Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsoelang Pele Tseleng e Molemo ka ho Fetisisa ea Bophelo!

Tsoelang Pele Tseleng e Molemo ka ho Fetisisa ea Bophelo!

Tsoelang Pele Tseleng e Molemo ka ho Fetisisa ea Bophelo!

“Haeba re phela le haeba re shoa, re ba Jehova.”—BAR. 14:8.

1. Jesu o ile a ruta eng ka tsela e molemo ka ho fetisisa ea bophelo?

JEHOVA o batla hore re phele ka tsela e molemo ka ho fetisisa. Batho ba ka phela ka litsela tse fapa-fapaneng, empa ke tsela e le ’ngoe feela e molemo ka ho fetisisa. Ha ho letho le molemo leo re ka le etsang ka bophelo ba rōna ntle le hore re phele tumellanong le Lentsoe la Molimo re be re ithute ho Mora oa hae, e leng Jesu Kreste. Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele Molimo ka moea le ka ’nete, a ba a ba laela hore ba etse barutuoa. (Mat. 28:19, 20; Joh. 4:24) Ha re phela ka litaelo tsa Jesu, re thabisa Jehova ’me Eena oa re hlohonolofatsa.

2. Batho ba bangata ba ile ba etsa joang ha ba utloa molaetsa oa ’Muso lekholong la pele la lilemo, hona ho ba setho sa “Tsela” ho ne ho bolela’ng?

2 Ha batho ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” e e-ba balumeli ’me ba kolobetsoa, re na le mabaka a utloahalang a hore re re ho bona, “Tsoelang pele tseleng e molemo ka ho fetisisa ea bophelo!” (Lik. 13:48) Lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng, batho ba likete ba tsoang linaheng tse fapa-fapaneng ba ile ba amohela ’nete eaba baa kolobetsoa e le hore ba bontše phatlalatsa hore ba inehetse ho Molimo. (Lik. 2:41) Barutuoa bao ba pele e ne e le litho tsa se neng se bitsoa “Tsela.” (Lik. 9:2; 19:23) Lentsoe lena le ne le loketse hobane batho bao e ileng ea e-ba balateli ba Kreste ba ile ba khomarela mokhoa oa bophelo oo mokokotlo oa oona e neng e le ho lumela ho Jesu Kreste le ho etsisa mohlala oa hae.—1 Pet. 2:21.

3. Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba kolobetsoa, ’me lilemong tse fetileng tse leshome ho kolobelitsoe ba bakae?

3 Mosebetsi oa ho etsa barutuoa oa akofa matsatsing ana a ho qetela ’me hona joale o etsoa linaheng tse fetang 230. Lilemong tse leshome tse fetileng, batho ba fetang 2 700 000 ba entse qeto ea ho sebeletsa Jehova le ea ho kolobetsoa e le hore ba bontše hore ba inehetse ho eena. Palo ena e etsa karolelano ea batho ba 5 000 ba kolobetsoang beke ka ’ngoe! Lerato leo motho a ratang Molimo ka lona, tsela eo a tsebang Mangolo ka eona le tumelo ea hae ho seo a se rutang, ke tsona tse mo susumelletsang hore a kolobetsoe. Kolobetso ke karolo ea bohlokoa ea bophelo ba rōna, hobane e tšoaea qalo ea ho ba le kamano e haufi le Jehova. E boetse ke pontšo ea hore re kholisehile hore o tla re thusa hore re mo sebeletse ka botšepehi, feela joalokaha a ile a thusa bahlanka ba hae ba boholo-holo hore ba tsamaee tseleng ea hae.—Esa. 30:21.

U Kolobetsoa ka Lebaka Lefe?

4, 5. Bolela mahlohonolo le melemo e meng eo re e fumanang ha re kolobetsoa.

4 Mohlomong u ithutile ka Molimo, u fetotse bophelo ba hao ’me hona joale u mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Tsoelo-pele eo ea babatseha. Empa na u se u inehetse ho Molimo ka thapelo, hona na u lebeletse ho kolobetsoa? Ho ea ka seo u ithutileng sona Bibeleng, mohlomong hona joale ua tseba hore bophelo ba hao bo lokela ho tsepamisoa tabeng ea ho rorisa Jehova, eseng feela tabeng ea ho ikhahlisa kapa ea ho fumana matlotlo. (Bala Pesaleme ea 148:11-13; Luka 12:15) Kahoo, ha re kolobetsoa re tla fumana mahlohonolo le melemo efe e meng?

5 Ha u se u le Mokreste ea inehetseng, bophelo ba hao bo tla ba le morero o moholo ka ho fetisisa. U tla thaba hobane u tla be u etsa thato ea Molimo. (Bar. 12:1, 2) Moea o halalelang oa Jehova o tla hlahisa ka ho uena makhabane a khahlisang Molimo a kang khotso le tumelo. (Bagal. 5:22, 23) Molimo o tla araba lithapelo tsa hao a be a hlohonolofatse boiteko boo u bo etsang ba hore bophelo ba hao bo lumellane le Lentsoe la hae. Boboleli bo tla u natefela, ’me ho phela ka tsela eo Molimo a e amohelang ho tla matlafatsa tšepo eo u nang le eona ea bophelo bo sa feleng. Ho feta moo, ho inehela le ho kolobetsoa ho tla bontša hore u hlile u batla ho ba Paki ea Jehova.—Esa. 43:10-12.

6. Ho kolobetsoa ha rōna ke pontšo ea eng?

6 Ha re inehela ho Molimo re bile re kolobetsoa, re bolela phatlalatsa hore re ba Jehova. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ha e le hantle, ho rōna ha ho ea iphelelang, ’me ha ho le ea mong ea ichoellang; kaha haeba re phela, re phela ho hlompha Jehova, ’me haeba re shoa, re shoa ho hlompha Jehova. Ka hona, haeba re phela le haeba re shoa, re ba Jehova.” (Bar. 14:7, 8) Molimo o re tlotlile ka hore a re fe bolokolohi ba ho ikhethela. Ha re etsa qeto e tiileng ea ho phehella tsela ena ea bophelo hobane re rata Molimo, re thabisa pelo ea hae. (Liprov. 27:11) Ho kolobetsoa ha rōna ke pontšo ea hore re inehetse ho Molimo ebile ke polelo ea phatlalatsa ea hore Jehova ke ’Musi oa rōna. Ke pontšo ea hore re ema le eena tsekong ea bobusi ba bokahohle. (Lik. 5:29, 32) Jehova le eena o ema le rōna. (Bala Pesaleme ea 118:6.) Ho kolobetsoa ho boetse ho re bulela tsela ea ho fumana mahlohonolo a mang a mangata a moea hona joale le nakong e tlang.

Ba Hlohonolofalitsoe ka Mokhatlo oa Bara ba Motho o Lerato

7-9. (a) Jesu o ile a tiisetsa ba siileng lintho tsohle eaba baa mo latela eng? (b) Tšepiso ea Jesu e tlalehiloeng ho Mareka 10:29, 30 e phethahala joang?

7 Moapostola Petrose o ile a re ho Jesu: “Bona! Re siile lintho tsohle ’me ra u latela; re tla fumana eng?” (Mat. 19:27) Petrose o ne a batla ho tseba hore na nakong e tlang ho tla etsahala joang ka eena le barutuoa ba bang ba Jesu. E le hore ba inehele ka ho feletseng mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso, ba ne ba entse boitelo bo boholo. (Mat. 4:18-22) Jesu o ile a ba tiisetsa eng?

8 Ho ea ka tlaleho e tšoanang ea Mareka, Jesu o ile a bontša hore barutuoa ba hae e ne e tla ba karolo ea mokhatlo oa bara ba motho oa moea. O ile a re: “Ha ho ea siileng ntlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ’mè kapa ntate kapa bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la litaba tse molemo ea ke keng a fumana halekholo hona joale nakong ena, matlo le barab’abo le baralib’abo le bo-’mè le bana le masimo, hammoho le mahloriso, ’me tsamaisong ea lintho e tlang a fumane bophelo bo sa feleng.” (Mar. 10:29, 30) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ba kang Lydia, Akuila, Prisilla le Gaiase, ke ba bang ba ba ileng ba bula “matlo” a bona ’me ea e-ba ‘bo-’mè le bara le baralib’abo’ balumeli-’moho le bona, joalokaha Jesu a ne a tšepisitse.—Lik. 16:14, 15; 18:2-4; 3 Joh. 1, 5-8.

9 Seo Jesu a ileng a se bua se phethahala haholo kajeno. “Masimo” ao balateli ba hae ba a sieang ke lintho tsa ho phela tseo ba bangata, ba akarelletsang baromuoa, litho tsa lelapa la Bethele, basebeletsi ba machaba le ba bang, ba li telang ka boithatelo e le hore ba ntšetse pele mosebetsi oa ’Muso linaheng tse fapa-fapaneng. Bara le barali babo rōna ba bangata ba siile mahae a bona e le hore ba nolofatse bophelo ba bona, ’me rea thaba ha re utloa liphihlelo tsa bona tse bontšang kamoo Jehova a ba hlokometseng kateng le kamoo tšebeletso eo ba mo etsetsang eona e ba thabisitseng kateng. (Lik. 20:35) Ho feta moo, bahlanka bohle ba Jehova ba kolobelitsoeng ba ka thabela tlhohonolofatso ea hore ebe ba ‘batla ’muso le ho loka ha Molimo pele’ e le karolo ea mokhatlo oa bara ba motho oa Bakreste oa lefatšeng ka bophara.—Mat. 6:33.

Ba Sireletseha “Sebakeng se Sephiring”

10, 11. ‘Sebaka se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa’ ke eng, hona re ka kena ho sona joang?

10 Boinehelo le kolobetso li fella ka tlhohonolofatso e ’ngoe e khōlō—e leng tlotla ea ho lula “sebakeng se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa.” (Bala Pesaleme ea 91:1.) Sena ke setšabelo sa tšoantšetso—ke boemo ba ho sireletsoa likotsing tsa moea. Ke ‘sebaka se sephiring’ hobane batho ba sa boneng lintho ka tsela eo Molimo a li bonang ka eona le ba sa mo tšepeng ha ba se tsebe. Ha re phelela boinehelo ba rōna re bile re bontša hore re tšepa Jehova ka botlalo, re hlile re re ho eena: “U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka, eo ke tla mo tšepa.” (Pes. 91:2) Jehova Molimo e ba sebaka sa rōna sa bolulo se sireletsehileng. (Pes. 91:9) Ebe ke sebaka sefe se ka sireletsehang ho feta seo?

11 Ho kena “sebakeng se sephiring” sa Jehova ho boetse ho bolela hore re hlohonolofalitsoe ka tlotla ea hore ebe re na le kamano e haufi le eena. Sena se qala ka ho inehela le ho kolobetsoa. Ka mor’a moo, re ntlafatsa kamano ea rōna le Molimo ka ho atamela ho eena ka hore re ithute Bibele, re rapele ho tloha botebong ba pelo re be re mo mamele ka ho feletseng. (Jak. 4:8) Ha ho ea kileng a ba haufi le Jehova ho feta Jesu, eo tšepo ea hae ho ’Mōpi ho seng mohla e kileng ea thekesela. (Joh. 8:29) Kahoo, le ka mohla re se ke ra ba le khoao ka Jehova kapa ka takatso ea hae le bokhoni ba hae ba ho re thusa hore re phethahatse kano ea boinehelo ba rōna. (Moek. 5:4) Litokisetso tsa borapeli tseo Molimo a li etselitseng batho ba hae ke bopaki bo ke keng ba latoloa ba hore o re rata e le kannete ebile o batla hore re mo sebeletse ka katleho.

Nka Paradeise ea Rōna ea Moea e le ea Bohlokoa

12, 13. (a) Paradeise ea moea ke eng? (b) Re ka ’na ra khona ho thusa ba bacha joang?

12 Boinehelo le kolobetso li boetse li re bulela monyetla oa ho lula paradeiseng ea moea e molemo. Ke tikoloho e ikhethang ea moea eo re leng ho eona le balumeli-’moho le rōna, ba nang le khotso le Jehova Molimo ba bile ba phelisana ka khotso. (Pes. 29:11; Esa. 54:13) Lefatše ha le na letho le ka bapisoang ka nepo le paradeise ea rōna ea moea. Sena se totobala ka ho khethehileng likopanong tsa machaba, moo bara le barali babo rōna ba lichaba le lipuo tse ngata hammoho le merabe e mengata ba bokanang hammoho moo ho renang khotso, bonngoe le lerato la bara ba motho.

13 Paradeise ea moea eo re leng ho eona, e fapana kahohle-hohle le maemo a kajeno a lefatše a utloisang bohloko. (Bala Esaia 65:13, 14.) Ha re bolela molaetsa oa ’Muso, re na le tlotla ea ho mema ba bang hore le bona ba kene paradeiseng ena ea moea. E boetse ke tlotla ho thusa ba sa tsoa kopanela le phutheho ’me ba ka rua molemo oa hore ba koetlisetsoe boboleli. Haeba baholo ba fana ka tataiso ea hore re thuse batho ba itseng ba bacha, re ka ’na ra hlohonolofatsoa ka tlotla ea hore re ba thuse, feela joalokaha Akuila le Prisilla ba ile ‘ba qaqisetsa Apolose tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane.’—Lik. 18:24-26.

U ’ne U Ithute ho Jesu

14, 15. Re na le mabaka afe a utloahalang a hore re ’ne re ithute ho Jesu?

14 Re na le mabaka a utloahalang a hore re ’ne re ithute ho Jesu. Pele Jesu a tla lefatšeng, o ile a nka lilemo tse likete-kete a sebetsa le Ntate oa hae. (Liprov. 8:22, 30) O ne a tseba hore tsela e molemo ka ho fetisisa ea bophelo ke ho sebeletsa Molimo le ho pakela ’nete. (Joh. 18:37) Ho ne ho hlakile ho Jesu hore tsela e ’ngoe ea bophelo e ne e tla ba ea boithati le ea booatla. O ne a tseba hore o ne a tla lekoa haholo a be a bolaoe. (Mat. 20:18, 19; Baheb. 4:15) Kaha ke Mohlala oa rōna, o ile a re ruta hore na re ka lula re tšepahala joang.

15 Nakoana ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, Satane o ile a mo leka hore a tlohele tsela e molemo ka ho fetisisa ea bophelo—empa ha aa ka a atleha. (Mat. 4:1-11) Sena se re ruta hore ho sa tsotellehe seo Satane a se etsang, re ka lula re tšepahala. Ho hlakile hore o tla shebana haholo-holo le ba haufi le ho kolobetsoa le ba sa tsoa kolobetsoa. (1 Pet. 5:8) Motho a ka ’na a hanyetsoa ke beng ka eena ba filoeng letsoho ka ntle ka Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, liteko tse joalo li re fa menyetla ea ho bontša makhabane a Bokreste, a kang tlhompho le masene, ha re araba lipotso le ha re fana ka bopaki. (1 Pet. 3:15) Kahoo, liketsahalo tsena li ka thusa ba re mamelang.—1 Tim. 4:16.

Lula Tseleng e Molemo ka ho Fetisisa ea Bophelo!

16, 17. (a) Ke lintho life tse tharo tsa sehlooho tse fumanoang ho Deuteronoma 30:19, 20, tse hlokahalang hore motho a phele? (b) Jesu, Johanne le Pauluse ba ile ba tšehetsa seo Moshe a se ngotseng joang?

16 Lilemo tse 1 500 pele Jesu a tla lefatšeng, Moshe o ile a eletsa Baiseraele hore ba khethe tsela e neng e le molemo ka ho fetisisa ea bophelo nakong eo. O ile a re: “Ke nka maholimo le lefatše e le lipaki khahlanong le lōna, hore ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna, tlhohonolofatso le thohako; le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela, lōna le bana ba lōna, ka hore le rate Jehova Molimo oa lōna, le mamele lentsoe la hae ’me le mo khomarele.” (Deut. 30:19, 20) Baiseraele ha baa ka ba tšepahala ho Molimo, empa lintho tse tharo tsa sehlooho tse hlokahalang hore motho a tle a phele, tseo Moshe a ileng a li bolela, ha lia fetoha. Li ile tsa boela tsa phetoa ke Jesu le ba bang.

17 Ea pele, ‘re lokela ho rata Jehova Molimo oa rōna.’ Re bontša hore re rata Molimo ka ho etsa lintho tse lumellanang le litsela tsa hae tse lokileng. (Mat. 22:37) Ea bobeli, ‘re lokela ho mamela lentsoe la Jehova’ ka ho ithuta Lentsoe la Molimo le ka ho mamela litaelo tsa hae. (1 Joh. 5:3) Sena se hloka hore re be teng kamehla libokeng tsa Bokreste, moo ho tšohloang Bibele. (Baheb. 10:23-25) Ea boraro, ‘re lokela ho khomarela Jehova.’ Ho sa tsotellehe seo re lokelang ho thulana le sona, kamehla re ke re bontše tumelo ho Molimo ’me re latele Mora oa hae.—2 Bakor. 4:16-18.

18. (a) Molula-Qhooa o ile oa hlalosa ’nete joang ka 1914? (b) Re lokela ho ikutloa joang ka leseli la ’nete kajeno?

18 Ke tlotla e kaakang ho phela ka ’nete ea Bibele! Ka 1914, ho ile ha phatlalatsoa polelo ena ea bohlokoa Molula-Qhooeng: “Na ha re batho ba hlohonolofalitsoeng, ba thabileng? Na Molimo oa rōna hase ea tšepahalang? Haeba mang kapa mang a tseba ho hong ho molemonyana, a ke a ho sebelise. Haeba bafe kapa bafe ho lōna ba ka fumana ho hong ho molemonyana, re tšepa hore le tla re bolella. Ha re tsebe letho le molemonyana kapa esita le eona halofo feela ea se molemo seo re se fumaneng Lentsoeng la Molimo. . . . Ha ho leleme kapa pene tse ka hlalosang khotso, thabo le tlhohonolofatso tseo tsebo e hlakileng ea Molimo oa ’nete li li tlisitseng lipelong tsa rōna le bophelong ba rōna. Tlaleho ea Bohlale, Toka, Matla le Lerato la Molimo e khotsofatsa ka ho feletseng litakatso tsa likelello le lipelo tsa rōna. Ha re batle ho fetang hoo. Ha ho letho le eketsehileng le ka lakatsoang ho feta ho etsa hore Tlaleho ena e hlollang e be e hlakileng haholoanyane likelellong tsa rōna.” (Molula-Qhooa [oa Senyesemane] oa December 15, 1914, leqepheng la 377-378) Tsela eo re ananelang leseli la moea le ’nete ka eona ha ea fetoha. Ka sebele, hona joale re na le lebaka le leholo le ho feta la ho thabela hore ebe re ‘tsamaea leseling la Jehova.’—Esa. 2:5; Pes. 43:3; Liprov. 4:18.

19. Ke hobane’ng ha ba tšoanelehang hore ba kolobetsoe ba lokela ho nka bohato boo ka potlako?

19 Haeba u batla ho ‘tsamaea leseling la Jehova’ empa u e-s’o be Mokreste ea inehetseng ea bileng a kolobelitsoeng, u se ke ua lieha. Etsa eng kapa eng e hlokahalang hore u finyelle seo Bibele e reng sea hlokahala e le hore motho a kolobetsoe—e leng tsela e ikhethang ea ho bontša hore re leboha Molimo le Kreste ka seo ba re etselitseng sona. U fe Jehova letlotlo la hao la bohlokoa ka ho fetisisa, e leng bophelo ba hao. Bontša hore u ikemiselitse ho etsa thato ea Molimo ka hore u latele Mora oa hae. (2 Bakor. 5:14, 15) Ha ho pelaelo hore eo ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea bophelo!

U ka Araba Joang?

• Ho kolobetsoa ha rōna ho bontša eng?

• Ho inehela ho Molimo le ho kolobetsoa ho fella ka litlhohonolofatso life?

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale hore re ithute ho Jesu?

• Ke eng e tla re thusa hore re khomarele tsela e molemo ka ho fetisisa ea bophelo?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ho kolobetsoa ha hao ho bontša hore u khethile tsela e molemo ka ho fetisisa ea bophelo

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Na u sireletsehile “sebakeng se sephiring”?