Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke maemong afe moo motho a ka nahanang ho kolobetsoa hape?

Maemong a itseng, motho ea kolobelitsoeng a ka ’na a nahana hore na kolobetso ea hae e ne e amoheleha eaba o nahana hore a kolobetsoe hape. Ka mohlala, e ka ’na eaba ha motho eo a ne a kolobetsoa, boemo boo a neng a phela ho bona kapa ntho eo a neng a e etsa sekhukhung e ka be e entse hore a khaoloe haeba a ne a se a kolobelitsoe ka tsela e amohelehang. Na maemong a joalo a ka inehela ho Molimo? Motho eo a ka be a ile a inehela ka tsela e amohelehang ho Jehova haeba feela a ne a khaolitse boitšoaro bo sa lumellaneng le Mangolo. Kahoo, motho ea kolobelitsoeng a ntse a e-na le bothata bo boholo joalo, ka ho loketseng a ka ’na a nahana hore hoa hlokahala hore a kolobetsoe hape.

Ho etsahala joang ka motho ea neng a sa etse sebe nakong ea ha a ne a kolobetsoa empa ka mor’a moo a ile a etsa phoso e ileng ea hloka komiti ea boahloli? Nka hore ka mor’a moo o re o ne a sa utloisise ka botlalo seo a neng a se etsa nakong ea ha a ne a kolobetsoa ’me o re kannete kolobetso ea hae e ne e sa amohelehe. Ha baholo ba buisana le mofosi, ha baa lokela ho fana ka maikutlo a hore kolobetso ea hae e ne e sa amohelehe ebe ba botsa lipotso tsa hore na o ikutloa hore boinehelo ba hae bo ne bo amoheleha le hore na kolobetso ea hae e ne e amoheleha. Ha e le hantle, o ile a utloa puo ea Mangolo e buang ka bohlokoa ba kolobetso. O ile a lumellana le se botsoang lipotsong tse mabapi le boinehelo le kolobetso. Ka mor’a moo o ile a apara liaparo lisele eaba o qoelisoa ka metsing. Ka lebaka leo, hoa utloahala ho lumela hore o ne a utloisisa ka botlalo hore seo a neng a se etsa e ne e se papali. Kahoo, baholo ba tla mo tšoara joaloka motho ea kolobelitsoeng.

Haeba motho a belaella hore na kolobetso ea hae ea amoheleha kapa che, baholo ba ka ’na ba re a bale Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa March 1, 1960, leqepheng la 159 le la 160 le Molula-Qhooa oa September 1, 1964, leqepheng la 403 ho ea ho la 406, moo taba ea ho kolobetsoa hape e tšohloang ka botlalo. Hore na maemong a itseng motho o qetella a kolobelitsoe hape (a kang ha motho a kolobelitsoe a ne a se na kutloisiso e lekaneng ea Bibele) ke taba ea motho ka mong.

Bakreste ba lokela ho nahana ka lintlha life tabeng ea ho kopanela sebaka sa bolulo?

Ho hlokahala hore motho e mong le e mong a be le sebaka sa bolulo. Leha ho le joalo, kajeno batho ba bangata ha ba na ha bona. Maemo a motho a lichelete, mathata a ho kula, kapa maemo a mang, a ka etsa hore batho ba ’maloa ba amanang ba lule hammoho. Likarolong tse ling tsa lefatše, batho ba amanang ba ka ’na ba qobellana ka kamoreng e le ’ngoe moo motho a ke keng a ba sephiring.

Hase boikarabelo ba mokhatlo oa Jehova hore o fane ka letoto la melao mabapi le hore na libaka tsa bolulo tse loketseng bohle ba ka phuthehong ea lefatše lohle ke life. Bakreste ba khothalletsoa hore ba nahane ka melao-motheo ea Mangolo e le hore ba bone hore na litokisetso tsa bona tsa bolulo lia amoheleha ho Molimo kapa che. E meng ea melao-motheo eo ke efe?

Ntho e ka sehloohong eo ho ka nahanoang ka eona ke hore na ho lula le batho ba bang ho tla re ama joang ho be ho ame boemo ba rōna ba moea joang. Batho bao ke ba mofuta ofe? Na ke barapeli ba Jehova? Na ba phela ka melao ea Bibele? Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”—1 Bakor. 15:33.

Mangolo a bolela hore Jehova o nyatsa bohlola le bofebe. (Baheb. 13:4) Kahoo, ho hang Molimo a ke ke a amohela litokisetso life kapa life tsa ho robala tse lumellang batho ba sa nyalanang ba bong bo sa tšoaneng hore ba lule hammoho joalokaha eka ke monna le mosali. Mokreste o ne a ke ke a lula moo boitšoaro bo bobe bo lumelloang.

Ho feta moo, Bibele e khothalletsa bohle ba batlang mohau oa Molimo hore ba ‘balehele bohlola.’ (1 Bakor. 6:18) Kahoo, ho ka ba bohlale hore Bakreste ba qobe litokisetso tsohle tsa bolulo tse ka ba kenyang molekong oa hore ba etse boitšoaro bo bobe. Ka mohlala, nahana ka boemo boo ho bona Bakreste ba bangata ba robalang ka tlung e le ’ngoe. Na boemo boo bo ka ba kenya khathatsong ka lebaka la maemo a sa lebelloang? Ho ka etsahala joang haeba batho ba babeli ba sa nyalanang ba iphumana ka tšohanyetso ba le babeli feela hobane ba bang bao ka tloaelo ba neng ba ka ba teng ba le sieo ka nakoana? Ka ho tšoanang, batho ba masoha ba ratanang ba ka ’na ba e-ba kotsing ea ho etsa boitšoaro bo bobe haeba ba lula ka tlung e le ’ngoe. Ke bohlale hore ho qojoe maemo a mofuta ona.

Hape, e ne tla ba ho sa lokelang hore batho ba hlalaneng ba tsoele pele ba lula ka tlung e le ’ngoe. Kaha ba ne ba tloaetse ho ba le kamano e haufi haholo, sena se ka etsa hore ba oele boitšoarong bo bobe habonolo.—Liprov. 22:3.

Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo ho lokelang hore ho nahanoe ka eona ke hore na batho ba motse ba nka liqeto tseo motho a li etsang joang. Litokisetso tsa bolulo tseo Mokreste a nkang hore lia amoheleha empa batho ba motse ba sa bue hantle ka tsona, li lokela ho mo tšoenya. Le ka mohla ha re batle hore lebitso la Jehova le nyefoloe ka lebaka la boitšoaro ba rōna. Pauluse o ile a re: “Phemang ho ba lisosa tsa khopiso ho Bajuda hammoho le Bagerike le phuthehong ea Molimo, esita le joalokaha ke khahlisa batho bohle linthong tsohle, ke sa batle se molemo ho ’na empa ho ba bangata, e le hore ba ka pholoha.”—1 Bakor. 10:32, 33.

Ho fumana sebaka sa bolulo se loketseng le litokisetso tsa bolulo tse loketseng e ka ’na ea e-ba bothata bo boholo ho ba batlang ho boloka melao-motheo e lokileng ea Jehova. Leha ho le joalo, Bakreste ba lokela hore ‘ba ’ne ba nepisise hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.’ Ba lokela ho tiisa hore ho se ke ha etsahala letho le hlabisang lihlong malapeng a bona. (Baef. 5:5, 10) Sena se hloka hore Bakreste ba rapelle tataiso ea Molimo le hore ba etse sohle seo ba ka se khonang ho sireletsana le ho boloka boitšoaro bo botle ba be ba sireletse le lebitso le letle la Jehova.