Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mareka—‘O na le Thuso Bakeng sa ho Sebeletsa’

Mareka—‘O na le Thuso Bakeng sa ho Sebeletsa’

Mareka​—‘O na le Thuso Bakeng sa ho Sebeletsa’

PHUTHEHO ea Antioke e ne e bone mathata a itseng, empa qabang ea moapostola Pauluse le moapostola Barnabase e ne e le ea mofuta oa eona. Banna bana ba ne ba lokisetsa leeto la boromuoa; leha ho le joalo, tabeng ea hore na ke mang ea neng a tla tsamaea le bona leetong lena, ho ile ha e-ba “le ho phatloha ho hoholo ka bohale” pakeng tsa bona. (Lik. 15:39) Banna bana ba babeli ba ile ba arohana eaba e mong le e mong o ikela ka tsela ea hae. Qabang ea bona e ne e ama moromuoa oa boraro—e leng Mareka.

Mareka e ne e le mang? Ke eng e ileng ea etsa hore baapostola ba babeli ba ngangisane ka eena? Ke hobane’ng ha maikutlo a bona a ile a phahama hakaalo? Na ho na le mohla maikutlo ao a ileng a fetoha? Hona u ka ithuta’ng tabeng ea Mareka?

Ha Habo Jerusalema

Mareka, eo ho bonahalang a ne a tsoa lelapeng la Bajuda ba ikhonang, o ne a hōletse Jerusalema. Lekhetlo la pele leo re utloang a boleloa ka lona ka ho toba, ke moo ho buuoang ka histori ea phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo. Hoo e ka bang ka 44 C.E., ha lengeloi la Jehova le ne le lokolla moapostola Petrose ka mohlolo chankaneng ea Heroda Agripa I, Petrose o ile a leba “ntlong ea Maria ’mè oa Johanne ea neng a boetse a rehiloe Mareka, moo ba bangata ba neng ba bokane ’me ba rapela.”—Lik. 12:1-12. *

Kahoo, ho bonahala eka liboka tsa phutheho ea Jerusalema li ne li tšoareloa ntlong ea ’mè oa Mareka. Taba ea hore ebe “ba bangata” ba ne ba bokane moo, e fana ka maikutlo a hore ntlo eo e ne e le khōlō. Maria o ne a e-na le lekhabunyane le bitsoang Roda, le ileng la ea bulela Petrose ha a ne a kokota ‘monyakong oa tsela ea heke.’ Lintlha tsena li bontša hore Maria e ne e hlile e le mosali ea ikhonang. Ho boetse ho boleloa hore ntlo e ne e le ea hae ho e-na le hore ho thoe e ne e le ea monna oa hae, kahoo ho ka etsahala hore ebe e ne e le mohlolohali le hore Mareka o ne a sa le monyenyane haholo.—Lik. 12:13.

Ho ka etsahala hore ebe Mareka o ne a le har’a ba neng ba bokane ’me ba rapela. E tlameha ebe o ne a tseba baapostola ba Jesu hantle le ba bang ba neng ba bone liketsahalo tsa tšebeletso ea Jesu. Ha e le hantle, e ka ’na eaba Mareka ke eena mohlankana ea neng a apere habobebe ea ileng a leka ho latela Jesu ha A ne a qeta ho tšoaroa, empa a baleha ha ba leka ho mo tšoara.—Mar. 14:51, 52.

Boikarabelo ka Phuthehong

Ha ho pelaelo hore Mareka o ile a fumana tšusumetso e ntle ka ho tloaelana le Bakreste ba butsoitseng. O ile a hōla moeeng a ba a khahla barab’abo rōna ba neng ba ikarabella. Hoo e ka bang ka 46 C.E., ha Pauluse le Barnabase ba ne ba isitse “tšebeletso ea lithuso” e neng e tsoa Antioke e e-ea Jerusalema ho ea loantša tlala ea sekoboto, ba ile ba khahloa ke Mareka. Ha Pauluse le Barnabase ba ne ba khutlela Antioke, ba ile ba tsamaea le Mareka.—Lik. 11:27-30; 12:25.

’Mali ea sa tebiseng maikutlo a ka ’na a nahana hore ho ne ho se letho leo banna bana ba bararo ba neng ba amana ka lona ntle le hore e ne e le Bakreste, hape a ka nahana hore Pauluse le Barnabase ba ile ba mema Mareka ka lebaka la bokhoni ba hae feela. Empa lengolo le leng la Pauluse le senola hore Mareka o ne a tsoalana le Barnabase. (Bakol. 4:10) Sena se ka ’na sa re thusa ho utloisisa liketsahalo tse latelang tse amang Mareka.

Ho ile ha feta nako e ka etsang selemo, ’me moea o halalelang o ile oa tataisa Pauluse le Barnabase hore ba nke leeto la boromuoa. Ba ile ba tloha Antioke ba ea Cyprase. Johanne Mareka o ile a tsamaea le bona “e le mohlanka” oa bona. (Lik. 13:2-5) Mohlomong Mareka o ne a lokela ho etsa lintho tse neng li hlokahala leetong leo e le hore baapostola bao ba ka tsepamisa likelello tsa bona mosebetsing oa boromuoa.

Pauluse, Barnabase le Mareka ba ile ba haola Cyprase, ba ntse ba bolela litaba tse molemo; ka mor’a moo ba ile ba leba Asia Minor. Ha ba le moo, Johanne Mareka o ile a etsa qeto e ileng ea soabisa Pauluse. Tlaleho e bolela hore ha banna bana ba fihla Perga, “Johanne [o ile] a tloha ho bona eaba o khutlela Jerusalema.” (Lik. 13:13) Ha hoa boleloa hore na o ile a ba tlohela ka lebaka lefe.

Lilemo tse seng kae hamorao, Pauluse, Barnabase le Mareka ba ne ba le Antioke hape. Pauluse le Barnabase ba ne ba buisana ka leeto la bobeli la boromuoa la ho ea ntšetsa pele seo ba neng ba se finyeletse leetong la pele. Barnabase o ne a batla ho nka Mareka, empa Pauluse o ne a sa batle ho utloa letho ka hona, hobane o ne a ile a ba hlanohela leetong la nako e fetileng. Sena ke sona se ileng sa baka boemo bo hlalositsoeng qalong ea sehlooho sena. Barnabase o ile a nka Mareka eaba o il’o sebetsa ha habo Cyprase, athe Pauluse eena o ile a leba Syria. (Lik. 15:36-41) Ho totobetse hore Pauluse le Barnabase ba ne ba e-na le maikutlo a sa tšoaneng ka qeto eo Mareka a neng a e entse nakong e fetileng.

Poelano

Ha ho pelaelo hore qeto ena e ile ea utloisa Mareka bohloko. Leha ho le joalo, o ile a lula e le mosebeletsi ea tšepahalang. Hoo e ka bang lilemo tse 11 kapa tse 12 ka mor’a sena se ileng sa etsahala pakeng tsa hae le Pauluse, Mareka o boetse o hlahella historing ea Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. A e-na le mang? A e-na le motho eo u neng u ke ke ua lebella hore a be le eena—e leng Pauluse!

Ka 60-61 C.E., ha Pauluse a ne a le chankaneng Roma, o ile a romela mangolo a ’maloa ao hona joale e leng karolo ea Mangolo a Halalelang. Ho le neng le e-ea ho Bakolose, o ile a ngola a re: “Aristakase moholehuoa-’moho le ’na o le romela litumeliso, le Mareka ea tsoalanang le Barnabase o le romela litumeliso, (eo malebana le eena le ileng la amohela litaelo tsa hore le mo amohele haeba a tla ho lōna) . . . Bana ke bona feela basebetsi-’moho le ’na bakeng sa ’muso oa Molimo, ’me ba fetohile thuso e matlafatsang ho ’na.”—Bakol. 4:10, 11.

Ruri ena e ile ea e-ba phetoho e khōlō! Ka nako e ’ngoe Pauluse o ne a sa batle ho utloa letho ka Mareka empa joale e ne e se e le mosebetsi-’moho le eena oa bohlokoa haholo. Ho totobetse hore Pauluse o ne a tsebisitse Bakolose hore Mareka a ka ’na a ba etela. Haeba seo se ne se ka etsahala, Mareka o ne a tla be a sebetsa e le moemeli oa Pauluse.

Na lilemo pele ho moo Pauluse o ne a ile a nyatsa Mareka ho tlōla tekano? Na Mareka o ne a fumane molemo khalemelong eo a neng a e hloka? Kapa mohlomong maemo ao a mabeli e ne e le ’nete? Ho sa tsotellehe boemo, poelano ea bona e bontša hore Pauluse le Mareka ba ne ba butsoitse. Ba ile ba lebala lintho tse fetileng eaba ba boela ba sebetsa hammoho. Ke mohlala o motle hakaakang ho mang kapa mang ea ileng a qabana le Mokreste-’moho le eena!

Maeto a Mareka

Ha u bala ka maeto a fapa-fapaneng ao Mareka a ileng a a nka, ua bona hore o ne a tsamaea haholo. Ha habo e ne e le Jerusalema, eaba o fallela Antioke, ’me ha a le moo o ile a ea Cyprase le Perga. Ka mor’a moo o ile a ea Roma. Ho tloha moo Pauluse o ne a batla ho mo roma Kolose. Empa ha hoa ka ha fella moo!

Moapostola Petrose o ngotse lengolo la hae la pele hoo e ka bang ka 62 ho ea ho 64 C.E. O ile a ngola a re: “Ea leng Babylona, . . . o le romela litumeliso, le mora oa ka Mareka o le romela litumeliso.” (1 Pet. 5:13) Kahoo, Mareka o ile a ea Babylona e le hore a e’o sebetsa le moapostola enoa eo lilemo pele ho moo, a neng a e-ba teng libokeng tsa Bokreste habo Mareka.

Ha Pauluse a ne a le litlamong ka lekhetlo la bobeli Roma, hoo e ka bang ka 65 C.E., ’me a ngola hore a bitse Timothea Efese, o ile a eketsa ka ho re: “Nka Mareka ’me u tle le eena.” (2 Tim. 4:11) Kahoo, nakong eo Mareka o ne a le Efese. Ha ho pelaelo hore o ile a lumela ha Pauluse a ne a re a khutlele Roma le Timothea. Ho nka maeto ho ne ho se bonolo nakong eo, empa Mareka o ne a nka maeto ao ka boithatelo.

Boikarabelo bo Bong bo Boholo

Boikarabelo bo bong bo boholo boo Mareka a ileng a ba le bona e ne e le ba ho bululeloa ke Jehova hore a ngole e ’ngoe ea Likosepele. Le hoja Kosepeleng ea bobeli ho se moo ho boleloang hore na e ngotsoe ke mang, neano ea boholo-holo e re e ngotsoe ke Mareka le hore o ne a nka litaba ho Petrose. Ha e le hantle, Petrose o ne a bone hoo e ka bang lintho tsohle tseo Mareka a ileng a li ngola.

Batho ba seka-sekang Kosepele ea Mareka ba lumela hore o ne a e ngolla Balichaba; o fane ka litlhaloso tse thusang tsa mekhoa ea Bajuda. (Mar. 7:3; 14:12; 15:42) Mareka o fetolela mantsoe a Searame ao ho neng ho se tsela e ’ngoe eo babali bao e seng Bajuda ba neng ba ka a utloisisa ka eona. (Mar. 3:17; 5:41; 7:11, 34; 15:22, 34) O sebelisa mantsoe a mangata a Selatine, o bile o hlalosa mantsoe a tloaelehileng a Segerike ka a Selatine. O bolela hore na chelete ea tšepe ea Bajuda e ne e lekana le bokae ka chelete ea Baroma. (Mar. 12:42, NW, ftn.) Ho bonahala sena sohle se lumellana le neano ea khale ea hore Mareka o ile a ngola Kosepele ena a le Roma.

“O na le Thuso ho ’na Bakeng sa ho Sebeletsa”

Mareka ha aa ka a fella feela ka ho ngola Kosepele ea hae ha a ne a le Roma. Hopola seo Pauluse a ileng a se bolella Timothea ha a ne a re: “Nka Mareka ’me u tle le eena.” Pauluse o ne a bua joalo ka lebaka lefe? O re: “Kaha o na le thuso ho ’na bakeng sa ho sebeletsa.”—2 Tim. 4:11.

Hore ebe ho boleloa ka Mareka mona—e leng lekhetlo la ho qetela leo ho buuoang ka eena ka Mangolong—ho bolela ho hongata ka eena. Ha ho kae kapa kae mosebetsing oa hae oa phutheho moo Mareka a hlahang e le moapostola, moeta-pele kapa moprofeta. E ne e le mosebeletsi, ke hore, ea neng a hlokomela ba bang le ho ba sebeletsa. Nakong ena ea pele ho lefu la hae, ka sebele moapostola Pauluse o ne a ka rua molemo thusong ea Mareka.

Ha ho bokelloa likarolo tse sa tšoaneng tsa boitsebiso boo re nang le bona ka Mareka, re bona monna ea neng a chesehela ho ntšetsa pele litaba tse molemo likarolong tse sa tšoaneng tsa tšimo ea lefatše lohle, monna ea neng a thabela ho sebeletsa batho ba bang. Ka sebele, Mareka o ne a e-na le boikarabelo bo khotsofatsang hobane ha aa ka a tela!

Kaha re bahlanka ba Molimo ba mehleng ea kajeno, re ka etsisa Mareka ka hore re bontše boikemisetso bo tšoanang ba ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Joaloka Mareka, ba bang ba rōna ba khona ho fallela libakeng tse ling, esita le linaheng tse ling, ho ea jala litaba tse molemo moo. Le hoja ba bangata ba rōna ba ka ’na ba thatafalloa ho fallela libakeng tse ling, bohle re ka etsisa Mareka ka tsela e ’ngoe ea bohlokoa. Feela joalokaha a ile a itella ho sebeletsa barab’abo ba Bakreste, ka tsela e tšoanang le rōna re ikemiselitse ho itella ho thusa balumeli-’moho le rōna ka litsela tse molemo e le hore ba sebeletse Molimo. Ha re ntse re etsa joalo, re ka kholiseha hore Jehova o tla tsoela pele ho re hlohonolofatsa.—Liprov. 3:27; 10:22; Bagal. 6:2.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Ho ne ho tloaelehile hore batho ba mehleng ea Mareka ba ipitse ka lebitso la bobeli la Seheberu kapa la puo e ’ngoe kapa ba amohele ho bitsoa ka lona. Lebitso la Mareka la Sejuda e ne e le Yohanan—e leng Johanne, ka Sesotho. Lebitso la hae la Selatine e ne e le Marcus, kapa Mareka.—Lik. 12:25.

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Metse e Meng eo Mareka a Ileng a e Etela

Roma

Efese

Kolose

Perga

Antioke (ea Syria)

Cyprase

LEOATLE LA MEDITERRANEAN

Jerusalema

Babylona