Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha—Matlafatsang Boikemisetso ba Lōna ba ho Sebeletsa Jehova

Bacha—Matlafatsang Boikemisetso ba Lōna ba ho Sebeletsa Jehova

Bacha​—Matlafatsang Boikemisetso ba Lōna ba ho Sebeletsa Jehova

“U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao.”—MOEK. 12:1.

1. Bana ba ile ba mengoa hore ba etse’ng Iseraele?

LILEMONG tse fetang 3 500 tse fetileng, moprofeta oa Jehova, Moshe, o ile a laela baprista le banna ba baholo ba Iseraele, a re: “Phutha sechaba, banna le basali le bana ba banyenyane . . . e le hore ba mamele le hore ba ithute, kaha ba lokela ho tšaba Jehova Molimo oa lōna ’me ba ele hloko hore ba phethe mantsoe ’ohle a molao ona.” (Deut. 31:12) Hlokomela hore na ke bo-mang ba neng ba laetsoe hore ba be teng libokeng tsa borapeli: banna, basali le bana ba banyenyane. Ka sebele, esita le bana ba ne ba le har’a batho ba ileng ba bolelloa hore ba mamele, ba ithute ’me ba latele tataiso ea Jehova.

2. Jehova o ile a bontša joang hore o amehile ka bacha phuthehong ea pele ea Bokreste?

2 Lekholong la pele la lilemo, Jehova o ile a tsoela pele ho bontša hore o tsotella bacha ba tšabang Molimo. Ka mohlala, o ile a bululela moapostola Pauluse hore mangolong a mang ao a ileng a a romella liphuthehong, a akarelletse litaelo tse neng li hlile li tobisitsoe ho bacha. (Bala Baefese 6:1; Bakolose 3:20.) Bacha ba Bakreste ba ileng ba sebelisa keletso eo ba ile ba eketsa kananelo ea bona bakeng sa Ntate oa bona ea leholimong ea lerato ’me o ile a ba hlohonolofatsa.

3. Kajeno bacha ba bontša joang hore ba rata ho sebeletsa Molimo?

3 Na kajeno bacha ba mengoa hore ba phuthehe e le hore ba ka sebeletsa Jehova? E, ho joalo! Ka lebaka leo, batho bohle ba Molimo baa thaba ha ba bona hore bahlanka ba bangata ba Molimo ba bacha lilemong lefatšeng lohle, ba nka khothatso ea Pauluse ka botebo, ha a re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheb. 10:24, 25) Ho feta moo, bana ba bangata ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo hammoho le batsoali. (Mat. 24:14) Ho phaella moo, e le ho bontša hore ba rata Jehova ho tsoa botebong ba pelo, selemo le selemo bacha ba likete-kete baa kolobetsoa ’me ba fumana mahlohonolo a tlisoang ke ho ba barutuoa ba Kreste.—Mat. 16:24; Mar. 10:29, 30.

Amohela Memo—Hona Joale

4. Bacha ba ka amohela memo ea hore ba sebeletse Molimo neng?

4 Moeklesia 12:1 e re: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao.” Lōna bacha, ho hlokahala hore le be lilemo li kae e le hore le amohele memo eo e mofuthu ea hore le sebeletse Jehova? Ha ho na moeli oa lilemo o behiloeng ka Mangolong. Ka hona, le se ke la tsilatsila hobane le nahana hore le sa le banyenyane haholo hore le ka mamela Jehova la ba la mo sebeletsa. Ho sa tsotellehe hore na le lilemo li kae, le khothalletsoa hore le nke khato ntle ho tšenyo ea nako.

5. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba hatele pele moeeng?

5 Bongata ba lōna le thusoa ke motsoali a le mong kapa batsoali ba lōna ka bobeli hore le hatele pele moeeng. Ka tsela ena, le tšoana le Timothea oa mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele. Ha e sa ntse e le lesea, o ile a rutoa lingoliloeng tse halalelang ke ’mè oa hae Eunise, le nkhono oa hae Loise. (2 Tim. 3:14, 15) Ho ka etsahala hore ebe batsoali ba hao ba u koetlisa ka tsela e tšoanang ka hore ba ithute Bibele le uena, ba rapele le uena, ba ee le uena libokeng tsa phutheho le likopanong tsa batho ba Molimo, ’me ba sebetse le uena tšebeletsong ea tšimo. Ka sebele, ho u ruta litsela tsa Molimo ke boikarabelo ba bohlokoa haholo boo batsoali ba hao ba bo filoeng ke Jehova ka boeena. Na u ananela lerato leo ba u ratang ka lona le tsela eo ba amehileng ka uena ka eona?—Liprov. 23:22.

6. (a) Ho ea ka Pesaleme ea 110:3, Jehova o khahloa ke borapeli ba mofuta ofe? (b) Hona joale re tlil’o tšohla’ng?

6 Leha ho le joalo, Jehova o batla hore ha le ntse le hōla le ‘ipakele e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng,’ joalokaha Timothea a ile a etsa. (Bar. 12:2) Haeba le etsa joalo, le tla kopanela mesebetsing ea phutheho hobane le batla ho etsa thato ea Molimo, eseng hobane batsoali ba lōna ba batla hore le etse joalo. Haeba le sebeletsa Jehova ka ho rata, seo se tla mo thabisa. (Pes. 110:3) Joale, le ka bontša joang hore le batla ho matlafatsa boikemisetso ba lōna ba hore le mamele Jehova le be le latele tataiso ea hae? Re tla tšohla litsela tse tharo tsa bohlokoa tseo le ka etsang joalo ka tsona. Tsona ke ho ithuta, ho rapela le boitšoaro. A re ke re tšohleng e le ’ngoe ka nako.

Tseba Hore na Jehova ke Motho ea Joang

7. Jesu o ile a beha mohlala joang tabeng ea ho ithuta Mangolo, hona ke eng e ileng ea mo thusa hore a etse joalo?

7 Tsela ea pele eo ka eona u bontšang hore u batla ho matlafatsa boikemisetso ba hao ba ho sebeletsa Jehova, ke ka hore u bale Bibele letsatsi le letsatsi. U ka fumana seo u se hlokang moeeng ua ba ua fumana le tsebo ea bohlokoa ea Bibele ka hore u bale Lentsoe la Molimo kamehla. (Mat. 5:3) Jesu o behile mohlala. Ka lekhetlo le leng ha a ne a le lilemo li 12, batsoali ba hae ba ile ba mo fumana ka tempeleng, ‘a lutse har’a mesuoe ’me a e mametse le ho e botsa.’ (Luka 2:44-46) Ha Jesu e sa le ngoana, o ne a se a ntse a labalabela Mangolo a bile a a utloisisa. Ke eng e ileng ea mo thusa hore a etse joalo? Ha ho pelaelo hore ’mè oa hae Maria, le ntate oa hae ea mo hōlisitseng Josefa, ba ile ba phetha karolo ea bohlokoa. E ne e le bahlanka ba Molimo ba ileng ba ruta Jesu ka Molimo ho tloha boseeng.—Mat. 1:18-20; Luka 2:41, 51.

8. (a) Batsoali ba lokela ho qala neng ho kenya lerato la Lentsoe la Molimo ka ho bana ba bona? (b) Pheta phihlelo e tiisang hore ke habohlokoa ho koetlisa bana ho tloha boseeng.

8 Ka tsela e tšoanang, kajeno batsoali ba tšabang Molimo ba hlokomela bohlokoa ba ho etsa hore bana ba bona ba labalabele ’nete ea Bibele ka botebo ho tloha boseeng. (Deut. 6:6-9) Ke sona seo morali’abo rōna oa Mokreste ea bitsoang Rubi a ileng a se etsa kapele ka mor’a hore ngoana oa hae oa letsibolo, Joseph, a hlahe. Letsatsi le leng le le leng, o ne a mo balla Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele. Ha a ntse a hōla, o ile a mo thusa hore a tšoare litemana tse fapa-fapaneng ka hlooho. Na Joseph o ile a rua molemo koetlisong e joalo? Kapele ka mor’a hore a ithute ho bua, o ne a se a khona ho pheta lipale tse ngata tsa Bibele ka mantsoe a hae. Ha a le lilemo li hlano, o ile a fana ka puo ea hae ea pele Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.

9. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u bale Bibele u be u thuise ka seo u se balang?

9 Bacha, e le hore le ntlafatse khatelo-pele ea lōna moeeng, le lokela ho itloaetsa hore lilemong tsa bocha ho fihlela le le batho ba baholo, le bale Bibele letsatsi le leng le le leng. (Pes. 71:17) Ke hobane’ng ha ho bala Bibele ho tla le thusa hore le hatele pele? Hlokomelang seo Jesu a ileng a se bua ha a ne a rapela Ntate oa hae, a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete.” (Joh. 17:3) Ka sebele, ha le ntse le eketsa tsebo ea lōna ka Jehova, le tla bona ka ho hlakileng haholoanyane hore ke Motho oa sebele, le be le eketse lerato leo le mo ratang ka lōna. (Baheb. 11:27) Ka lebaka leo, nako le nako ha le bala karolo e itseng ea Bibele, sebelisang monyetla oo hore le ithute haholoanyane ka Jehova. Ipotse: ‘Tlaleho ee e nthuta’ng mabapi le hore na Jehova ke Motho ea joang? Karolo ee ea Bibele e bontša joang hore Molimo oa nthata ebile oa ntsotella?’ Ho ipha nako ea ho thuisa ka lipotso tse joalo ho tla u thusa hore u ithute kamoo Jehova a nahanang kateng, kamoo a ikutloang kateng le hore na ke sefe seo a se hlokang ho uena. (Bala Liproverbia 2:1-5.) Joaloka Timothea e monyenyane, u tla “susumelletsoa hore u lumele” seo u ithutang sona ka Mangolong, ’me sena se tla u susumelletsa hore u rapele Jehova ka boithatelo.—2 Tim. 3:14.

Thapelo e Matlafatsa Lerato Leo U Ratang Jehova ka Lona Joang?

10, 11. Thapelo e u thusa joang hore u matlafatse boikemisetso ba hao ba ho sebeletsa Molimo?

10 Tsela ea bobeli eo ka eona u ka matlafatsang boikemisetso ba hao ba ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle ke ka lithapelo tsa hao. Pesaleme ea 65:2, e re: “Uena Ea Utloang thapelo, batho ba nama eohle ba tla tla ho uena.” Esita le nakong eo ka eona Baiseraele e neng e le sechaba seo Molimo a neng a entse selekane le sona, batho basele ba neng ba tla tempeleng ea Jehova ba ne ba ka bua le eena ka thapelo. (1 Mar. 8:41, 42) Molimo ha a leeme. Batho ba bolokang litaelo tsa hae ba tiisetsoa hore o tla ba mamela. (Liprov. 15:8) Ha ho pelaelo hore “batho ba nama eohle” ba akarelletsa le lōna bacha.

11 Lea tseba hore mokokotlo oa setsoalle leha e le sefe sa sebele ke hore batho ba lule ba buisana. Ho ka etsahala hore ebe u thabela ho bolella motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo seo u se nahanang, seo u amehileng ka sona le tsela eo u ikutloang ka eona. Ka tsela e tšoanang, ha u rapela ho tsoa botebong ba pelo, u tla be u buisana le ’Mōpi oa hao e Moholo. (Bafil. 4:6, 7) Bua le Jehova joalokaha eka u tšollela motsoali ea lerato kapa motsoalle oa hlooho ea khomo maikutlo. Ha e le hantle, tsela eo u rapelang ka eona e amana haholo le tsela eo u ikutloang ka eona ka Jehova. U tla hlokomela hore ha setsoalle sa hao le Jehova se e-ba matla haholo, le lithapelo tsa hao e tla ba tse utloahalang.

12. (a) Ke hobane’ng ha mantsoe e se ’ona feela a etsang hore thapelo e be e utloahalang? (b) Ke’ng e tla u thusa ho hlokomela hore Jehova o haufi le uena?

12 Leha ho le joalo, hopola hore mantsoe hase ’ona feela a etsang hore thapelo e be e utloahalang. Ho ameha le maikutlo a hao a tebileng. Lithapelong tsa hao, bontša hore u rata Jehova ’me u mo hlompha ka ho teba ebile u itšetlehile ka eena ka ho feletseng. Ha u ntse u hlokomela kamoo Jehova a arabang lithapelo tsa hao kateng, u tla inoesa ka nkho ho feta leha e le neng pele hore “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena.” (Pes. 145:18) Ka sebele, Jehova o tla atamela ho uena, a u matlafatse e le hore u ka hanyetsa Diabolose u be u etse liqeto tse nepahetseng bophelong.—Bala Jakobo 4:7, 8.

13. (a) Ho ba motsoalle oa Molimo ho ile ha thusa morali e mong oabo rōna joang? (b) Ho ba motsoalle oa Molimo ho u thusa joang hore u sebetsane le khatello ea lithaka?

13 Hlokomela kamoo Cherie a ileng a matlafala kateng ka lebaka la ho ba le kamano e haufi le Jehova. Ha a le sekolong se phahameng, o ne a hapa likhau hobane o ne a ipabola lithutong le lipapaling. Ha a qeta sekolo, o ile a nonosoa lihlapiso tse neng li tla mo thusa hore a hahamalle thuto e phahameng. Cherie o re: “Tšepiso eo e ne e ntša pelo, ’me bakoetlisi le liithuti-’moho le ’na ba ne ba mphehella ka matla hore ke amohele monyetla oo.” Leha ho le joalo, o ile a hlokomela hore ho hahamalla thuto e phahameng ho ne ho tla mo hloka hore a qete nako e ngata a ithuta a bile a itokisetsa liketsahalo tsa lipapali—e leng se neng se tla mo siela nako e nyenyane ea ho sebeletsa Jehova. Cherie o ile a etsa’ng? O re, “Ka mor’a hore ke rapele Jehova, ke ile ka hana lihlapiso tseo eaba ke qala ho sebeletsa ke le pula-maliboho oa kamehla.” Hona joale, e se e le lilemo tse hlano a bula maliboho. O re: “Ho hang ha ke ikoahlaee. Ho tseba hore ke entse qeto e khahlisang Jehova hoa nthabisa. Ka sebele, haeba u etelletsa ’Muso oa Molimo pele, lintho tse ling tsohle u tla li ekeletsoa.”—Mat. 6:33.

Boitšoaro bo Botle bo Bontša Hore ‘Pelo ea Hao e Hloekile’

14. Ke hobane’ng ha boitšoaro ba hao bo botle e le ba bohlokoa mahlong a Jehova?

14 Tsela ea boraro eo u ka bontšang ka eona hore u sebeletsa Jehova ka pelo e ratang ke ka boitšoaro ba hao. Jehova o hlohonolofatsa bacha ba lulang ba hloekile boitšoarong. (Bala Pesaleme ea 24:3-5.) Samuele ea neng a sa le monyenyane o ile a hana ho etsisa boitšoaro bo bobe ba bara ba Moprista ea Phahameng Eli. Boitšoaro bo botle ba Samuele bo ile ba hlokomeleha. Tlaleho ea Bibele e re: “Ka nako eo eohle moshanyana Samuele o ne a ntse a hōla ’me a rateha ka ho eketsehileng ponong ea Jehova le ea batho.”—1 Sam. 2:26.

15. Mabaka a mang a etsang hore u lule u itšoere hantle ke afe?

15 Re phela lefatšeng le tletseng batho ba baithati, ba ikhohomosang, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba bohale bo tšosang, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo—ha re bolela litšobotsi tse seng kae feela tse boletsoeng ke Pauluse. (2 Tim. 3:1-5) Kahoo, ho ka ba thata hore u lule u itšoere hantle ho sa tsotellehe hore u phela har’a batho ba khopo. Leha ho le joalo, nako le nako ha u etsa se nepahetseng ’me u hana ho kopanela boitšoarong bo bobe, u bontša hore u eme ka lehlakoreng la Jehova tsekong ea bobusi ba bokahohle. (Jobo 2:3, 4) Hape u khotsofalla ho tseba hore u arabela boipiletso bo mofuthu ba Jehova ha a re: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.” (Liprov. 27:11) Ho feta moo, ho tseba hore Jehova oa u amohela ho tla matlafatsa boikemisetso ba hao ba ho mo sebeletsa.

16. Morali e mong oabo rōna o ile a thabisa pelo ea Jehova joang?

16 Morali’abo rōna oa Mokreste ea bitsoang Carol o ile a khomarela melao-motheo ea Bibele ha e sa ntse e le mocha ea kenang sekolo, ’me boitšoaro ba hae bo botle bo ile ba hlokomeleha. Ho ile ha etsahala’ng? Carol o ne a songoa ke liithuti-’moho le eena hobane letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele le ne le sa mo lumelle hore a kopanele meketeng ea matsatsi a phomolo le ea ho bontša lerato la naha. Liketsahalong tseo, ka linako tse ling o ne a e-ba le monyetla oa ho hlalosetsa ba bang seo a se lumelang. Lilemo hamorao, Carol o ile a fumana karete e neng e tsoa ho eo e neng e kile ea e-ba seithuti-’moho le eena, ea neng a mo ngoletse a re: “Haesale ke ntse ke lakatsa ho kopana le uena le ho u leboha. Boitšoaro ba hao bo botle le mohlala oa hao joaloka mocha oa Mokreste, hammoho le sebete seo u ileng ua se bontša mabapi le matsatsi a phomolo, li ile tsa hlokomeleha. Ke uena Paki ea pele ea Jehova eo ke kopaneng le eona.” Mohlala oa Carol o ne o le motle hoo o ileng oa susumetsa seithuti-’moho le eena hore se qale ho ithuta Bibele hamorao. Kareteng eo se neng se e ngoletse Carol, se ile sa bolela hore e ne e se e le lilemo tse fetang 40 e le Paki e kolobelitsoeng! Joaloka Carol, kajeno lōna bacha ba khomarelang melao-motheo ea Bibele ka sebete, le ka ’na la susumelletsa batho ba lipelo li ntle hore ba tsebe Jehova.

Bacha ba Rorisang Jehova

17, 18. (a) U ikutloa joang ka bacha ba phuthehong ea heno? (b) Bacha ba tšabang Molimo ba letetsoe ke bokamoso bo joang?

17 Rōna bohle ba mokhatlong oa Jehova oa lefatše ka bophara, re thabela ho bona bacha ba likete-kete ba chesehang, ba kopanelang borapeling ba ’nete! Bacha bana ba matlafatsa boikemisetso ba bona ba ho sebeletsa Jehova ka ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, ka ho rapela le ka ho itšoara ka tsela e lumellanang le thato ea Molimo. Bacha ba joalo ba behang mohlala o motle, ba etsa hore batsoali ba bona le batho bohle ba Jehova, ba be motlotlo.—Liprov. 23:24, 25.

18 Nakong e tlang, bacha ba tšepahalang ba tla ba har’a batho ba tla pholohela lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng. (Tšen. 7:9, 14) Lefatšeng leo, ba tla fumana mahlohonolo a mangata ha ba ntse ba tsoela pele ho eketsa kananelo ea bona ho Jehova, ’me ba tla khona ho mo rorisa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.—Pes. 148:12, 13.

Na U ka Hlalosa?

• Bacha ba ka kopanela joang borapeling ba ’nete kajeno?

• E le hore u rue molemo ha u bala Bibele, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u thuise?

• Thapelo e u thusa joang hore u be le kamano e haufi le Jehova?

• Boitšoaro bo botle ba Mokreste bo finyella eng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Na u tloaetse ho bala Bibele letsatsi le letsatsi?