Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Mamella Liteko ho Matlafalitse Tšepo ea Rōna ho Jehova

Ho Mamella Liteko ho Matlafalitse Tšepo ea Rōna ho Jehova

Ho Mamella Liteko ho Matlafalitse Tšepo ea Rōna ho Jehova

Joalokaha ho boletse ada Dello Stritto

Ke sa tsoa qeta ho kopiletsa temana ea letsatsi bukeng eo ke ngollang lintlha ho eona. Ke lilemo li 36, empa ke qetile lihora tse peli ke ngola melanyana eo. Ke hobane’ng ha ke nkile nako e telele hakaalo? ’Mè o tla hlalosa.—Joel

’NA LE monna oa ka re bile Lipaki Tsa Jehova ha re ne re kolobetsoa ka 1968. Ka mor’a ho ba le bana ba babeli ba bashanyana ba phetseng hantle, e leng David le Marc, ke ile ka ba le ngoana oa boraro oa moshanyana, e leng Joel. O ile a hlaha pele ho nako ka 1973, sepetleleng se motseng oa Binche, Belgium, lik’hilomithara tse ka bang 60 ka boroa ho Brussels. Boima ba hae e ne e le lik’hilograma tse 1,7 feela. Ha ke tloha sepetlele, ho ile ha hlokahala hore Joel a sale e le hore a ka nonopela.

Ka mor’a libeke tse ’maloa, ha ho sa ntse ho sa bonahale phetoho, ’na le monna oa ka, Luigi, re ile ra isa mora oa rōna ngakeng ea bana. Ka mor’a hore ngaka eo e qete ho hlahloba Joel, e ile ea re: “Ke masoabi. Ho bonahala Joel a e-na le mathata ’ohle ao baholoane ba hae ba se nang ’ona.” Ho ile ha thōla tu! nako e telele. Ka nako eo ke ile ka hlokomela hore moshanyana oa rōna o na le bothata bo boholo ba bophelo. Eaba ngaka e nkela monna oa ka ka thōko ’me e re ho eena: “Ngoana oa lōna o na le trisomy 21,” eo hape e tsejoang e le Down syndrome. *

Kaha re ne re saretsoe ka lebaka la tlhaloso ea ngaka eo ea bana, re ile ra etsa qeto ea ho ea ngakeng e ’ngoe ea setsebi. E ile ea hlahloba Joel ka hloko nako e ka etsang hora, e sa re letho. ’Na le Luigi re ne re bona eka ha e sa tla qeta. Qetellong, ngaka e ile ea phahamisa hlooho ea re, “Le tla tlameha ho etsetsa ngoana oa lōna ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Ka mor’a moo, e ile ea bua ka mosa ea re, “Empa Joel o tla thaba hobane batsoali ba hae baa mo rata!” Ke ferekane, ke ile ka sika Joel, eaba re ea le eena hae. Ka nako eo, o ne a le libeke li robeli.

Liboka Tsa Bokreste le Boboleli Lia re Matlafatsa

Litlhahlobo tse ling li ile tsa bontša hore Joel o ne a boetse a e-na le bothata bo tebileng ba pelo a bile a e-na le lefu le etsang hore masapo a se ke a tiea. Kaha pelo ea hae e ne e le khōlō haholo, e ne e petetsa matšoafo a hae ’me e etsa hore a tšoaetsoe habonolo. Ka mor’a nako e seng kae, ha Joel a le likhoeli li ’nè, o ile a tšoaroa ke nyumonia ’me o ile a lokela ho khutlela sepetlele, moo a ileng a koalloa a le mong. Lipelo tsa rōna li ne li utloa bohloko haholo ha re ne re mo bona a hoehla. Re ne re lakatsa eka re ne re ka mo sika, ra mo phaphatha, empa ho hang re ne re sa lumelloa ho mo tšoara ka libeke tse leshome. Ha rōna le Luigi e ne e le ho mo sheba feela, ebe rea tšoarana ’me rea rapela.

Nakong eo e bohloko, re ile ra tsoela pele re e-ba teng libokeng tsa phutheho hammoho le David le Marc, ba neng ba le lilemo li 6 le 3 ka nako eo. Ha re le Holong ea ’Muso re ne re ikutloa joalokaha eka Jehova o re sikile ka lerato. Lihora tseo re neng re le moo ka tsona, re pota-potiloe ke bara le barali babo rōna ba Bakreste, re ne re ikutloa joalokaha eka re khona ho rōlela moroalo oa rōna ho Jehova, ’me re ne re ikutloa re e-na le khutso. (Pes. 55:22) Esita le baoki ba neng ba hlokomela Joel, ba ile ba re ba hlokometse kamoo ho ea ha rōna libokeng tsa Bokreste ho re thusitseng kateng hore re se ke ra ferekana.

Nakong eo, ke ile ka boela ka kōpa Jehova hore a mphe matla a ho ea tšebeletsong ea tšimo. Ho e-na le hore ke lule hae ke ntse ke lla, ke ne ke batla ho bua le batho ba bang ’me ke ba bolelle hore na ke hobane’ng ha tšepo ea ka tšepisong ea Molimo ea lefatše le lecha leo ho lona ho ke keng ha e-ba le ho kula, e ne e ’matlafatsa. Nako le nako ha ke ne ke khona ho ea tšimong, ke ne ke ikutloa joalokaha eka Jehova o arabetse lithapelo tsa ka.

“Hona ke Mohlolo!”

Ruri e ile ea e-ba letsatsi le thabisang haholo ha re qetella re khutletse le Joel hae! Empa letsatsing le latelang feela, thabo ea rōna e ile ea fetoha masoabi. Boemo ba Joel bo ile ba mpefala kapele, ’me re ile ra lokela ho mo khutlisetsa sepetlele ka potlako. Ka mor’a ho mo hlahloba, lingaka li ile tsa re ho rōna: “Ha ho thoe Joel o phetse, o tla phela likhoeli tse tšeletseng feela.” Ka mor’a likhoeli tse peli, ha a ne a ka ba likhoeli li robeli, ho ile ha bonahala eka seo lingaka li se buileng se tla phethahala hobane boemo ba Joel bo ile ba mpefala. Ngaka e ile ea lula fatše le rōna ’me ea re: “Ke masoabi haholo. Ha ho sa na letho leo re ka mo thusang ka lona.” Eaba e phaella ka ho re: “Hona joale, ke Jehova feela ea ka mo thusang.”

Ke ile ka khutlela kamoreng eo Joel a neng a robalitsoe ho eona sepetlele. Le hoja ke ne ke tepeletse kelellong le ’meleng, ke ne ke ikemiselitse hore ke se ke ka tloha haufi le bethe ea hae. Baralib’eso ba Bakreste ba ’maloa ba ne ba chenchana ho lula le ’na, kaha Luigi o ne a lokela ho hlokomela bashanyana ba rōna ba babeli. Ho ile ha feta beke. Joale ka tšohanyetso, pelo ea Joel e ile ea ema. Baoki ba ile ba potlakela ka kamoreng ea hae empa ho ne ho se letho leo ba neng ba ka mo thusa ka lona. Ka mor’a metsotsoana, e mong oa bona o ile a buela fatše a re, “Ho felile . . . ” Ke khathetse, ke ile ka bokolla eaba ke tsoa ka kamoreng eo. Ke ile ka leka ho rapela Jehova, empa ke ne ke sa fumane mantsoe a ka hlalosang bohloko boo ke neng ke bo utloa. Ho ile ha feta metsotso e ka bang 15, eaba mooki e mong oa nkhoeletsa o re, “Joel oa hlaphoheloa!” O ile a ntšoara ka sephaka ’me a re, “Tloo, u ka mo bona joale.” Ha ke khutlela ho Joel, pelo ea hae e ne e se e otla hape! Kapele-pele, litaba tsa hore o hlaphohetsoe li ile tsa tlala hohle. Baoki le lingaka ba ile ba tla mo bona, ’me ba bangata ba ile ba re, “Hona ke mohlolo!”

Ha a le Lilemo li ’nè, o Nka Bohato bo sa Lebelloang

Lilemong tse qalang tsa bophelo ba Joel, ngaka ea bana e ne e atisa ho re ho rōna, “Joel o hloka hore a ratoe haholo.” Kaha ’na le Luigi re ne re bone kamoo Jehova a neng a re hlokometse ka lerato kateng ha Joel a qeta ho hlaha, re ne re batla hore le rōna ka ho tšoanang re hlokomele mora oa rōna ka lerato. Re ne re e-na le menyetla e mengata ea ho etsa joalo kaha o ne a hloka thuso ea rōna nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e etsa.

Ka lilemo tse supileng tse qalang tsa bophelo ba Joel, selemo le selemo re ne re sebetsana le liketsahalo tse tšoanang. Pakeng tsa October le March, o ne a e-ba le bothata bo bong ka mor’a bo bong, ’me re ne re lokela ho boella sepetlele re sa tsoa boella. Ka nako e tšoanang, ke ne ke leka ho qeta nako e ngata ka hohle kamoo ho ka khonehang le bara ba bang ba rōna, e leng David le Marc. Le bona ba ile ba ikakhela ka setotsoana ho thusa Joel hore a hatele pele ’me liphello e ile ea e-ba tse makatsang. Ka mohlala, lingaka tse ’maloa li ne li re boleletse hore ha ho mohla Joel a tla tseba ho tsamaea. Empa ka letsatsi le leng ha Joel a ne a le lilemo li ’nè, Marc o ile a re, “Tloo hle, Joel, bontša ’Mè hore u ka khona ho tsamaea!” Ke ile ka makala ha ke bona Joel a qala ho tataea! Re ne re thabile, ’me re ile ra rapela hammoho re le lelapa, ra leboha Jehova ho tsoa botebong ba lipelo. Ka linako tse ling, esita leha Joel a ne a hatela pele hanyenyane nthong e itseng, kamehla re ne re mo babatsa ka mofuthu.

Ho Ruta Joele ka Molimo ho Tloha Boseeng ho Tsoala Katleho

Hangata, ha ho ne ho khoneha, re ne re tsamaea le Joel ha re e-ea libokeng Holong ea ’Muso. E le ho mo sireletsa likokoana-hlokong tse neng li ka mo kulisa habonolo, re ne re mo kenya ka koloeaneng ea bana e khethehileng e koahetsoeng ka polasetiki e bonaletsang. Leha ho le joalo, o ne a thabela ho ba phuthehong, esita leha a ne a koahetsoe ka polasetiki eo.

Bara le barali babo rōna ba Bakreste ba ne ba re matlafatsa, ba re bontša lerato ba bile ba re fa thuso eo re neng re e hloka. Khafetsa mora e mong oabo rōna o ne a re hopotsa mantsoe a Esaia 59:1 a reng: “Bonang! Letsoho la Jehova ha lea khutsufala hoo le ke keng la pholosa, leha e le hore tsebe ea hae e thibane hoo e ke keng ea utloa.” Mantsoe ao a khothatsang a ile a re thusa hore re tšepe Jehova.

Ha Joel a ntse a hōla, re ile ra leka ka matla hore a itsetsepele tabeng ea ho sebeletsa Jehova. Ha monyetla o mong le o mong o hlaha, re ne re bua le Joel ka Jehova ka tsela e neng e tla etsa hore a rate Ntate oa hae ea leholimong. Re ile ra kōpa Jehova ka tieo hore a hlohonolofatse boiteko ba rōna e le hore re atlehe ha re ruta Joel ka Molimo.

Ha a kena lilemong tsa bocha, re ile ra ba motlotlo ha re hlokomela hore Joel o ne a rata ho bolella batho bao a neng a kopana le bona linnete tsa Bibele. Ha a ntse a hlaphoheloa ka mor’a ho etsa opereishene e khōlō ha a ne a le lilemo li 14, ke ile ka thaba haholo ha Joel a ne a mpotsa a re, “’Mè, na nka fa ngaka buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng?” Ka mor’a lilemo tse seng kae, Joel o ile a lokela ho etsoa opereishene e ’ngoe. Re ne re tseba hantle hore o ne a ka ’na a phonyoha ka soba la nale. Pele ho opereishene, Joel o ile a fa lingaka lengolo leo re neng re le ngotse le eena. Le ne le hlalosa hore na boemo ba hae ke bofe tabeng ea ho sebelisa mali. Ngaka e ile ea botsa Joel ea re, “Na u lumellana le see?” Joel o ile a araba ka tieo a re, “Ho joalo.” Re ile ra ba motlotlo haholo ka tsela eo mora oa rōna a neng a tšepa ’Mōpi oa hae ka eona le ka boikemisetso ba hae ba ho Mo khahlisa. Basebetsi ba sepetlele ba ne ba re tšehetsa haholo, e leng seo re neng re se ananela haholo.

Joel o Hatela Pele Moeeng

Ha Joel a le lilemo li 17, o ile a bontša hore o inehetse ho Molimo ka hore a kolobetsoe metsing. Ruri re ke ke ra lebala letsatsi leo! Re thaba haholo ha re bona a hatela pele moeeng. Ho tloha ka nako eo, lerato leo a ratang Jehova ka lona le tsela eo a chesehelang ’nete ka eona, ha li e-s’o qephe. Ha e le hantle, ha Joel a kopana le motho e mong le e mong o rata ho re, “Ke phelela ’nete!”

Ha Joel e se e le mohlankana, o ile a ithuta ho bala le ho ngola. Ho ne ho se bonolo. Ha a ne a khona ho ngola lentsoe, e ne e ba o finyelletse ntho e khōlō. Ho tloha ka nako eo, o qala letsatsi le leng le le leng ka ho bala temana ea letsatsi bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Ka mor’a moo, o kopiletsa temana ea letsatsi ka hloko ho e ’ngoe ea libuka tseo a ngollang lintlha ho tsona, tseo a seng a li bokeletse ka bongata!

Ka matsatsi a liboka, Joel o etsa bonnete ba hore re fihla esale pele Holong ea ’Muso hobane o batla ho fihla ka nako e le hore a ka amohela ka liatla tse peli bohle ba kenang ka holong. Nakong ea liboka, o thabela ho araba le ho etsa lipontšo. Hape o thusa ka ho hlokomela libuela-hōle ’me o etsa mesebetsi e meng. Beke e ’ngoe le e ’ngoe, haeba a sa kule, o ea le rōna mosebetsing oa boboleli. Ka 2007 phutheho e ile ea tsebisoa hore Joel o khethiloe hore e be mohlanka ea sebeletsang. Re ile ra ntša meokho ea thabo. Ruri ke tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova!

Re Hlokomela Kamoo Jehova a re Thusang Kateng

Ka 1999 re ile ra tobana le teko e ’ngoe. Koloi ea rōna e ile ea chaisoa ke motho ea neng a khanna habohlosoa, ’me Luigi o ile a tsoa likotsi tse mpe. O ile a tlameha ho khaoloa leoto le leng, ’me o ile a etsoa liopereishene tse ngata tse khōlō mokokotlong. Le lekhetlong lena, ka lebaka la ho tšepa Jehova, re ile ra hlokomela matla ao a a fang bahlanka ba hae ha ho hlokahala. (Bafil. 4:13) Le hoja Luigi a ntse a qhoalile, ha re felloe ke tšepo. Kaha ha a khone ho etsa mosebetsi oa boipheliso, o na le nako e ngata ea ho hlokomela Joel. Sena se mpha monyetla o mongata oa ho etsa lintho tsa moea. Luigi o boetse o na le nako e ngata ea ho hlokomela lintho tse hlokahalang moeeng lapeng le phuthehong, ’me o ntse a tsoela pele ho sebeletsa e le mohokahanyi oa sehlopha sa baholo.

Ka lebaka la maemo a rōna a sa tloaelehang, lelapa la rōna le qeta nako e ngata le le ’moho. Ha nako e ntse e feta, re ithutile ho ba le pono e leka-lekaneng le hore re se ke ra lebella mehlolo. Ka matsatsi ao re nyahameng ka ’ona, re rapela Jehova ’me re mo bolelle kamoo re ikutloang kateng. Ka masoabi, ha bara ba rōna, e leng David le Marc, ba se ba hōlile ’me ba phuruselitse, butle-butle ba ile ba tlohela ho sebeletsa Jehova. Re tšepa hore ba sa ntse ba tla khutlela ho Jehova.—Luka 15:17-24.

Ho theosa le lilemo, re hlokometse kamoo Jehova a re tšehelitseng kateng ’me re ithutile ho itšetleha ka eena bothateng bo bong le bo bong boo re tobanang le bona. Mantsoe a Esaia 41:13 ke a bohlokoa haholo ho rōna, ha a re: “’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’” Ho tseba hore Jehova o tšoere letsoho la rōna ka tieo hoa re khothatsa. Ka sebele, re ka tiisa hore ho mamella liteko ho matlafalitse tšepo ea rōna ho Ntate oa rōna ea leholimong, Jehova.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Trisomy 21 ke boloetse boo ngoana a tsoaloang le bona bo bakang kholofalo kelellong. Ka tloaelo, li-chromosome li tsamaea ka bobeli, empa bana ba hlahang ba e-na le trisomy ba na le chromosome ea boraro ho e ’ngoe ea tsena tse tsamaeang ka bobeli. Trisomy 21 e ama chromosome 21.

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

oel le ’mè oa hae, Ada

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ada, Joel le Luigi

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Joel o thabela ho amohela bara le barali babo rōna Holong ea ’Muso