Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka e Thusang Bacha Hore ba Hopole ’Mōpi oa Bona

Buka e Thusang Bacha Hore ba Hopole ’Mōpi oa Bona

Buka e Thusang Bacha Hore ba Hopole ’Mōpi oa Bona

LILEMONG tse fetileng tse ka bang 3 000, monna ea bohlale Solomone o ile a ngola, a re: “Hopola ’Mōpi oa hao u sa le mocha.” (Moek. 12:1, Bibele—Phetolelo e Ncha) Hona joale bacha ba Bakreste ba na le buka e ’ngoe e tla ba thusa hore ba etse joalo. Buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, e ile ea lokolloa Likopanong Tsa Setereke Tsa Lipaki Tsa Jehova Tsa “Re Tataisoa ke Moea oa Molimo,” tse ileng tsa tšoaroa lefatšeng lohle ho tloha ka May 2008 ho fihlela ka January 2009.

Leqepheng le ka hare la sekoahelo se ka pele sa buka ena ho na le lengolo la Sehlopha se Busang le eang ho bacha. Karolo e ’ngoe ea lona e re: “Re rapela ka tieo hore e se eka boitsebiso bo bukeng ena bo ka u thusa hore u eme u tiile ho sa tsotellehe khatello le liteko tseo bacha ba tobanang le tsona kajeno, le ho u bontša kamoo u ka etsang liqeto tse lumellanang le thato ea Molimo.”

Hoa utloahala hore ebe batsoali ba batla ho hōlisa bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Leha ho le joalo, ha bana ba bangata ba fihla lilemong tsa bocha, ha ba itšepe ’me ba lakatsa ho tataisoa. Haeba ngoana oa hao ke mocha, ebe u ka mo thusa joang hore a fumane molemo o fetisisang bukeng ee? Ka tlaase mona ho na le litlhahiso tse ’maloa.

Iphumanele buka ena ’me u e tsebe hantle. Sena hase bolele feela hore u e bale. Hape, leka ho ba moeeng oa seo ho buuoang ka sona. Ho e-na le hore buka ena e bolelle bacha se nepahetseng le se fosahetseng feela, e leka ka tieo ho koetlisa “matla a bona a ho lemoha.” (Baheb. 5:14) E boetse e ba fa likeletso tsa bohlokoa tsa hore na ba ka emela se nepahetseng joang. Ka mohlala, Khaolo ea 15 (e reng “Nka Loantša Khatello ea Lithaka Joang?”) ha e felle feela ka ho bolella bacha hore ba hane ho etsa seo ho thoeng ba se etse. E hlalosa kamoo ho ka sebelisoang melao-motheo ea Bibele kateng ho rarolla mathata le kamoo bacha ba ka arabang kateng ha ba hlile ba tobane le boemo e le hore ba ka “fana ka karabo ho e mong le e mong.”—Bakol. 4:6.

Sebelisa likarolo tsa buka ena tseo ho tsona mocha a nkang karolo ho se tšohloang. Le hoja likarolo tsena li ngoletsoe bacha, ha ho hlokahala, e ka ba hantle hore le uena u ngole bukeng ea hao. * Ka mohlala, ha le le leqepheng la 16 ’me le tšohla lipotso tse peli tseo ho tsona mocha a nkang karolo ho se tšohloang tse buang ka ho intša, leka ho hopola hore na u ne u ikutloa joang ha u ne u lekana le ngoana oa hao. Mohlomong libakeng tseo ho ngoloang ho tsona, u tla rata ho ngola likarabo kamoo u neng u tla araba lipotso tseo kateng nakong eo. Mohlomong ka mor’a moo u ka ’na ua ipotsa: ‘Maikutlo a ka a fetohile joang tabeng ee ha lilemo li ntse li feta? Ke lintho life tseo ke li lemohileng ho tloha ha ke ne ke le mocha, ’me nka li ruta ngoana oa ka joang ka katleho?’

U se ke ua kena-kenana le lintho tsa lekunutu tsa ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha. Likarolo tsa buka ena tseo ho tsona mocha a nkang karolo ho se tšohloang, li ngotsoe ka tsela ea hore li fate ngoana oa hao maikutlo le hore a ngole likarabo kapa a nahane ka se buuoang. Sepheo sa hao ke hore u bone se ka pelong ea hae, eseng se bukeng ea hae. Leqepheng la 3 la karolo e nang le sehlooho se reng, “Molaetsa ho Batsoali,” ho etsoa tlhahiso e latelang bukeng ena: “E le ho khothalletsa bacha hore ba lokolohe ka hohle ho ngola maikutlo a bona, u se ke ua phenyekolla libuka tsa bona. Hamorao, ba ka ’na ba lokoloha hore ba bue le uena ka lintho tseo ba li ngotseng.”

Buka e Thusang Thutong ea Bibele ea Lelapa

Buka ea 2 ea Bacha Baa Botsa, ke buka ea bohlokoa haholo eo le ka e sebelisang nakong ea Borapeli ba lōna ba Lelapa. Kaha lirapa tsa buka ena ha li na lipotso tsa ho ithuta, u ka e sebelisa joang? U ka ’na ua fetola kemiso ea ho ithuta ’me ua sebelisa mokhoa o atlehang ka ho fetisisa baneng ba hao.

Ka mohlala, malapa a mang a ka ’na a thabela ho ba le linako tsa ho itlhakisa ha a tšohla karolo e reng “Seo U ka se Etsang ha U Hatelloa ke Lithaka” e leqepheng la 132 le 133. Potso ea pele e moo e ka ’na ea thusa mora kapa morali oa hao ho hlokomela hore na ke taba efe eo a fumanang e mo thatafalla ka ho fetisisa. Potso ea bobeli e bontša boemo boo khatello eo e ka ’nang ea hlaha ho bona. Ka mor’a ho tšohla litholoana tsa ho loantša khatello ea lithaka kapa tsa ho inehela ho eona, ngoana oa hao o kōptjoa hore a hlophise likarabo tse ka ’nang tsa etsa hore a lumellane le khatello, a fapose taba, kapa a hatelle ba mo hatellang. Thusa mora kapa morali oa hao hore a nahane ka lintho tseo a ka li etsang le hore a lokise likarabo tseo a tla phutholoha ha a fana ka tsona le tseo a tla khona ho fana ka tsona ka sebete le ka kholiseho.—Pes. 119:46.

Buka e Khothalletsang Puisano

Buka ea 2 ea Bacha Baa Botsa, e khothalletsa bacha ho buisana le batsoali ba bona. Ka mohlala, lebokose le nang le sehlooho se reng, “Nka Buisana le Ntate Kapa ’mè Joang ka Taba ea ho Kopanela Liphate?” (leqepheng la 63-64) le le reng, “Bua le Batsoali ba Hao!” (leqepheng la 189) a fana ka likeletso tse thusang tsa ho qalisa moqoqo ka litaba tseo ho seng bonolo ho bua ka tsona. Ngoanana e mong ea lilemo li 13 o ile a ngola a re: “Buka ena e mphile sebete sa hore ke bue le batsoali ba ka ka lintho tseo ke li nahanang—esita le tseo ke li entseng.”

Buka ena e boetse e khothalletsa hore ho be le puisano ka litsela tse ling. Qetellong ea khaolo ka ’ngoe ho na le lebokose le nang le sehlooho se reng, “U Nahana’ng ka See?” Ho e-na le hore le sebelisoe e le la tlhahlobo feela, le ka boetse la sebelisoa e le moralo oa puisano ea lelapa. Ho elella qetellong ea khaolo ka ’ngoe ho boetse ho na le lebokose le nang le sehlooho se reng, “Seo ke Rerang ho se Etsa!” Lebokose lena le fa bacha monyetla oa ho ngola litsela tse tobileng tseo ka tsona ba ka sebelisang seo ba ithutileng sona khaolong eo. Karolo ea ho qetela ea lebokose le nang le sehlooho se reng, “Seo ke Rerang ho se Etsa!” e re: “Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke . . . ” Seo se ka thusa bacha hore ba batle keletso ea bohlokoa ho batsoali ba bona.

Finyella Pelo ea Ngoana oa Hao!

Kaha u motsoali, sepheo sa hao ke hore u finyelle pelo ea ngoana oa hao. Buka ea 2 ea Bacha Baa Botsa, e ka u thusa hore u etse seo. Hlokomela kamoo ntate e mong a atlehileng kateng ho sebelisa buka ena e le hore eena le morali oa hae ba phetlelane lifuba.

“Ho na le libaka tse ntle tseo ’na le Rebekah re ratang ho ea ho tsona re il’o otlolla maoto, re il’o palama libaesekele kapa re il’o tsamaea ka koloi. Ho hahloa ke moea ka tsela ena ho etsa hore re be libakeng tse mo lumellang hore a bue ka bolokolohi.

“Karolo ea pele eo re ileng ra e tšohla bukeng ena ke lengolo la Sehlopha se Busang le karolo e reng, ‘Molaetsa ho Batsoali.’ Ke ne ke batla hore morali oa ka a tsebe hore joalokaha ho boletsoe leqepheng la 3, a ka ngola a sa tšabe letho bukeng ea hae. Nke ke ka sheba seo a se ngotseng.

“Ke ile ka lumella Rebekah hore a khethe likhaolo tseo a neng a ka rata ho qoqa ka tsona le hore na re li tšohle ka tatellano efe. E ’ngoe ea likhaolo tsa pele tseo a ileng a li khetha ke e reng, ‘Na ke Lokela ho Bapala Lipapali Tsa Elektronike?’ Ho hang ke ne ke sa nahana hore a ka khetha khaolo eo! Leha ho le joalo, o ne a e-na le lebaka la ho etsa joalo. Metsoalle ea hae e mengata e ne e bapala papali e ’ngoe e nyarosang. Ke ne ke sa tsebe hore e na le pefo e mpe le puo e tala hakaalo! Empa lintho tsena kaofela li ile tsa hlahella ha re tšohla lebokose le nang le sehlooho se reng, “Seo ke Rerang ho se Etsa!” le leqepheng la 251. Lebokose leo le ile la boela la thusa Rebekah hore a lokise karabo eo a neng a tla fana ka eona haeba mang kapa mang a ne a ka leka ho mo hatella hore a bapale papali eo.

“Hona joale, Rebekah ha a tšabe ho mpolella seo a se ngotseng bukeng ea hae. Thutong ea rōna moqoqo ha o fele. Re chenchana ka ho bala lirapa, ha re qeta, o batla ho bua ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa le litšoantšo le mabokose. Sena se mpha monyetla oa hore ke mo bolelle hore na ho ne ho le joang ha ke ne ke lekana le eena, ebe eena o mphetela hore na maemo a joang kajeno. O batla ho mpolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe!”

Haeba u motsoali, ha ho pelaelo hore u ile ua thaba ha buka ena e ne e lokolloa. Joale u na le monyetla oa hore u e sebelise haholo. Sehlopha se Busang se na le tšepo ea hore buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, e tla thusa lelapa la hao. E se eka e ka thusa bohle—haholo-holo bacha ba rōna bao re ba ratang—hore ‘ba ’ne ba tsamaee ka moea o halalelang.’—Bagal. 5:16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Maqephe a mang ao ho ngoloang lintlha ho ’ona bukeng ena, a ka sebelisoa ke batho ba lilemo tsohle. Ka mohlala, lebokose le nang le sehlooho se reng, “Laola Bohale” (leqepheng la 221) le ka ’na la u thusa la ba la thusa mora kapa morali oa hao. Ho ka ’na ha boleloa se tšoanang ka lebokose le nang le sehlooho se reng, “Seo U ka se Etsang ha U Hatelloa ke Lithaka” (leqepheng la 132-133), “Seo ke Rerang ho se Etsa ka Chelete Khoeli le Khoeli” (leqepheng la 163), le “Lipakane Tsa Ka” (leqepheng la 314).

[Lebokose le leqepheng la 30]

Maikutlo a Bacha ba Bang

“Ena ke buka e hlokang hore u lule fatše u nkile pentšele ebe u e bala u ntse u thuisa. Taba ea hore ebe e hlophisitsoe joalokaha eka ke tlaleho ea liketsahalo tsa bophelo ba hao, e u fa monyetla oa hore u inahane boinotšing ka morero oa hore u iketsetse moralo oa tsela e molemohali eo u tla phela ka eona.”—Nicola.

“Ke hatelloa ka matla hore ke be le motho eo ke intšang le eena, sena se etsoa le ke batho ba nang le sepheo se setle. Karolo e qalang ea buka ena e ile ea nkholisa hore ho sa tsotellehe hore na mang o re’ng, ke sa le monyenyane hore nka intša le motho.”—Katrina.

“Lebokose le nang le sehlooho se reng, ‘Na U Nahana Hore U Kolobetsoe?’ le nthusitse hore ke nke kolobetso ea ka ka botebo haholo. Le nthusitse hore ke hlahlobe tsela eo ke ithutang ka eona le eo ke rapelang ka eona.”—Ashley.

“Le hoja batsoali ba ka ba Bakreste ba nthutile ho tloha bongoaneng, buka ena e entse hore ke tsebe ho inahanela hore na ke lokela ho nka mehato efe bophelong. E boetse e nthusitse hore ke tsebe ho phetlela batsoali ba ka sefuba.”—Zamira.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Batsoali, tsebang buka ena hantle

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Ikemisetse ho finyella pelo ea ngoana oa hao