Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Batla Hore ‘U Sireletsehe’

Jehova o Batla Hore ‘U Sireletsehe’

Jehova o Batla Hore ‘U Sireletsehe’

HA KETSAHALO e kotsi ka ho fetisisa historing e qhoma, Molimo ea Matla ’Ohle o tla tiisa hore bohle ba amohelehang ho eena baa “pholoha.” (Joele 2:32) Empa, ho bua ’nete, haesale Jehova a ntse a batla ho sireletsa batho kotsing. Kaha “mohloli oa bophelo o ho [eena],” o nka hore batho bohle ke ba bohlokoa, ’me ba tšoanela ho sireletsoa.—Pes. 36:9.

Bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba boholo-holo ba ne ba e-na le maikutlo a tšoanang le a hae ka bophelo. Ho ea ka Genese 33:18, Jakobo le lelapa la hae ba ile ba phetha leeto le kotsi ‘ba sireletsehile.’ Jakobo o ne a tšepile hore Jehova o ne a tla mo sireletsa, empa o ile a boela a nka khato ea ho sireletsa bohle ba neng ba tsamaea le eena. (Gen. 32:7, 8; 33:14, 15) Ha u sebelisa melao-motheo ea Bibele, u ka ntlafatsa tšireletseho ea hao le ea ba bang. A re ke re boneng kamoo ’nete ena e sebetsang kateng ho batho ba sebetsang kahong ea Liholo Tsa ’Muso, ba etsang mesebetsi ea mofuta oo le ba abang liphallelo.

Tšireletseho Molaong oa Moshe

Molao oa Moshe o ne o hloka hore batho ba Molimo ba latele melao ea tšireletseho. Ka mohlala, Moiseraele ea neng a haha ntlo o ne tlameha ho haha lehora, e leng lebotana le hahuoang qetheng ea marulelo. Kaha hangata batho ba ne ba e-ba marulelong a bataletseng a matlo a bona, lehora le ne le ba sireletsa hore ba se ke ba oela. (1 Sam. 9:26; Mat. 24:17) Haeba kotsi e ne e ka etsahala hobane molao ona o ne o sa lateloa, mong’a ntlo o ne a ikarabella ho Jehova.—Deut. 22:8.

Likotlo tsa Molao ona li ne li boetse li sebetsa tabeng ea likotsi tse bakoang ke liphoofolo tse ruuoang. Haeba poho e ne e ka hlaba motho ea ba ea mo bolaea, mong’a eona o ne a lokela ho bolaea poho eo e le hore ho sireletsoe batho ba bang. Kaha o ne a ke ke a ja nama ea eona kapa a e rekisetsa batho ba bang hore ba e je, ho bolaea phoofolo eo e ne e le tahlehelo e khōlō. Empa ho ne ho etsoa joang haeba mong’a poho a ne a sa e behe leihlo ka mor’a hore e lematse motho? Haeba poho eona eo e ne e ka bolaea motho hamorao, poho le mong’a eona ba ne ba bolaoa. Molao oo o ne o etsa hore mang kapa mang ea neng a sa hlokomele liphoofolo tsa hae a nahane ka thata.—Ex. 21:28, 29.

Molao o ne o boetse o khothalletsa hore lithulusi li sebelisoe hantle. Baiseraele ba bangata ba ne ba ratha patsi ka lilepe. Haeba ka tsietsi selepe se ne se ka pshemoha eaba se bolaea motho ea emeng haufi, motho ea neng a ratha patsi o ne a tlameha ho balehela motseng oa setšabelo. Ho ne ho hlokahala hore a lule moo ho fihlela moprista ea phahameng a e-shoa, e leng se neng se ka bolela hore motho ea bolaileng a sa rera, o ne a ka ’na arohana le lelapa la hae a ba a tloha hahabo ka lilemo. Tokisetso eo e ne e ruta sechaba hore bophelo boa halalela ho Jehova. Motho ea neng a sheba litaba ka tsela eo Molimo a li shebang ka eona, o ne a etsa hore lithulusi tsa hae li lule li le boemong bo botle ebile o ne a li sebelisa ka hloko.—Num. 35:25; Deut. 19:4-6.

Ka melao eo, Jehova o ne a hlakisa hore o ne a batla hore batho ba hae ba be le mekhoa e sireletsehileng ka hare le ka ntle ho malapa a bona. Batho ba neng ba bolaea ba bile ba lematsa batho ba bang, leha e ne e ka ba ka tsietsi, ba ne ba ikarabella ho eena. Tsela eo Jehova a nahanang ka eona tabeng ea tšireletseho ha ea fetoha. (Mal. 3:6) O sa ntse a batla hore batho ba qobe ho itematsa le ho lematsa batho ba bang. Sena ke ’nete ka ho khethehileng ha re haha le ha re hlokomela mehaho e nehetsoeng borapeling ba hae ba ’nete.

Tšireletseho Mererong ea ho Haha

Re nka hore ke tlotla e khōlō ho haha le ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso, Liholo Tsa Likopano le mehaho ea makala. Re ka bua se tšoanang ka mosebetsi oo re o etsang mererong ea liphallelo. Ka linako tsohle, re batla ho etsa mosebetsi oa rōna ka tsebo hobane haeba re sa etse joalo, esita le mesebetsing e bonolo, seo se ka re hlahisa kotsi sa ba sa hlahisa batho ba bang kotsi. (Moek. 10:9) Ka sebele, ha re itloaetsa ho sebetsa ka tšireletseho, re ka qoba likotsi.

Bibele e re: “Botle ba bahlankana ke matla a bona, ’me bokhabane ba banna-baholo ke bohlooho-putsoa ba bona.” (Liprov. 20:29) Matla a bocha aa hlokahala ha ho etsoa mesebetsi e boima. Empa bo-hlooho-putsoa—bao e leng khale ba li bona mahlaleng a ho haha—ba etsa mosebetsi o tsoileng matsoho ka liatla le ka lithulusi tsa bona. Ebile batho ba seng ba hōlile hona joale ba kile ba sebelisa matla a bona a bocha mesebetsing e boima. Haeba u sa tsoa ithaopa, sheba tsela eo basebetsi ba nang le boiphihlelo ba sebetsang ka eona, ’me u latele litaelo tsa bona. Haeba u batla ho ithuta, barab’abo rōna ba nang le boiphihlelo litabeng tsa ho haha ba tla u ruta lintho tse ngata. Lintho tsena li akarelletsa tsela e sireletsehileng ea ho sebelisa thepa e kotsi le ea ho nka lintho tse boima. Kahoo, tema ea hao e tla bonahala ’me u tla sebetsa ka tšireletseho le ka thabo.

Batho ba sebetsang setšeng sa kaho ba tlameha ho ba seli ka linako tsohle. Maemo a fetoha ka potlako. Moo ho neng ho bataletse, e ka ’na eaba ho se ho e-na le sekoti. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe basebetsi ba bang ba tlositse lere, lepolanka kapa bakete ea pente. Ha u ka eba kelello, u ka lemala habonolo. Hangata melao ea tšireletseho e hloka hore lihahi li sebelise thepa ea ho itšireletsa. Likhalase tse sireletsang mahlo, lekarapa le lieta tse loketseng li ka u sireletsa kotsing setšeng sa kaho. Empa u tla sireletseha hafeela u boloka thepa e joalo e le boemong bo botle u bile u e sebelisa.

Le hoja lithulusi tse ngata ho bonahala ho le bonolo ho li sebelisa, ho li sebelisa ka mokhoa o sireletsehileng le ka tsebo ho hloka hore motho a koetlisoe le hore a li tloaele. Haeba u sa tsebe hore na thulusi eo u e hlokang e sebelisoa joang, bolella mor’abo rōna ea ikarabellang. O tla lokisetsa hore u koetlisoe hantle. Boinyenyefatso, kapa ho tseba moo tsebo ea hao e fellang teng, ke tšobotsi ea bohlokoa. Ha e le hantle, boa hlokahala e le hore u tle u qobe ho itematsa le ho lematsa batho ba bang setšeng sa kaho.—Liprov. 11:2.

Batho ba bangata ba lemala ka lebaka la ho oa mesebetsing ea ho haha. Pele u hloa lere kapa sekafole, tiisa hore thepa eo e na le lintho tsohle tse sireletsang le hore li boemong bo botle. Haeba u tla sebetsa u hloeletse sekafoleng kapa u le marulelong, molao o ka ’na oa hloka hore u itlame ka marapo a sireletsang kapa hore ho etsoe lehora. Botsa molebeli oa mosebetsi haeba u e-na le lipotso mabapi le ho sebetsa moo ho phahameng. *

Ha palo ea batho ba sebeletsang Jehova e ntse e eketseha lefatšeng lohle, ho hlokahala hore ho hahuoe Liholo Tsa ’Muso tse eketsehileng le mehaho e meng e sebelisetsoang ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Batho bao e leng balebeli moo ho etsoang mosebetsi oa ho haha Liholo Tsa ’Muso, ba filoe boikarabelo bo boima ba ho sireletsa linku tsa bohlokoa tsa Jehova tse sebetsang tlas’a tataiso ea bona. (Esa. 32:1, 2) Haeba u filoe boikarabelo ba ho tataisa bara le barali beno morerong oa ho haha, le ka mohla u se ke ua lebala hore tšireletseho ke ea bohlokoa. Tiisa hore sebakeng seo ho hahuoang ho sona ho hloekile ebile ha hoa hlekemana. Ha ho hlokahala hore batho ba itseng ba hopotsoe hore na ba sebetse joang ka tšireletseho, ba hlalosetse ka mosa empa u sa qeaqee. U se ke ua lumella bana kapa basebetsi ba se nang boiphihlelo hore ba kene libakeng tse kotsi. Bona esale pele hore na basebetsi ba tla thulana le likotsi life, ebe u ba lokisetsa hore ba sebetse ka tšireletseho. Hopola hore pakane ea rōna ke hore re qete mosebetsi ho se na likotsi.

Karolo e Phethoang ke Lerato

Ho haha Liholo Tsa ’Muso le mehaho e meng e sebelisetsoang borapeli ba ’nete ho akarelletsa mosebetsi o ka ’nang oa e-ba kotsi. Kahoo, ba kenyang letsoho mosebetsing oo, ba lokela ho ba hlokolosi. Ha u hlompha melao-motheo ea Bibele, u mamela tataiso e behiloeng bakeng sa mosebetsi, u bile u sheba maemo hantle, u tla qoba kotsi ’me u tla sireletsa basebetsi-’moho le uena hore ba se ke ba tsoa kotsi.

Sepheo se seholo sa hore re nke tšireletseho e le ea bohlokoa ke sefe? Ke lerato. Ka sebele lerato la ho rata Jehova le re susumelletsa hore re nke bophelo e le ba bohlokoa joaloka eena. Ho feta moo, lerato la ho rata batho le re thibela hore re se ke ra etsa letho le ka ’nang la ba ntša kotsi ka lebaka la ho se tsotelle. (Mat. 22:37-39) Kahoo, a re etseng sohle se matleng a rōna ho etsa hore ba sebetsang mererong ea rōna ea kaho ba lule ba ‘sireletsehile.’

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 14 Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Kamoo U ka Sebetsang ka Tšireletseho ha U le Lereng,” leqepheng la 30.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 30]

Kamoo U ka Sebetsang ka Tšireletseho ha U le Lereng

Selemong se seng sa morao tjena United States, basebetsi ba fetang 160 000 ba ile ba lemala ka lebaka la ho oa ba le lilereng. Ho phaella moo, ba ka bang 150 ba ile ba shoa ka lebaka la ho oa hoo. Kae kapa kae moo u lulang teng le moo u sebetsang teng, tataiso ke ena e ka u thusang hore u qobe ho oa ha u le lereng.

◇ U se ke ua sebelisa lere e temekang kapa e senyehileng, ’me u se ke ua lokisa lere e joalo. E lahle.

◇ Lilere tsohle li etselitsoe ho jara boima bo itseng feela. Tiisa hore boima ba hao, ba lithulusi tsa hao le ba thepa ea hao, ha bo fete boo lere ea hao e lokelang ho bo jara.

◇ Beha lere ea hao motsitseng, sebakeng se tiileng. U se ke ua e beha holim’a lintho tse sa tieang tse kang sekafole kapa bakete le mabokose.

◇ Kamehla ha u hloa lere kapa ha u e theoha, u se ke ua e furalla.

◇ U se ke ua ema kapa ua lula litepising tse peli tse ka holimo tsa lere efe kapa efe.

◇ Ha u sebelisa lere hore u hloelle kapa u theohe marulelong, bonyane e lokela ho feta marulelo ao e itšetlehileng ka ’ona ka mithara e le ’ngoe. Faseletsa maoto a lere fatše kapa u kokotele lepolanka ka pel’a ’ona e le hore e se ke ea thella. Haeba u sa khone ho etsa joalo, kōpa motho e mong hore a e tšoare ha u ntse u sebetsa u le ho eona. Faseletsa karolo e ka holimo ea lere e le hore e se ke ea sekamela ka mathōko.

◇ U se ke ua sebelisa litepisi tsa lere ho tšehetsa mapolanka ao u sebeletsang ho ’ona.

◇ Ha u nanabela lintho tse hōle ka matsoho kapa u batla ho hata hōle ka leoto u ntse u le holimo, u ka ’na ua etsa hore lere e sisinyehe. U qobe ho leka ho fihlela lintho tse hōle ka tsela eo e kotsi. Suthisa lere nako le nako ha ho hlokahala e le hore u be haufi le ntho eo u e etsang kahohle kamoo u ka khonang.

◇ Haeba u lokela ho sebetsa u le lereng ka pel’a monyako o koetsoeng, beha tsebiso monyako ebe ua o notlela. Haeba ho sa khonehe hore u notlele monyako, beha molebeli ea tla lemosa bao ho hlokahalang hore ba fete.

◇ E-re motho a le mong feela a hloelle lere ntle le haeba e etselitsoe basebetsi ba babeli. *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 33 Letoto la lintho tse lokelang ho hlahlojoa le nang le likhopotso tse eketsehileng mabapi le ho sebetsa u le lereng, le ka fumanoa Tsoheng! (ea Senyesemane) ea August 8, 1999, leqepheng la 22-24.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Molao oa Moshe o ne o hloka hore marulelo a bataletseng a haheloe lehora