Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Tokelo ea Ngoana ea Hore a Matlafatse Tumelo ea Hae”

“Tokelo ea Ngoana ea Hore a Matlafatse Tumelo ea Hae”

“Tokelo ea Ngoana ea Hore a Matlafatse Tumelo ea Hae”

KA LA 9 December, 2008, Mokhatlo oa Sweden o Sireletsang Litokelo Tsa Bana, o ile oa tšoara seboka se ikhethang sa sehlooho se reng, “Tokelo ea Ngoana ea Hore a Matlafatse Tumelo ea Hae.” Maikutlo a mangata a ile a hlahisoa ke libui tse neng li emela Kereke ea Sweden, likereke tse ling tsa Bokreste-’mōtoana, Boislamo le mokhatlo o buellang hore batho ba ka thaba ntle ho bolumeli.

Sebui se seng e ne e le moruti ea ileng a re: “Motho o haelloa ke mantsoe a ho hlalosa hore na litlaleho tsa Bibele ke tsa bohlokoa hakae tumelong ea bana.” Litlaleho tsa Bibele li thusa bana joang moeeng?

Moruti eo o ile a re: “Litemana tseo le litlaleho tseo, li fa bana boitsebiso boo ba ka nahanang ka bona ba ba ba thuisa ka bona ba le bang.” O ile a bua ka “tlaleho ea Adama le Eva, Kaine le Abele, Davida le Goliathe, tsoalo ea Jesu, ’mokelli oa lekhetho ea bitsoang Zakiase, papiso ea mora ea lehlasoa [le] ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani.” O ile a bolela hore tsena ke “tse ling tsa litlaleho tseo e leng mohlala o ka tataisang kelello [ea ngoana] litabeng tsa bohlokoa bophelong tse kang bolotsana, ho tšoarela, ketso ea tšoabo, lehloeo, boitšoaro bo hlephileng, puseletso, lerato la bara ba motho le lerato le se nang boithati.” O ile a phaella ka ho re: “Litemana tsena li fana ka mehlala ea seo motho a ka se nkang e le mohlala bophelong, seo a ka nkang khato ka sona [le] se ka mo hlalefisang.”

Ke ’nete hore ke ntho e ntle hore bana ba khothalletsoe hore ba bale Bibele. Leha ho le joalo, na kannete bana ba ka khona ho ‘nahana ba ba ba thuisa ba le bang’ ka seo ba se balang Mangolong, ba ba ba etsa liqeto tse nepahetseng?

Esita le batho ba baholo ho hlokahala hore ba hlalosetsoe litlaleho tse itseng tsa Mangolo. Ka mohlala, Bibele e re bolella ka monna e mong ea neng a sa khone ho utloisisa Mangolo ‘ha a nahana ka ’ona le ho thuisa ka ’ona a le mong.’ Monna eo e ne e le letona la Ethiopia. O ne a bala boprofeta ba Esaia empa o ne a sa utloisise hore na bo ne bo bolela’ng. Kaha o ne a batla ho utloisisa molaetsa oa moprofeta Esaia, o ile a ananela ha morutuoa Filipi a ne a mo hlalosetsa bona. (Lik. 8:26-40) Moethiopia eo hase eena feela ea neng a hloka ho thusoa hore a utloisise Mangolo. Kaofela ha rōna—haholo-holo bana—re hloka hore re hlalosetsoe litlaleho tsa Mangolo.

Bibele ea re lemosa e re: “Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana.” (Liprov. 22:15) Bana ba hloka keletso le tataiso, ’me batsoali ba bona ba na le boikarabelo ba ho ba ruta thuto e amanang le boitšoaro le tumelo e thehiloeng Bibeleng le ho se rutoang ka phuthehong ea Bokreste. Bana ba na le tokelo ea hore ba fumane koetliso e joalo. Ho tloha ba sa le banyenyane, ho hlokahala hore ba thusoe hore ba be le motheo o tiileng oa Bibele e le hore ba ka matlafala tumelong ’me ea e-ba “batho ba hōlileng ka ho feletseng, . . . bao ka tšebeliso, matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”—Baheb. 5:14.