Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Nka Jehova Joaloka Ntate oa Hao?

Na U Nka Jehova Joaloka Ntate oa Hao?

Na U Nka Jehova Joaloka Ntate oa Hao?

HA E mong oa barutuoa ba hae a ne a mo kōpa a re: “Morena, re rute ho rapela,” Jesu o ile a araba a re: “Neng kapa neng ha le rapela, le re, ‘Ntate, lebitso la hao le ke le halaletsoe.’” (Luka 11:1, 2) Jesu a ka be a ile a bitsa Jehova ka litlotla tse tsotehang tse kang “Ea Matla ’Ohle,” ‘Morupeli e Moholo,’ “’Mōpi,” “Moholo-holo oa Matsatsi” le “Morena oa bosafeleng.” (Gen. 49:25; Esa. 30:20; 40:28; Dan. 7:9; 1 Tim. 1:17) Ho e-na le hoo, Jesu o ile a khetha ho mo bitsa “Ntate.” Hobane’ng? Hobane mohlomong o batla hore ha re bua le Motho ea phahameng ka ho fetisisa bokahohleng, re be joaloka ngoana ea ikokobelitseng ha a bua le ntate oa hae ea lerato.

Leha ho le joalo, batho ba bang ba thatafalloa ke ho nahana hore Molimo ke Ntate oa bona. Mokreste e mong ea bitsoang Atsuko * o re, “Lilemo ka mor’a hore ke kolobetsoe, ho ne ho le thata hore ke be le kamano e haufi le Jehova ke be ke mo rapele joaloka Ntate.” Ha a hlalosa lebaka le neng le mo thatafalletsa, o re, “Ha ke hopole le ka mohla ntate ea ntsoalang a mpontša hore oa nthata.”

Matsatsing ana a ho qetela a mahlonoko, “lerato la tlhaho” leo motho a lebeletseng hore ntate oa hae a mo bontše lona, le haella ka ho feletseng. (2 Tim. 3:1, 3) Kahoo, ha ho makatse hore ebe batho ba ba le maikutlo ao a tšoanang le a Atsuko. Leha ho le joalo, rea khothala hobane re na le mabaka a utloahalang a ho nka Jehova joaloka Ntate oa rōna ea lerato.

Jehova ke Mofani ea Lerato

E le hore re ka nka Jehova joaloka Ntate oa rōna, re lokela ho mo tseba hantle. Jesu o ile a re: “Ha ho ea tsebang Mora ka botlalo haese Ntate, leha e le hore mang kapa mang o tseba Ntate ka botlalo haese Mora le mang kapa mang eo Mora a ratang ho mo senolela eena.” (Mat. 11:27) Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho tseba hore na Jehova ke Ntate ea joang, ke ho nahana ka seo Jesu a se buileng mabapi le Molimo oa ’nete. Kahoo, Jesu o ile a tsebisa batho eng ka Ntate?

Ha Jesu a ne a bontša hore o ne a hlokomela hore Jehova ke Mohloli oa bophelo ba hae, o ile a re: “Ke phela ka lebaka la Ntate.” (Joh. 6:57) Le rōna re phela ka lebaka la Ntate. (Pes. 36:9; Lik. 17:28) Ke eng e ileng ea susumetsa Jehova hore a fe ba bang bophelo? Na e ne e se lerato? Ka lebaka la mpho eo, ruri le rōna re lokela ho rata Ntate oa rōna ea leholimong.

Sehlabelo sa thekollo sa Jesu ke tsela e khōlō ka ho fetisisa eo Molimo a bontšitseng ka eona hore o rata batho. Ketso eo e bontšang lerato e file batho monyetla oa hore ba be le kamano e haufi le Jehova ka Mora oa hae ea ratoang. (Bar. 5:12; 1 Joh. 4:9, 10) Kaha Ntate oa rōna ea leholimong ke Mophethahatsi oa litšepiso tsa hae, re ka kholiseha hore bohle ba mo ratang ba bile ba mo mamela, qetellong ba tla ba le “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Bar. 8:21.

Ntate oa rōna ea leholimong o boetse o re “chabisetsa . . . letsatsi la hae” kamehla. (Mat. 5:45) Ho ka etsahala hore ebe ha ho mohla re nahanang hore hoa hlokahala hore re rapelle hore letsatsi le chabe. Leha ho le joalo, ruri re hloka mahlaseli a lona a mofuthu ebile rea a thabela! Ho feta moo, Ntate oa rōna ke Mofani eo ho seng ea ka lekanngoang le eena, ea tsebang seo re se hlokang nameng le pele re mo kōpa. Ka lebaka leo, na ha rea lokela ho ipha nako ea ho lekola le ho ananela kamoo Ntate oa rōna ea leholimong a hlokomelang pōpo ea hae kateng?—Mat. 6:8, 26.

Ntate oa Rōna ke ‘Mosireletsi ea Lerato’

Boprofeta ba Esaia bo ile ba kholisa sechaba sa Molimo sa boholo-holo, ba re: “Lithaba li tla tloha le maralla a sisinyehe, empa le ka mohla setsoalle sa ka se ke ke sa tloha ho uena kapa hona hore selekane sa ka sa khotso se sisinyehe, ho bolela Jehova, mosireletsi oa hao ea lerato.” (Esa. 54:10, The Bible in Living English) Thapelo eo Jesu a ileng a e etsa bosiung ba ho qetela a phela lefatšeng, e bontša hore ruri Jehova ke ‘mosireletsi ea lerato.’ Ha Jesu a ne a rapella barutuoa ba hae, o ile a re: “Bona ba lefatšeng ’me ke tla ho uena. Ntate ea halalelang, ba lebele ka lebaka la lebitso la hao.” (Joh. 17:11, 14) Jehova o ’nile a lebela balateli ba Jesu a ba a ba sireletsa.

Tsela e ’ngoe eo Molimo a re sireletsang ka eona maqiting a Satane kajeno, ke ka ho re fa lijo tsa moea tse tlang ka nako tse lokisetsoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Ke habohlokoa hore re je lijo tseo tse matlafatsang e le hore re tle re ‘apare lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo.’ Ka mohlala, nahana ka “thebe e khōlō ea tumelo,” eo ka eona re khonang ho “tima metsu eohle e tukang ea ea khopo.” (Baef. 6:11, 16) Tumelo eo re e bontšang e re sireletsa linthong tse ka re ntšang kotsi moeeng ebile ke bopaki ba hore Ntate oa rōna o na le matla a ho re sireletsa.

Re ka utloisisa haholoanyane hore na Ntate oa rōna ea leholimong o lerato hakae ka hore re hlahlobisise kamoo Mora oa Molimo a ileng a itšoara kateng ha a ne a le lefatšeng. Hlokomela se tlalehiloeng ho Mareka 10:13-16. Lengolong leo ho qotsitsoe mantsoe ao Jesu a ileng a a bolella barutuoa ba hae ha a ne a re ho bona: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na.” Ha bana bao ba ntse ba bokana ho eena, Jesu o ile a ba kopa ka matsoho a ba a ba hlohonolofatsa. E tlameha ebe ba ile ba bobotheha hakaakang ke thabo! Ho phaella moo, kaha Jesu o ile a re: “Ea mponeng o bone le Ntate,” rea tseba hore Molimo oa ’nete o batla hore re atamele haufi le eena.—Joh. 14:9.

Jehova Molimo ke Mohloli oa lerato o sa feleng. Ke Mofani ea ke keng a lekanngoa le Mosireletsi ea ke keng a bapisoa, ea batlang hore re atamele ho eena. (Jak. 4:8) Kahoo, ha ho pelaelo hore Jehova ke Ntate ea molemo ka ho fetisisa eo re ka mo nahanang!

Ruri re Rua Molemo o Moholo!

Re rua molemo haholo ha re tšepa Jehova joaloka Ntate oa rōna ea lerato ea leholimong. (Liprov. 3:5, 6) Jesu o ile a rua molemo hobane o ne a tšepa Ntate oa hae ka ho feletseng. Kreste o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ha ke mong, empa Ntate ea nthomileng o na le ’na.” (Joh. 8:16) Kamehla Jesu o ne a kholisehile hore Jehova o ne a tla mo tšehetsa. Ka mohlala, ha a ne a kolobetsoa, ka lerato Ntate o ile a mo tiisetsa, a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Mat. 3:15-17) Ho feta moo, nakoana pele a e-shoa, Jesu o ile a hooa a re: “Ntate, ke beha moea oa ka matsohong a hao.” (Luka 23:46) Jesu o ne a ntse a tšepa Ntate oa hae ka matla joaloka pele.

Le rōna re ka etsa se tšoanang. Ha Jehova a le ka lehlakoreng la rōna, re ka tšoha’ng? (Pes. 118:6) Atsuko, eo ho builoeng ka eena qalong, o ne a tloaetse ho tšepa matla a hae ha a ne a thulana le mathata. Empa o ile a qala ho ithuta bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae, a tsepamisa mohopolo haholo kamanong e haufi eo Jesu a neng a e-na le eona le Ntate oa hae ea leholimong. Phello e ile ea e-ba efe? Atsuko o re: “Ke ile ka ithuta hore na ho bolela’ng ho ba le Ntate le ho itšetleha ka eena.” O phaella ka ho re: “Ke ile ka fumana khotso ea ’nete le thabo. Ka sebele, ha ho hlokahale hore re tšoenyehe ka letho.”

Ke melemo efe e meng eo re e ruang ha re nka Jehova joaloka Ntate oa rōna? Ka tloaelo bana ba rata batsoali ba bona ebile ba batla ho ba khahlisa. Ka lebaka la lerato, Mora oa Molimo ‘kamehla o ne a etsa lintho tse khahlisang Ntate oa hae.’ (Joh. 8:29) Ka ho tšoanang, lerato leo re ratang Ntate oa rōna ea leholimong ka lona, le ka re susumelletsa hore re etse lintho ka bohlale le hore re mo ‘rorise phatlalatsa.’—Mat. 11:25; Joh. 5:19.

Ntate oa Rōna o ‘Tšoere Matsoho a Rōna a Matona’

Ntate oa rōna ea leholimong o boetse o re fa “mothusi”—e leng moea oa hae o halalelang. Jesu o ile a re: “O tla le tataisetsa ’neteng eohle.” (Joh. 14:15-17; 16:12, 13) Moea o halalelang oa Molimo o ka re thusa hore re utloisise Ntate oa rōna haholo. O ka re thusa ho phethola “lintho tse metseng ka matla,” ke hore, likhopolo tseo re seng re ntse re e-na le tsona, maikutlo a fosahetseng, kapa pono e sothehileng, kahoo re “tlisa monahano o mong le o mong kholehong ho o etsa hore o mamele Kreste.” (2 Bakor. 10:4, 5) Ka lebaka leo, a re rapeleng Jehova hore a re fe “mothusi” ea tšepisitsoeng, re kholisehile hore “Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang . . . ho ba mo kōpang.” (Luka 11:13) Hape ho loketse hore re rapelle hore moea o halalelang o re thuse ho ba le kamano e haufi le Jehova.

Ngoana e monyenyane o ikutloa a sireletsehile a bile a sa tšabe letho ha ba tsamaea ba tšoarane ka matsoho le ntate oa hae. Haeba kannete u nka Jehova joaloka Ntate oa hao, u ka kholiseha ka mantsoe ana a khothatsang a reng: “’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’” (Esa. 41:13) U ka ba le tlotla ea bohlokoahali ea ho “tsamaea” le Molimo ka ho sa feleng. (Mik. 6:8) Tsoela pele u etsa thato ea hae, ’me u tla utloa lerato le thabo hammoho le tšireletseho tse tlisoang ke ho nka Jehova joaloka Ntate oa hao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Lebitso le fetotsoe.