Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hana Mashano a Satane

Hana Mashano a Satane

Hana Mashano a Satane

‘LE SE ke la thetsoa. Molimo oa lōna a ke ke a le thusa. Ineheleng, ho seng joalo le tla llela metsotso!’ Ona ke moko-taba oa molaetsa oo Rabshake, e leng lenģosa la Morena Sankeribe oa Assyria, a ileng a o isetsa baahi ba Jerusalema. Mabotho a morena eo a ne a hlasetse naha ea Juda. Mantsoe a lenģosa leo a ne a reretsoe hore a nyahamise batho ba Jerusalema le ho ba tšosa e le hore ba ka inehela.—2 Mar. 18:28-35.

Ho ne ho tsejoa hore Baassyria ba ne ba le sehlōhō ba bile ba le khopo. Ba ne ba tšosa lira tsa bona ka ho phatlalatsa litlaleho tse tšosang tsa kamoo ba ileng ba tšoara batlamuoa ba bona ka sehlōhō kateng. Ho ea ka rahistori ea bitsoang Philip Taylor, “ba ne ba sebelisa litšoso hammoho le mashano, tseo morero oa tsona e neng e le ho kokobetsa batho bao ba ba hapileng le ho tšosa bao e neng e ka ’na ea e-ba lira tsa bona ka ho hasa litlaleho tse bontšang kamoo ba bileng sehlōhō kateng le ka ho tšerehanya likelello tsa bona ka sehlōhō.” Leshano ke sebetsa se matla. Taylor o re: Le “lematsa kelello.”

Bakreste ba ’nete ha ba “loane le nama le mali, empa [ba] loana le . . . makhotla a moea a khopo,” e leng libōpuoa tsa moea tse ileng tsa fetohela Molimo. (Baef. 6:12) Se ka sehloohong ho tsona ke Satane Diabolose. Le eena o sebelisa litšoso hammoho le mashano.

Satane o bolela hore a ka susumelletsa e mong le e mong oa rōna hore a se ke a tšepahala. Mehleng ea mopatriareka Jobo, o ile a re ho Jehova Molimo: “Motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.” Ka mantsoe a mang, ha u ka hatella motho hantle, qetellong a ke ke a tšepahala ho Molimo. (Jobo 2:4) Na Satane o nepile? Na kaofela ha rōna re ka inehela ebe re koenehela melao-motheo e metle eo re phelang ka eona e le hore re ka tsoela pele re phela? Satane o batla hore re nahane joalo. Kahoo, o sebelisa bolotsana e le hore a jale khopolo eo ka likelellong tsa rōna. A re ke re hlahlobeng mekhoa e meng eo a e sebelisang ho etsa seo ’me re bone hore na re ka mo hanyetsa joang.

‘Motheo oa Bona o Lerōleng’

Satane o ile a sebelisa Elifaze, e mong oa metsoalle e meraro e neng e etetse Jobo, hore a bolele hore batho ba fokola ka tsela e soabisang. Ha a bontša hore batho ba joaloka “ba lulang ka matlung a mobu,” o ile a re ho Jobo: “Motheo oa bona o . . . lerōleng! Motho o ba silakanya kapele ho feta tšoèlè. Ba silakanngoa ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea; ba timela ka ho sa feleng ho se na mang kapa mang ea ho tebisetsang pelong.”—Jobo 4:19, 20.

Mangolong a mang re tšoantšoa le ‘lijana tsa letsopa’ tse pshatlehang habonolo. (2 Bakor. 4:7) Ka lebaka la sebe le ho se phethahale hoo re ho futsitseng, rea fokola. (Bar. 5:12) Ha re sa thusoe, Satane a ka re hlasela habonolo. Empa kaha re Bakreste, ha rea lahloa kherehloa. Le hoja re e-na le mefokolo, re ba bohlokoa mahlong a Molimo. (Esa. 43:4) Ho feta moo, Jehova o fana ka moea o halalelang ho ba mo kōpang. (Luka 11:13) Moea oa hae o ka re fa “matla a fetang se tloaelehileng,” a re thusang hore re mamelle mahlomola afe kapa afe ao Satane a re bakelang ’ona. (2 Bakor. 4:7; Bafil. 4:13) Haeba re ema re “tiile tumelong” khahlanong le Diabolose, Molimo o tla re tiisa a be a re matlafatse. (1 Pet. 5:8-10) Kahoo, ha ho hlokahale hore re tšabe Satane Diabolose.

Motho ‘o Noa ho se Loke’

Elifaze o ile a botsa a re: “Motho ea shoang ke eng hore e ka ba ea hloekileng, kapa hore mang kapa mang ea tsoetsoeng ke mosali e be ea nepileng?” Eaba oa araba o re: “Bona! [Molimo] ha a na tumelo ho bahalaleli ba hae, maholimo ha aa hloeka mahlong a hae. Ho joalo hakaakang ha motho e le ea manyala le ea bolileng, motho ea noang ho se loke feela joaloka metsi!” (Jobo 15:14-16) Elifaze o ne a bolella Jobo hore ha ho motho eo Jehova a nkang hore o lokile. Diabolose le eena o batla hore re nyahame. O batla hore re tšoenyehe ka liphoso tsa khale, re itšoaee phoso ka ho feteletseng, ’me re nahane hore re ke ke ra lopolloa. Hape o batla hore re feteletse seo Jehova a se lebeletseng ho rōna re be re nyenyefatse qenehelo, tšoarelo le thuso ea Hae.

Ha e le hantle, kaofela ha rōna re “entse sebe ’me [re] haelloa ke khanya ea Molimo.” Ha ho motho ea sa phethahalang ea ka finyellang melao e phethahetseng ea Jehova. (Bar. 3:23; 7:21-23) Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore ha re na thuso ho eena. Jehova oa tseba hore “noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane,” ke eona e sebelisang boemo ba rōna ba ho se phethahale hampe. (Tšen. 12:9, 10) Kaha Molimo oa hlokomela hore “re lerōle,” oa re nahanela ’me ha ‘a lule a fumana molato’ ho rōna.—Pes. 103:8, 9, 14.

Ha re tlohela tsela e khopo ’me re rapela Jehova ka pelo e hlomohileng le ka moea o bakileng, “o tla [re] tšoarela ka tsela e khōlō.” (Esa. 55:7; Pes. 51:17) Bibele e bolela hore esita le hoja libe tsa rōna “li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa.” (Esa. 1:18) Kahoo, a re ikemisetseng hore le ka mohla re se ke ra tela ho leka ho etsa thato ea Molimo.

Kaha re baetsalibe, le ka mohla re ke ke ra etsa letho hore re lokeloe ke ho ba le boemo bo lokileng ka pel’a Molimo. Adama le Eva ba ile ba lahleheloa ke phetheho le tebello ea ho phela ka ho sa feleng; ha ea lahlehela bona feela empa e lahlehetse le rōna kaofela. (Bar. 6:23) Leha ho le joalo, kaha Jehova o rata batho haholo, o entse tokisetso ea hore a re tšoarele libe haeba re bontša tumelo sehlabelong sa thekollo sa Mora oa hae, Jesu Kreste. (Mat. 20:28; Joh. 3:16) Ke pontšo e hlollang hakaakang ea “mosa o sa tšoanelang oa Molimo”! (Tite 2:11) Ka sebele re ka lopolloa! Joale, ke hobane’ng ha re ka lumella Satane hore a etse hore re nahane hore re ke ke ra lopolloa?

“U Ame Lesapo la Hae le Nama ea Hae”

Satane o ile a re Jobo o ne a tla koenehela tumelo ea hae haeba a ne a ka kula. Ha Diabolose a ne a qholotsa Jehova, o ile a re: “U ame lesapo la hae le nama ea hae ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.” (Jobo 2:5) Ha ho pelaelo hore Sera sa Molimo se ne se tla thaba haeba se ne se ka etsa hore re ikutloe re se na thuso hobane re kula.

Leha ho le joalo, Jehova ha a re lahle ha re se re sa khone ho etsa sohle seo re neng re se etsa pele tšebeletsong ea hae. Re ne re tla etsa’ng haeba motsoalle oa rōna oa hlooho ea khomo a ne a hlasetsoe ’me a lemalitsoe? Na re ne re tla mo khella fatše hobane a se a sa khone ho etsa seo a neng a se etsa pele? Le hanyenyane! Re ne re tla ’ne re mo rate re be re mo hlokomele—haholo-holo haeba a ile a lemala a leka ho re etsetsa se molemo. Na re ka lebella se fapaneng ho Jehova? Bibele e re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.”—Baheb. 6:10.

Mangolo a bua ka “mohlolohali ea itseng ea hlokang” eo e ka ’nang eaba e ne e le lilemo tse ngata a tšehetsa borapeli ba Molimo. Ha Jesu a mo bona a akhela “licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo” ka letlōleng la tempele, na o ile a nka hore mohlolohali eo e ne e se oa bohlokoa le monehelo oa hae e se oa bohlokoa? Ho fapana le hoo, o ile a mo babatsa ka hore ebe o entse sohle seo maemo a hae a mo lumeletseng ho se etsa e le hore a tšehetse borapeli ba ’nete.—Luka 21:1-4.

Haeba re lula re tšepahala, re ka kholiseha hore kamano ea rōna le Jehova e tla lula e le matla, ho sa tsotellehe hore na ho se phethahale ho re sohlokile hakae ka botsofali kapa ho kula. Le ka mohla Molimo a ke ke a lahla batho ba tšepahalang hobane feela ba fokolloa ke matla a ho mo sebeletsa ka lebaka la bothata bo itseng.—Pes. 71:9, 17, 18.

Amohelang “Helmete ea Poloko”

Re ka itšireletsa joang mashanong a Satane? Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Le tsoele pele ho fumana matla Moreneng le bonatleng ba matla a hae. Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.” Karolo e ’ngoe ea lihlomo tseo tsa moea ke “helmete ea poloko.” (Baef. 6:10, 11, 17) Mabapi le mashano a Satane, re lokela ho tiisa hore re amohela helmete eo re be re lule re e roetse. Helmete ea lesole e sireletsa hlooho ea lona. “Tšepo [ea rōna] ea poloko”—e leng tšepo ea hore litšepiso tsa Molimo tse amanang le lefatše le lecha li tla phethahala—e tla sireletsa likelello tsa rōna mashanong a Satane. (1 Bathes. 5:8) Re lokela ho boloka tšepo eo e khanya ebile e le matla ka ho khothalla ho ithuta Mangolo.

Jobo o ile a mamella litlhaselo tse sehlōhō le tse khopo tsa Satane. Tumelo ea Jobo tsohong ea bafu e ne e le matla hoo a sa kang a nyahamisoa ke lefu le neng le ka ’na la mo khaoletsa. Ho e-na le hoo, o ile a re ho Jehova: “U tla hooa, ’me ke tla u araba. U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.” (Jobo 14:15) Esita leha Jobo a ne a ka shoa ka lebaka la botšepehi ba hae, o ne a tšepile hore lerato leo Molimo a ratang bahlanka ba Hae ba tšepahalang ka lona le ne le tla Mo susumelletsa hore a ba tsose bafung.

E se eka le rōna re ka tšepa Molimo oa ’nete ka tsela e tšoanang. Jehova a ka etsolla eng kapa eng eo Satane le mahlahana a hae ba ka re hlaselang ka eona. Hape, hopola hore Pauluse oa re tiisetsa o re: “Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.”—1 Bakor. 10:13.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Jehova o ananela tšebeletso ea hao eo u e etsang ka botšepehi

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Amohela helmete ea poloko ’me u lule u e roetse