Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Kolobetsoa ka Lebitso la Mang le la Eng?

Re Kolobetsoa ka Lebitso la Mang le la Eng?

Re Kolobetsoa ka Lebitso la Mang le la Eng?

“Ka hona e-eang ’me le etse . . . barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.”—MAT. 28:19.

1, 2. (a) Ho ile ha etsahala’ng Jerusalema ka Pentekonta ea 33 C.E.? (b) Ke eng e ileng ea susumetsa ba bangata ba neng ba le har’a letšoele hore ba kolobetsoe?

HO NE ho phethesela matšoele a tsoang linaheng tse ngata Jerusalema. Ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., ho ne ho e-na le mokete oa bohlokoa ’me baeti ba bangata ba ne ba e-na le seabo ho oona. Empa ho ile ha etsahala ntho e sa tloaelehang, eo ka mor’a eona moapostola Petrose a ileng a fana ka puo e susumetsang e ileng ea e-ba le litholoana tse hlollang. Bajuda ba ka bang 3 000 hammoho le basokolohi ba ile ba angoa ke mantsoe a hae, ba baka eaba ba kolobetsoa metsing. Kahoo, ba ile ba balelloa har’a phutheho ea Bokreste e neng e sa tsoa thehoa. (Lik. 2:41) E tlameha ebe ho ile ha e-ba le sephethephethe se seholo ha batho ba bangata hakaalo ba ne ba kolobetsoa matamong a Jerusalema!

2 Ke eng e ileng ea etsa hore batho ba bangata hakaalo ba kolobetsoe? Pejana letsatsing leo, “ho [ile ha] ba le lerata le tsoang leholimong le joaloka la moea o fokang ka sekhahla.” Kamoreng e ka holimo ea ntlo e ’ngoe, barutuoa ba Jesu ba ka bang 120 ba ile ba tlala moea o halalelang. Ka mor’a moo, banna le basali ba tšabang Molimo ba ile ba bokana eaba ba khahloa ke ho utloa ha barutuoa bana ba “bua ka maleme a fapaneng.” Ha ba ntse ba mametse seo Petrose a neng a se bua, ba bile ba mametse le mantsoe a hae a sa hlatheng koana le koana mabapi le lefu la Jesu, ba bangata “ba [ile ba] hlabeha ho fihla lipelong.” Ba ne ba lokela ho etsa joang? Petrose o ile a araba ka ho re: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a ke a kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste . . . ’me le tla amohela mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang.”—Lik. 2:1-4, 36-38.

3. Ka letsatsi la Pentekonta ho ile ha hlokahala hore Bajuda le basokolohi ba bakileng ba etse’ng?

3 Nahana ka seo Bajuda le basokolohi ba neng ba mametse Petrose, ba neng ba se lumela. Ba ne ba se ba amohetse hore Jehova ke Molimo oa bona. Mangolo a Seheberu a ne a ba tsebisitse ka moea o halalelang, e leng matla a sebetsang a Molimo a ileng a sebelisoa nakong ea pōpo le ka mor’a moo. (Gen. 1:2; Baahl. 14:5, 6; 1 Sam. 10:6; Pes. 33:6) Empa ba ne ba hloka ho hong hape. Ho ne ho hlokahala hore ba utloisise ba be ba amohele eo Molimo a bolokang batho ka eena—e leng Mesia, Jesu. Kahoo, Petrose o ile a totobatsa hore hoa hlokahala hore ba “kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste.” Matsatsi pejana ho moo, Jesu ea tsositsoeng bafung o ne a ile a laela Petrose le ba bang hore ba kolobetse batho “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” (Mat. 28:19, 20) Seo e ne e le sa bohlokoa haholo lekholong la pele la lilemo, ’me le hona joale e ntse e le sa bohlokoa. Ke sefe sona seo?

Ka Lebitso la Ntate

4. Tabeng ea hore batho ba be le kamano le Jehova, ho ne ho etsahetse phetoho efe?

4 Joalokaha re bone, batho ba ileng ba nka bohato ka puo ea Petrose ba ne ba rapela Jehova ’me ba ne ba ntse ba e-na le kamano le eena pele ho moo. Ba ne ba ntse ba leka ho latela Molao oa hae, e leng lebaka leo batho ba neng ba tsoa linaheng tse ling ba neng ba tlile Jerusalema ka lona. (Lik. 2:5-11) Leha ho le joalo, Molimo o ne a sa tsoa etsa phetoho e khōlō tseleng eo a neng a tla sebelisana le batho ka eona. O ile a lahla Bajuda hore e se ke ea hlola e e-ba sechaba sa hae se khethehileng; ho ne ho se ho sa hlokahale hore ba boloke Molao e le hore ba amohelehe ho eena. (Mat. 21:43; Bakol. 2:14) Haeba bamameli bao ba ne ba batla kamano e tsoelang pele le Jehova, ba ne ba hloka ho hong hosele.

5, 6. Bajuda ba bangata hammoho le basokolohi ba lekholong la pele la lilemo, ba ile ba etsa’ng e le hore ba be le kamano le Molimo?

5 Ka sebele se neng se hlokahala e ne e se hore ba furalle Jehova, Ea ba Fang Bophelo. (Lik. 4:24) Che, ba neng ba nka bohato ka tlhaloso ea Petrose ba ne ba ka bona ho feta neng kapa neng hore Jehova e ne e le Ntate ea mosa. O ne a rometse Mesia hore a ba lopolle ’me o ne a bile a ikemiselitse ho tšoarela le bao Petrose a ileng a re ho bona: “Ntlo eohle ea Iseraele e ke e tsebe kannete-nete hore Molimo o mo entse Morena le Kreste, Jesu enoa eo le ileng la mo khokhothela thupeng.” Ha e le hantle, ba neng ba sebelisa mantsoe a Petrose, ba ne ba tla ba le lebaka le leholo le ho feta la ho leboha seo Ntate a neng a se etselitse bohle ba neng ba batla ho ba le kamano le Molimo!—Bala Liketso 2:30-36.

6 Ka sebele, Bajuda bao hammoho le basokolohi ba ne ba ka bona hore ho ba le kamano le Jehova ho ne ho akarelletsa ho ela hloko hore ke eena Ea Fanang ka poloko ka Jesu. Kahoo, u ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba ile ba bakela libe tsa bona, ho akarelletsa sa hore ba ne ba kentse letsoho polaong ea Jesu, ebang ba ne ba tseba kapa ba ne ba sa tsebe. Ho boetse hoa utloahala hore ebe matsatsi ka mor’a moo, ba ile “ba tsoela pele ho inehela thutong ea baapostola.” (Lik. 2:42) Ba ne ba ka ‘atamela ka bolokolohi ba puo teroneng ea mosa o sa tšoanelang,’ ebile ke sona seo ba neng ba ka batla ho se etsa.—Baheb. 4:16.

7. Kajeno batho ba bangata ba fetotse maikutlo a bona joang ka Molimo ba ba ba kolobetsoa ka lebitso la Ntate?

7 Kajeno, Bibele e rutile batho ba limilione ba litso tse fapa-fapaneng ’nete e mabapi le Jehova. (Esa. 2:2, 3) Ba bang ba ne ba sa lumele hore Molimo o teng kapa ba ne ba lumela hore o teng le hoja ba ne ba sa nahane hore o thahasella pōpo ea hae, empa ba ile ba kholiseha hore ho na le ’Mōpi eo ba ka bang le kamano ea bohlokoa le eena. Ba bang ba ne ba rapela molimo oa boraro-bo-bong kapa litšoantšo tse fapa-fapaneng. Ba ile ba ithuta hore ke Jehova feela eo e leng Molimo ea matla ’ohle, ’me joale ba se ba mo bitsa ka lebitso la hae. Seo se tumellanong le hore Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba lokela ho kolobetsoa ka lebitso la Ntate.

8. Batho ba neng ba sa tsebe letho ka sebe sa Adama ba ile ba lokela ho hlokomela eng ka Ntate?

8 Ba boetse ba ithutile hore ba futsitse sebe ho Adama. (Bar. 5:12) Ena e ne e le ntho e ncha eo ba neng ba tlameha ho lumela hore ke ’nete. Batho bana ba ka tšoantšoa le motho ea kulang ea neng a sa hlokomele hore oa kula. Mohlomong o ne a e-na le matšoao a itseng, a kang ho tšoaroa ke lehlaba ka linako tse ling. Empa kaha o ne a tseba a sa tšoaroa ke boloetse bo itseng ka ho khetheha, o ne a ka ’na a nahana hore o ntse a iphelela hantle. Leha ho le joalo, ho ile ha fumaneha hore ha ho joalo. (Bapisa le 1 Bakorinthe 4:4.) Joale o ne a tla etsa joang haeba a ne a ka tseba hantle hore na o tšoeroe ke boloetse bofe? Na e ne e ke ke ea e-ba bohlale hore a batle pheko e tsebahalang, eo ho nang le bopaki ba hore ea sebetsa, a be a e sebelise? Ka tsela e tšoanang, ha batho ba bangata ba ithuta ’nete mabapi le sebe seo ba se futsitseng, baa lumela hore ba tšoeroe ke boloetse boo Bibele e reng ba na le bona ’me baa utloisisa hore Molimo o fana ka pheko. Ha ho pelaelo hore bohle ba se nang setsoalle le Ntate ba lokela ho ea ho Ea ka ba phekolang.—Baef. 4:17-19.

9. Jehova o ile a etsa’ng hore re khone ho ba le kamano le eena?

9 Haeba u se u nehetse bophelo ba hao ho Jehova Molimo ’me u Mokreste ea kolobelitsoeng, ua tseba hore na ke ntho e babatsehang hakaakang ho ba le kamano le eena. Joale u ka ananela kamoo Jehova, Ntate oa hao, a leng lerato kateng. (Bala Baroma 5:8.) Le hoja Adama le Eva ba ne ba mo sitetsoe, Molimo o ile a nka bohato e le hore litloholo tsa bona—ho akarelletsa rōna—li ka ba le kamano e ntle le eena. Ha Molimo a ne a etsa seo, o ile a tlameha ho tobana le bohloko ba ho bona Mora oa hae ea ratoang a utloa bohloko a bile a e-shoa. Na ho tseba taba ee ha ho re thuse hore re amohele bolaoli ba Molimo re be re mamele litaelo tsa hae ka lerato? Haeba ha u e-s’o inehele ho Molimo ebile ha u e-s’o kolobetsoe, u na le mabaka a ho etsa joalo.

Ka Lebitso la Mora

10, 11. (a) U lokela ho leboha Jesu hakae? (b) U ikutloa joang ka hore ebe Jesu o ile a shoa e le hore a rekolle batho?

10 Leha ho le joalo, ak’u nahane hape ka seo Petrose a ileng a se bolella letšoele. O ile a hatisa hore le amohele Jesu, e leng se amanang ka ho toba le ho kolobetsoa “ka lebitso . . . la Mora.” Ke hobane’ng ha seo e ne e le sa bohlokoa ka nako eo, ’me ke hobane’ng ha e ntse e le sa bohlokoa le hona joale? Ha e le hantle, ho amohela Jesu le ho kolobetsoa ka lebitso la hae ho bolela ho amohela karolo eo a e phethang kamanong ea rōna le ’Mōpi. Jesu o ile a tlameha ho fanyehoa thupeng ea tlhokofatso e le hore a tlose thohako ea Molao ho Bajuda; leha ho le joalo, lefu la hae le bile le molemo o moholo. (Bagal. 3:13) O ile a fana ka sehlabelo sa thekollo seo batho bohle ba neng ba se hloka. (Baef. 2:15, 16; Bakol. 1:20; 1 Joh. 2:1, 2) E le hore a finyelle seo, Jesu o ile a mamella leeme, ho songoa, thupa ea tlhokofatso ’me qetellong a mamella lefu. U ananela sehlabelo sa hae hakae? Nka hore u ne u le moshanyana ea lilemo li 12 ea neng a tsamaea ka sekepe sa Titanic, se ileng sa thula thaba ea leqhoa eaba sea teba ka 1912. U leka ho tlōlela ka seketsoaneng sa pholoso, empa se tletse. Joale, monna e mong ea ka seketsoaneng sa pholoso o aka mosali oa hae, o khutlela mokatong o ka holimo oa sekepe, ’me o kenya uena ka seketsoaneng sa pholoso. U ikutloa joang? Ka sebele ua mo leboha! U ka utloisisa kamoo moshanyana e mong ea ileng a etsahalloa ke seo a ileng a ikutloa kateng. * Leha ho le joalo, Jesu o u etselitse se fetang seo. O ile a shoa e le hore u fumane bophelo bo sa feleng.

11 U ile ua ikutloa joang ha u ne u ithuta ka seo Mora oa Molimo a u etselitseng sona? (Bala 2 Bakorinthe 5:14, 15.) Ho ka etsahala hore ebe u ile ua leboha haholo. Seo se ile sa u susumelletsa hore u nehele bophelo ba hao ho Molimo le hore u ‘se ke ua hlola u iphelela, empa u phelele ea ileng a u shoela.’ Ho kolobetsoa ka lebitso la Mora ho bolela ho ananela seo Jesu a u etselitseng sona le ho amohela bolaoli ba hae e le “Moemeli ea ka Sehloohong oa bophelo.” (Lik. 3:15; 5:31) Pele ho moo, u ne u se na kamano le ’Mōpi; ha e le hantle, u ne u se na tšepo e tiileng. Empa kaha u bontša tumelo maling a tšolotsoeng a Jesu Kreste ebile u kolobelitsoe, hona joale u na le kamano le Ntate. (Baef. 2:12, 13) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Lōna bao le kileng la ba ba arohileng ’me la ba lira kahobane likelello tsa lōna li ne li le mesebetsing e khopo, joale [Molimo] o boetse o le boelantse ka ’mele oa nama [oa Jesu] ka lefu la hae, e le hore a le hlahise le halalela le bile le se na sekoli.”—Bakol. 1:21, 22.

12, 13. (a) Ho kolobetsoa ka lebitso la Mora ho lokela ho ama seo u se etsang joang haeba motho e mong a u khopisa? (b) Kaha u Mokreste ea kolobelitsoeng ka lebitso la Jesu, u na le boikarabelo bofe?

12 Le hoja u ile ua kolobetsoa ka lebitso la Mora, u tseba hantle hore u sekametse sebeng. Ho tseba seo, hoa u thusa letsatsi le leng le le leng. Ka mohlala, haeba motho e mong a u khopisa, na ua hopola hore uena le eena le baetsalibe? Bobeli ba lōna le hloka hore Molimo a le tšoarele, ’me bobeli ba lōna le lokela ho tšoarela. (Mar. 11:25) Jesu o ile a hatisa bohlokoa ba sena ka ho etsa papiso ena: Mong’a lekhoba le leng o ile a hlakola molato oa lona oa litalenta tse likete tse leshome (lidenari tse limilione tse 60). Hamorao, lekhoba leo le ile la hana ho tšoarela lekhoba-’moho le lona le neng le le kolota lidenari tse 100. Joale Jesu o ile a re: Jehova a ke ke a tšoarela motho ea sa tšoareleng mor’abo. (Mat. 18:23-35) Ho hlakile hore ho kolobetsoa ka lebitso la Mora ho bolela ho ela hloko bolaoli ba Jesu le ho loanela ho latela mohlala oa hae le lithuto tsa hae, ho akarelletsa oa ho ikemisetsa ho tšoarela ba bang.—1 Pet. 2:21; 1 Joh. 2:6.

13 Kaha ha ua phethahala, ha u khone ho etsisa Jesu ka ho feletseng. Leha ho le joalo, tumellanong le ho inehela ha hao ho Molimo ka pelo eohle, u batla ho etsisa Jesu kahohle kamoo u ka khonang kateng. Sena se akarelletsa ho tsoela pele u sebeletsa ho hlobola botho ba khale le ho apara bo bocha. (Bala Baefese 4:20-24.) Ha u hlompha motsoalle, ho ka etsahala hore ebe ho na le seo u lekang ho ithuta sona mohlaleng oa hae le makhabaneng a hae. Ka ho tšoanang, ho na le seo u batlang ho ithuta sona ho Kreste ebe ua mo etsisa.

14. U ka bontša joang hore u ela hloko bolaoli ba Jesu e le Morena ea leholimong?

14 Ho na le tsela e ’ngoe eo ka eona u ka bontšang hore ua utloisisa hore na ho ameha eng tabeng ea hore ebe u kolobelitsoe ka lebitso la Mora. Molimo “o behile lintho tsohle ka tlas’a maoto a [Jesu], ’me o mo entse hlooho holim’a lintho tsohle ho phutheho.” (Baef. 1:22) Kahoo, ho hlokahala hore u hlomphe tsela eo ka eona Jesu a tsamaisang ba inehetseng ho Jehova. Kreste o sebelisa batho ba sa phethahalang phuthehong ka ’ngoe, haholo-holo banna ba hōlileng moeeng, e leng baholo ba khethiloeng. Banna bana ba khethoa ka “sepheo sa ho khutlisetsa bahalaleli tseleng, . . . bakeng sa ho haha ’mele oa Kreste.” (Baef. 4:11, 12) Le haeba motho ea sa phethahalang a etsa phoso, Jesu e le Morena ’Musong o leholimong, o khona ho sebetsa taba ka nako ea hae le ka tsela ea hae. Na ua lumela hore ho joalo?

15. Haeba ke hona u tla kolobetsoa, ke mahlohonolo afe ao u ka a lebellang ka mor’a ho kolobetsoa?

15 Ho feta moo, ba bang ha ba e-s’o inehele ho Jehova ’me ha ba e-s’o kolobetsoe. Haeba ha u e-s’o etse joalo, na se boletsoeng ka holimo se u thusa ho bona hore ho ela Mora hloko ke ntho e utloahalang le e bontšang hore ua leboha? Ho kolobetsoa ka lebitso la Mora ho tla etsa hore u fumane mahlohonolo a maholo.—Bala Johanne 10:9-11.

Ka Lebitso la Moea o Halalelang

16, 17. Ho kolobetsoa ka lebitso la moea o halalelang ho bolela’ng ho uena?

16 Ho kolobetsoa ka lebitso la moea o halalelang ho bolela’ng? Joalokaha ho bontšitsoe pejana, ba ileng ba utloa Petrose ka letsatsi la Pentekonta ba ne ba tseba hore moea o halalelang o teng. Ha e le hantle, ba ne ba ka bona bopaki ka pel’a mahlo a bona, bo bontšang hore Molimo o ne a ntse a tsoela pele a sebelisa moea o halalelang. Petrose e ne e le e mong oa ba neng ba ‘tlatsitsoe moea o halalelang ’me ba qalile ho bua ka maleme a fapaneng.’ (Lik. 2:4, 8) Ha ho hlokahale hore poleloana e reng “ka lebitso la” e fane ka maikutlo a hore ho buuoa ka lebitso la motho. Kajeno, lintho tse ngata li etsoa ‘lebitsong la ’muso,’ empa ’muso hase motho. Li etsoa ka matla a ’muso. Ka ho tšoanang, motho ea kolobetsoang ka lebitso la moea o halalelang oa hlokomela hore moea oo o halalelang hase motho, empa ke matla a Jehova a sebetsang. Ho feta moo, kolobetso eo e bolela hore motho o hlokomela karolo eo moea o halalelang o e phethang morerong oa Molimo.

17 Na ha ua tseba ka moea o halalelang ha u ntse u ithuta Bibele? Ka mohlala, ua utloisisa hore Mangolo a ngotsoe ka tšusumetso ea moea o halalelang. (2 Tim. 3:16) Ha u ntse u tsoela pele moeeng, mohlomong u ile ua utloisisa hore ‘Ntate ea leholimong o fana ka moea o halalelang ho ba mo kōpang,’ ho akarelletsa le uena. (Luka 11:13) Ho ka etsahala hore ebe u ile ua bona ha moea o halalelang o sebetsa bophelong ba hao. Ka lehlakoreng le leng, haeba ke hona u tla kolobetsoa ka lebitso la moea o halalelang, tšepiso e tiileng ea Jesu ea hore Ntate o fana ka moea o halalelang, e bolela hore u tla fumana mahlohonolo a sebele ha u ntse u fumana moea oo.

18. Batho ba kolobetsoang ka lebitso la moea o halalelang ba fumana mahlohonolo afe?

18 Ho totobetse hore le kajeno, Jehova o tataisa phutheho ea Bokreste ka moea o halalelang ebile o e tsamaisa ka oona. Moea oo o boetse o re thusa ka bomong mesebetsing ea rōna ea letsatsi le letsatsi. Hore ebe re kolobelitsoe ka lebitso la moea o halalelang ho bolela hore re utloisisa karolo eo o e phethang bophelong ba rōna ’me re sebelisana le oona ka thabo. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na re ka phelela ho inehela ha rōna ho Jehova joang le hore na moea o halalelang o ameha joang. Re tla tšohla taba ena sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Sheba Tsoha! ea April 8, 1982, leqepheng la 16-22.

Na U sa Hopola?

• Ho kolobetsoa ka lebitso la Ntate ho bolela’ng ho uena?

• Ho kolobetsoa ka lebitso la Mora ho bolela’ng?

• U ka bontša joang hore u utloisisa se boleloang ke ho kolobetsoa ka lebitso la Ntate le la Mora?

• Ho kolobetsoa ka lebitso la moea o halalelang ho bolela’ng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa ba bacha ba ile ba e-ba le kamano efe le Ntate?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

By permission of the Israel Museum, Jerusalem