Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U E-na le “Pelo e Hloekileng” Linakong Tsena Tse Mahlonoko

Lula U E-na le “Pelo e Hloekileng” Linakong Tsena Tse Mahlonoko

Lula U E-na le “Pelo e Hloekileng” Linakong Tsena Tse Mahlonoko

“HA HO motho ea ka latolang hore Kereke e na le bothata tabeng ea boitšoaro bo hloekileng kajeno.” Motlalehi oa litaba tsa Kereke e K’hatholike ea bitsoang Vittorio Messori, o ile a bua mantsoe ao mabapi le boitšoaro bo hlabisang lihlong ba ho kopanela liphate, boo Kereke e ’nileng ea ameha ho bona morao tjena Italy. “Bo ke ke ba lokisoa ka hore ho felisoe molao oa hore baruti ba se ke ba nyala, kaha liketsahalo tse 80 ho tse 100 li ama banna ba robalang le banna—e leng baprista ba khelohileng ba hlekefetsang banna kapa bashanyana ka ho kopanela liphate.”—La Stampa.

Ha ho pelaelo hore bokhopo bo seng bo jele setsi ke pontšo ea ‘matsatsi ana a ho qetela’ a tsamaiso ea lintho ea hona joale. (2 Tim. 3:1-5) Kamoo litlaleho tsa litaba li bontšang kateng, boitšoaro bo bolileng bo bakoang ke seo, ha bo na tšusumetso e mpe ho batho ka kakaretso feela empa bo na le tšusumetso e mpe le ho ba ipitsang hore ke banna ba Molimo. Lipelo tsa bona tse senyehileng le tse sa hloekang li ba susumelletsa hore ba etse liketso tse litšila. (Baef. 2:2) Ka lebaka le utloahalang, Jesu o ile a lemosa hore “pelong ho tsoa menahano e khopo, lipolao, bofebe, bohlola, bosholu, bopaki ba bohata, linyefolo.” (Mat. 15:19) Leha ho le joalo, Jehova Molimo o batla hore bahlanka ba hae ba rate “pelo e hloekileng.” (Liprov. 22:11) Kahoo, Mokreste a ka lula a e-na le pelo e hloekileng joang linakong tsee tse mahlonoko?

Ho ba le “Pelo e Hloekileng” ho Bolela’ng?

Hangata ka Bibeleng, “pelo” e sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso. Ho ea ka dikishinari e ’ngoe, lentsoe la Bibele le sebelisitsoeng bakeng sa pelo le bolela “motho botebong ba hae” ’me “ke karolo eo Molimo a e nkang e le ea bohlokoa, eo kamano ea motho le Molimo e thehoang ho eona le e laolang boitšoaro.” Pelo e emela seo re hlileng re leng sona ka hare. Joalokaha dikishinari e qotsitsoeng ka holimo e bontša, ke sona seo Jehova a se hlahlobang le seo a se ananelang ho bahlanka ba hae.—1 Pet. 3:4.

Ka Bibeleng, lentsoe “hloekile” le ka bolela ho hloeka nameng. Empa lentsoe lena le boetse le sebelisetsoa lintho tse sa silafalang—tse sa tsoakoang, tse seng litšila kapa tse sa senyehang—litabeng tsa boitšoaro le tsa bolumeli. Thutong ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Ho thaba ba lipelo li hloekileng.” Ha e le hantle, o ne a bua ka batho ba hloekileng ka hare. (Mat. 5:8) Lintho tseo ba li ratang, tseo ba li lakatsang le tse ba susumetsang li hloekile. Kaha ba susumetsoa ke lerato le kananelo, ba rata Jehova ka lipelo tsa bona tsohle, ka tieo, ntle ho boikaketsi. (Luka 10:27) Na le uena ha u batle ho hloeka ka tsela eo?

Ha ho Bonolo ho Lula re E-na le “Pelo e Hloekileng”

Mohlanka oa Jehova ha aa lokela feela hore ‘matsoho a hae a hloke molato’ empa hape o lokela hore ‘pelo ea hae e be e hloekileng.’ (Pes. 24:3, 4) Leha ho le joalo, kajeno ho thata ka ho fetisisa hore bahlanka ba Molimo ba lule ba e-na le “pelo e hloekileng.” Satane le lefatše leo a le busang, hammoho le ho se phethahale ha rōna, ba re hatella ka matla hore re suthele hōle le Jehova. E le hore re hlōle khatello ena, ke habohlokoa haholo hore re rate “pelo e hloekileng” re be re loanele ho lula re e-na le eona. Sena se tla re sireletsa se be se re thuse hore re tsoele pele re le metsoalle ea Molimo. Re ka lula re e-na le pelo e hloekileng joang?

Ho Baheberu 3:12 re fumana temoso ena: “Hlokomelang, barab’eso, esere le ka mohla mang kapa mang oa lōna a ba le pelo e khopo e hlokang tumelo ka ho suthela hōle le Molimo ea phelang.” Re ke ke ra lula re e-na le “pelo e hloekileng” haeba re e-ba le pelo “e hlokang tumelo.” Satane Diabolose o jetse maikutlo afe e le hore a senye tumelo ea rōna ho Molimo? Maikutlo ao a akarelletsa khopolo ea hore lintho li iphetotse le ea hore litaba tsa boitšoaro le tsa bolumeli li itšetlehile ka motho ka mong, le ho se kholoe hore Mangolo a Halalelang a bululetsoe ke Molimo. Ha rea lokela ho itumella hore re susumetsoe ke khopolo e joalo e kotsi. (Bakol. 2:8) Ho bala Bibele letsatsi le letsatsi le ho thuisa ka matla, ke lintho tse ka sehloohong tse ka re sireletsang litlhaselong tsena. Tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo e tla matlafatsa lerato leo re ratang Jehova ka lona e be e etse hore re ananele tsela eo a sebelisanang le batho ka eona. Re hloka lerato le joalo le kananelo e joalo haeba re batla ho hlōla menahano ea bohata ’me re lule re e-na le tumelo e matla ho Jehova e le hore re ka lula re e-na le pelo e hloekileng.—1 Tim. 1:3-5.

Ha re Loana le Litakatso Tsa Nama

Bothata bo bong boo re ka ’nang ra loana le bona ha re leka ho lula re e-na le “pelo e hloekileng” bo akarelletsa litakatso tsa nama le tsa ho rata lintho tse bonahalang. (1 Joh. 2:15, 16) Lerato la chelete kapa takatso ea ho bokella maruo le lintho tse bonahalang le ka silafatsa pelo, ’me la etsa hore Mokreste a etse lintho tse khahlanong le thato ea Molimo. Batho ba ’maloa e bile ba sa tšepahaleng mosebetsing, ba qhekeletse ba bang kapa ba ba ba utsoa chelete kapa lintho tseo e seng tsa bona.—1 Tim. 6:9, 10.

Ka lehlakoreng le leng, ha re tšaba ho halefisa Jehova, re rata toka ’me re ikemiselitse ho lula re e-na le letsoalo le letle, re bontša hore re rata “pelo e hloekileng.” Lerato leo le re susumelletsa ho “itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheb. 13:18) Ha re etsa lintho tse nepahetseng, botšepehi bo ka fella ka hore re fane ka bopaki bo botle. Emilio, e leng Paki ea Motaliana e khannang libese, o ile a thola sepache se nang le li-euro tse 470 (R5 100). Basebetsi-’moho le eena ba ile ba makala ha a ne a isa sepache seo ho mookameli oa hae, eo hamorao a ileng a se khutlisetsa ho mong’a sona. Batho ba bang ba sebetsang le Emilio ba ile ba khahloa haholo ke boitšoaro ba hae hoo ba ileng ba thahasella Bibele ba ba ba qala ho ithuta. Ka lebaka la seo, batho ba supileng ba tsoang malapeng a mabeli ba amohetse ’nete. Ka sebele, ha re itšoara ka botšepehi re e-na le pelo e hloekileng, sena se ka susumelletsa ba bang hore ba rorise Molimo.—Tite 2:10.

Ntho e ’ngoe e ka etsang hore pelo ea Mokreste e se ke ea hloeka, ke ho ba le maikutlo a fosahetseng le a silafetseng ka ho kopanela liphate. Taba ea hore ebe batho ba bangata ba nka hore ho kopanela liphate pele ho lenyalo, ho ba le nyatsi le ho ratana le batho ba bong bo tšoanang ke lintho tse tloaelehileng, e ka silafatsa pelo ea Mokreste. Motho ea inehellang boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, a ka ’na a phela bophelo ba boikaketsi, a pata sebe sa hae. Ruri ho etsa joalo ho ne ho ke ke ha bontša hore motho o na le “pelo e hloekileng.”

Gabriele o ile a kolobetsoa ha a le lilemo li 15, a ba a qala ho bula maliboho hang-hang. Leha ho le joalo, hamorao o ile a qala ho qeta nako a e-na le metsoalle e mebe libakeng tsa li-nightclub. (Pes. 26:4) Ena e ile ea e-ba qaleho ea bophelo bo litšila le ba boikaketsi, ’me o ile a tlameha ho khaoloa phuthehong ea Bokreste. Ho khalemeloa ke Jehova ka tsela eo ho ile ha etsa hore a nahane ka ho teba. Gabriele o re: “Ke ile ka qala ho etsa lintho tsohle tseo ho neng ho se mohla ke li nkelang hloohong. Ke ile ka bala Bibele letsatsi le leng le le leng, ke leka ho utloisisa seo Jehova a neng a hlile a se bua, ka ba ka ithuta lingoliloeng tsa puso ea Molimo ka hloko. Ke ile ka bona hore na thuto ea botho e ka tsoela motho molemo eaba ea mo khotsofatsa hakae le hore na ho bala Bibele le ho rapela ka tieo ho ka matlafatsa motho hakaakang.” Sena se ile sa thusa Gabriele hore a tlohele boitšoaro ba hae bo litšila le hore a tsosolose kamano ea hae le Jehova.

Hona joale Gabriele o boetse o sebeletsa e le pula-maliboho hammoho le mosali hae. Se mo etsahalletseng se tiisa hore na ho ithuta Bibele le lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho ka thusa motho hakae hore a be le pelo e hloekileng ’me a hane boitšoaro bo bobe.—Mat. 24:45; Pes. 143:10.

Ho ba le “Pelo e Hloekileng” ha Motho a Thulana le Liteko

Bahlanka ba bang ba Molimo ba ’nile ba nyahama ka lebaka la ho hatelloa ke bahanyetsi, mathata a moruo le ho kula haholo. Ka linako tse ling, lipelo tsa bona le tsona li ’nile tsa ameha hampe. Esita le Morena Davida o ile a etsahalloa ke seo, ’me o ile a re: “Moea oa ka oa tepella ka hare ho ’na; pelo ea ka e iponahatsa e feletsoe ke matla ka hare ho ’na.” (Pes. 143:4) O ile a thusoa ke eng linakong tse thata joalo? Davida o ile a hopola tsela eo Molimo a ileng a sebetsana le bahlanka ba Hae ka eona le kamoo eena ka boeena a ’nileng a lopolloa kateng. O ile a nahanisisa ka seo Jehova a neng a se entse molemong oa lebitso la Hae le leholo. Davida o ile a lula a tšoarehile ka mesebetsi ea Molimo. (Pes. 143:5) Ka tsela e tšoanang, ho nahanisisa ka ’Mōpi oa rōna le ka sohle seo a re etselitseng sona le seo a ntseng a tsoela pele ho re etsetsa sona, ho tla re thusa leha re thulana le liteko.

Ha ho e-na le motho ea re sitetsoeng kapa re nahana hore o re sitetsoe, re ka ’na ra halefa. Haeba re lula re nahana ka ketsahalo eo, ho ka etsa hore re be le maikutlo a mabe ka barab’abo rōna. Re ka ’na ra itšehla thajana eaba ha re tsotelle ba bang. Leha ho le joalo, na ha re etsa joalo re tla be re lumellana le takatso ea rōna ea ho ba le “pelo e hloekileng”? Ho hlakile hore haeba re ikemiselitse ho ba le pelo e joalo, sena se tla ama tsela eo re sebelisanang ka eona le barab’abo rōna ba Bakreste le tsela eo re itšoarang ka eona ha re qabane.

Lefatšeng lena le ntseng le silafala ho ea pele le leo boitšoaro ba lona bo ntseng bo hlepha ho ea pele, rōna Bakreste ba ’nete rea ikhetha hobane re rata “pelo e hloekileng.” Bophelo ba rōna boa ntlafala ha re ntse re e-ba le khotso ea kelello e tlisoang ke ho etsa thato ea Molimo. Ho feta tsohle, re ba le botsoalle bo haufi haholo le ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, ea ratang ba “lipelo li hloekileng.” (Pes. 73:1) Ha ho pelaelo hore re ka akarelletsoa har’a ba tla thaba hobane, joalokaha Jesu a tšepisitse, “ba tla bona Molimo,” ha A nka khato molemong oa ba ratang “pelo e hloekileng.”—Mat. 5:8.