, Jehova o na le ’na.” Na bana ba hao ba na le kemiso ea ho bala Bibele?—Pes. 1:1-3; 77:12.

Ke ’nete hore bana ha ba latele tataiso ea batsoali ka tsela e tšoanang. Hape, tsoelo-pele ea bona moeeng e ka ’na ea itšetleha ka lilemo tsa bona. Leha ho le joalo, ha ho se na tataiso, bacha ba ka ’na ba thatafalloa ho tseba hore Jehova ke Motho oa sebele. Batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona mantsoe a Molimo ka ho pheta-pheta, e le hore kae kapa kae moo bana ba ka bang teng, ba ka tseba hore na khopolo ea Jehova ke efe tabeng e itseng. (Deut. 6:6-9) Bana ba hao ba tlameha ho lumela hore Jehova oa ba tsotella.

Tsela ea ho Etsa Hore Puisano e be e Molemo

Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo u ka thusang bana ba hao ka eona ke ka hore u buisane le bona. Ha e le hantle, puisano e ntle hase feela ho bua le bana ba hao. E akarelletsa ho botsa lipotso le ho mamela likarabo tsa bona u sa fele pelo—esita leha likarabo tseo e se tseo u neng u li lebeletse. ’Mè e mong oa bashemane ba babeli ea bitsoang Anne o re, “Ke botsa lipotso ho fihlela ha ke nahana hore ke utloisisa seo ba se nahanang le seo ba thulanang le sona bophelong ba bona.” Na bana ba hao ba ikutloa hore u hlile ua ba mamela ha ba bua? Tanya, eo re mo qotsitseng pejana, o re: “Batsoali ba ka ba ne ba ’mamela e le kannete ebile ba ne ba hopola meqoqo ea rōna. Ba ne ba tseba mabitso a bana bao ke leng sehlopheng se le seng le bona. Ba ne ba botsa ka bona le ka maemo a mang ao re buisaneng ka ’ona nakong e fetileng.” Ho mamela le ho hopola ke lintho tsa bohlokoa e le hore le buisane ka katleho.

Malapa a mangata a fumane hore nako ea lijo e bula menyetla e metle ea puisano e molemo. Vincent o re, “Lelapeng leso ho ne ho nkoa e le ntho ea bohlokoa hore re je hammoho. Ho ne ho lebeletsoe hore neng kapa neng ha ho khoneha, re be teng ha ho jeoa. Nakong ea lijo re ne re sa lumelloe ho sheba thelevishene, ho mamela seea-le-moea, kapa ho bala. Kaha boholo ba nako re ne re qoqa ka lintho tse tloaelehileng, sena se ne se etsa hore letsatsi le leng le le leng ho be le nako ea khutso e neng e nthusa hore ke sebetsane le moferefere le likhatello tseo ke neng ke thulana le tsona sekolong.” O phaella ka ho re: “Ho tloaela ho qoqa le batsoali ba ka nakong ea lijo ho ile ha boela ha nthusa hore ke phutholohe ha ke buisana le bona ha ke ne ke hloka hore ba nthuse ka litaba tsa bohlokoa le ho feta.”

Ipotse, ‘Ka beke, re ja hammoho re le le lelapa ka makhetlo a makae?’ Na ho etsa liphetoho tse itseng tabeng ee ho ka u fa monyetla oa hore uena le bana ba hao le buisane haholoanyane le ka tsela e molemo?

Lebaka Leo ka Lona Linako Tsa ho Itlhakisa e Leng Tsa Bohlokoa

Ho kopanela Borapeling ba Lelapa beke le beke le hona ho thusa lelapa hore le buisane ka bolokolohi ebile ho thusa bana hore ba sebetsane le mathata a itseng. Alan, eo re buileng ka eena pejana, o re: “Batsoali ba ka ba ne ba sebelisa nako ea thuto ea lelapa hore re ntše maikutlo a rōna. Ba ne ba tšohla litaba tse neng li amana le mathata a rōna.” ’Mè oa Alan o re: “Nako e ’ngoe ea thuto re ne re e sebelisetsa ho itlhakisa. Linako tsena li ne li thusa bana ba rōna hore ba ithute ho emela tumelo ea bona le ho paka hore seo ba se lumelang ke ’nete. Sena se ne se ba thusa hore ba be sebete ha ba ne ba sebetsana le mathata a neng a ba hlahela.”

Ka sebele, hangata ha bana ba thulana le khatello ea lithaka, ha ho hlokahale feela hore ba hane ebe baa tsamaea. Ba lokela ho tseba ho araba hore na ke hobane’ng ha ba etsa ntho e itseng kapa ba sa e etse. Ba boetse ba hloka ho ikutloa ba le sebete ka hore na ba etse joang ha ba songoa ka lebaka la tumelo ea bona. Haeba ba sitoa ho sireletsa tumelo ea bona, ho tla ba thata hore ba emele borapeli ba ’nete ka sebete. Linako tsa ho itlhakisa li ka ba thusa hore ba ntlafatse sebete seo.

 Lebokoseng le leqepheng la 18 ho thathamisitsoe maemo a ka sebelisoang ke lelapa mantsiboeeng a Borapeli ba Lelapa. Itlhakiseng ka lintho tse hlileng li etsahalang ’me u batle mabaka a likarabo tseo bana ba hao ba fanang ka tsona. Ho phaella linakong tseo tsa ho itlhakisa, nahanang ka lintho tse ling tse ka le thusang, tseo le ithutang tsona mehlaleng e fumanoang ka Bibeleng. Ha ho pelaelo hore ho itlhakisa ka tsela eo lapeng, ho tla thusa bana ba hao hore ba sebetsane le mathata sekolong le libakeng tse ling.

Na Lelapa la Hao ke Sebaka Seo Bana ba Hao ba Sireletsehileng ho Sona?

Na lelapa la hao ke sebaka seo bana ba hao ba labalabelang ho khutlela ho sona kamehla ha sekolo se tsoa? Haeba ke sebaka se sireletsehileng, le tla thusa bana ba hao hore ba loantše mathata a bona a letsatsi le letsatsi. Morali e mong oabo rōna eo hona joale e leng setho sa lelapa la Bethele o re: “Ha ke ntse ke hōla, ntho e ’ngoe e ileng ea nthusa haholo ke hore lelapa leso e ne e le sebaka se sireletsehileng. Ho sa tsotellehe hore na boemo bo ne bo le bobe hakae sekolong, ke ne ke tseba hore ha ke fihla lapeng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tla loka.” Lelapeng la hao ho rena moea oa mofuta ofe? Na ke sebaka seo ho sona “ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang [le] likarohano,” e leng lintho tse tloaelehileng, kapa ke sebaka sa “lerato, thabo [le] khotso”? (Bagal. 5:19-23) Haeba hangata ha ho na khotso, na u leka ka matla ho bona hore na ho hlokahala liphetoho life e le hore lelapa la hao e be sebaka seo bana ba hao ba sireletsehileng ho sona?

Tsela e ’ngoe ea ho thusa bana ba hao hore ba loantše mathata ke hore u nke boikhathatso ba hore ba be le setsoalle se ba thusang. Ka mohlala, boikhathollong ba lelapa la hao, na u ka akarelletsa bara le barali ba bang babo rōna ba phutheho ba nkang lintho tsa moea ka ho teba? Kapa na u ka lokisetsa lijo tse tloaelehileng lapeng ha hao hore le tl’o ja le molebeli ea tsamaeang kapa ba bang ba tšebeletsong ea nako e tletseng? Na u tseba baromuoa kapa basebetsi ba Bethele bao bana ba hao ba ka etsang setsoalle le bona, le haeba e le ka ho ngollana mangolo, melaetsa ea e-mail, kapa ka ho buisana ka fono ka linako tse itseng? Setsoalle seo se ka thusa bana ba hao hore ba otlolle litsela bakeng sa maoto a bona le hore ba be le lipakane tsa moea. Nahana kamoo moapostola Pauluse a ileng a ba le tšusumetso e ntle kateng ho Timothea. (2 Tim. 1:13; 3:10) Ho tloaelana ha hae le Pauluse haholo ho ile ha mo thusa hore a tsepamise kelello lipakaneng tsa moea.—1 Bakor. 4:17.

Babatsa Bana ba Hao

Jehova oa thaba ha a bona bacha ba emela se nepahetseng ho sa tsotellehe likhatello tsa lefatše la Satane. (Pes. 147:11; Liprov. 27:11) Ha ho pelaelo hore le uena ua thaba ha u bona bacha ba rōna ba khetha tsela e bohlale. (Liprov. 10:1) Tsebisa bana ba hao hore na u ikutloa joang ka bona ’me kamehla u ba babatse ka lerato. Jehova o behetse batsoali mohlala o motle. Ha Jesu a ne a kolobetsoa, Jehova o ile a re: “U Mora oa ka, ea ratoang; ke u amohetse.” (Mar. 1:11) E tlameha ebe khothatso e tsoang ho Ntate oa Jesu e ile ea mo matlafatsa haholo hore a loantše mathata a mangata ao a neng a tla tloha a tobana le ’ona! Ka tsela e tšoanang, tsebisa bana ba hao hore ua ba rata, ’me u ananele seo ba se finyellang.

Ke ’nete hore u ke ke ua sireletsa bana ba hao ka ho feletseng hore ba se ke ba hatelloa, ba hlorisoa le ho songoa. Leha ho le joalo, u ka ba thusa haholo. Ka litsela life? Ba thuse hore ba sebeletse ho ba le kamano e haufi le Jehova. Etsa hore ho be le moea o khothalletsang puisano e ntle. Etsa hore mantsiboea a Borapeli ba Lelapa e be a thusang, u be u etse hore lelapa la hao e be sebaka seo bana ba hao ba sireletsehileng ho sona. Ha ho pelaelo hore ha u etsa joalo u tla hlomella bana ba hao hore ba loantše mathata a bona a mangata.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]

 LINAKO TSA HO ITLHAKISA LI KA THUSA

Tlaase mona ho na le mehlala ea maemo ao bacha ba rōna ba thulanang le ’ona. Ho ka ba joang ha le ka itlhakisetsa a mang a maemo aa mantsiboeeng a Borapeli ba lōna ba Lelapa?

▸ Mokoetlisi o kōpa morali oa hao hore a kene sehlopheng sa lipapali sa sekolo.

▸ Mora oa hao o fuoa sakerete ha a khutlela hae a tsoa sekolong.

▸ Bashanyana ba bang ba tšosa mora oa hao hore ba tla mo otla haeba ba ka boela ba mo bona a bolela litaba tse molemo.

▸ Ha morali oa hao a ntse a etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo tšimong, o kopana le ngoana eo a kenang sekolo le eena.

▸ Morali oa hao o botsoa ka pel’a sehlopha hore na ke hobane’ng ha a sa lumelise folakha.

▸ Moshanyana e mong o soma mora oa hao kamehla hobane e le Paki.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Na bana ba hao ka bomong ba na le lenaneo la bona la ho bala Bibele?

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Na u akarelletsa batho ba nkang lintho tsa moea ka ho teba boikhathollong ba lōna?