Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Moea le Monyaluoa ba Ntse ba re: ‘Tloo!’”

“Moea le Monyaluoa ba Ntse ba re: ‘Tloo!’”

“Moea le Monyaluoa ba Ntse ba re: ‘Tloo!’”

“Moea le monyaluoa ba ntse ba re: ‘Tloo!’ . . . Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle; mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.”—TŠEN. 22:17.

1, 2. Lintho tse ntšetsang pele borapeli ba Jehova e lokela ho ba tsa bohlokoa hakae bophelong ba rōna, hona hobane’ng?

LINTHO tse ntšetsang pele borapeli ba Jehova e lokela ho ba tsa bohlokoa hakae bophelong ba rōna? Jesu o ile a phehella balateli ba hae hore ‘ba ’ne ba batle ’muso pele,’ a ba tiisetsa hore haeba ba etsa joalo, Molimo o ne a tla ba fa lintho tseo ba li hlokang. (Mat. 6:25-33) O ile a tšoantša ’Muso oa Molimo le perela ea bohlokoa hoo ha mohoebi ea tsamaeang a e fumana, ‘a ileng a rekisa lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona ’me a e reka.’ (Mat. 13:45, 46) Na ha rea lokela ho nka mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa e le oa bohlokoa ka ho fetisisa?

2 Joalokaha re bone lihloohong tse peli tse fetileng, ha re bua ka sebete ’me re sebelisa Lentsoe la Molimo ka tsela e bontšang boiphihlelo tšebeletsong, re bontša hore re tataisoa ke moea oa Molimo. Moea oo o boetse o phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea hore re kopanele kamehla mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. A re boneng hore na seo se etsahala ka tsela efe.

Memo e Eang ho Motho e Mong le e Mong!

3. Batho bohle ba mengoa hore ba ‘tle’ metsing a mofuta ofe?

3 Ho ntšitsoe memo e eang ho motho e mong le e mong, ho sebelisoa moea o halalelang. (Bala Tšenolo 22:17.) Memo eo ke ea hore batho ba ‘tle’ ’me ba inyorolle ka metsi a mofuta o khethehileng ka ho fetisisa. Hase metsi a tloaelehileng a entsoeng ka likarolo tse peli tsa haedrojene le karolo e le ’ngoe ea oksijene. Le hoja metsi a sebele a hlokahala e le hore bophelo bo tsoele pele lefatšeng, Jesu o ne a nahanne ka metsi a mofuta o mong ha a ne a re ho mosali oa Mosamaria selibeng: “Mang kapa mang ea noang metsi ao ke tla mo fa ’ona ho hang a ke ke a nyoroa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa ’ona a tla fetoha ka ho eena seliba sa metsi a tšikhunyang ho fana ka bophelo bo sa feleng.” (Joh. 4:14) Metsi a khethehileng ao batho ba mengoang hore ba a noe a fana ka bophelo bo sa feleng.

4. Ho tlile joang hore ho hlokahale hore batho ba fumane metsi a bophelo, hona metsi ao a tšoantšetsa’ng?

4 Ha motho oa pele, Adama, a ne a ikopanya le mosali oa hae, Eva, hore ba se ke ba mamela Jehova Molimo ea neng a ba bōpile, ho ile ha hlokahala hore batho ba fumane metsi a bophelo. (Gen. 2:16, 17; 3:1-6) Banyalani ba babeli ba pele ba ile ba lelekoa lehaeng la bona leo e neng e le serapa, ‘e le hore Adama a se ke a isa letsoho eaba o kha le litholoana tsa sefate sa bophelo, oa li ja, ’me o phela ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’ (Gen. 3:22) Kaha Adama ke motsoali oa batho, o ile a etsa hore batho bohle ba qale ho shoa. (Bar. 5:12) Metsi a bophelo a emela litokisetso tsohle tsa Molimo tse reretsoeng ho lopolla batho ba mamelang sebeng le lefung le ho ba fa bophelo bo sa feleng bo phethahetseng lefatšeng la Paradeise. Sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste ke sona se entseng hore litokisetso tsena li be teng.—Mat. 20:28; Joh. 3:16; 1 Joh. 4:9, 10.

5. Memo ea hore batho ba tle le hore ba “nke metsi a bophelo ntle ho tefo” e tsoa ho mang? Hlalosa.

5 Memo ea hore batho ba tle ’me ba “nke metsi a bophelo ntle ho tefo” e tsoa ho mang? Ha litokisetso tsohle tsa bophelo tse lokiselitsoeng ka Jesu li sebelisoa ka ho feletseng ho batho Pusong ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, li tšoantšoa le “nōka ea metsi a bophelo, e hlakileng joaloka kristale.” Nōka eo, e bonoa e “phalla ho tsoa teroneng ea Molimo le ea Konyana.” (Tšen. 22:1) Ka hona, Jehova Ea Fanang ka Bophelo, ke Mohloli oa metsi a phelisang. (Pes. 36:9) Ke Eena ea fanang ka metsi ana ka “Konyana,” e leng Jesu Kreste. (Joh. 1:29) Nōka ena ea tšoantšetso ke tokisetso ea Jehova ea ho etsolla tšenyo eohle eo ho se mamele ha Adama ho e baketseng batho. Ha ho pelaelo hore memo ea hore “tloo” e tsoa ho Jehova Molimo.

6. “Nōka ea metsi a bophelo” e qala ho phalla neng?

6 Le hoja “nōka ea metsi a bophelo” e tla phalla ka ho feletseng Pusong ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, e qala ho phalla “letsatsing la Morena,” le ileng la qala ka hore “Konyana” e behoe teroneng leholimong ka 1914. (Tšen. 1:10) Ka lebaka leo, litokisetso tse itseng tsa bophelo li qalile ho fumaneha ka mor’a moo. Li amana le Lentsoe la Molimo, Bibele, hobane molaetsa oa lona o bitsoa “metsi.” (Baef. 5:26) Memo ea hore batho ba “nke metsi a bophelo” ka hore ba utloe litaba tse molemo tsa ’Muso ba be ba li amohele, e ea ho motho e mong le e mong. Empa ke bo-mang ba hlileng ba memang batho letsatsing la Morena?

“Monyaluoa” o re, “Tloo!”

7. Ke bo-mang ba ileng ba qala ho fana ka memo e reng “tloo,” “letsatsing la Morena,” hona ba ile ba mema bo-mang?

7 Litho tsa sehlopha sa monyaluoa—e leng Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea—ke bona ba pele ba fanang ka memo e reng “tloo.” Ba e fa bo-mang? Monyaluoa ha a imeme ha a re “Tloo!” Mantsoe a hae a lebisitsoe ho ba nang le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng ka mor’a hore ho loanoe ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.’—Bala Tšenolo 16:14, 16.

8. Ke eng e bontšang hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba fana ka memo e tsoang ho Jehova ho tloha khale ka 1918?

8 Balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba fana ka memo ena ho tloha khale koana ka 1918. Selemong seo, puo ea phatlalatsa e neng e e-na le sehlooho se reng, “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ka ’na ba se ke ba Hlola ba E-shoa” e ile ea fana ka tšepo ea hore batho ba bangata ba tla fumana bophelo lefatšeng la paradeise ka mor’a ntoa ea Armagedone. Puo e ileng ea fanoa kopanong ea Liithuti Tsa Bibele Cedar Point, Ohio, U.S.A., ka 1922, e ile ea khothalletsa bamameli hore ba ‘phatlalatse Morena le ’muso oa hae.’ Boipiletso bona bo ile ba thusa masala a sehlopha sa monyaluoa hore a finyelle batho ba bangata ka memo ena. Ka 1929, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa March 15, o ne o e-na le sehlooho se reng, “Memo e Bontšang Mosa,” ’me lengolo la sona la sehlooho e ne e le Tšenolo 22:17. Karolo e ’ngoe sehloohong seo e ne e re: “Sehlopha sa masala a tšepahalang se kopanela [le Ea Phahameng ka ho Fetisisa] memong ena e bontšang mosa ’me se re, ‘Tloo.’ Molaetsa ona o lokela ho phatlalatsoa ho ba labalabelang ho loka le ’nete. Hoo ho tlameha ho etsoa hona joale.” Ho fihlela kajeno, sehlopha sa monyaluoa se ntse se tsoela pele ho fana ka memo eo.

“Mang Kapa Mang ea Utloang a ke a re: ‘Tloo!’”

9, 10. Ba utloileng memo le bona ba menngoe hore ba re, “Tloo!” joang?

9 Ba utloang memo e reng “tloo” bona ba lokela ho etsa’ng? Ba mengoa hore le bona ba re, “Tloo!” Ka mohlala, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa August 1, 1932, leqepheng la 232, o ile oa re: “Batlotsuoa ba ke ba khothatse batho bohle ba ratang hore ba kenye letsoho boboleling ba litaba tse molemo tsa ’muso. Ha ho hlokahale hore e be batlotsuoa ba Morena e le hore ba phatlalatse molaetsa oa Morena. Lipaki tsa Jehova li khothala haholo hona joale ho tseba hore li lumeletsoe ho isa metsi a bophelo sehlopheng sa batho ba ka ’nang ba pholosoa Armagedone ebe ba fuoa bophelo bo sa feleng lefatšeng.”

10 Ha o bua ka boikarabelo ba motho ea utloang ba hore a re, “Tloo!” Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa August 15, 1934, leqepheng la 249, o ile oa re: “Batho ba sehlopha sa Jonadabe ba tlameha ho tsamaea le ba sehlopha se tšoantšetsoang ke Jehu, ke hore, batlotsuoa, ’me ba phatlalatse molaetsa oa ’muso, le hoja e se lipaki tsa Jehova tse tlotsitsoeng.” Ka 1935, ho ile ha hlakisoa hore na “bongata bo boholo” bo boletsoeng ho Tšenolo 7:9-17 ke bo-mang. Seo se ile sa matlafatsa mosebetsi oa ho fa batho memo e tsoang ho Molimo. Ho tloha ka nako eo, bongata bo boholo ba barapeli ba ’nete ba ntseng ba eketseha—ba seng ba le ka holimo ho limilione tse supileng hona joale—bo amohetse memo eo. Kaha ba ananetse molaetsa oo ba o utloileng, ba inehetse ho Molimo, ba kolobelitsoe metsing, ’me ba ikopanya le sehlopha sa monyaluoa ha ba mema ba bang ka mafolofolo hore ba ‘tle ’me ba nke metsi a bophelo ntle ho tefo.’

“Moea” o re, “Tloo!”

11. Lekholong la pele la lilemo C.E., moea o halalelang o ile oa phetha karolo efe mosebetsing oa boboleli?

11 Ha Jesu a ne a bolela litaba tse molemo ka synagogeng Nazaretha, o ile a phetla moqolo oa moprofeta Esaia ’me a o bala: “Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke bolelle mafutsana litaba tse molemo, o nthometse hore ke bolelle baholehuoa tokollo le hore ba foufetseng ba boele ba bone, ho etsa hore ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile, ho bolela selemo se amohelehang sa Jehova.” Ka mor’a moo, Jesu o ile a bontša hore mantsoe ana a sebetsa ho eena, a re: “Kajeno lengolo lena leo le sa tsoa le utloa le phethahetse.” (Luka 4:17-21) Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) Lekholong la pele la lilemo, moea o halalelang o ile oa phetha karolo ea bohlokoa mosebetsing oa boboleli.

12. Moea oa Molimo o phetha karolo efe tabeng ea ho mema batho mehleng ea rōna?

12 Moea o halalelang oa Molimo o phetha karolo efe tabeng ea ho mema batho mehleng ea rōna? Jehova ke eena Mohloli oa moea o halalelang. O sebelisa moea oo hore o bule lipelo le likelello tsa sehlopha sa monyaluoa e le hore se utloisise Lentsoe la hae, Bibele. Moea o se susumelletsa hore se fane ka memo ’me se hlalosetse ba lebeletseng ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise linnete tsa Mangolo. Ba amohelang memo eo ’me e e-ba barutuoa ba Jesu Kreste ba bile ba mema ba bang, bona ba lokela ho etsa’ng? Le ho bona moea oa sebetsa. Kaha ba kolobelitsoe ‘ka lebitso la moea o halalelang,’ ba sebelisana le moea oo ebile ba tšepile oona hore o ba thuse. (Mat. 28:19) Hape, nahana ka molaetsa o phatlalatsoang ke batlotsuoa le bongata bo boholo bo ntseng bo eketseha. O tsoa ka Bibeleng—e leng buka e ngotsoeng ka tšusumetso e tobileng ea moea oa Molimo. Ka hona, memo ena e fanoa ka moea o halalelang. Ha e le hantle, re tataisoa ke moea oo. Seo se lokela ho ama nako eo re e qetang re etsa mosebetsi oo oa ho mema batho joang?

“Ba Ntse ba re: ‘Tloo!’”

13. Polelo e reng “moea le monyaluoa ba ntse ba re: ‘Tloo!’” e bontša’ng?

13 “Moea le monyaluoa” ha ba re feela, “Tloo!” Leetsi la Segerike le sebelisitsoeng mona le bolela ketso e tsoelang pele. Ka lebaka leo, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e re: “Moea le monyaluoa ba ntse ba re: ‘Tloo!’” Sena se bontša hore memo e tsoang ho Molimo e lokela ho fanoa kamehla. Ba utloang memo eo ba bile ba e amohela bona ba lokela ho etsa’ng? Le bona ba re, “Tloo!” Ho boleloa hore bongata bo boholo ba barapeli ba ’nete bo ‘etsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare ka tempeleng ea Jehova.’ (Tšen. 7:9, 15) Bo etsa ‘tšebeletso bosiu le motšehare’ ka tsela efe? (Bala Luka 2:36, 37; Liketso 20:31; 2 Bathesalonika 3:8.) Mohlala oa Anna, e leng moprofeta oa mosali ea neng a se a hōlile le oa moapostola Pauluse, o bontša hore ho etsa ‘tšebeletso bosiu le motšehare’ ho bolela ho e etsa ka tiisetso le ka boikitlaetso.

14, 15. Daniele o ile a bontša bohlokoa ba ho etsa liketso tsa borapeli kamehla joang?

14 Moprofeta Daniele le eena o ile a bontša bohlokoa ba ho etsa liketso tsa borapeli kamehla. (Bala Daniele 6:4-10, 16.) Ka khoeli leha e le ’ngoe feela, ha aa ka a fetola kemiso ea hae ea lintho tsa moea—e leng mokhoa oa hae oa ho rapela Molimo “ka makhetlo a mararo ka letsatsi . . . joalokaha a ne a ntse a etsa kamehla”—le hoja seo se ne se bolela hore o ne a tla lahleloa ka sekoting sa litau. Ruri liketso tsa hae li ile tsa bontša ka ho hlakileng hore ha ho ntho ea bohlokoa ho feta ho etsetsa Jehova liketso tsa borapeli kamehla!—Mat. 5:16.

15 Ka mor’a hore Daniele a hlole bosiu ka sekoting sa litau, morena o ile a ea ho eena ’me a hoeletsa a re: “Uena Daniele, mohlanka oa Molimo ea phelang, na Molimo oa hao eo u mo sebeletsang ka tiisetso o khonne ho u pholosa litaung?” Daniele o ile a araba ka potlako a re: “Morena, u ’ne u phele esita le ho isa linakong tse sa lekanyetsoang. Molimo oa ka o rometse lengeloi la hae ’me la koala melomo ea litau, ’me ha lia mphelisa, kahobane ke fumanoe ke hloka molato ka pel’a hae; le ka pel’a hao, morena, ha ho ketso e kotsi eo ke e entseng.” Jehova o ile a hlohonolofatsa Daniele ka lebaka la ho mo ‘sebeletsa ka tiisetso.’—Dan. 6:19-22.

16. Mohlala oa Daniele o lokela ho re susumelletsa ho botsa lipotso life mabapi le tsela eo re kopanelang ka eona tšebeletsong?

16 Daniele o ne a ikemiselitse ho shoa ho e-na le hore a tlohele kemiso ea hae ea lintho tsa moea. Rōna? Re etsa boitelo ba mofuta ofe kapa re ikemiselitse ho etsa ba mofuta ofe e le hore re ka phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka tiisetso? Ka sebele, ha rea lokela ho etsa hore khoeli e fete re sa bua le batho ba bang ka Jehova! Haeba ho khoneha, na ha rea lokela ho leka ka matla hore re kopanele tšebeletsong beke e ’ngoe le e ’ngoe? Esita le haeba re fokolloa ke bophelo ’me re ka khona ho paka ka metsotso e 15 feela ka khoeli, re lokela ho tlaleha mosebetsi oo. Hobane’ng? Hobane re lakatsa ho tsoela pele hammoho le moea le monyaluoa re ntse re re, “Tloo!” Ruri re batla ho etsa sohle seo re ka se khonang hore re lule re le bahoeletsi ba ’Muso ba tsoang kamehla.

17. Ke menyetla efe eo re sa lokelang ho e tlohela ea ho fana ka memo e tsoang ho Jehova?

17 Re lokela ho leka ho fana ka memo e tsoang ho Jehova ha monyetla o mong le o mong o hlaha, eseng ka linako tseo re li behetseng tšebeletso ea phatlalatsa feela. Ke tlotla e kaakang hore ka linako tse ling, tse kang ha re le mabenkeleng, maetong, phomolong, mosebetsing kapa ha re e-ea sekolong, re meme ba nyoriloeng hore ba ‘tle ’me ba nke metsi a bophelo ntle ho tefo’! Esita le haeba ba boholong ba thibela mosebetsi oa boboleli, re tsoela pele re bolela litaba tse molemo re sa tsose libata masene—mohlomong ka ho tloboka matlo kapa ka ho eketsa mosebetsi oa bopaki bo sa reroang.

U Tsoele Pele U Ntse U re, “Tloo!”

18, 19. U bontša joang hore u ananela tlotla ea ho ba mosebetsi-’moho le Molimo?

18 E se e le lilemo tse fetang mashome a robong moea le monyaluoa ba ntse ba re, “Tloo!” ho mang kapa mang ea nyoretsoeng metsi a bophelo. Na u utloile memo ea bona e thabisang? Joale re u khothalletsa hore u meme le batho ba bang.

19 Ha re tsebe hore na memo ea Jehova e lerato e tla tsoela pele ho fihlela neng, empa ha re e amohela re bile re re, “Tloo!” re ba basebetsi-’moho le Molimo. (1 Bakor. 3:6, 9) Ruri eo ke tlotla e khōlō! E se eka re ka bontša hore re nka tlotla eo e le ea bohlokoa ka hore ‘re nyehele kamehla ho Molimo sehlabelo sa thoriso’ ka ho bolela litaba tse molemo kamehla. (Baheb. 13:15) Rōna bao tšepo ea rōna e leng ho phela lefatšeng, a re tsoeleng pele ho re, “Tloo!” hammoho le sehlopha sa monyaluoa. E se eka ba bang ba bangata le ho feta ba ka ‘nka metsi a bophelo ntle ho tefo’!

U Ithutile Eng?

• Ke bo-mang ba fuoang memo e reng “tloo”?

• Ke hobane’ng ha ho ka thoe memo e reng “tloo” e tsoa ho Jehova?

• Moea o halalelang o phetha karolo efe tabeng ea ho fana ka memo e reng “tloo”?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho leka ka matla hore re etse tšebeletso kamehla?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 16]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

U ’ne U re, “Tloo!”

1914

Bahoeletsi ba 5 100

1918

Ba bangata ba tla fumana bophelo lefatšeng la Paradeise

1922

“Phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae”

1929

“Bongata bo boholo” boa tsebahatsoa

1932

Memo ea ho re, “Tloo!” hase ea batlotsuoa feela

1934

Sehlopha sa Jonadabe se mengoa hore se bolele litaba tse molemo

1935

Masala a tšepahalang a re, “Tloo!”

2009

Bahoeletsi ba 7 313 173